Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova”

“Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova”

“Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—PES. 144:15.

1. Ba bang ba lumela eng mabapi le barapeli ba Molimo ba lefatšeng?

BATHO ba bangata kajeno baa hlokomela hore malumeli a Bokreste-’mōtoana le ao e seng a Bokreste ha a ruise batho molemo. Ba bang baa lumela hore malumeli ana a hlompholla Molimo ka lithuto tsa ’ona le boitšoaro, ’me kahoo ha a amohelehe ho Molimo. Empa ba lumela hore ho na le batho ba lipelo li ntle malumeling ’ohle le hore Molimo o oa ba bona, ’me o ba amohela e le barapeli ba hae lefatšeng. Ha ba bone ho hlokahala hore batho ba joalo ba tsoe bolumeling ba bohata, e le hore ba mo rapele le barapeli ba hae ba ’nete. Empa na ke tsela eo Molimo a ikutloang ka eona? Re tla fumana karabo ka ho hlahloba pale ea barapeli ba ’nete ba Jehova, ka Mangolong.

BATHO BA SELEKANENG

2. Ha nako e ntse e ea, ke bo-mang bao e ileng ea e-ba batho ba Jehova ba khethehileng, hona ke eng e neng e ba khetholla? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Haesale ho tloha lekholong la bo20 la lilemo B.C.E., Jehova  a e-na le batho ba khethehileng lefatšeng. Abrahama ea bitsoang “ntat’a bohle ba nang le tumelo,” e ne e le hlooho ea lelapa la batho ba makholo. (Bar. 4:11; Gen. 14:14) Babusi ba Kanana ba ne ba mo nka e le “morenana” ea hlomphehang. (Gen. 21:22; 23:6) Jehova o ile a hlaba selekane le Abrahama le litloholo tsa hae. (Gen. 17:1, 2, 19) Molimo o ile a re ho Abrahama: “Sena ke selekane sa ka seo le tla se boloka, pakeng tsa ka le lōna, esita le peō ea hao e tlang ka mor’a hao: E mong le e mong e motona ho lōna a bolotsoe. . . . ’Me e tla ba pontšo ea selekane pakeng tsa ka le lōna.” (Gen. 17:10, 11) Kahoo, Abrahama le bohle ba batona ba ntlo ea hae ba ile ba bolotsoa. (Gen. 17:24-27) Ho bolla e ne e le pontšo e khethollang litloholo tsa Abrahama e le bona batho feela ba selekaneng le Jehova.

3. Litloholo tsa Abrahama li ile tsa fetoha sechaba joang?

3 Setloholo sa Abrahama se bitsoang Jakobo kapa Iseraele, se ne se e-na le bara ba 12. (Gen. 35:10, 22b-26) Ha nako e ntse e ea, e ile ea e-ba lihlooho tsa meloko e 12 ea Iseraele. (Lik. 7:8) Jakobo le ba lelapa la hae ba ile ba fallela Egepeta ka lebaka la tlala, ’me e mong oa bara ba hae ea bitsoang Josefa ea e-ba motsamaisi oa lijo le letona la Faro. (Gen. 41:39-41; 42:6) Litloholo tsa Jakobo li ile tsa ata, ea e-ba “phutheho” e khōlō.—Gen. 48:4; bala Liketso 7:17.

BATHO BA LOPOLOTSOENG

4. Qalong Baegepeta ba ne ba sebelisana le litloholo tsa Jakobo joang?

4 Litloholo tsa Jakobo li ile tsa lula Egepeta ka lilemo tse ka holimonyana ho makholo a mabeli, sebakeng se haufi le Nōka ea Nile se bitsoang Goshene. (Gen. 45:9, 10) Ho bonahala eka li ile tsa qeta lilemo tse ka bang lekholo li lutse ka khotso le Baegepeta, li lula metsaneng e nang le makhulo. Faro o ne a li tšoere hantle, kaha o ne a tseba Josefa a bile a mo rata. (Gen. 47:1-6) Baegepeta bona ba ne ba nyonya Baiseraele, kaha ba ne ba alosa linku. (Gen. 46:31-34) Empa ba ne ba tlameha ho ba mamella.

5, 6. (a) Boemo ba batho ba Molimo bo ile ba fetoha joang Egepeta? (b) Moshe o ile a pholosoa ka tsela efe, hona Jehova o ile a etsa’ng molemong oa batho ba Hae?

5 Empa boemo ba batho ba Molimo bo ile ba fetoha haholo. “Ka mor’a nako ha hlaha morena e mocha Egepeta ea neng a sa tsebe Josefa. A re ho sechaba sa hae: ‘Bonang! Sechaba sa bara ba Iseraele se sengata ’me se matla ho re feta.’ Ka lebaka leo Baegepeta ba etsa hore bara ba Iseraele ba sebetse e le makhoba tlas’a khatello. Ba ’na ba hlokofatsa bophelo ba bona ka bokhoba bo boima ka ho etsa seretse sa letsopa le litene le ka mofuta o mong le o mong oa bokhoba masimong, e, mofuta o mong le o mong oa bokhoba ba bona oo ba neng ba ba sebelisa ho oona e le makhoba tlas’a khatello.”—Ex. 1:8, 9, 13, 14.

6 Faro o ile a laela hore masea ’ohle a bashanyana a Baheberu a bolaoe ha a hlaha. (Ex. 1:15, 16) Moshe o hlahile hona nakong eo. Ha a le likhoeli li tharo, ’mè oa hae o ile a mo pata har’a mahlaka Nōkeng ea Nile, ’me morali oa Faro a mo fumana moo. Hamorao a inkela eena. Ka tataiso ea Molimo, ha Moshe e sa le ngoana o ile a hōlisoa ke ’mè oa hae ea tšepahalang e leng Jokebede, ’me ea e-ba mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. (Ex. 2:1-10; Baheb. 11:23-25) Jehova o ile “a ela hloko” matšoenyeho a batho ba hae ’me a etsa qeto ea ho sebelisa Moshe ho ba lopolla ho bahatelli ba bona. (Ex. 2:24, 25; 3:9, 10) Kahoo e ile ea e-ba sechaba se ‘lopolotsoeng’ ke Jehova.—Ex. 15:13; bala Deuteronoma 15:15.

 BA FETOHA SECHABA

7, 8. Batho ba Jehova e ile ea ba sechaba se halalelang joang?

7 Le hoja Jehova a ne a e-s’o hlophise Baiseraele ho ba sechaba, o ne a ba nka e le batho ba hae. Kahoo, o ile a laela Moshe le Arone hore ba re ho Faro: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee e le hore se nketsetse mokete lefeelleng.’”—Ex. 5:1.

8 E le hore Baiseraele ba lokolloe bokhobeng, Baegepeta ba ile ba otloa ka likotlo tse leshome, ’me Faro le lebotho la hae ba timetsoa Leoatleng le Lefubelu. (Ex. 15:1-4) Le pele ho feta likhoeli tse tharo, Jehova o ile a hlaba selekane le Baiseraele, Thabeng ea Sinai, ’me a ba tšepisa sena: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, . . . sechaba se halalelang.”—Ex. 19:5, 6.

9, 10. (a) Ho latela Deuteronoma 4:5-8, Molao o ne o khetholla Baiseraele ho lichaba tse ling joang? (b) Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa’ng hore e be “sechaba se halalelang ho Jehova”?

9 Ha Baheberu ba ntse ba le Egepeta, pele e e-ba makhoba, ba ne ba hlophisitsoe ka meloko, ba etelloa pele ke lihlooho tsa malapa kapa bapatriareka. Bapatriareka bana, ho tšoana le bahlanka ba bang ba Jehova ba phetseng pele ho bona, ba ne ba sebeletsa e le babusi, baahloli le baprista ho ba malapa a bona. (Gen. 8:20; 18:19; Jobo 1:4, 5) Empa Jehova o ile a sebelisa Moshe ho fa Baiseraele molao o neng o tla ba khetholla ho lichaba tse ling tsohle. (Bala Deuteronoma 4:5-8; Pes. 147:19, 20.) Molao oo o ne o laetse hore ho be le ba sebeletsang e le baprista ka ho khetheha le hore ho be le “baholo” ba netefatsang hore toka e ea phethoa, ba hlomphuoang ka lebaka la tsebo le bohlale ba bona. (Deut. 25:7, 8) O ne o boetse o fane ka litaelo tse tataisang sechaba se secha litabeng tsa bolumeli le tsa kahisano.

10 Nakoana pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a pheta melao eo a neng a ba file eona, ’me Moshe a re: “Ha e le Jehova, kajeno o le susumelelitse ho bolela hore le tla ba sechaba sa hae, thepa e khethehileng, feela joalokaha a le tšepisitse, le hore le tla mamela litaelo tsohle tsa hae, le hore o tla le phahamisetsa ka holim’a lichaba tse ling tsohle tseo a li entseng, e leng ho tlang ho fella ka thoriso le botumo le botle, ha le e-ba sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna.”—Deut. 26:18, 19.

BALICHABA BAA AMOHELOA

11-13. (a) Ke bo-mang ba ileng ba ikopanya le batho ba Molimo ba khethiloeng? (b) Motho eo e seng Moiseraele ea lakatsang ho ba morapeli oa Jehova o ne a lokela ho etsa’ng?

11 Le hoja Jehova a ne a e-na le sechaba seo a se khethileng lefatšeng, o ne a sa thibele ba lichaba tse ling ho ba har’a batho ba hae. O ile a lumella “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa batho bao e seng Baiseraele, ho akarelletsa le Baegepeta hore ba tsamaee le batho ba hae ha ba lokolloa Egepeta. (Ex. 12:38) Pele ho kotlo ea bosupa, ba bang “har’a bahlanka ba Faro” ba ile ba mamela lentsoe la Jehova ’me ntle ho pelaelo ea e-ba karolo ea sehlopha se tsoakaneng se ileng sa tsamaea le Baiseraele ha ba tsoa Egepeta.—Ex. 9:20.

12 Nakoana pele Baiseraele ba tšela Jordane hore ba kene naheng ea Kanana, Moshe o ile a re ba ‘rate bajaki’ ba har’a bona. (Deut. 10:17-19) Batho ba Molimo ba ne ba lokela ho amohela bajaki ba ikemiselitseng ho boloka melao e fanoeng ka Moshe. (Lev. 24:22) Bajaki ba bang bao e ileng ea e-ba barapeli ba Jehova, ba ne ba ikutloa joaloka Ruthe oa Momoabe, ea ileng a re ho Naomi oa Moiseraele: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo  oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Bajaki bao ba ile ba sokolohela Bojudeng, ’me ba batona ba bolla. (Ex. 12:48, 49) Jehova o ile a ba amohela e le litho tsa sechaba sa hae se khethiloeng.—Num. 15:14, 15.

Baiseraele ba ne ba rata bajaki (Sheba serapa sa 11-13)

13 Ha tempele ea Solomone e neheloa ho Jehova, ho ne ho e-na le tokisetso e entsoeng bakeng sa bao e seng Baiseraele, joalokaha thapelo ena ea Solomone e bontša: “Hape le ho osele eo e seng karolo ea sechaba sa hao sa Iseraele le ea tsoang naheng e hōle ka lebaka la lebitso la hao le leholo le letsoho la hao le matla le letsoho la hao le otlolohileng, ’me ba tla ’me ba rapela ntlong ena, joale e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng, ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona; e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso la hao ’me tsa u tšaba joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, ’me tsa tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.” (2 Likron. 6:32, 33) Motho leha e le ofe ea neng a lakatsa ho ba morapeli oa Jehova o ne a lokela ho kopanela le batho bao Jehova a entseng selekane le bona, feela joalokaha ho ne ho le joalo le mehleng ea Jesu.—Joh. 12:20; Lik. 8:27.

SECHABA SA LIPAKI

14-16. (a) Baiseraele e ne e lokela ho ba sechaba sa lipaki tsa Jehova ka tsela efe? (b) Batho ba Jehova kajeno ba lokela ho etsa’ng?

14 Baiseraele ba ne ba rapela Molimo oa bona Jehova, ha lichaba tse ling tsona li ne li rapela melimo ea tsona. Mehleng ea moprofeta Esaia, Jehova o ile a bapisa boemo ba lefatše le lekhotla la linyeoe. O ile a phephetsa melimo ea lichaba hore e hlahise bopaki ba hore ke melimo a re: “Lichaba kaofela li ke li bokelloe sebakeng se le seng, ’me lihlopha tsa lichaba li bokelloe. Ke mang har’a [melimo ea] tsona ea ka bolelang sena? Kapa na li ka etsa hore re utloe lintho tsa pele? Li ke li hlahise lipaki tsa tsona, e le hore ho boleloe hore li lokile, kapa li utloe ’me li re, ‘Ke ’nete!’”—Esa. 43:9.

15 Melimo ea lichaba e ne e sitoa ho hlahisa bopaki ba hore ke melimo. E ne e le litšoantšo feela tse sa tsebeng ho bua tseo ho neng ho hlokahala hore li  kakasoe. (Esa. 46:5-7) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ile a re ho sechaba sa hae sa Iseraele: “Le lipaki tsa ka, . . . eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, e le hore le tle le tsebe ’me le be le tumelo ho ’na, le hore le utloisise hore ke ’na Ea tšoanang. Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong. ’Na—ke ’na Jehova, ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na. . . . Kahoo le lipaki tsa ka, . . . ’me ke ’na Molimo.”—Esa. 43:10-12.

16 Nyeoeng ena ea hore na “Ke Mang Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa?,” batho ba Jehova ba ne ba lokela ho fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. O ile a re ke ‘sechaba seo a iketselitseng sona, e le hore se phete thoriso ea hae.’ (Esa. 43:21) Ba ne ba jere lebitso la hae. Kaha Jehova o ne a ba lopolotse Egepeta, ba ne ba lokela ho emela bobusi ba hae ka pel’a lichaba tse ling. Ha e le hantle, ba ne ba lokela ho ikutloa ka tsela eo moprofeta Mikea a ileng a hlalosa hore batho ba Molimo kajeno ba tla ikutloa ka eona, ha a re: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—Mik. 4:5.

SECHABA SA BAKOENEHI

17. Ke joang Baiseraele ba ileng ba fetoha ‘sefate sesele sa morara se bolileng’ mahlong a Jehova?

17 Ka masoabi, Baiseraele ha baa ka ba tšepahala ho Molimo oa bona, Jehova. Ba ile ba itumella ho susumetsoa ke lichaba tse neng li rapela melimo ea lehong le lejoe. Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., moprofeta Hosea o ile a ngola a re: “Baiseraele ke sefate sa morara se bolileng . . . Ba atisitse lialetare tsa bona . . . Lipelo tsa bona li fetohile tse tletseng boikaketsi; joale ba tla fumanoa ba le molato.” (Hos. 10:1, 2) Lilemo tse ka bang lekholo le halofo hamorao, Jeremia o ile a tlaleha seo Jehova a se buileng ho batho ba hae ba sa tšepahaleng a re: “Ke ne ke u hlomme hore u be sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu, kaofela ha sona e le peō ea ’nete. Kahoo u mphetohetse joang hore u be letlōbō le bolileng la sefate sesele sa morara? . . . Melimo ea hao eo u iketselitseng eona e hokae? E ke e tsohe haeba e ka u pholosa nakong ea tlokotsi ea hao . . . Sechaba sa ka—se ntebetse.”—Jer. 2:21, 28, 32.

18, 19. (a) Jehova o ile a bolela joang esale pele hore o tla hlahisa sechaba se secha se tla jara lebitso la hae? (b) Re tla tšohla lipotso life sehloohong se latelang?

18 Ho e-na le hore Baiseraele ba hlahise litholoana tse ntle ka hore ba kopanele borapeling bo hloekileng e le lipaki tsa Jehova tse tšepahalang, ba ile ba hlahisa litholoana tse bolileng ka ho rapela litšoantšo. Kahoo, Jesu o ile a re ho baeta-pele ba baikaketsi ba Bajuda ba mehleng ea hae: “’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana.” (Mat. 21:43) Jehova o ne a boletse esale pele ka moprofeta Jeremia hore ke ba ‘selekaneng se secha’ feela bao e tla ba karolo ea sechaba seo se secha, e leng Iseraele ea moea. Jehova o ile a profeta sena ka Baiseraele ba moea ba neng ba tla ba selekaneng se secha: “Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”—Jer. 31:31-33.

19 Ka mor’a hore Baiseraele ba se ke ba tšepahala, Jehova o ile a khetha Iseraele ea moea hore e be sechaba sa hae lekholong la pele la lilemo, joalokaha re se re bone. Empa batho ba hae ke bo-mang lefatšeng kajeno? Batho ba lipelo li ntle ba ka khetholla barapeli ba ’nete ba Molimo joang? Re tla tšohla lipotso tsena sehloohong se latelang.