Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepa Jehova—Ka Sebele o Tla U Thusa

Tšepa Jehova—Ka Sebele o Tla U Thusa

 Tšepa Jehova—Ka Sebele o Tla U Thusa

Joalokaha ho boletse Edmund Schmidt

Ke ile ka hopola keletso ena e ka holimo ha ke il’o hlaha ka pel’a lekhotla la New York khoeling ea October, 1943. Nakong eo ke bang lilemo li 25, ke ne ke se ke qetile lilemo tse ka bang ’nè ke le chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Mokreste. Joaloka balateli ba boholo-holo ba Jesu, ke ne ke entse qeto ea hore ke tla “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Empa pele ke le phetela ka taba eo, e-re ke itlhalose hore na ho tlile joang hore ke be le tumelo e matla hakaalo ho Molimo.

KE HLAHILE ka la 23 April, 1922, Cleveland, Ohio, U.S.A., foleteng e mokatong o ka holim’a lebaka la lapeng. Likhoeli tse ’nè hamorao, ntate oa ka, Edmund, o ile a ea kopanong ea Liithuti Tsa Bibele (kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng) e neng e tšoaretsoe Cedar Point, haufi le Sandusky, lik’hilomithara tse ka bang 160 ho tloha hae.

Kopanong eo, ba leng teng ba ile ba fuoa khothatso ena: “Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena [oa Molimo] le ’muso oa hae.” Sontaha se latelang seo, Ntate o ile a qala ho etsa mosebetsi oo. O ile a etsa joalo ka lilemo tse 66 tse latelang, ho fihlela a hlokahala ka la 4 July, 1988. Ha e le ’mè oa ka, Mary, eena o ne a ile a hlokahala a ntse a tšepahala ho Molimo ka 1981.

Ke Kopanela le Batsoali ba ka ho Sebeletseng Molimo

Lelapa leso le ne le kopanela le phutheho ea Sepolishe e Cleveland. Ka Meqebelo thapama, bongata ba rōna bana re ne re tsamaea le batho ba baholo ho ea bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Ka Lisontaha batsoali ba rōna ba ne ba mamela puo ea Bibele ka holong e khōlō moo re neng re kopanela teng. Hona ka nako eo, mosuoe ea nang le tsebo ea Bibele o ne a ruta rōna bana ba ka bang 30 Bibele, a sebelisa buka e neng e re The Harp of God. * Ho e-s’o ee kae, ke ne ke se ke e-na le batho bao ke ithutang Bibele le bona ’me liphello e ile ea e-ba tse thabisang.

Ka July 1931, lelapa leso, le neng le se le eketsehile ka moena oa ka, Frank, le ile la ea kopanong e ’ngoe ea Liithuti Tsa Bibele, ’me lekhetlong leo e ne e tšoaretsoe Columbus, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 160 ho leba boroa. Ke kopanong eo moo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa amohela ka pelo eohle lebitso le thehiloeng Bibeleng la Lipaki Tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Kopanong eo, ke ile ka kopanela mosebetsing oa boboleli, moo re neng re mema batho hore ba tl’o mamela puo e neng e tla fanoa ke J. F. Rutherford,  eo ka nako eo e neng e le eena ea neng a eteletse pele mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Lilemong tse fetang 79 ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka sebeletsa Jehova Molimo ka hohle kamoo nka khonang ke kopane le batho ba hae.

Linako Tse Boima le Tšebeletso e Khotsofatsang

Ka 1933, lefatše lohle le ile la angoa ke Ho oa ho Hoholo ha Moruo. Batho ba ka fetang limilione tse 15 United States, kapa kotara ea batho ba neng ba ka khona ho sebetsa, ba ne ba hloka mesebetsi. Metse e meholo e ile ea futsaneha, ebile ho ne ho sa fanoe ka thuso ea sechaba bakeng sa mafutsana. Empa bara le barali babo rōna ba Bakreste ba ile ba thusana. Ka Lisontaha, lelapa leso le ne le nka bohobe le lintho tse ling tse bakiloeng lebakeng la lapeng ha re e-ea libokeng ho ea li arolelana le ba bang. Chelete leha e le efe e neng e sala ka mor’a hore Ntate a lefelle litšenyehelo ha khoeli e fela, o ne a e romela ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. O ne a tseba hore chelete eo e ne e sebelisetsoa ho thusa khatisong ea lingoliloeng tsa Bibele.

Mehleng eo, mosebetsi o moholo oa boboleli o ne o etsoa ka ho phatlalatsoa seea-le-moeeng. Liteishene tse fetang 400 tsa seea-le-moea li ne li phatlalatsa lipuo tsa Bibele tse neng li fanoa likopanong tsa rōna. Lilemong tsa bo-1930, Lipaki li ile tsa boela tsa etsa likeramafono le lirekoto fekthering ea tsona e Brooklyn. Re ne re li sebelisa ha re bolela ebe re tlaleha hore na re bapalletse batho bao e seng Lipaki lipuo tsa Bibele ka makhetlo a makae, le hore na ke batho ba bakae ba li mametseng.

Ka 1933, Adolf Hitler e ile ea e-ba eena ea busang Jeremane ka mokha oa hae oa Bonazi. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa e-ba tlas’a mahloriso a maholo moo ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Bakreste. (Johanne 15:19; 17:14) Lipaki tse ngata Jeremane li ile tsa lahleloa chankaneng kapa tsa isoa likampong tsa mahloriso ka lebaka la ho hana ho kopanela lipolotiking kapa ho thoholetsa Hitler. Tse ngata li ile tsa bolaoa; tse ling tsa sebelisoa ka thata hoo li ileng tsa ba tsa shoa. Ka lebaka la tšoaro eo e sehlōhō, tse ngata li ile tsa shoa nakoana ka mor’a hore li lokolloe. Batho ba bangata ha ba tsebe hore le linaheng tse ling, ho akarelletsa le United States, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ’na tsa tšoaroa hampe.

Ka 1940, re ile ra ea kopanong e neng e tšoaretsoe Detroit, Michigan. Ha re le moo, ka la 28 July, ke ile ka kolobetsoa e le ho bontša hore ke inehetse ho Jehova Molimo. Khoeli pele ho kopano eo, Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ne le entse molao oa hore ho hana ho lumelisa folakha e ne e le tlōlo ea molao, eo motho a neng a ka e lelekeloa sekolong. Lipaki li ile tsa etsa joang ka mor’a qeto eo? Tse ngata li ile tsa etsa likolo tsa tsona e le hore li rute bana ba tsona. Likolo tseo li ne li bitsoa Likolo Tsa ’Muso.

Ntoa ea II ea Lefatše e ne e qalile ka September 1939, Europe, ’me moea oa ntoa o ne o aparetse United States kaofela. Bacha ba Lipaki ba ile ba tšoaroa hampe haholo ba ba ba otloa ke bacha le batho ba baholo ba neng ba sa utloisise boemo ba  bona. Ho ile ha tlalehoa hore ho tloha ka 1940 ho ea ho 1944, Lipaki Tsa Jehova United States li ile tsa hlaseloa ke mahoohoo a mabifi ka makhetlo a fetang 2 500. Mahloriso a ile a tota le ho feta ka mor’a hore Majapane a hlasele Pearl Harbor ka la 7 December, 1941. Libeke tse ’maloa pele ho moo, ke ne ke sa tsoa qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba Lipaki Tsa Jehova ba qetang nako e ngata boboleling ba bitsoang kateng. Ke ile ka ipolokela chelete ’me ka reka k’haravene e limithara li supileng, eaba ba ’maloa ba rōna re fallela Louisiana ho ea sebeletsa teng.

Mahloriso Karolong e ka Boroa

Baahi ba moo ba ile ba re lumella hore re pake k’haravene ea rōna serapeng sa lifate tsa linate haufi le motse oa Jeanerette. Ka Moqebelo o mong re ile ra etsa qeto ea ho ea etsa mosebetsi oa boboleli seterateng, empa mookameli oa mapolesa o ile a laela mapolesa hore a re tšoare ’me a re ise holong ea motse. Ho ile ha bokana mokhopi oa batho ba ka bang 200 ka ntle, eaba mapolesa a re ntšetsa mokhoping oo ntle le ho re sireletsa. Ho ile ha re kokololo! ha re bona mokhopi oo o re bulela tsela ea hore re fete. Letsatsing le hlahlamang re ile ra ea motseng o moholo o haufi le moo oa Baton Rouge, ho ea bolella Lipaki tsa habo rōna moo hore na ho ne ho etsahetse’ng.

Ha re fihla Jeanerette, re ile ra fumana molaetsa o khomarelitsoe monyako oa k’haravene, o reng: “Ke kōpa le tl’o mpona kampong ea oli.” O ne o tekennoe ke “E. M. Vaughn.” Re ile ra fumana Monghali Vaughn, eo eena le mosali oa hae ba ileng ba re memela lijong. O ile a re eena le banna ba hae ba ne ba le har’a mokhopi oa Moqebelo, ’me o ne a ipoleletse hore o tla re sireletsa haeba ho ne ho ka hlokahala. Re ile ra ananela khothatso eo a ileng a re fa eona le tšehetso ea hae.

Letsatsing le hlahlamang, mapolesa a nkileng lithunya a ile a re tšoara ’me a re amoha lingoliloeng tsa rōna. A ile a nka senotlolo sa k’haravene ea ka eaba a nkoalla ka seleng ke le mong ka matsatsi a 17, ke bolaisoa tlala. Monghali Vaughn o ile a etsa boiteko ba ho re thusa empa a hlōleha. Ha ke ntse ke tšoeroe, mokhopi oa batho o ile oa ea utsoa thepa ea rōna oa ba oa chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le k’haravene. Ka nako eo, ke ne ke sa lemohe hore Jehova o ntokisetsa seo haufinyane ke neng ke tla tobana le sona.

Ke Kenngoa Chankaneng ha ke le Karolong e ka Leboea

Ka mor’a khoeli ke khutletse ka leboea, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng Olean, New York, hore ke sebetse le Lipaki tse ling. Ha ke le moo, ’muso o ile oa batla hore ke ingolise sesoleng, eaba ke liheloa boemong ba ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo. Empa ka mor’a hore litlhahlobo tse etsoang ’meleng le kelellong li bontše hore ke phetse hantle, lipampiri tsa ka li ile tsa otloa ka setempe se reng “Ea Lokelang ho ea Sekolong sa Koetliso ea Masole.”

Ke ile ka khona ho tsoela pele ka mosebetsi oa bopula-maliboho nako e ka etsang selemo. Eaba ka 1943, ha ke sa khaotse tšebeletso ea ka e le hore ke ee koetlisong ea masole, mautloela a FBI aa ntšoara ’me a ntaela hore bekeng e tlang ke e’o hlaha ka pel’a lekhotla le leholo le Syracuse, New York. Ke ile ka qosoa eaba ho thoe ke tle nyeoeng ka mor’a matsatsi a mabeli.

Ke ’na ea neng a ipuella nyeoeng eo. Libokeng tsa Bokreste, rōna bana ba Lipaki re ne re ile ra fumana koetliso ea hore na re buelle litokelo tsa rōna tsa molao joang lekhotleng le hore na re itšoare joang ka tsela e nepahetseng moo. Ke ile ka hopola keletso eo ke e boletseng qalong ea sehlooho sena. Bachochisi ba bang ba ne ba bile ba tletleba ka hore Lipaki li tseba molao ho ba feta! Leha ho le joalo, lekhotla le ile la mphumana ke le molato. Ha moahloli a mpotsa hore na ho na le seo ke ratang ho se bua, ke ile ka re, “Kajeno sechaba se tla ikarabella ka pel’a Molimo mabapi le tsela eo se tšoarang ba mo sebeletsang ka eona.”

Ke ile ka ahloleloa lilemo tse ’nè chankaneng ea ’muso e Chillicothe, Ohio. Ha ke le moo, ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho ba mongoli oa ofisiri ea lefapha le khethang batho ba lokelang ho kenngoa sesoleng. Ka mor’a libeke tse ’maloa, ofising ea rōna ho ile ha fihla lefokisi le khethehileng le tsoang Washington, D.C., eaba le re le tlil’o fokisa ka Hayden Covington. E ne e le leqoetha le buellang Lipaki Tsa Jehova ’me le ne le nkoa e le le leng la maqoetha a ipabolang ka ho fetisisa melaong ea motheo ea Amerika.

Lefokisi leo le ile la re le batla ho tlatsa boitsebiso  lifaeleng tsa batšoaruoa ba bang ba babeli, e leng Danny Hurtado le Edmund Schmidt. Mookameli oa ka o ile a re: “Lehlohonolo hase lebelo kaha enoa ke eena Monghali Schmidt.” Lefokisi leo e ne e le la sekhukhu, empa le ile la lemoha hore le phetletse mohatl’a nku masholu. Hang ka mor’a moo ke ile ka chenchoa eaba ke se ke sebetsa kichineng.

Bopula-maliboho, Bethele le Lenyalo

Ka la 26 September, 1946, ke ile ka lokolloa ka parole, eaba ke tsoela pele ka mosebetsi oa bopula-maliboho, lekhetlong lena ke le Phuthehong ea Highland Park, California. Hamorao ka September 1948, ke ile ka finyella toro ea ka ea nako e telele. Ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa ke le moapehi oa mahobe ntlo-khōlō e Brooklyn (Bethele), moo lingoliloeng tsa Bibele li etsoang teng bakeng sa ho sebelisoa mosebetsing oa rōna oa ho bolela lefatšeng ka bophara. Hang-hang ke ile ka itokolla mosebetsing oo ke neng ke o etsa reschorenteng e Glendale oa ho ba seapehi sa likuku le mahobe, eaba ke ea Bethele.

Lilemo tse supileng hamorao, ka 1955, ho ile ha tšoaroa likopano tsa machaba tse ’maloa Europe. Lelapa leso le ile la mpha chelete hore le ’na ke ee. Ke ile ka thabela likopano tse neng li tšoaretsoe London, Paris, Roma, empa haholo-holo e neng e tšoaretsoe Nuremberg, Jeremane, moo batho ba fetang 107 000 ba neng ba le teng lebaleng le leholo la lipapali, moo ka lekhetlo le leng ka boikakaso Hitler a kileng a hlahlobela masole a hae teng. Har’a ba neng ba le teng kopanong eo e ne e le Lipaki tseo Hitler a neng a ile a ikana hore o tla li felisa. Ruri e ile ea e-ba ntho e thabisang haholo ho ba le tsona!

Kopanong eona eo ea Nuremberg, ke ile ka kopana le kharebe e ’ngoe ea Mojeremane ea Paki—Brigitte Gerwien, ’me ea nkhapa pelo. Re ile ra nyalana le pele selemo se fela eaba re khutlela Glendale ho ea lula haufi le batsoali ba ka. Mora oa rōna oa letsibolo, Tom, o ile a hlaha ka 1957, eaba oa bobeli, e leng Don, o hlaha ka 1958, ha ntan’o latela morali oa rōna Sabena, ea ileng a hlaha ka 1960.

Bophelo bo Maphatha-phathe Empa bo Khotsofatsang

Ba bang ba ’nile ba mpotsa hore na ho na le mohla nkileng ka ikoahlaea ka lebaka la ho hlaseloa ke mahoohoo le ho koalloa chankaneng ka lebaka la ho sebeletsa Molimo. Che, ho e-na le hoo, ke leboha Jehova hore ebe ke bile le tokelo ea hore ke mo sebeletse hammoho le ba bang ba bangata ba tšepahalang. Ke tšepa hore lintho tse ntlhahetseng li tla khothatsa ba bang hore le bona ba be haufi le Molimo ’me ba se ke ba mo tlohela le ka mohla.

Bahlanka ba bangata ba Molimo ba ’nile ba tšoaroa ka sehlōhō ka lebaka la ho mo sebeletsa. Empa na hase sona seo re boleletsoeng hore re se lebelle? Bibele e re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Empa le teng mantsoe a Pesaleme ea 34:19 a ’nile a ipaka e le ’nete hakaakang, ha a re: “Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela”!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ha re bolela litaba tse molemo Louisiana lilemong tse qalang tsa bo-1940

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha ke le moapehi oa mahobe ntlo-khōlō

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

’Na le mosali oa ka Brigitte