Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlokomela Hore U se ke Ua Thetsoa

Hlokomela Hore U se ke Ua Thetsoa

 Hlokomela Hore U se ke Ua Thetsoa

DON QUIXOTE ke motho ea tummeng oa paleng e ngotsoeng ke mongoli oa lekholong la bo16 la lilemo oa Mosepanishe, Miguel de Cervantes, bukeng ea hae e reheletsoeng ka eena. Bukeng eo, Don Quixote o lula a nahana ka lipale le litšōmo tsa bahlabani ba sebete ba hlometseng ka lihlomo tse phatsimang, ba pholosang baroetsana ba tsietsing. Ho e-s’o ho ee kae, le eena o se a inka e le mohlabani oa bohlokoa. Ketsahalong e ’ngoe bukeng eo, o hlasela libentamine tse khobokaneng sebakeng se le seng tseo a nkang hore ke sehlopha sa lifonthoane tse kotsi. Le hoja a ne a kholisehile hore o sebeletsa Molimo ka ho bolaea lifonthoane tseo, ’nete ke hore o ile a qetella a tlotlolohile.

Ke ’nete hore pale ea Don Quixote e iqapetsoe, empa hangata ho thetseha ke taba e tebileng. Ka mohlala, nahana ka motho eo e leng lekhoba la joala ea inoellang ka mokhoa oo a ratang, ebe o qetella a kula a bile a sentse le bophelo ba lelapa la hae. Kapa nahana ka motho ea nang le bothata ba ho itima lijo hobane a nahana hore o motenya, ea nkang hore o fepehile hantle ebile o phetse hantle empa ’nete e le hore o leba lebitleng butle-butle ka lebaka la ho itima lijo.

Na re ka iphumana re tšoasitsoe ke leraba lee la ho thetseha? Ka bomalimabe, ho joalo. Bonneteng, kaofela ha rōna re kotsing eo. Kotsi eo e akarelletsa monyetla oa hore re iphumane re thetsitsoe ka lithuto tseo re li ratang tsa bolumeli, e leng ntho e ka bang le liphello tse mpe. Hobane’ng? U ka itebela joang hore u se ke ua iphumana u thetsitsoe?

Kotsi ea ho Thetsoa

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re ho thetsa ho bolela “ho etsa hore motho a lumele hore ntho eo e seng ’nete ke ’nete.” Hape ho ka bolela “ho etsa hore batho ba be le maikutlo kapa tumelo e fosahetseng e  etsang hore batho ba hloke tsebo, ba ferekane kapa ba ikutloe ba se na thuso.” Moelelo oa lentsoe lena, hammoho le a mang a kang “ho khelosa” le “ho lahla,” ke ho etsa hore motho e mong a hlahlathele empa e le ka tsela e poteletseng. Ka sebele, motho ea sa hlokomeleng hore o fuoa boitsebiso bo fosahetseng ka boomo e le hore a lule a ‘hloka tsebo, a ferekane kapa a ikutloe a se na thuso’ o kotsing e khōlō.

Ntho e bohloko haholo ke hore hangata motho ea thetsitsoeng kapa ea khelositsoeng o tšoarella tumelong eo le haeba ho e-na le bopaki ba hore o thetsitsoe. Mohlomong o rata tumelo eo hoo a sa batleng ho utloa letho ka bopaki leha e le bofe bo ka e hanyetsang.

Na re Kotsing?

U ka ’na ua ipotsa, ‘Na hase ho fetelletsa litaba ho bolela hore kaofela re kotsing ea ho thetsoa ka litumelo tsa rōna tsa bolumeli?’ Che, hase ho li fetelletsa. Lebaka ke hore Satane Diabolose, eo Jesu a mo bitsitseng “ntate oa leshano,” o ikemiselitse ho re thetsa le ho re khelosa kaofela. (Johanne 8:44) Hape Bibele e hlalosa Satane e le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” O ’nile a ‘foufatsa likelello’ tsa batho ba limilione ho tloha khale. (2 Bakorinthe 4:4) Le hona joale o ntse a ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9.

Satane o ile a qala ho thetsa moloko oa batho ho tloha tšimolohong. Ka mohlala, o ile a thetsa Eva, a etsa hore a be le boikutlo ba hore o ne a sa tlangoa ke melao ea ’Mōpi oa hae le hore a ka ‘ba joaloka Molimo, a tseba botle le bobe,’ ka mantsoe a mang, a ka iketsetsa qeto ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. (Genese 3:1-5) Eo e bile thetso ea pele e khōlōhali, etsoe le hoja batho ba filoe bolokolohi ba hore ba ikhethele seo ba batlang ho se etsa, ba ne ba sa fuoa matla a hore ba ikhethele ka bobona hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Ke Molimo feela, eo e leng ’Mōpi le ’Musi, ea nang le tokelo le matla a ho etsa joalo. (Jeremia 10:23; Tšenolo 4:11) Ruri ke ho thetseha ho nahana hore tokelo ea ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng e bolela ho etsa qeto ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe! Ka bomalimabe, rōna batho ba baetsalibe re oela habonolo lerabeng leo.

Na le Uena U ka Thetsoa?

E ka ’na eaba lithuto tsa bolumeli tseo u li ratang haholo ke khale li le teng ka lilemo tse makholo, ebile mohlomong li ’nile tsa fetisetsoa melokong e latelang. Leha ho le joalo, seo hase bolele hore ke tsa ’nete. Hobane’ng? Hobane tlaleho ea Bibele e bontša hore hang ka mor’a lefu la baapostola ba Kreste, ho ile ha hlaha batho ba thetsang ba bang ka har’a phutheho ea Bokreste ’me ba ruta “lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:29, 30) Ka bohlale ba ile ba khelosa batho “ka likhang tse susumetsang” hammoho le ka “filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.”—Bakolose 2:4, 8.

Na lintho li fetohile kajeno? Eseng hakaalo, etsoe moapostola Pauluse o ile a lemosa hore lintho li ne li tla mpefala “matsatsing a ho qetela,” e leng mehla ena eo re phelang ho eona. O ile a re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa [kapa, ‘ba thetsa ba bang, le bona ba thetseha,’ Bibele—Phetolelo e Ncha].”—2 Timothea 3:1, 13.

Ka hona, ke bohlale hore motho a nke ka botebo temoso ena e fanoeng ke moapostola Pauluse: “Ka lebaka leo ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” (1 Bakorinthe 10:12) Ke ’nete hore Pauluse o ne a bua ka boemo ba motho ka pel’a Molimo. Ha e le hantle, ho nahana hore le ka mohla Satane a ke ke a u thetsa, ke ho ithetsa ho hoholo. Ho hang ha ho motho ea ke keng a thetsoa ke “maqiti” a Satane. (Baefese 6:11) Ke lona lebaka le entseng hore moapostola ha a bua le Bakreste-’moho le eena a re o tšaba hore “ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa [bona] li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste.”—2 Bakorinthe 11:3.

 U ka Etsa Joang Hore U se ke Ua Thetsoa?

U ka etsa joang hore u se ke ua thetsoa ke Satane? U ka tiiseha joang hore u “rapela [Molimo] ka moea le ka ’nete”? (Johanne 4:24) Sebelisa seo Jehova Molimo a u fileng sona. Pele ho tsohle, o u file “matla a kelello” e le hore u ka khetholla ’nete ho leshano. (1 Johanne 5:20) Hape u entse hore u khone ho lemoha maqheka a Satane. (2 Bakorinthe 2:11) Ha e le hantle, o u file ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e hlokang e le hore u loantše boiteko ba Satane ba ho u khelosa.—Liproverbia 3:1-6; Baefese 6:10-18.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Molimo o u file mokhoa oo u ka u tšepang oa ho itšireletsa. Ke ofe? Ke oona oo moapostola Pauluse a ileng a khothalletsa motsoalle oa hae, Timothea, hore a itšetlehe ka oona ha ho tluoa litabeng tse amanang le bolumeli. Ka mor’a hore a fane ka temoso ea hore ho tla ba le “batho ba khopo le baikhakanyi,” moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea hore a hanele lithuto tsa bona ka hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e lumelang e be e thehiloeng ho “lingoliloeng tse halalelang”—ke hore, Lentsoeng la Molimo le halalelang, e leng Bibele.—2 Timothea 3:15.

Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba re motho ea lumelang hore Molimo o teng le ea amohelang Bibele e le Lentsoe la Hae le bululetsoeng o thetsitsoe. Empa bonneteng, ba thetsitsoeng ke ba hanang ka manganga feela le ha ba bona bopaki ba hore ’Mōpi o teng le hore ka sebele Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. *Baroma 1:18-25; 2 Timothea 3:16, 17; 2 Petrose 1:19-21.

Ho e-na le hore u thetsoe ka seo “ka bohata se bitsoang ‘tsebo,’” sebelisa Lentsoe la Molimo e le hore u fumane ’nete. (1 Timothea 6:20, 21) Etsa se tšoanang le se ileng sa etsoa ke banna le basali ba likelello tse bulehileng bao moapostola Pauluse a ileng a ba bolella litaba tse molemo Berea. Ba ile ba “amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello.” Ba ne ba sa lumele ka cheseho feela seo moapostola Pauluse a neng a ba ruta sona, empa ba ne ba bile “ba hlahloba Mangolo  ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

Ha ho letho leo u ka le tšohang haeba u sebelisa mokhoa ona ho hlahloba seo u se lumelang. Ha e le hantle, Bibele e u khothalletsa hore u ‘nepisise tsohle’ pele u ka li amohela e le ’nete. (1 Bathesalonika 5:21) Ho ella bofelong ba lekholo la pele la lilemo C.E. moapostola Johanne o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba etse se latelang: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) Le hoja lithuto tse ling tsa bolumeli li ka bonahala eka li ‘bululetsoe’—kapa li tsoa ho Molimo—e ntse e le bohlale hore motho a hlahlobe Mangolo hore a tiisehe pele a ka li amohela e le ’nete.—Johanne 8:31, 32.

Sebelisa Seo U Ithutang Sona

Leha ho le joalo, ho hlokahala ntho e ’ngoe hape. Morutuoa Jakobo o itse: “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela, le ithetsa ka monahano oa bohata.” (Jakobo 1:22) Ha hoa lekana ho tseba feela hore na Bibele e ruta eng. U lokela ho sebelisa seo. Joang? Ka ho etsa seo Molimo a u laelang hore u se etse le ka ho se etse lintho tseo a li hanelang.

Ka mohlala, hlokomela ho hlepha ha boitšoaro ho teng hohle. Na ha ho bontše hore Satane o atlehile ho thetsa batho e le hore ba nahane hore ba ka tlōla melao ea Molimo ea boitšoaro ntle le ho khola litholoana? Ka lebaka la sena, moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste temoso ena e tobileng: “Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.

U se ke ua tšoana le “monna oa leoatla” eo Jesu a ileng a re o ile a ‘utloa’ lipolelo tsa hae empa a se ke a li “phetha.” Joaloka Don Quixote oa paleng ea Cervantes, ea ileng a thetsoa ke lintho tseo a neng a inahanela tsona, monna ea leoatla o ile a thetseha hobane o ne a nahana hore a ka haha ntlo e tsitsitseng, e sireletsehileng holim’a lehlabathe le sa tsitsang. Ho e-na le hoo, e-ba joaloka monna ea ileng a “haha ntlo ea hae holim’a lefika.” Jesu o ile a re monna enoa o “masene” hobane o utloa lipolelo tsa hae ebile oa li “phetha.”—Matheu 7:24-27.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba Molula-Qhooa oa June 1, 2004, leqephe 9-14, le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

Na U Bona Lintho ka Tsela eo li Hlileng li Leng ka Eona?

Lilemong tsa bo-1930, moetsi e mong oa litšoantšo oa Sweden, Oscar Reutersvärd, o ile a phatlalatsa lintho tseo a li toroileng tseo batho ba ileng ba re ke litšoantšo tsa lintho tse sieo. Mohlala oa morao tjena o bontšitsoe ka lehlakoreng le letšehali. Ha motho a qekotsa setšoantšo sena feela, a ka lumela hore ehlile ntho e joalo e teng le hoja ha e le hantle se mpa se qhekella kelello ea motho. Empa ha a se a se hlahlobisisa, joale a ka bona hore motaki o sebelisitse maqheka e le hore a ferekanye kapa a thetse leihlo le kelello ea motho ea se shebang.

Litšoantšo tsa lintho tse sieo hase tsona feela tse bonahalang li fapane le seo li hlileng li leng sona. Lilemo tse ka bang likete tse peli tse fetileng, Bibele e ile ea fana ka temoso ena: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.

Ntho e etsang hore temoso eo e be ea bohlokoa le ho feta ke hore motho ea e ngotseng o kile a thetsoa. Kaha o ne a ile a rutoa ke mesuoe e tsebahalang haholo ea bolumeli ea mehleng ea hae, a bile a tseba batho ba maemong a phahameng, e ne e se mofuta o ka thetsehang habonolo.—Liketso 22:3.

Motho enoa, e leng Saule oa Tarsase, o ne a ile a thetsoa hore a lumele hore mang le mang ea sa kopaneleng mekhoeng ea bolumeli ba hae le lineanong tsa bona o tšoaneloa ke kahlolo. Ka lebaka la matla ao baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba mo file ’ona, o ile a nka hore e ne e le kabelo e tsoang ho Molimo hore a hlorise leha e le mang ea hanang ho latola tumelo ea hae. O ile a ba a tšehetsa polao ea monna e mong oa habo eo ka phoso a ileng a qosoa ka hore oa nyefola.—Liketso 22:4, 5, 20.

Hamorao Saule o ile a thusoa hore a bone phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, le seo Molimo a se amohelang le seo A sa se amoheleng. Hang ha monna enoa ea chesehang, Saule, a hlokomela hore o fositse, o ile a fetola litsela tsa hae ’me a tsejoa e le Pauluse, moapostola oa Jesu Kreste. Kaha o ne a se a sa thetsoa, Pauluse o ile a fumana tsela e nepahetseng ea borapeli.—Liketso 22:6-16; Baroma 1:1.

Joaloka Pauluse, batho ba bangata ba ratang ’nete ba kile ba thetsoa ke lithuto tse ka bapisoang le litšoantšo tsane tsa lintho tse sieo—litumelo tse utloahalang eka ke ’nete empa li sa thehoa Lentsoeng la Molimo. (Liproverbia 14:12; Baroma 10:2, 3) Joale ba ile ba thusoa hore ba bone seo e leng ’nete ka litumelo tsa bolumeli ba bona esita le litholoana tsa bona. (Matheu 7:15-20) Ha ba ntse ba fumana tsebo e eketsehileng ea ’nete ka Bibele, ba ile ba etsa liphetoho linthong tseo ba li lumelang le tseleng eo ba phelang ka eona e le hore ba amoheloe ke Molimo.

Na u ikemiselitse ho latela mohlala oa moapostola Pauluse ’me u hlahlobe seo u se lumelang motheong oa seo Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le se rutang? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ntlheng ena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Engravings by Doré