Fetela boitsebisong

 Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Haeba Molekane oa Hao a Hloka Tlhokomelo e Khethehileng

Haeba Molekane oa Hao a Hloka Tlhokomelo e Khethehileng

Ka mor’a hore lingaka li fumane hore ke tšoere ke lefu la mokhathala o sa feleng, monna oa ka e ile ea e-ba eena ea tlamehang ho sebetsa a le mong ho re phelisa. Empa ha ho mohla a buang le ’na ka litaba tse amanang le lichelete. Ke ee ke ipotse hore na ke hobane’ng ha a sa mpolelle. Ebe ke ikaraba ka hore e tlameha ebe boemo ba rōna ba lichelete bo bobe ’me oa tseba hore seo se tla ntšoenya haholo maikutlong.—Nancy. *

LENYALONG ho ka ba le mathata, empa ho ka ba thata le ho feta haeba molekane e mong a ka tšoaroa ke lefu le sa foleng. * Na u hlokomela molekane oa hao ea kulang? Haeba ho joalo, na u ee u khathatsoe ke e ’ngoe ea lipotso tsee: ‘Ebe ke tla etsa joang haeba molekane oa ka a ka kula le ho feta? Na ebe ke tla khona ho tsoela pele ke hlokomela molekane oa ka, ka moo ke ntse ke pheha, ke hloekisa ke bile ke ea mosebetsing? Ke hobane’ng ha ke ikutloa ke le molato oa hore ebe hase ’na ea kulang?’

Ka lehlakoreng le leng, haeba u molekane ea kulang, u ka ’na ua ba le maikutlo ana: ‘Ke ikutloa ke se na seriti kaha ke sitoa ho phetha boikarabelo ba ka. Na ebe bokuli ba ka bo khoka molekane oa ka? Na see se bolela hore ho hang ha re sa tla thaba?’

Ka masoabi, manyalo a mang a ile a qhalana ka lebaka la mathata a hlahisoang ke lefu le sa foleng. Empa sena hase bolele hore joang kapa joang lenyalo la lōna le tla fela.

Banyalani ba bangata ba itsoella pele le bophelo ba bile ba thabile ho sa tsotellehe ho kula ho sa foleng ha e mong oa bona. Ka mohlala, nahana ka Yoshiaki le Kazuko. Kaha Yoshiaki o lemetse lesapo la mokokotlo, o sitoa ho etsa leha e le eng feela ntle le hore a thusoe. Kazuko o re: “Monna oa ka o hloka ho thusoa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka lebaka la hore ke ’na ea mo hlokomelang, ke lula ke opeloa ke molala, mahetla le matsoho, ’me le ’na ke mokuli ea ntseng a tsamaea sepetlele sa masapo. Ka linako tse ling ke ee ke utloe ho mo hlokomela ho ntepeletsa maikutlong.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ao, Kazuko o re: “Tsela eo re momahaneng ka eona e matlafetse le ho feta.”

Ebe joale maemong a joalo ke eng e ka tlisang thabo ka lapeng? Taba ea pele ke hore ba lekang ho lula ba khotsofaletse maemo a bona lenyalong baa lemoha hore ho kula ha ho hlokofatse molekane ea kulang feela, empa ka bobeli baa ameha. Etsoe ha molekane e mong a kula, ba ameha maikutlong ka bobeli, esita le haeba e le ka litsela tse sa tšoaneng. Momahano ena e teng  pakeng tsa monna le mosali e hlalositsoe tjena ho Genese 2:24: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” Ka hona, haeba molekane e mong a tšoeroe ke lefu le sa foleng, ke habohlokoa hore ka bobeli ba bona ba tšoarisane e le hore ba sebetsane le boemo boo.

Ho feta moo, liphuputso li bontša hore banyalani ba lulang ba utloana ha e mong a tšoere ke lefu le sa foleng ba amohela boemo ba bona ’me ba ithuta mekhoa ea ho tloaelana le bona. Mekhoa e mengata eo ba ithutileng eona e le hore ba sebelisane ka katleho le boemo e lumellana le likeletso tse ngata tse fumanoang ka Bibeleng. Ak’u nahane ka litlhahiso tsena tse tharo.

Nahanelanang

Moeklesia 4:9 e re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” Hobane’ng? Temana ea 10 e re “haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.” Na u ‘emisa molekane oa hao’ ka mantsoe a bontšang kananelo?

Ho ka ba molemo ho batla litsela tseo ka tsona le ka thusanang ka tsela e atlehang. Yong, eo mosali oa hae a shoeleng litho tse ling tsa ’mele, o re: “Ke leka ho nahanela mosali oa ka maemong ’ohle. Ha ke nyoriloe, kea nahana hore e ka ’na eaba le eena o nyoriloe. Haeba ke batla ho ea hahloa ke moea le ho boha botle ba naha, kea mo botsa hore na a ka rata ho ea le ’na. Kea ameha ha a utloa bohloko ’me bobeli ba rōna re mamella boemo boo.”

Ka lehlakoreng le leng, haeba u hlokomeloa ke molekane oa hao, na ho na le lintho tse itseng tseo u ka iketsetsang tsona haeba e le tse ke keng tsa beha bophelo ba hao kotsing? Haeba u ka khona, seo se ka etsa hore u inke u ntse u le motho oa bohlokoa ebile se ka khothatsa molekane oa hao hore a tsoele pele ho u hlokomela.

Ho e-na le hore u nahane hore u tseba mekhoa e molemo ea ho bontša hore u nahanela molekane oa hao, ho ka ba molemo hore u botse eena hore na a ka thabela’ng haholo. Nancy ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena, o ile a qetella a boleletse monna oa hae hore na o ikutloa joang ha a sa tsebe hore na boemo ba bona ba lichelete bo joang. Hona joale monna oa hae o leka ho buisana le eena haholoanyane ka litaba tsena.

LEKA HO ETSA TJENA: Ngola lintho tseo u nahanang hore molekane oa hao a ka li etsa ho u nolofalletsa lintho, ebe u kōpa molekane oa hao hore le eena a etse joalo. Ha le qetile, e mong a fe e mong seo a se ngotseng. E mong le e mong a khethe tlhahiso e le ’ngoe kapa tse peli tseo a utloang e le tsona tse hlileng li ka sebetsang.

Leka-lekanyang Lintho

Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Moeklesia 3:1) Leha ho le joalo, ho ka ’na ha bonahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala hore lelapa le leka-lekanye lintho hantle, haholo-holo ka lebaka la mathata a ka bakoang ke ho kula ho sa foleng. Ke eng seo le ka se etsang hore le leka-lekanye lintho haeba ho khoneha?

Mohlomong nako le nako le ka leka ho etsa lintho tse ling ho e-na le ho ameha haholo ka bokuli. Na le ntse le ka thabela tse ling tsa lintho tseo le neng le li etsa hammoho pele molekane e mong a kula? Haeba ha ho khonehe, na ho na le se secha seo le ka se etsang hammoho? E ka ’na ea e-ba ntho e bonolo joaloka ho balla e mong kapa e thata joaloka ho ithuta puo e ’ngoe. Ho etsa lintho tseo bokuli bo ke keng ba le sitisa ho li etsa hammoho, ho tla matlafatsa maqhama a lōna le le “nama e le ’ngoe”—le be le thabe haholoanyane.

Ntho e ’ngoe e ka le thusang hore le leka-lekanye lintho ke ho thabela botsoalle le batho ba bang. Bibele ho Liproverbia 18:1, e re: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” Na le hlokometse hore temana ee e re ho itšehla thajana ho ka ama motho hampe kelellong? Empa, ho thabela botsoalle le ba bang nako le nako ho ka etsa hore le khatholohe moeeng, ha ba ha le thusa hore le boele le thabele bophelo. Ho ka ba molemo hore le meme motho e mong hore a le etele.

E le hore le leka-lekanye lintho, na le ka khona ho etsa lintho tseo le ka phomotsang kelello ka tsona le le hammoho?

Ka linako tse ling, ho leka-lekanya lintho e ka ba ntho e thata ho balekane ba hlokomelang ba kulang. Ba bang ba ka ipolaisa mosebetsi o mongata, ebe butle-butle ba qala ho imeloa hoo le bona ba ka qetellang ba kula. Qetellong, ba ka  iphumana ba se ba sa khone ho hlokomela baratuoa ba bona ba kulang. Kahoo, haeba u hlokomela molekane ea nang le lefu le sa foleng, le uena u lokela ho itlhokomela. Kamehla iphe nako ea ho phomola e le hore u khatholohe. * Ba bang ba fumane ho ba thoba maikutlo ho bolella metsoalle eo ba e tšepang ea bong bo tšoanang le ba bona, ka se ba tšoenyang.

LEKA HO ETSA TJENA: Nka pampiri u ngole mathata ao u thulanang le ’ona ha u ntse u hlokomela molekane oa hao. Joale ebe u ngola lintho tseo u ka li etsang ho hlōla mathata ao kapa tse ka u thusang ho sebetsana le ’ona ka katleho. Ho e-na le hore u li phenya-phenye, ak’u ipotse, ‘Ebe tsela e bonolo haholo le e ka sebetsang ho ntlafatsa boemo e ka ba efe?’

Leka ho ba le Boikutlo bo Botle

Bibele ea eletsa: “U se ke ua re: ‘Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’” (Moeklesia 7:10) Kahoo, tlohela ho ’na u ingamangama ka hore hoja e ne e se ka ho kula. Hopola hore lefatšeng lena ha ho na mokhoa oa hore motho a thabe ka linako tsohle. Ntho e ka u thusang ke hore u amohele boemo bo teng ’me u leke ho etsa sohle seo u ka se khonang hore u sebetsane le bona ka katleho.

Uena le molekane oa hao le ka thusoa ke eng tabeng ee? Buisanang ka mahlohonolo ao le a fumaneng. Ananela esita le phetoho e nyenyane feela e bang teng bophelong ba hao. Nahanang ka lintho tse thabisang tseo le lebeletseng hore li tla etsahala, le be le rere hore na ke lintho life tseo le ka khonang ho li etsa le le ’moho.

Shoji le Akiko, ba ile ba sebelisa keletso ena ’me ba atleha. Ka mor’a hore lingaka li fumane hore Akiko o na le lefu la fibromyalgia (e leng ho opeloa ho sa khaotseng ha mesifa le manonyello hammoho le mokhathala o sa feleng), ba ile ba tlameha ho khaotsa tšebeletso e khethehileng ea Bokreste eo ba neng ba e etsa bophelong ba bona. Na see se ile sa ba nyahamisa? Ha ho potang. Leha ho le joalo, ha Shoji a khothatsa bohle ba leng boemong bo kang ba bona, o re: “Tlohela ho ’na u inyahamisa ka lintho tseo u seng u ke ke ua khona ho li etsa. Leka ho ba le boikutlo bo botle. Esita le haeba bobeli ba lōna le tšepa hore ka le leng lintho li tla ba ka tsela eo li neng li le ka eona, amehang ka bophelo ba lōna hajoale. Ho ’na, sena se bolela ho hlokomela mosali oa ka le ho mo thusa.” Keletso ena e molemo e ka u thusa le uena haeba molekane oa hao a hloka tlhokomelo e khethehileng.

^ ser. 3 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 4 Sehlooho sena se tšohla taba ea haeba molekane e mong a e-na le lefu le sa foleng. Leha ho le joalo, haeba balekane ba sebetsana le ho holofala ha molekane e mong ka lebaka la kotsi kapa a e-na le lefu le itseng le amanang le maikutlo le kang la ho imeloa kelellong, le bona ba ka thuseha haeba ba sebelisa likeletso tsena.

^ ser. 20 Ho itšetlehile ka hore na maemo a joang, mohlomong ho ka ba molemo hore u batle thuso ea nakoana ho ba tlhokomelo ea bophelo kapa lefapheng la tšebeletso ea sechaba, haeba le le teng.

IPOTSE . . .

Ke eng eo haholo-holo ho hlokahalang hore ’na le molekane oa ka re e etse hona joale?

  • Re bue haholo ka taba ea bokuli

  • Re se bue haholo ka taba ea bokuli

  • Re se tšoenyehe haholo

  • Re nahanelane haholoanyane

  • Re etse lintho tseo bokuli bo ke keng ba re sitisa ho li etsa hammoho

  • Re thabele botsoalle le batho ba bang haholoanyane

  • Re rere ho etsa lintho tse itseng re le ’moho