Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Mamelang ’me le Utloisise se Boleloang’

‘Mamelang ’me le Utloisise se Boleloang’

“’Mameleng, kaofela ha lōna, ’me le utloisise se boleloang.”—MAR. 7:14.

1, 2. Ke hobane’ng ha bamameli ba bangata ba Jesu ba ile ba hlōleha ho utloisisa seo a se buang?

MOTHO a ka ’na a utloa ha e mong a bua. A ka ba a tseba le lentsoe la motho ea buang. Empa na ho na le thuso haeba a sa utloisise seo a se buang? (1 Bakor. 14:9) Ka tsela e tšoanang, batho ba likete ba ile ba utloa seo Jesu a se buang. O ne a bile a bua le bona ka puo eo ba e utloisisang. Leha ho le joalo, hase bohle ba neng ba utloisisa seo a se buang. Ke kahoo Jesu a ileng a re ho bona: “’Mameleng, kaofela ha lōna, ’me le utloisise se boleloang.”—Mar. 7:14.

2 Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ile ba hlōleha ho utloisisa seo Jesu a se buang? Ba bang ba ne ba e-na le likhopolo tse itseng le sepheo se fosahetseng. Jesu o ile a re ho bona: “Ka masene le behella taelo ea Molimo ka thōko e le hore le boloke neano ea lōna.” (Mar. 7:9) Batho bana ha baa ka ba leka ho utloisisa seo a se buang. Ba ne ba sa batle ho fetola tsela eo ba etsang lintho ka eona le maikutlo a bona. Ba ne ba utloa, empa lipelo tsa bona li thatafetse! (Bala Matheu 13:13-15.) Kahoo, re ka etsa’ng ho tiisa hore lipelo tsa rōna li lula li le boemong bo loketseng e le hore re rue molemo thutong ea Jesu?

 KAMOO RE KA RUANG MOLEMO KATENG LITHUTONG TSA JESU

3. Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba khona ho utloisisa mantsoe a hae?

3 Ho hlokahala hore re latele mohlala oa barutuoa ba Jesu ba neng ba ikokobelitse. O ile a re ho bona: “Ho thaba mahlo a lōna hobane aa bona, le litsebe tsa lōna hobane lia utloa.” (Mat. 13:16) Ke’ng e neng e etsa hore ba utloisise ha batho ba bang bona ba sa utloisise? Ntlha ea pele, ke hobane ba ne ba ikemiselitse ho botsa le ho batlisisa moelelo oa mantsoe a Jesu. (Mat. 13:36; Mar. 7:17) Ea bobeli, ba ne ba ikemiselitse ho ntlafatsa kutloisiso ea seo ba seng ba ntse ba se amohetse. (Bala Matheu 13:11, 12.) Ea boraro, ba ne ba ikemiselitse ho sebelisa seo ba se utloileng le ho se utloisisa le ho thusa ba bang ho etsa se tšoanang.—Mat. 13:51, 52.

4. E le hore re utloisise lipapiso tsa Jesu, ho ameha lintlha life tse tharo?

4 Haeba re batla ho utloisisa lipapiso tsa Jesu, re lokela ho latela mohlala oa barutuoa ba hae ba tšepahalang. Le tabeng ena ho ameha lintlha tse tharo. Ea pele, re lokela ho ikemisetsa ho qeta nako e itseng re ithuta le ho nahanisisa ka lithuto tsa Jesu, ho etsa lipatlisiso ha ho hlokahala le ho botsa lipotso tse loketseng. Sena se tla etsa hore re be le tsebo. (Liprov. 2:4, 5) Ka mor’a moo, re lokela ho bona hore na seo re ithutang sona se lumellana joang le seo re seng re ntse re se tseba, ’me re lemohe hore na se re ruisa molemo joang. Sena se tla etsa hore re be le kutloisiso. (Liprov. 2:2, 3) Qetellong re lokela ho sebelisa seo re ithutileng sona. Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re fumane bohlale.—Liprov. 2:6, 7.

5. Bontša phapang pakeng tsa tsebo, kutloisiso le bohlale.

5 Phapang ke efe pakeng tsa tsebo, kutloisiso le bohlale? Re ka etsa mohlala o latelang: Nka hore u eme ka har’a tsela, ’me bese e ea tla. Ntlha ea pele, u ua elelloa hore bese e ea tla—eo ke tsebo. Ea bobeli, u ua bona hore haeba u sa tsoe ka tseleng e tla u chaisa—eo ke kutloisiso! Kahoo u tsoela ka thōko—boo ke bohlale! Ke kahoo Bibele e hatisang bohlokoa ba ho “sireletsa bohlale bo sebetsang.” Bo tla re pholosa!—Liprov. 3:21, 22;1 Tim. 4:16.

6. Re tlil’o hlahloba lipotso life tse ’nè ha re ntse re tšohla lipapiso tsa Jesu tse supileng? (Sheba  lebokose.)

6 Sehloohong sena le se latelang, re tlil’o tšohla lipapiso tse supileng tseo Jesu a ileng a li sebelisa. Ha re ntse re li tšohla, re tla hlahloba lipotso tse latelang: Moelelo oa papiso ee ke ofe? (Sena se tla re thusa ho fumana tsebo.) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ee? (Sena se tla etsa hore re be le kutloisiso.) Re ka sebelisa boitsebiso boo joang le ho thusa ba bang ho bo sebelisa? (Bona ke bohlale.) Ea ho qetela, papiso ee e re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

THOLLO EA MOSETARETA

7. Moelelo oa papiso ea thollo ea mosetareta ke ofe?

7 Bala Matheu 13:31, 32. Moelelo oa papiso ea Jesu ea thollo ea mosetareta ke ofe? Thollo e emela molaetsa oa ’Muso le liphello tse tlisoang ke ho boleloa ha molaetsa oo—e leng phutheho ea Bokreste. Joalokaha thollo ea mosetareta ‘e le e nyenyane ka ho fetisisa ho lipeō tsohle,’ phutheho ea Bokreste le eona e qalile e le nyenyane ka 33 C.E. Empa e ile ea hōla ka potlako lilemong tse mashome a seng makae tse ileng tsa latela. Bohle ba ile ba hlolloa ke keketseho eo. (Bakol. 1:23) Khōlo ena e bile molemo kaha Jesu o re “linonyana tsa leholimo” li ile tsa “fumana bolulo har’a makala a sona.” Linonyana tsena tsa tšoantšetso li emela batho ba lipelo li ntle ba fumanang lijo  tsa moea, moriti le tšireletso ka har’a phutheho ea Bokreste.—Bapisa le Ezekiele 17:23.

8. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ea thollo ea mosetareta?

8 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ee? O ile a sebelisa tsela e hlollang eo thollo ea mosetareta e hōlang ka eona ho bontša hore ’Muso oa Molimo o na le matla a ho pharalla, a ho sireletsa le a ho hlōla litšitiso tsohle. Ho tloha ka 1914, karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo e ’nile ea hōla ka tsela e hlollang! (Esa. 60:22) Batho ba mokhatlong oo ba ’nile ba thabela ho sireletsoa moeeng. (Liprov. 2:7; Esa. 32:1, 2) Ho feta moo, tsela eo mesebetsi e amanang le ’Muso e eketsehang ka eona, e bontša hore ha ho se ka emang ’Muso oo pele le hore o hlōla khanyetso ea mefuta eohle.—Esa. 54:17.

9. (a) Re ithuta’ng papisong ea thollo ea mosetareta? (b) Papiso ee e re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

9 Re ka ithuta’ng papisong ea thollo ea mosetareta? Mohlomong re lula sebakeng seo ho nang le Lipaki tse ’maloa kapa seo re sa boneng eka batho baa arabela mosebetsing oa rōna oa boboleli. Empa haeba re hopola hore ’Muso oa Molimo o khona ho hlōla litšitiso tsohle, seo se tla re matlafatsa e le hore re mamelle. Ka mohlala, ha Mor’abo rōna Edwin Skinner a fihla India ka 1926, ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae feela naheng eo. Qalong ho ne ho sa bonahale tsoelo-pele e kaalo, ’me a re mosebetsi “o ea ka thata.” Empa o ile a tsoela pele ho bolela ’me a bona ha molaetsa oa ’Muso o hlōla litšitiso tse matla. Hona joale ho na le Lipaki tse fetang 37 000 India, ’me ba fetang 108 000 ba bile teng Sehopotsong selemong se fetileng. Nahana ka mohlala ona o mong o bontšang kamoo mosebetsi oa ’Muso o eketsehileng ka tsela e hlollang kateng. Selemong seo Mor’abo rōna Skinner a fihlileng India ka sona, mosebetsi oa boboleli o ne o sa tsoa qala Zambia. Hona joale ho na le bahoeletsi ba fetang 170 000 moo, ’me batho ba 763 915 ba bile teng Sehopotsong ka 2013. Sena se bolela hore motho a le mong ho ba 18 Zambia o ne a le teng Sehopotsong. Ruri eo ke keketseho e hlollang!

 TOMOSO

10. Moelelo oa papiso ea tomoso ke ofe?

10 Bala Matheu 13:33. Moelelo oa papiso ea tomoso ke ofe? Papiso ena le eona e emela molaetsa oa ’Muso le liphello tsa oona. “Hlama” e emela lichaba ’me ho bela ha eona ho tšoantšetsa ho nama ha molaetsa oa ’Muso. Le hoja ho bonahala ka ho hlaka ha thollo ea mosetareta e hōla, tomoso eona ha e bonahale ha e ntse e bela. Liphello li bonahala hamorao.

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ea tomoso?

11 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ee? O ne a bontša hore molaetsa oa ’Muso o ka khona ho fihla libakeng tse ngata le ho fetola bophelo ba batho. Molaetsa oa ’Muso o boletsoe ho ea fihla “karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Leha ho le joalo, ka linako tse ling liphetoho tse tlisoang ke molaetsa ha li totobale hakaalo; ’me tse ling li ka ’na tsa se ke tsa bonahala qalong. Molaetsa ona ha o tlise keketseho feela, empa o boetse o fetola ba o amohelang.—Bar. 12:2; Baef. 4:22, 23.

12, 13. Fana ka mohlala oa kamoo mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o nammeng kateng, feela joalokaha ho hlalositsoe papisong ea tomoso.

12 Hangata liphello tse tlisoang ke mosebetsi oa boboleli li bonahala ka mor’a lilemo. Ka mohlala, Franz le Margit, bao hona joale ba sebeletsang ofising e ’ngoe ea lekala, ka 1982 ba ne ba sebeletsa ofising ea lekala ea Brazil. Ba ile ba paka motsaneng o mong oa mahaeng moo. Ba qala thuto ea Bibele le ’mè e mong ea nang le bana ba bane. Moshemane e moholo ea neng a le lilemo li 12 ka nako eo, o ne a le lihlong haholo ’me a atisa ho ipata pele thuto e qala. Banyalani bao ba ile ba fuoa kabelo e ’ngoe, kahoo thuto ea emisa. Empa ka mor’a lilemo tse 25 ba ile ba boela ba etela motsaneng oo. Ba ile ba fumana’ng? Ba ile ba fumana ho e-na le phutheho e nang le bahoeletsi ba 69, bo-pula-maliboho ba kamehla ba 13, ’me e tšoarela liboka ka Holong e ncha ea ’Muso. Moshemane eloa ea lihlong o ne a le kae? Hona joale ke mohokahanyi oa sehlopha sa baholo! Joaloka papisong ea Jesu ea tomoso, molaetsa oa ’Muso o ile oa nama oa ba oa fetola bophelo ba batho ba bangata—’me seo se ile sa thabisa banyalani bao haholo!

13 Taba ena ea hore molaetsa oa ’Muso o na le matla a sa bonahaleng e ile ea totobala linaheng tseo mosebetsi oa boboleli o thibetsoeng ho tsona. Ho thata ho tseba hore na molaetsa o se o namme hakae linaheng tseo, empa re atisa ho makatsoa ke litlaleho tse tsoang linaheng tseo. Ka mohlala, nahana ka Cuba. Molaetsa oa ’Muso o fihlile moo ka 1910, ’me Mor’abo rōna Russell a etela Cuba ka 1913. Empa qalong lintho li ne li tsamaea butle. Hona joale ho etsahala’ng Cuba? Ho na le bahoeletsi ba ka holimo ho 96 000 ba bolelang litaba tse molemo, ’me ba 229 726 ba bile teng Sehopotsong ka 2013—e leng motho a le mong ho ba 48 naheng eo. Esita le linaheng tseo mosebetsi oa boboleli o sa thibeloang ho tsona, e ka ’na eaba molaetsa oa ’Muso o fihlile le libakeng tseo Lipaki tsa moo li sa nahaneng hore o ka fihla ho tsona. *Moek. 8:7; 11:5.

14, 15. (a) Re ka rua molemo joang papisong ea tomoso? (b) Papiso ee e re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

14 Re ka rua molemo joang papisong  ea Jesu ea tomoso? Ha re thuisa ka moelelo oa papiso ea Jesu, re tla hlokomela hore ha rea lokela ho tšoenyeha ka hore na molaetsa oa ’Muso o tla fihla joang ho batho ba limilione ba e-s’o ka ba o utloa. Jehova o laola tsohle. Empa mosebetsi oa rōna ke ho etsa’ng? Lentsoe la Molimo le re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” (Moek. 11:6) Ka nako e tšoanang, re lokela ho lula re rapella hore mosebetsi oa boboleli o atlehe, haholo-holo linaheng tseo mosebetsi o thibetsoeng ho tsona.—Baef. 6:18-20.

15 Ho phaella moo, ha rea lokela ho nyahama ha qalong re sa bone liphello tsa mosebetsi oa rōna. Ha rea lokela ho nyatsa “letsatsi la lintho tse nyenyane.” (Zak. 4:10) Ho ka ’na ha e-ba le liphello tse babatsehang ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng!—Pes. 40:5; Zak. 4:7.

MOHOEBI EA TSAMAEANG LE LETLOTLO LE PATILOENG

16. Moelelo oa papiso ea mohoebi ea tsamaeang le ea letlotlo le patiloeng ke ofe?

16 Bala Matheu 13:44-46. Moelelo oa papiso ea mohoebi ea tsamaeang le ea letlotlo le patiloeng ke ofe? Bahoebi ba bang ba mehleng ea Jesu ba ne ba tsamaea ho ea fihla Leoatleng la Indian, ba batla liperela tse ntle. Mohoebi ea papisong ena o tšoantšetsa batho ba lipelo li lokileng ba etsang sohle seo ba ka se khonang e le hore ba khotsofatse tlhoko ea bona ea moea. “Perela e le ’ngoe e theko e phahameng” e emela ’nete ea bohlokoa ea ’Muso. Kaha mohoebi eo o ile a hlokomela bohlokoa ba perela eo, o ile a ikemisetsa ho rekisa sohle seo a nang le sona “ka potlako,” e le hore a e reke. Jesu o ile a boela a bua ka monna ea neng a sebetsa tšimong ea ileng a fumana letlotlo “le patiloeng.” Ho fapana le mohoebi, monna eo eena o ne a sa batle letlotlo. Empa joaloka mohoebi eo, o ile a ikemisetsa ho rekisa “lintho tsohle” e le hore a ka fumana letlotlo leo.

17. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ea mohoebi ea tsamaeang le ea letlotlo le patiloeng?

17 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa lipapiso tsee tse peli? O ne a bontša hore batho ba fumana ’nete ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang baa e batla ’me ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba e fumane. Ha ba bang bona ba e fumana eseng hobane ba ntse ba e batla—empa mohlomong hobane ba ile ba pakeloa. Empa ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, motho ka mong o hlokomela bohlokoa ba letlotlo leo a le fumaneng, ’me o ikemisetsa ho tela sohle e le hore e be la hae.

18. (a) Re ka rua molemo joang lipapisong tsee tse peli? (b) Li re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

18 Re ka rua molemo joang lipapisong tsee tse peli? (Mat. 6:19-21) Ipotse: ‘Na ke na le boikutlo bo kang ba banna baa? Na ke nka ’nete e le ea bohlokoa ka tsela e tšoanang? Na ke ikemiselitse ho etsa boitelo e le hore ke fumane ’nete, kapa na ke lumella lintho tse ling tse kang matšoenyeho a bophelo ho ntšitisa?’ (Mat. 6:22-24, 33; Luka 5:27, 28; Bafil. 3:8) Haeba re ananela hore ebe re fumane ’nete, re tla ikemisetsa ho e etelletsa pele bophelong ba rōna.

19. Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?

19 E se eka re ka bontša hore re utloile ra ba ra utloisisa moelelo oa lipapiso tsena tsa ’Muso. Hopola hore re lokela ho tseba seo li se bolelang le ho sebelisa seo li re rutang sona. Sehloohong se latelang re tla tšohla lipapiso tse ling tse tharo ’me re bone hore na re ka ithuta’ng ho tsona.

^ ser. 13 Ho bile le liphihlelo tse tšoanang linaheng tse kang Argentina (Bukeng ea Selemo ea 2001, leqepheng la 186); Jeremane Bochabela (Bukeng ea Selemo ea 1999 leqepheng la 83); Papua New Guinea (Bukeng ea Selemo ea 2005, leqepheng la 63) le Sehlekehlekeng sa Robinson Crusoe (Molula-Qhooeng oa June 15, 2000, leqepheng la 9).