Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bo-ntate Baapostola—Na ba ne ba Hlile ba Iphaphatha le Lithuto Tsa Baapostola?

Bo-ntate Baapostola—Na ba ne ba Hlile ba Iphaphatha le Lithuto Tsa Baapostola?

 Bo-ntate Baapostola​—Na ba ne ba Hlile ba Iphaphatha le Lithuto Tsa Baapostola?

MATHOASONG a lekholo la bobeli la lilemo C.E., lithuto tsa bohata li ne li qalile ho silafatsa ’nete ea Bokreste. Feela joalokaha boprofeta bo ngotsoeng ka tšusumetso ea Molimo bo ile ba bolela esale pele, ka mor’a lefu la baapostola, batho ba itseng ba ile ba lahla ’nete eaba ba khelohela “litšōmong.” (2 Timothea 4:3, 4, Bibele ea Sesotho) Hoo e ka bang ka selemo sa 98 C.E., Johanne, e leng moapostola oa ho qetela ea neng a ntse a phela, o ile a lemosa ka lithuto tse joalo tsa bohata le ka batho ‘ba neng ba leka ho khelosa’ Bakreste ba tšepahalang.—1 Johanne 2:26; 4:1, 6.

Ka mor’a nakoana, batho ba ileng ba tsejoa e le Bo-ntate Baapostola ba ile ba hlahella. Ba ile ba etsa joang ka lithuto tseo tsa bokhelohi? Na ba ile ba mamela temoso eo Molimo a neng a susumelitse moapostola Johanne hore a fane ka eona?

 E ne e le Bo-mang?

Poleloana e reng “Bo-ntate Baapostola” e ’nile ea sebelisoa ha ho buuoa ka bangoli ba libuka tsa bolumeli bao mohlomong ba neng ba tseba e mong oa baapostola ba Jesu kapa bao e ka ’nang eaba ba ile ba rutoa ke barutuoa ba rutiloeng ke baapostola. Boholo ba banna bana ba phetse ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. ho ea fihla bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo. * Ba bang ba bona e ne e le Clement oa Roma, Ignatius oa Antioke, Papias oa Hierapolise, le Polycarp oa Smyrna. Nakong eona eo, ho ne ho e-na le bangoli ba bang ba sa boleloang ka mabitso ba ngotseng libuka tse tsejoang e le The Didache, Epistle of Barnabas, Martyrdom of Polycarp, le lengolo la bobeli la Clement.

Kajeno, ha ho bonolo hore motho a fumane hore na lithuto tsa Bo-ntate Baapostola li ne li tsamaisana hakae le lithuto tsa Jesu. Ha ho pelaelo hore sepheo sa banna bana e ne e le ho sireletsa kapa hona ho buella mofuta o itseng oa Bokreste. Ba ne ba nyatsa borapeli ba litšoantšo le boitšoaro bo hlephileng. Ba ne ba lumela hore Jesu ke Mora oa Molimo le hore o ile a tsosoa bafung. Leha ho le joalo, ba ile ba hlōleha ho thibela lithuto tsa bakoenehi tse neng li ntse li eketseha. Ho e-na le hoo, ba bang ba bona ba ile ba ba ba ruta lithuto tsa bona tsa bokoenehi.

Na e ne e le Liphetoho Tse sa Reng Letho?

Ha e le hantle lithuto tse ngata tsa seo ho neng ho thoe ke “Bokreste” ba pele li ne li fapane ka ho feletseng le lithuto tsa Kreste le tsa baapostola ba hae. Ka mohlala, ho fapana le ho etsa seo Jesu a ileng a se theha Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, tseo hape li tsejoang e le Selallo sa Morena, mongoli oa The Didache o ile a khothalletsa batho hore ba fetise veine pele ho bohobe. (Matheu 26:26, 27) Mongoli enoa o ile a boela a bolela hore haeba ho se na metsi a lekaneng hore motho a qoelisoe ha a kolobetsoa, ho tla be ho lekane hore a fafatsoe ka metsi hloohong. (Mareka 1:9, 10; Liketso 8:36, 38) Bukeng eona eo, o khothalletsa Bakreste hore ba phethe meetlo e kang tlamo ea ho itima lijo habeli ka beke le ho pheta-pheta thapelo ea Ntat’a Rōna ka hlooho ka makhetlo a mararo ka letsatsi.—Matheu 6:5-13; Luka 18:12.

Ignatius eena o ne a ruta hore ho lokela ho be le mokhatlo o mong o fapaneng oa phutheho ea Bokreste, o nang le mobishopo a le mong ea etellang pele “lebitsong la Molimo.” Mobishopo enoa o ne a tla ba le matla a ho laela baprista ba bangata. Liphetoho tseo e ne e le linyane feela, ho ne ho sa ntse ho tla lithuto tse ngata tse sa tšehetsoeng ke Mangolo.—Matheu 23:8, 9.

Lithuto Tse Fetelelitsoeng, Boshoela-tumelo le Borapeli ba Litšoantšo

Lithuto tse fetelelitsoeng li ile tsa ’na tsa hoholella Bo-ntate Baapostola hōle le ’nete. Papias o ne a nyoretsoe ’nete ’me o ile a bala Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka nako e tšoanang, o ne a lumela hore nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, sefate sa morara se tla ba le makala a 10 000, lekala ka leng le be le makalana a 10 000, lekalana ka leng le be le mahlomela a 10 000, lehlomela ka leng le behe masihla a 10 000 a morara, lesihla ka leng le behe merara e 10 000, ’me morara ka mong o tla ntša lilithara tse 1 000 tsa veine.

 Polycarp o ne a ikemiselitse ho ba moshoela-tumelo ho fapana le ho latola tumelo ea hae ea Bokreste. Ho boleloa hore o ile a rutoa ke baapostola le batho ba bang ba neng ba tseba Jesu. O ne a qotsa Bibeleng, ebile ho bonahala a ne a leka ka matla ho phela ka melao-motheo ea Bokreste.

Leha ho le joalo, tsela eo batho ba bang ba neng ba rata Polycarp ka eona, e ne e tšoana le borapeli ba litšoantšo. Martyrdom of Polycarp e bolela hore ka mor’a lefu la hae, batho ba nkoang ba tšepahala ba ile ba tseka mesaletsa ea setopo sa hae. Ba ne ba nka masapo a hae e le “a bohlokoa ho feta mahakoe leha e le afe, ba bile ba a nka a hloekile le ho feta khauta.” Ho hlakile hore bokoenehi bo ne bo ntse bo e-ja setsi.

Mangolo ao e Seng Karolo ea Bibele

Bo-ntate Baapostola ba bang ba ile ba lumela mangolo a mang ao e seng karolo ea Bibele joalokaha eka a ngotsoe ka tšusumetso ea Molimo. E mong oa bona e ne e le Clement oa Roma, ea ileng a qotsa libuka tse belaetsang tsa Wisdom le Judith. Mongoli oa The Epistle of Polycarp o ile a bua ka buka ea Tobit ha a tlatsa taba ea hore ho fana ka koleke e tōma ho ka pholosa bophelo ba mofani.

Lekholong la bobeli la lilemo C.E., likosepele tsa bohata li ile tsa hasa litlaleho tse belaetsang tsa bophelo ba Jesu, ’me Bo-ntate bana ba ne ba lumela litlaleho tsena joalokaha eka ke tsa ’nete. Ka mohlala, Ignatius o ile a qotsa bukeng eo ho thoeng ke Gospel of the Hebrews. Ha buka e ’ngoe e bua ka Clement oa Roma, e re: “Ho bonahala Clement a sa ka a ithuta Kreste Likosepeleng, empa o ithutile eena mangolong ao e seng karolo ea Mangolo a Halalelang.”

Ho Kena Lithuto Tse Ngata Tsa Bohata

Kaha banna bana ba ile ba hlalosa tumelo ea Bokreste ba sebelisa litšōmo, lithuto tseo ho leng thata ho li utloisisa le lifilosofi, seo se ile sa etsa hore ho kenelle lithuto tse ngata tsa bohata. Ka mohlala, Clement o ile a qotsa tšōmo ea phoenix e le ho fana ka bopaki ba hore ho tla ba le tsoho. Phoenix, e leng nonyana ea tšōmong, eo ho thoeng e ile ea tsoha moloreng oa eona, e ne e amahanngoa le borapeli ba letsatsi litšōmong tsa Baegepeta.

Motho e mong ea ileng a sotha ’nete ea Mangolo e bile mongoli oa Epistle of Barnabas. O ile a hlalosa Molao oa Moshe joalokaha eka ke tšoantšetso feela. Ho ea ka eena, liphoofolo tse hloekileng—tse busolosang ’me li le khōla (kapa tlhako) e arohaneng (e nang le lepetso)—li emela batho ba nahanisisang ka Lentsoe la Molimo. Mongoli eo o ile a re, khōla e arohaneng e tšoantšetsa hore motho ea lokileng “o tsamaea lefatšeng lena” ha ka nako e tšoanang a ntse a lebeletse ho ea phela leholimong. Litlhaloso tseo ha lia thehoa Mangolong.—Levitike 11:1-3.

Bopaki ba Moapostola Johanne

Lekholong la pele la lilemo, moapostola Johanne o ile a fana ka temoso e reng: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo, hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.” (1 Johanne 4:1) Ka sebele mantsoe ana a ne a loketse!

Ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ba bangata ba ipitsang Bakreste ba ne ba se ba sa latele lithuto tsa Jesu le tsa baapostola ba hae. Ho e-na le hore Bo-ntate Baapostola ba thibele bokoenehi bo neng bo kena ka sekhahla, ba ile ba bo tšehetsa. Ba ile ba tsoaka lithuto tsa ’nete le tsa bohata. Ha moapostola Johanne a bua ka batho ba mofuta oo o ile a re: “E mong le e mong ea iketelletsang pele ’me a sa lule thutong ea Kreste ha a na Molimo.” (2 Johanne 9) Ho batho bohle ba neng ba hlile ba batla ’nete ea Mangolo, temoso ena e tsoang ho Molimo e ne e hlakile, ’me le kajeno e ntse e hlakile.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bangoli, litsebi le bo-rafilosofi bao ka tloaelo ba bitsoang Bo-ntate ba Kereke ba ile ba phela pakeng tsa lekholo la bobeli le la bohlano la lilemo C.E.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Bo-ntate Baapostola ba bang, ba akarelletsang Clement, ba ne ba qotsa litšōmo, lithuto tseo ho leng thata ho li utloisisa le lifilosofi libukeng tsa bona

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Polycarp o ne a ikemiselitse ho ba moshoela-tumelo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

The Granger Collection, New York