Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Musi oa Lefatše ea Sebetsang ka Sekhukhu oa Pepesoa

’Musi oa Lefatše ea Sebetsang ka Sekhukhu oa Pepesoa

 ’Musi oa Lefatše ea Sebetsang ka Sekhukhu oa Pepesoa

JESU o kile a re: “’Musi oa lefatše lena o tla lahleloa ntle.” Hamorao a phaella ka hore ‘ha ho moo ’musi oa lefatše a mo tšoarang teng,’ a ba a re “’musi oa lefatše lena o ahlotsoe.” (Johanne 12:31; 14:30; 16:11) Jesu o ne a bua ka mang?

Ha re hlahloba seo Jesu a neng a se bua ka “’musi oa lefatše lena,” ho hlakile hore o ne a sa bue ka Ntate oa hae, e leng Jehova Molimo. Joale “’musi oa lefatše lena” ke mang? O tla “lahleloa ntle” joang, hona “o ahlotsoe” joang?

“’Musi oa Lefatše Lena” oa Itlhahisa

Joalokaha moeta-pele oa linokoane a atisa ho ithorisa ka matla a hae, le Diabolose o ile a etsa joalo ha a leka Jesu, Mora oa Molimo. Ka mor’a ho bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše,” Satane o ile a mo tšepisa, a re: “Ke tla u fa bolaoli bona bohle le khanya ea eona, hobane ke bo nehiloe, ’me ke bo fa leha e le mang eo ke lakatsang ho mo fa bona. Ka hona, haeba u ka etsa ketso ea borapeli ka pel’a ka, e tla ba ba hao kaofela.”—Luka 4:5-7.

Haeba Diabolose e ne e mpa e le feela bobe bo ka hare ho motho, e leng kamoo batho ba bang ba ’nileng ba bolela kateng, re ka hlalosa teko ee joang? Na Jesu o ne a lekoa ke monahano o itseng o mobe kapa ebe o ne a lekoa ke maikutlo a hae ao mohlomong a ileng a farasa ka mor’a hore a kolobetsoe? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha ho ka thoe “ha ho sebe ho eena”? (1 Johanne 3:5) Ho hang Jesu ha aa ka a hanyetsa hore Diabolose o laola batho, empa bonneteng o ile a tiisa hore ke “’musi oa lefatše,” a mo hlalosa e le “’molai” le “ea leshano.”—Johanne 14:30; 8:44; Bibele ea Sesotho.

Lilemo tse ka bang 60 ka mor’a hore Kreste a buisane le Diabolose, moapostola Johanne o ile a hopotsa Bakreste hore Diabolose o na le tšusumetso e matla, a re “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Johanne o ile a boela a bua ka eena, a re ke ea “khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9) Ho hlakile hore ho na le sebōpuoa sa moea se sa bonahaleng seo Bibele e se bitsang “’musi oa lefatše.” Empa se susumelitse batho hakae?

’Musi oa Lefatše o Abela Mahlahana a Hae Matla a ho Laela

Ha moapostola Pauluse a ngola ka ntoa ea tumelo eo Bakreste ba lokelang ho e loana, o ile a bolela ka ho hlakileng hore na lira tsa bona tse lonya ka ho fetisisa ke bo-mang. O ile a bua pepenene a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Kahoo, motho a ke ke a hlōla ntoa ena ka matla a hae, kaha e loanoa “le makhotla a moea a khopo” eseng “nama le mali.”

Ho latela liphetolelo tse ngata tsa morao tjena tsa Bibele, “makhotla a moea a khopo” ao ho buuoang ka ’ona mona hase bobe bo itseng bo ka hare ho motho, empa ke batho ba matla ba moea ba khopo. Liphetolelo tse ling li fetolela polelo ena e le “mabotho a lonya a moea a libakeng tse leholimong” (Revised Standard Version), “sesole se khopo sa moea se maholimong” (The Jerusalem Bible) le “makhotla a khopo a phahametseng motho a maholimong” (The New English Bible). Kahoo, Diabolose o ’nile a laola lefatše ka mangeloi a mang a marabele, a ileng a “furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” leholimong.—Juda 6.

Buka ea Bibele ea boprofeta ea Daniele e re senolela kamoo “babusi [bana] ba lefatše” ba ’nileng ba laola lefatše kateng ho tloha mehleng ea  boholo-holo. Kaha moprofeta Daniele o ne a amehile ka ho tebileng ka Bajuda ba habo bao ka 537 B.C.E. ba neng ba ile ba khutlela Jerusalema ba tsoa botlamuoeng Babylonia, o ile a ba rapella ka libeke tse tharo. Lengeloi leo Molimo a neng a le romile hore le e’o matlafatsa Daniele, le ile la mo bolella hore na ke hobane’ng ha le liehile. Le ile la re: “Khosana ea sebaka se pusong ea borena sa Persia e ne e eme ho nkhanyetsa ka matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong.”—Daniele 10:2, 13.

‘Khosana ee ea Persia’ e ne e le mang? Ho hlakile hore lengeloi leo le ne le sa bue ka Morena Cyruse oa Persia, eo ka nako eo a neng a rata Daniele le sechaba sa habo. Ho feta moo, ke joang morena feela tjee oa motho a neng a ka hanyetsa sebōpuoa sa moea ka libeke tse tharo haeba lengeloi le le leng le ile la bolaea bahlabani ba matla ba 185 000 ka bosiu bo le bong feela? (Esaia 37:36) ‘Khosana ena ea Persia’ ea sera e ka ba feela lehlahana la Diabolose, e leng modemona ea neng a filoe matla a ho laola sebaka se neng se le tlas’a Puso ea Persia. Hamorao hona tlalehong eo, lengeloi la Molimo le ile la bolela hore le tla boela le e’o loana le “khosana ea Persia” hammoho le khosana e ’ngoe ea modemona, e leng “khosana ea Greece.”—Daniele 10:20.

Re ka etsa qeto efe tabeng ee? Ea hore ruri ho na le “babusi ba lefatše” ba sa bonahaleng, e leng likhosana tsa bademona tse laolang lefatše li le tlas’a puso ea mong’a tsona, e leng Satane Diabolose. Empa sepheo sa tsona e ’nile ea e-ba sefe ho tla fihlela joale?

’Musi oa Lefatše o Ntša ’Mala oa Hae

Bukeng ea ho qetela ea Bibele, e leng Tšenolo, moapostola Johanne o bolela kamoo Jesu, Mikaele, lengeloi le ka sehloohong, a hlōlang Diabolose le bademona ba hae ’me o re phetela liphello tse bohloko tseo ho lelekoa ha bona leholimong ho li bakileng. O re: “Ho malimabe lefatše . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:9, 12.

Diabolose o bontšitse joang hore o halefile haholo? Diabolose o tšoana le linokoane tse ngata tseo ha li selebaletsoe li sebelisang leano la hore ‘haeba u sa buse u senye,’ ’me eena le bademona ba hae ba ikemiselitse hore ba timetsoe le lefatše hammoho le baahi ba lona. Kaha Diabolose oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane, o ’nile a sebelisa khoebo e khōlō e tlas’a taolo ea hae, e leng e ’ngoe ea lintho tseo batho ba li nkang e le tsa bohlokoa. O etsa sena ka morero oa ho khothalletsa batho hore ba labalabele ho reka. Sena se etsa hore lihlahisoa tsa tlhaho li fokotsehe ka sekhahla le hore tikoloho e senyehe lefatšeng ka bophara, ’me bophelo ba batho bo be kotsing.—Tšenolo 11:18; 18:11-17.

Ho tloha qalong ea histori ea batho, lenyora la Diabolose la ho laola batho le ’nile la bonahala hape lipolotiking le bolumeling. Buka ea Tšenolo e tšoantša mebuso ea lipolotiki le libata tseo Diabolose a li fileng “bolaoli bo boholo.” E boetse e bontša hore selekane se hlabisang lihlong se pakeng tsa lipolotiki le bolumeli ke bofebe ba moea bo nyonyehang. (Tšenolo 13:2; 17:1, 2) Nahana ka khatello, bokhoba, lintoa le likhohlano tsa merabe tse feletseng ka hore ka lilemo-lemo ho bolaoe batho ba limilione. Na ho na le motho ea ka bolelang ka botšepehi hore ke ka tlhaho batho ba etsang lintho tseo tse nyarosang le tse sisimosang tse silafalitseng histori ea batho? Kapa na ke mesebetsi e susumetsoang ke makhotla a meea a khopo a sa bonahaleng?

Bibele e opa khomo lenaka ha e bolela hore na motho enoa ea ’nileng a susumetsa baeta-pele ba batho le mebuso ea lefatše ke mang. Ebang batho ka kakaretso baa bona kapa che, ba bonahatsa litšobotsi tsa ’musi oa bona ebile ba etsisa leano la hae la hore ‘haeba u sa buse u senye.’ Empa batho ba tla sotleha ka nako e kae tlas’a puso ea Diabolose?

Diabolose o se a Tla Timetsoa

Mosebetsi oo Kreste a ileng a o etsa lefatšeng lekholong la pele la lilemo o ne o bontša hore timetso ea Diabolose le bademona ba hae e haufi. Ha barutuoa ba Jesu ba mo phetela kamoo ba ileng a leleka bademona bana ba sa bonahaleng,  o ile a re ho bona: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong.” (Luka 10:18) Mantsoe ana a bontša hore Jesu o ne a thabile hobane hang ha a se a khutletse leholimong e le Mikaele lengeloi le ka sehloohong, o ne a tla hlōla ’musi oa lefatše lena. (Tšenolo 12:7-9) Ho ithuta boprofeta ba Bibele ka hloko ho bontša hore tlhōlo ena e etsahetse leholimong ka 1914 kapa nakoana ka mor’a moo. *

Ho tloha ka nako eo, Diabolose oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane pele a timetsoa. Le hoja “lefatše lohle le rapaletse matleng” a hae, ho na le batho ba limilione kajeno ba sa kang ba khelosoa ke boiteko ba hae ba ho ba laola. Bibele e ba senoletse hore na ha e le hantle ke mang, le hore na merero ea hae ke efe. (2 Bakorinthe 2:11) Ba ba le tšepo ha ba bala mantsoe ao Pauluse a ileng a a ngolla Bakreste-’moho le eena a reng: “Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane ka tlas’a maoto a lōna haufinyane.” *Baroma 16:20

Haufinyane Diabolose o tla timetsoa. Ha batho ba lokileng ba busoa ke Kreste ka lerato, ba tla fetola lefatše, leo ka puo ea tšoantšetso e leng setuloana sa maoto a Molimo, hore e be paradeise. Mabifi, lehloeo le meharo li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Bibele e re “lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa.” (Esaia 65:17) Bohle ba itokollang ho ’musi enoa oa lefatše ea sa bonahaleng ebile ba hana ho laoloa ke eena ba tla be ba utloe le litsebeng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 20 Hore u fumane leseli le eketsehileng mabapi le selemo sena, sheba sehlomathiso sa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 215 ho ea ho 218, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 21 Mantsoe ana a Pauluse a lumellana le a boprofeta ba pele ba Bibele bo tlalehiloeng ho Genese 3:15, bo bontšang hore Diabolose o tla timetsoa qetellong. Ha Pauluse a hlalosa ketsahalo eo, o sebelisa lentsoe la Segerike le bolelang “ho robokella, ho pshatla, ho thuha, ho khaola ntho likoto ka ho e silakanya.”—Vine’s Complete Expository Dictionary of Old and New Testament Words.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Ha batho ba lokileng ba busoa ke Kreste ka lerato, ba tla fetola lefatše paradeise