Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

 Re U Lome Tsebe?

Molimo o ne a talima bonohe ba linaleli joang mehleng ea Baiseraele?

Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, bonohe ba linaleli ke “ho ithuta tsela eo lipolanete, letsatsi, khoeli le linaleli li tsamaeang ka eona ka tumelo ea hore li ka susumetsa batho ka tsela e itseng bophelong.” Selemo le selemo ha lefatše le ntse le potoloha letsatsi, motho ea lefatšeng o bona eka lihlopha tsa linaleli le tsona lia sutha. Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba ne ba ithuta liphetoho tsena ebe ba re ho na le ntho e khōlō eo li e bolelang.

Ho ka etsahala hore ebe Bababylona ba boholo-holo ke bona ba qalileng bonohe ba linaleli, kaha ba ne ba rapela linaleli le lihlopha tsa tsona. Baiseraele ba ile ba qala ho rapela ka tsela ena ha ba kheloha borapeling bo hloekileng. Mehleng ea Morena Josiase oa Juda, bonohe ba linaleli e ne e le borapeli bo neng bo atile naheng ea Iseraele. Tsela eo Molimo a neng a talima sena ka eona e ne e hlakile. Lilemo tse makholo pejana, Molao oa Moshe o ne o ile oa hanela borapeli ba linaleli, oa ba oa re ba li rapelang ba bolaoe.—Deuteronoma 17:2-5.

O mong oa mehato eo Morena Josiase a ileng a e nka ea ho fetola mekhoa ena ea bolumeli ea Bajuda, e bile ho thibela mahlabelo a etsetsoang “letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.” Tlaleho ea Bibele e re morena enoa o ile a nka bohato bona hobane a ne a batla ‘ho latela Jehova ’me a boloke litaelo tsa hae.’ (2 Marena 23:3-5) Oo e bile mohlala esita le ho batho ba kajeno ba batlang ho rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:24.

“Bara ba Zeuse” ba boletsoeng ho Liketso 28:11 e ne e le bo-mang?

Buka ea Bibele ea Liketso e tlaleha hore ha moapostola Pauluse a ne a le leetong le eang Roma, sekepe seo a neng a se palame ha a tloha Malta ho ea Puteoli se ne se e-na le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse.” (Liketso 28:11) Basesisi ba likepe le batho ba nkang maeto ba ne ba tloaetse ho bona setšoantšo seo.

Ho ea ka tšōmo e ’ngoe ea Bagerike le Baroma, Zeuse (eo hape a neng a tsejoa e le Jupitere) le Leda ba ne ba e-na le bara ba mafahla, e leng Kastore le Pollukse. Har’a tse ling, ‘Bara bana ba Zeuse’ ba ne ba nkoa e le basesisi ba hloahloa ba nang le matla a ho laola lifefo le maqhubu. Ka hona, seo se ile sa etsa hore ba rapeloe kaha ba ne ba nkoa e le melingoana e sireletsang basesisi ba likepe. Ba tsamaeang ka likepe ba ne ba ba etsetsa mahlabelo ’me ba ba kōpa hore ba ba sireletse nakong ea lifefo. Batho ba bangata ba ne ba lumela hore melingoana ena ea mafahla e ne e bontša hore e teng e bile e sireletsa basesisi ka ho iphetola mollo oa St. Elmo, e leng ho phatsima hoo ka linako tse ling ho bang teng lipalong tse tšehetsang liseile tsa sekepe nakong eo ho nang lipula tsa lifefo.

Bagerike le Baroma ba ne ba tloaetse ho rapela Kastore le Pollukse ’me buka e ’ngoe ea boholo-holo e bua ka borapeli boo seterekeng sa Cyrene, Afrika Leboea. Sekepe seo ho builoeng ka sona ho Liketso se ne se tsoa sebakeng se seng se haufi sa Alexandria, Egepeta.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Seemahale sa Bababylona se bontšang Morena Nazimaruttash le lihlopha tsa linaleli

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Chelete ea tšepe ea denari e bontšitseng “Bara ba Zeuse,” 114-113 B.C.E.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 9]

Stela: Réunion des Musées Nationaux/Art Resource, NY; coin: Courtesy Classical Numismatic Group, Inc./cngcoins.com