Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka Leo ka Lona U ka Tšepang Likosepele Tsa Bibele

Lebaka Leo ka Lona U ka Tšepang Likosepele Tsa Bibele

 Lebaka Leo ka Lona U ka Tšepang Likosepele Tsa Bibele

“Li atlehile haholo. Li susumelitse batho hore ba etse lifilimi tse jang limilione tsa chelete . . . hammoho le ho ngola libuka tse rekoang haholo . . . lihlotšoana tsa Bokreste li li amohetse. Li entse hore ho hlahe malumeli a mang le likhopolo tse tletseng bolotsana.”—SUPER INTERESSANTE, MAKASINE EA LITABA TSA BRAZIL.

KE ENG e neng e ferekantse batho hakaale? Makasine eo e ne e bua ka ntho e ileng ea thahaselloa haholo morao tjena hammoho le se ileng sa etsoa mabapi le libuka tse bokeletsoeng tseo le tsona ho thoeng ke likosepele, liepistole le tse senolang bokamoso, tse ileng tsa fumanoa Nag Hammadi le libakeng tse ling tsa Egepeta, bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo. Litokomane tsa mofuta ona li ’nile tsa bitsoa mangolo a Gnostic kapa a Apocrypha. *

Na ho Bile le Bolotsana bo Entsoeng?

Mehleng ena eo ka kakaretso batho ba seng ba sa tšepe Bibele le malumeli a tloaelehileng, ho bonahala mangolo a Gnostic kapa a Apocrypha ’ona a ratoa ke ba bangata. Mangolo ana a ’nile a e-ba le tšusumetso e khōlō tseleng eo batho ba nkang Jesu Kreste le Bokreste ka eona. Joalokaha makasine e ’ngoe e ile ea tlaleha, “Kosepele ea Thomas hammoho le [mangolo] a mang a apocrypha li hapa maikutlo a sehlopha sa batho ba ntseng ba eketseha mehleng ena: batho ba labalabelang litaba tsa Molimo empa ba sa tšepe bolumeli.” Ho fumanoe hore Brazil feela “bonyane ho na le lihlopha tse 30 tseo tumelo ea tsona e thehiloeng mangolong a Apocrypha.”

Ho sibolloa ha litokomane tsena ho entse hore ho tlale maikutlo a hore lekholong la bone la lilemo C.E., Kereke e K’hatholike e ile ea etsa bolotsana ba ho pata litaba tse itseng tsa ’nete ka Jesu, ea etsa hore litlaleho tse ling tsa bophelo ba hae tse hlahileng mangolong ana a Apocrypha li patoe le hore litaba tsa Likosepele tse ’nè tse ka Libibeleng tsa kajeno li fetoloe. Elaine Pagels, eo e leng moprofesa oa bolumeli, o re: “Joale rea lemoha hore seo re reng ke Bokreste—hammoho  le seo re reng ke mekhoa ea Bokreste—ha e le hantle li mpa li thehiloe melaong e ’maloa e khethiloeng mohloling o itseng har’a e mengata e teng.”

Ho latela maikutlo a litsebi tse kang Pagels, Bibele hase eona feela mohloli oa tumelo ea Bokreste; ho na le mehloli e meng, joaloka mangolo a Apocrypha. Ka mohlala, lenaneong la BBC le bitsoang Bible Mysteries, sehloohong se reng “Maria Magdalena oa Sebele,” ho ile ha boleloa hore mangolo a Apocrypha a bontša hore Maria Magdalena e ne e le “moruti ebile e le motataisi oa barutuoa ba bang litabeng tsa moea. E ne e se feela morutuoa; e ne e le moapostola oa baapostola.” Ha Juan Arias a bua ka karolo eo ho nahanoang hore Maria Magdalena o ne a e phetha, o ile a ngola makasineng ea Brazil e bitsoang O Estado de S. Paulo, a re: “Kajeno ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsa hore re lumele hore mokha oa pele oa Bokreste, o thehiloeng ke Jesu, e ne e le oo ka ho khetheha o buellang ‘litokelo tsa basali’ kaha likereke tsa pele li ne li kenela matlong a basali, moo e neng e le bona baprista le babishopo.”

Ho bonahala batho ba bangata ba nka mangolo a Apocrypha e le a bohlokoa ho feta Bibele. Leha ho le joalo, taba ena e hlahisa lipotso tsa bohlokoa: Na mangolo a Apocrypha ke oona mohloli oa sebele tumelong ea Bokreste? Haeba a hanyetsana le thuto e ka Bibeleng, re lokela ho lumela mohloli ofe—Bibele kapa libuka tsa Apocrypha? Na ho ile ha hla ha etsoa bolotsana bo itseng lekholong la bone la lilemo ba ho pata libuka tsee ha ba ha fetoloa Likosepele tse ’nè e le hore li se ke tsa hlahisa litaba tsa bohlokoa ka Jesu, Maria Magdalena le ba bang? E le ho araba lipotso tsena, a re ke re hlahlobe e ’ngoe ea Likosepele tse ’nè tsa Bibele, e leng Kosepele ea Johanne.

Bopaki bo Tsoang Kosepeleng ea Johanne

Sekhechana sa bohlokoa sa Kosepele ea Johanne se ile sa fumanoa Egepeta ho elella qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo ’me kajeno se tsebahala e le Papyrus Rylands 457 (P52). Se na le litemana tseo Bibeleng ea hona joale e leng Johanne 18:31-33, 37, 38 ’me se bolokiloe Laebraring ea John Rylands e Manchester, Engelane. Sena ke sekhechana sa buka ea khale ka ho fetisisa e ngotsoeng ka letsoho ea Mangolo a Segerike a Bakreste, se ntseng se le teng. Litsebi tse ngata li lumela hore buka eo e ile ea ngoloa hoo e ka bang ka 125 C.E., e leng lilemo tse ka bang 25 feela ka mor’a lefu la Johanne. Ntho e thahasellisang ke hore se ngotsoeng moo se batla se lumellana hantle le se libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse tlang ka mor’a eona. Taba ea hore Kosepele ea Johanne ea khale joalo e ne e se e fihlile le Egepeta, moo e fumanoeng teng, e tšehetsa taba ea hore litaba tse molemo tse ngotsoeng ke Johanne li hlile li ngotsoe lekholong la pele la lilemo C.E. ’me li ngoloa ke eena Johanne joalokaha Bibele e bolela. Kahoo, buka ea Johanne ke tlaleho ea motho ea boneng liketsahalo ka boeena.

Ka lehlakoreng le leng, mangolo a Apocrypha ’ona kaofela a ngotsoe ho tloha lekholong la bobeli la lilemo ho ea pele, e leng lilemo tse lekholo kapa ho feta ka mor’a hore lintho tseo ba li tlalehang li etsahale. Litsebi tse ling li leka ho beha mabaka a hore mangolo a Apocrypha a thehiloe linthong tsa pele tse ileng tsa ngoloa kapa lineanong, empa ha ho na bopaki ba seo. Kahoo, potso ena ke ea bohlokoa, U tla lumela ho fe—na u tla lumela bopaki bo fanoeng ke motho ea boneng liketsahalo kapa ba batho ba  phetseng lilemo tse makholo ka mor’a liketsahalo? Karabo e se e ntse e hlakile. *

Taba ea hore Likosepele Tsa Bibele li ile tsa fetoloa e le ho pata liketsahalo tse ling tsa bophelo ba Jesu, na eona ke ’nete? Ka mohlala, na ho na le bopaki ba hore Kosepele ea Johanne e ile ea fetoloa lekholong la bone la lilemo e le ho sotha litaba tse itseng? E le ho araba potso ena, re lokela ho hopola hore o mong oa mehloli e ka sehlooho ea Bibele eo re nang le eona ke buka e ngotsoeng ka letsoho ea lekholong la bone la lilemo e tsejoang ka hore ke Vatican 1209. Haeba Bibele e e-na le lintho tse fetotsoeng lekholong la bone la lilemo, ho hlakile hore buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ne e tla bontša liphetoho tseo. Taba e ’ngoe e thabisang ke hore, buka e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho e nang le litemana tse ngata tsa Luka le tsa Johanne, e tsebahalang e le Bodmer 14, 15 (P75), e ngotsoe ho tloha ka 175 C.E. ho ea ho 225 C.E. Ho latela litsebi, litaba tsa eona li tšoana haholo le tse ho Vatican 1209. Ka mantsoe a mang, ha ho liphetoho tse khōlō tse ileng tsa etsoa Likosepeleng Tsa Bibele ’me Vatican 1209 ke eona e re tiisetsang seo.

Ha ho na litokomane kapa lintho leha e le life tse tiisang hore lengolo la Johanne—kapa Likosepele tse ling—li ile tsa fetoloa lekholong la bone la lilemo. Ka mor’a hore Dr. Peter M. Head oa Univesithi ea Cambridge a hlahlobe likhechana tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa fumanoa Oxyrhynchus, Egepeta, o ile a ngola a re: “Ha e le hantle, libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho li tiisa hore se ngotsoeng ka mongolo oa uncial [e leng libuka tse ngotsoeng ka letsoho ka litlhaku tse khōlō tse tenya ho tloha lekholong la bone la lilemo ho ea pele] ke ’nete, e leng tsona tseo e leng mohloli o ka sehloohong oa mangolo a kajeno. Ha ho letho le etsang hore re be le kutloisiso e ncha ka boitsebiso bo ngotsoeng pele ba TN [Testamente e Ncha].”

Re ka Etsa Qeto Efe?

Likosepele tse ’nè tseo e leng karolo ea mangolo a halalelang—Matheu, Mareka, Luka le Johanne—li ne li amoheloa ke Bakreste lefatšeng lohle, hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo. Buka e sebelisoang haholo ea Tatian e bitsoang Diatessaron (e leng lentsoe la Segerike le bolelang “ho tse ’nè”), e ngotsoeng lilemong tse pakeng tsa 160 le 175 C.E., e ne e thehiloe Likosepeleng tse ’nè feela tseo e leng karolo ea mangolo a halalelang, ha ho le e ’ngoe ea “likosepele” tsa Gnostic e ileng ea sebelisoa. (Sheba lebokose le reng  “Likosepele li Buelloa ho Tloha Sethathong.”) Se lemohiloeng ke Irenaeus ea phetseng lilemong tsa ho qetela tsa lekholo la bobeli la lilemo C.E., le sona ke sa bohlokoa. O ile a tiisa hore e tlameha ebe ho na le Likosepele tse ’nè, kaha ho na le likarolo tse ’nè tsa lefatše le likhutlo tse ’nè tsa lefatše tseo meea e matla e hlahang ho tsona. Le hoja ho ka belaelloa lintho tseo a etsang papiso ka tsona, ntlha ea hae e tšehetsa taba ea hore esale ho e-na le Likosepele tse ’nè tsa mangolo a halalelang.

Mabaka aa a bontša’ng? A bontša hore Mangolo a Segerike a Bakreste—ho akarelletsa le Likosepele tse ’nè—ao re nang le ’ona kajeno, ho hang a ile a lula a sa fetoloe ho tloha lekholong la bobeli la lilemo. Ha ho na mabaka a utloahalang a tšehetsang taba ea hore ho ile ha e-ba le bolotsana bo itseng lekholong la bone la lilemo e le hore ho  fetoloe karolo leha e le efe ea Mangolo a bululetsoeng ke Molimo, kapa hona ho pata litaba tse ling. Ho fapana le moo, setsebi sa Bibele, Bruce Metzger, se ile sa re: “Qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, . . . liphutheho tse sa tšoaneng tsa balumeli tse neng li jalane hohle Mediterranean hammoho le libakeng tse ling ho tloha Brithani ho ea Mesopotamia li ne li sa hanyetsane ka boholo ba mangolo a Testamente e Ncha.”

Moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba ne ba tšehetsa ’nete ea Lentsoe la Molimo. Ka bobeli ba ile ba lemosa Bakreste ka thata hore ba se ke ba amohela kapa ba lumela thuto leha e le efe ntle le seo ba se rutiloeng. Ka mohlala, Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Uena Timothea, u lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao, u furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’ Ka lebaka la ho etsa mponeng ka tsebo e joalo ba bang ba khelohile tumelo.” Petrose o ile a tiisa seo, a re: “Che, ha rea ka ra le tsebisa matla le ho ba teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene, empa ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang.”—1 Timothea 6:20, 21; 2 Petrose 1:16.

Lilemo tse makholo tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a re: “Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 40:8) Le rōna re ka kholiseha ka tsela e tšoanang hore Ea ileng a bululela Mangolo a Halalelang o ile a ba a a sireletsa ka lilemo-lemo e le hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 “Gnostic” le “Apocrypha” ke mantsoe a tsoang Segerikeng a ka bolelang “tsebo ea lekunutu” le “se patiloeng ka hloko.” Mantsoe ana ke a sebelisoang ha ho buuoa ka lingoliloeng tseo e seng tsa sebele kapa tseo e seng karolo ea mangolo a halalelang tse lekang ho etsisa Likosepele, Liketso, mangolo le tšenolo, tseo kaofela li hlahang Mangolong a Segerike a Bakreste a halalelang.

^ ser. 11 Bothata bo bong ba mangolo a Apocrypha ke hore ho setse libuka tse fokolang haholo. Buka ea Gospel of Mary Magdalene, eo ho buuoeng ka litaba tsa eona ka holimo, eona e setse ka likarolo tse peli feela tse nyenyane ’me ea boraro, e telele ho li feta, e ka ’na eaba ha e na halofo ea litaba tse neng li ngotsoe qalong. Ho feta moo, litaba tse hlahang libukeng tseo tse ngotsoeng ka letsoho li fapane haholo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Papyrus Rylands 457 (P52), sekhechana sa Kosepele ea Johanne sa lekholong la bobeli la lilemo C.E., se ngotsoe lilemo tse ’maloa feela ka mor’a hore ho ngoloe buka ea pele ea Johanne

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]

 Likosepele li Buelloa ho Tloha Sethathong

Qalong ea Bokreste, ba tšoaeang liphoso ba ile ba pheha khang ea hore Likosepele lia ikhanyetsa kahoo tlaleho ea tsona e ke ke ea tšeptjoa. Mongoli oa Mosyria, Tatian (oa 110-180 C.E.) o ile a buella Likosepele. O ile a nahana hore lintho tse bonahalang eka lia ikhanyetsa Likosepeleng li ne li tla fela haeba Likosepele li ne li kopanngoa ka bohlale li etsoa buka e le ’ngoe ho e-na le tse ’nè.

Tatian o ile a etsa sona seo. Ha ho tsebahale hore na seo a ileng a se ngola pele e ne e le ka Segerike kapa ka Sesyria. Ho sa tsotelehe seo, ka bo-170 C.E., Tatian o ile a qeta mosebetsi oo, o tsebahalang ka hore ke Diatessaron, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “ho tse ’nè.” Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella mosebetsi oo o sa bululeloang?

Lekholong la bo19 la lilemo, ba tšoaeang liphoso ba ile ba jala taba ea hore ha ho na Kosepele e ileng ea ngoloa pele ho halofo ea lekholo la bobeli la lilemo C.E.; kahoo, Likosepele ha li na bohlokoa bo bokaalo historing. Leha ho le joalo, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa boholo-holo tsa Diatessaron tse ileng tsa fumanoa ka mor’a moo, li ile tsa fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Likosepele tse ’nè—tsona tseo feela—li ne li se li ntse li tsebahala haholo li bile li amoheloa kaofela bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo C.E.

Ho sibolloa ha Diatessaron le litlhaloso tse entsoeng ka eona ka Searabia, Searmenia, Segerike le Selatine, ho ile ha etsa hore setsebi sa Bibele, Sir Frederic Kenyon, se ngole ho re: “Ho sibolloa ha lintho tsena kaofela ho ile ha felisa lipelaelo tsohle tse neng li le teng mabapi le hore na Diatessaron e ne e le eng ’me ho bontšitse bopaki ba hore hoo e ka bang ka 170 A.D., Likosepele tse ’nè tseo e leng karolo ea mangolo a halalelang li ne li e-na le litaba tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ke keng tsa hanyetsoa ha li bapisoa le libuka tsohle tse buang ka bophelo ba Mopholosi oa rōna.”

[Litšoantšo]

Tatian

Diatessaron ea Searabia

[Chate e leqepheng la 8, 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

“c.” e emela “circa,” kapa “hoo e ka bang.”

33 C.E.

Jesu oa bolaoa

c. 41

Matheu ea ngoloa

c. 58

Luka ea ngoloa

c. 65

Mareka ea ngoloa

c. 98

Johanne ea ngoloa

125

Rylands 457 (P52)

c. 140

Ho qala mangolo a Apocrypha

c. 175

Bodmer 14, 15 (P75)

Lekholong la bone la lilemo

Vatican 1209

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Vatican 1209

Buka ea Vatican 1209, e ka holimo, ea lekholong la bone la lilemo e ngotsoeng ka letsoho, e bontša hore ha hoa ba le phetoho e kaalo ho se neng se ngotsoe Likosepeleng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Bibliorum Sacrorum Graecus Codex Vaticanus, 1868

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

© The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin