Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoa joang phuthehong ka ’ngoe?

Lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse o ile a re ho baholo ba phutheho ea Efese: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Lik. 20:28) Moea o halalelang o phetha karolo efe ha ho khethoa baholo le bahlanka ba sebeletsang kajeno?

Ntlha ea pele, moea o halalelang o ile oa susumetsa bangoli ba Bibele hore ba ngole litšoaneleho tseo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tlamehang ho li finyella. Ho 1 Timothea 3:1-7, ho thathamisitsoe litšoaneleho tse 16 tseo baholo ba lokelang ho li finyella. Tse ling li thathamisitsoe ho Tite 1:5-9 le ho Jakobo 3:17, 18. Ho 1 Timothea 3:8-10, 12, 13 ho thathamisitsoe tsa bahlanka ba sebeletsang. Ntlha ea bobeli, barab’abo rōna ba ba buellang le ba ba khethang ba kōpa tataiso ea moea o halalelang ho Jehova ka thapelo ha ba ntse ba hlahloba hore na mor’abo rōna ea buelloang o finyella litšoaneleho tsa Mangolo. Ntlha ea boraro, mor’abo rōna ea buelloang o lokela ho bonahatsa tholoana ea moea oa Molimo bophelong ba hae. (Bagal. 5:22, 23) Kahoo moea oa Molimo o oa sebetsa lintlheng tsohle tse amehang ha barab’abo rōna ba khethoa.

Ha e le hantle, ke mang ea khethang bara baa babo rōna? Nakong e fetileng, lipuello tsohle tse amanang le ho khethoa ha baholo le bahlanka ba sebeletsang li ne li romelloa ofising ea lekala. Barab’abo rōna ba khethiloeng ke Sehlopha se Busang ba ne ba hlahloba lipuello tsena ebe ba khetha ba tšoanelehang. Ka mor’a moo, ofisi ea lekala e tsebisa sehlopha sa baholo. Baholo ba tsebisa mor’abo rōna hore o khethiloe ’me baa mo botsa hore na o amohela boikarabelo boo le hore na o oa tšoaneleha. Qetellong ho tsebisoa phutheho.

Empa lekholong la pele la lilemo barab’abo rōna ba ne ba khethoa joang? Ka linako tse ling, baapostola ba ne ba khetha batho ba itseng ka ho toba, joaloka banna ba supileng bao ba ileng ba ba khetha hore ba abele bahlolohali lijo letsatsi le letsatsi. (Lik. 6:1-6) Empa mohlomong banna bao e ne e se e ntse e le baholo le pele ba fuoa boikarabelo boo bo eketsehileng.

Le hoja Mangolo a sa qaqise hore na ba ne ba ba khetha joang mehleng eo, a re fa leseli la se  neng se etsahala. A re bolella hore ha Pauluse le Barnabase ba khutla leetong la bona la pele la boromuoa, ba ile “ba beha banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ’me, ha ba etsa thapelo ka ho itima lijo, ba ba beha ho Jehova eo ba neng ba lumetse ho eena.” (Lik. 14:23) Lilemo hamorao, Pauluse o ile a ngolla Tite ea neng a tsamaea le eena mosebetsing oa boromuoa a re: ‘Ke u siile Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo.’ (Tite 1:5) Ho bonahala eka Timothea ea neng a atisa ho tsamaea le moapostola Pauluse le eena o ne a filoe boikarabelo bo tšoanang. (1 Tim. 5:22) Ka hona ho hlakile hore banna bana ba ne ba khethoa ke balebeli ba tsamaeang, eseng ke baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema.

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa nahana ka mohlala ona o ka Bibeleng ’me sa etsa liphetoho tseleng eo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethoang ka eona. Ho tloha ka la 1 September, 2014, ba se ba khethoa ka tsela e latelang: Molebeli oa potoloho o hlahloba ka hloko lipuello tse entsoeng potolohong ea hae. Ha a etetse phutheho, o tla leka ho tseba barab’abo rōna ba buelloang, a sebetse le bona tšimong haeba ho khoneha. Ka mor’a hore a buisane le sehlopha sa baholo ka lipuello tseo ba li entseng, ke boikarabelo ba molebeli oa potoloho hore a khethe baholo le bahlanka ba sebeletsang potolohong ea hae. Ka tsela ena, lintho li tla etsoa ka tsela e batlang e tšoana le ea lekholong la pele la lilemo.

Baholo ba buisana le molebeli oa potoloho ka litšoaneleho tsa Mangolo tsa mor’abo rōna ea buelloang (Malawi)

Boikarabelo bo mahetleng a mang? “Lekhoba le tšepahalang le le masene” ke lona le nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho fepa bahlanka ba ntlo. (Mat. 24:45-47) E le hore le ka fana ka tataiso e thehiloeng melao-motheong ea Bibele e amanang le kamoo phutheho ea lefatše lohle e lokelang ho tsamaisoa kateng, le batlisisa Mangolo ebile le thusoa ke moea o halalelang. Lekhoba le tšepahalang le boetse le khetha balebeli ba tsamaeang le litho tsa Komiti ea Lekala. Ofisi ea lekala eona e thusa hore ho lateloe tataiso e fanoeng. Sehlopha sa baholo se lokela ho hlahlobisisa litšoaneleho tsa Mangolo tsa barab’abo rōna bao se ba buellang ho sebeletsa ka phuthehong ea Molimo. Molebeli oa potoloho o na le boikarabelo bo tebileng ba ho nahanisisa ka thapelo lipuello tse entsoeng ke baholo ebe o khetha barab’abo rōna ba tšoanelehang.

Ha re utloisisa kamoo barab’abo rōna ba khethoang kateng, re ananela haholoanyane kamoo moea o halalelang o kenellang tabeng ena. Joale re ka tšepa barab’abo rōna ba khethiloeng ka phuthehong ea Bokreste le ho ba hlompha haholoanyane.—Baheb. 13:7, 17.

 Lipaki tse peli tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo khaolo ea 11 ke bo-mang?

Tšenolo 11:3 e bua ka lipaki tse peli tse neng li tla profeta ka matsatsi a 1 260. Tlaleho eo e tsoela pele ho re sebata ‘se tla li hlōla le ho li bolaea.’ Empa ka mor’a “matsatsi a mararo le halofo,” lipaki tsena tse peli li ne li tla boela li phele, e leng se neng se tla makatsa bashebelli.—Tšen. 11:7, 11.

Lipaki tsee tse peli ke bo-mang? Boitsebiso bo tlalehong ena bo re thusa ho li khetholla. Ntlha ea pele, re bolelloa hore “li tšoantšetsoa ke lifate tse peli tsa mohloaare le liluloana tse peli tsa mabone.” (Tšen. 11:4) Sena se re hopotsa seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare tse hlalositsoeng boprofeteng ba Zakaria. Ho ile ha boleloa hore lifate tseo tsa mohloaare li tšoantšetsa “batlotsuoa ba babeli,” e leng ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Joshua, ‘ba eme haufi le Morena oa lefatše lohle.’ (Zak. 4:1-3, 14) Ntlha ea bobeli, lipaki tseo tse peli li hlalosoa li etsa lipontšo tse tšoanang le tse neng li etsoa ke Moshe le Elia.—Bapisa Tšenolo 11:5, 6 le Numere 16:1-7, 28-35, 28-35 le 1 Marena 17:1; 18:41-45.

Litlaleho tsee tse peli li tšoana ka eng? Tlaleho ka ’ngoe e bua ka batlotsuoa ba Molimo ba ileng ba etella mosebetsi pele nakong ea ha ba ne ba lekoa. Kahoo, ha Tšenolo khaolo ea 11 e phethahala, barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba neng ba etella mosebetsi pele nakong ea ha ho thehoa ’Muso oa Molimo leholimong ka 1914 ba ile ba bolela ba apere “lesela la mokotla” ka lilemo tse tharo le halofo.

Ha mosebetsi oa ho bolela ba apere lesela la mokotla o fihla qetellong, batlotsuoa bana ba ile ba bolaoa ka tsela ea tšoantšetso ha ba ne ba kenngoa teronkong ka nako e khutšoanyane, e tšoantšetsang matsatsi a mararo le halofo. Lira tsa batho ba Molimo li ne li bona eka mosebetsi oa ho bolela o khaolitse, e leng se ileng sa li thabisa haholo.—Tšen. 11:8-10.

Empa joalokaha boprofeta bo ne bo boletse, qetellong ea matsatsi a mararo le halofo, lipaki tse peli li ile tsa boela tsa etsa mosebetsi oa tsona. Batlotsuoa bana ba ile ba lokolloa teronkong, ’me Molimo a sebelisa Morena oa bona, e leng Jesu Kreste, ho khetha ba tšepahalang. Ka 1919, ba ile ba ba har’a ba ileng ba khethoa hore e be “lekhoba le tšepahalang le le masene,” ’me ba hlokomele batho ba Molimo moeeng matsatsing a ho qetela.—Mat. 24:45-47; Tšen. 11:11, 12.

Ho thahasellisang ke hore, Tšenolo 11:1, 2 e amahanya liketsahalo tsena le nako eo ka eona tempele ea moea e neng e tla lekanngoa kapa e hlahlojoe. Malakia khaolo ea 3 le eona e bua ka ho lekanngoa ha tempele ea moea ho lateloang ke ho hloekisoa ha eona. (Mal. 3:1-4) Ho hlahlojoa le ho lekanngoa ha tempele ho ne ho tla nka nako e kae? Ho ile ha qala ka 1914 ho fihlela mathoasong a 1919. Nako ena e akaretsa matsatsi a 1 260 (likhoeli tse 42) esita le matsatsi a mararo le halofo a tšoantšetso ao ho buuoang ka ’ona ho Tšenolo khaolo ea 11.

Ruri rea thaba hore ebe Jehova o lokiselitse tlhoekiso ena ea moea, ho itlhoekisetsa sechaba se khethehileng bakeng sa mesebetsi e metle. (Tite 2:14) Ho phaella moo, re ananela mohlala oa batlotsuoa bana ba tšepahalang ba ileng ba etella mosebetsi pele nakong ea teko ’me ea e-ba lipaki tse peli tsa tšoantšetso. *