Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ha e le Hantle ke Mang eo e Leng Lekhoba le Tšepahalang le le Masene?”

“Ha e le Hantle ke Mang eo e Leng Lekhoba le Tšepahalang le le Masene?”

“Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo?”—MAT. 24:45.

1, 2. Jesu o sebelisa mocha ofe ho re fepa kajeno, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ele hloko mocha oo?

“BARAB’ESO, ke ka makhetlo a mangata haholo le ’nileng la mpha lihlooho tse fupereng seo ke se hlokang ka nako eo ke neng ke hlile ke se hloka ka ho fetisisa.” Ana ke mantsoe a teboho a ileng a buuoa ke morali e mong oabo rōna lengolong leo a neng a le ngoletse barab’abo rōna ba sebetsang ntlo-khōlō ea lefatše lohle. Na le uena u kile ua ba le maikutlo a tšoanang le ao? Ba bangata ba rōna ba kile ba ba le ’ona. Na seo se lokela ho re makatsa? Che ha sea lokela.

2 Lijo tsa moea tse nakong tseo re li fumanang, ke bopaki ba hore Jesu, e leng Hlooho ea phutheho o phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla re fepa. O sebelisa mang ho phethahatsa seo? Ha Jesu a fana ka pontšo ea ho ba teng ha hae o ile a re o ne a tla sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho fa bahlanka ba hae ba ntlo ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ * (Bala Matheu 24:45-47.) Lekhoba leo le tšepahalang ke mocha oo Jesu a o sebelisang ho fepa balateli ba hae ba ’nete mehleng ena ea bofelo. Ke habohlokoa hore re ele hloko lekhoba leo le tšepahalang. Re hloka mocha ona e le hore re phele hantle moeeng le hore re be le kamano e ntle le Molimo.—Mat. 4:4; Joh. 17:3.

3. Lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa re’ng ka papiso ea lekhoba le tšepahalang?

3 Joale re lokela ho utloisisa papiso ea Jesu e buang ka lekhoba le tšepahalang joang? Nakong e fetileng lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa bolela se latelang: Ka Pentekonta ea 33 C.E., Jesu o ile a khetha lekhoba le tšepahalang hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo. Lekhoba le emela Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng e le sehlopha ka nako e le ’ngoe ho tloha ka nako eo. Bahlanka ba ntlo ke bona batlotsuoa empa e le batho ka bomong. Ka 1919, Jesu o ile a beha lekhoba le tšepahalang hore le “okamele lintho tsohle tsa hae”—e leng lintho tsohle tse amanang le ’Muso tse lefatšeng. Leha ho le joalo, ha re ntse re  ithuta ka hloko, re nahanisisa re bile re rapela ka taba ena, re ile ra hlokomela hore kutloisiso eo re neng re e-na le eona ka mantsoe a Jesu a buang ka lekhoba le tšepahalang le le masene e lokela ho hlakisoa. (Liprov. 4:18) A re ke re hlahlobeng papiso eo re bone hore na e re ama joang, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng.

PAPISO EE E PHETHAHALA NENG?

4-6. Ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto ea hore papiso ea Jesu e buang ka lekhoba le tšepahalang e qalile ho phethahala ka mor’a 1914?

4 Moelelo oa taba e tšohloang papisong ea lekhoba le tšepahalang le le masene o bontša hore papiso ena e qalile ho phethahala mehleng ena ea bofelo, eseng ka Pentekonta ea 33 C.E. A re ke re boneng hore na Mangolo a re tataisa joang hore re fihlele qeto ena.

5 Papiso ea lekhoba le tšepahalang ke karolo ea boprofeta ba Jesu bo buang ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho.’ (Mat. 24:3) Karolo ea pele ea boprofeta boo e tlalehiloeng ho Matheu 24:4-22, e phethahala ka mekhahlelo e ’meli—oa pele, ke ho tloha ka 33 C.E. ho fihlela ka 70 C.E., ’me oa bobeli o phethahala ka tsela e batsi mehleng ea rōna. Na see se bolela hore seo Jesu a se buileng ka lekhoba le tšepahalang le sona se tla phethahala ka mekhahlelo e ’meli? Che.

6 Ho qala ka se tlalehiloeng ho Matheu 24:29, Jesu o ile a tsepamisa kelello linthong tse neng li tla etsahala mehleng ea rōna. (Bala Matheu 24:30, 42, 44.) Ha a bua ka se tla etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo, o ile a re batho ba “tla bona Mor’a motho a tla ka maru a leholimo.” Ka mor’a moo, ha a bua mantsoe a neng a lebisitsoe ho batho ba tla beng ba phela matsatsing a ho qetela o ile a ba khothalletsa hore ba lule ba falimehile, a re: “Ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe” ’me “Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” * Tabeng ena—ha a bua ka lintho tse neng li tla etsahala matsatsing a ho qetela—Jesu o ile a pheta papiso ea lekhoba le tšepahalang. Ka lebaka leo, re ka fihlela qeto ea hore seo a se buileng ka lekhoba leo le tšepahalang, se qalile ho phethahala ka mor’a hore matsatsi a ho qetela a qale, e leng ka 1914. Hoa utloahala ho fihlela qeto eo. Hobane’ng?

7. Ke potso efe ea bohlokoa e ileng ea hlaha ha nako ea kotulo e qala, hona hobane’ng?

7 Ak’u nahane hanyenyane ka potso ena: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?” Lekholong la pele la lilemo ho ne ho se na lebaka la ho botsa potso e joalo. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, baapostola ba ne ba khona ho etsa mehlolo ba bile ba ka khona ho fetisetsa limpho tsa mehlolo ho batho ba bang e le bopaki ba hore ba ne ba tšehetsoa ke Molimo. (Lik. 5:12) Joale, na ho na le motho ea neng a ka botsa hore na ke mang ea khethiloeng ke Kreste hore a etelle phutheho pele? Leha ho le joalo, ka 1914 boemo bo ne bo fapane haholo. Nako ea kotulo e qalile selemong seo. Nako ea hore joale koro e aroloe ho mofoka e ne e se e fihlile. (Mat. 13:36-43) Ha nako ea kotulo e qala, joale ho ile ha hlaha potso ea bohlokoa haholo: Kaha Bakreste ba bangata ba bohata ba ne ba bolela hore ke balateli ba ’nete ba Jesu, koro—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng—e ne e tla khetholloa joang? Papiso ea lekhoba le tšepahalang e ile ea fana ka karabo. Balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ke bona ba neng ba tla feptjoa hantle moeeng.

KE MANG EO E LENG LEKHOBA LE TŠEPAHALANG LE LE MASENE?

8. Ke hobane’ng ha ho loketse hore lekhoba le tšepahalang le etsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng?

8 Lekhoba le tšepahalang le tlameha ho etsoa ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. Bakreste bao ba bitsoa “baprista ba marena” ’me ba filoe thōmo ea ho “‘bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea ba bitsitseng ho ba ntša lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:9) Ke ho loketseng hore ebe litho tsa “baprista [bao] ba marena” li kenya letsoho ka ho toba ho ruta balumeli-’moho le tsona ’nete.—Mal. 2:7; Tšen. 12:17.

9. Na Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ke lekhoba le tšepahalang? Hlalosa.

 9 Na Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ke lekhoba le tšepahalang? Che ha ho joalo. ’Nete ke hore hase batlotsuoa bohle ba kenyang letsoho ho abela balumeli-’moho le bona ba lefatšeng lohle lijo tsa moea. Har’a koro ho na le barab’abo rōna ba tlotsitsoeng bao e ka ’nang eaba ba sebeletsa e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang liphuthehong tsa habo bona. Ba ruta batho ka ntlo le ntlo ebile ba ruta liphuthehong tsa habo bona, ’me ka botšepehi ba mamela tataiso e tsoang ntlo-khōlō. Empa ha ba kenye letsoho ho abela barab’abo rōna lefatšeng ka bophara lijo tsa moea. Hape, har’a batlotsuoa ho na le baralib’abo rōna ba ikokobelitseng, bao le ka mohla ba ke keng ba leka ho etsa mosebetsi oa ho ruta phutheho.—1 Bakor. 11:3; 14:34.

10. Ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?

10 Joale, ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene? Tumellanong le tsela eo Jesu a ileng a e sebelisa ea ho fepa ba bangata ka matsoho a ba seng bakae, lekhoba leo le entsoe ka sehlopha se senyenyane sa barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba kenyang letsoho ka ho toba mosebetsing oa ho lokisetsa le ho aba lijo tsa moea nakong ea ho ba teng ha Kreste. Nakong ea matsatsi a ho qetela, barab’abo rōna ba tlotsitsoeng bao e leng sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ba sebetsa hammoho ntlo-khōlō. Lilemong tse mashome morao tjena, lekhoba leo e ’nile ea e-ba Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, hlokomela hore lentsoe lena “lekhoba,” leo Jesu a le sebelisitseng papisong ea hae le bonngoeng, e leng se bontšang hore o bua ka lekhoba e le sehlopha. Kahoo, litho tsa Sehlopa se Busang li etsa liqeto li le hammoho.

KE BO-MANG BAO E LENG BAHLANKA BA NTLO?

11, 12. (a) Lekhoba le tšepahalang le le masene le behoa hore le okamele ka makhetlo afe a mabeli? (b) Jesu o ile a beha lekhoba le tšepahalang neng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, hona o ile a khetha bo-mang?

11 Rea hlokomela hore papisong ea Jesu, lekhoba le tšepahalang le le masene le behoa hore le okamele ka makhetlo a mabeli. Ka lekhetlo la pele le behoa hore le okamele bahlanka ba ntlo ha ka lekhetlo la bobeli le behoa hore le okamele lintho tsohle tsa monghali. Kaha papiso eo e phethahala mehleng ena ea bofelo, ho behoa hoo ho ne ho tla etsoa ka mor’a hore Jesu a be teng e le morena, ho qalileng ka 1914.

12 Jesu o behile lekhoba le tšepahalang neng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo? E le hore re arabe potso eo, re lokela ho khutlela selemong sa 1914—e leng ha ho qala  nako ea kotulo. Joalokaha re ithutile pejana, ka nako eo, lihlopha tse ngata li ne li ipolela hore ke Bakreste. Jesu o ne a tla khetha lekhoba le tšepahalang sehlopheng sefe? Potso eo e ile ea arajoa ha eena le Ntate oa hae ba ne ba tla ho tla hlahloba tempele kapa tokisetso ea borapeli, ho tloha ka 1914 ho fihlela mathoasong a 1919. *(Mal. 3:1) Ba ile ba khahloa ke sehlotšoana sa Liithuti Tsa Bibele tse tšepahalang tse ileng tsa bontša hore li ne li rata Jehova le Lentsoe la hae. Ke ’nete hore ho ne ho hlokahala hore li hloekisoe, empa ka boikokobetso li ile tsa etsa se neng se hlokahala nakong e khutšoanyane ea ho lekoa le ho hloekisoa. (Mal. 3:2-4) Liithuti tseo Tsa Bibele tse tšepahalang e ne e le Bakreste ba ’nete, e leng koro papisong ea Jesu. Ka 1919, e leng nako ea tsosoloso ea moea, Jesu o ile a khetha barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba neng ba e-na le bokhoni har’a Liithuti tseo Tsa Bibele hore e be lekhoba le tšepahalang le le masene ’me a ba beha hore ba okamele bahlanka ba hae ba ntlo.

13. Ke bo-mang ba akarelletsoang har’a bahlanka ba ntlo, hona hobane’ng?

13 Joale bahlanka ba ntlo bona ke bo-mang? Ka mantsoe a bonolo feela ke batho ba feptjoang. Qalong ea matsatsi a ho qetela, bahlanka ba ntlo e ne e le batlotsuoa bohle. Hamorao, bahlanka ba ntlo ba ile ba akarelletsa bongata bo boholo ba linku tse ling. Hona joale, linku tse ling ke tsona tse etsang karolo e khōlō ea “mohlape o le mong” o etelletsoeng pele ke Kreste. (Joh. 10:16) Lihlopha tseo ka bobeli li rua molemo lijong tsa moea tse tšoanang tse bileng li leng nakong tse ajoang ke lekhoba le tšepahalang. Ho thoe’ng ka litho tsa Sehlopha se Busang tse bōpang lekhoba le tšepahalang le le masene kajeno? Bara bao babo rōna le bona ba lokela ho feptjoa moeeng. Kahoo, ka boikokobetso baa hlokomela hore ha e le batho ka bomong, ke bahlanka ba ntlo joaloka balateli bohle ba Jesu ba ’nete.

Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, kaofela ha rōna re bahlanka ba ntlo ’me re hloka lijo tsa moea tse tšoanang tse bileng li leng nakong

14. (a) Lekhoba le tšepahalang le filoe boikarabelo bofe, ’me seo se akarelletsa eng? (b) Ke temoso efe eo Jesu a ileng a e fa lekhoba le tšepahalang le le masene? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Haeba Lekhoba Leo le Lebe . . . ”)

14 Jesu o file lekhoba le tšepahalang le le masene boikarabelo bo boholo. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, lekhoba kapa motsamaisi ea tšeptjoang, e ne e le molaoli oa ntlo. (Luka 12:42) Kahoo, lekhoba le tšepahalang le le masene le filoe boikarabelo ba ho tsamaisa ntlo ea tumelo. Boikarabelo boo bo akarelletsa ho hlokomela chelete, mehaho, mosebetsi oa boboleli, mananeo a likopano tse khōlō le tse nyenyane hammoho le ho hlahisoa ha lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse sebelisoang mosebetsing oa boboleli, thutong ea botho le ea phutheho. Bahlanka  ba ntlo ba phela ka lijo tsa moea tse ajoang ke lekhoba le sebetsang e le sehlopha.

LE BEHOA HORE LE OKAMELE LINTHO TSOHLE TSA MONGHALI NENG?

15, 16. Jesu o beha lekhoba le tšepahalang neng hore le okamele lintho tsohle tsa hae?

15 Jesu o beha lekhoba neng ka lekhetlo la bobeli hore le “okamele lintho tsohle tsa hae”? Jesu o ile a re: “Ho thaba lekhoba leo haeba mong’a lona ha a fihla [eo ha e le hantle e bolelang “ha a se a tlile,” NW, ftn.] a le fumana le etsa joalo! Kannete ke re ho lōna, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Mat. 24:46, 47) Hlokomela hore Jesu o beha lekhoba ka lekhetlo la bobeli ka mor’a hore a fihle ’me a fumane hore lekhoba le ne le ntse le “etsa joalo,” ke hore le ntse le aba lijo tsa moea ka botšepehi. Kahoo, ho ne ho tla feta nako e itseng pele a le beha hore le okamele ka lekhetlo la bobeli. E le hore re utloisise hore na Jesu o beha lekhoba hore le okamele lintho tsohle tsa hae neng le hore na o etsa seo joang, ho na le lintho tse peli tseo re lokelang ho li tseba: hore na o fihla neng le hore na lintho tsa hae li akarelletsa eng.

16 Jesu o fihla neng? Re ka fumana karabo moelelong oa taba eo ho buuoang ka eona. Hopola hore ha litemana tse ka holimo li bua ka ho “tla” ha Jesu, li bua ka nako ea ha a tla ho tla phatlalatsa le ho liha kahlolo qetellong ea tsamaiso ena ea lintho. * (Mat. 24:30, 42, 44) Kahoo, “ho fihla” kapa “ho tla” ha Jesu hoo ho buuoang ka hona papisong ea lekhoba le tšepahalang ho etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo.

17. Lintho tsa Jesu li akarelletsa’ng?

17 “Lintho tsohle” tsa Jesu li akarelletsa’ng? Jesu ha aa ka a sebelisa lentsoe “tsohle” ho hlalosa lintho tsa hae tse lefatšeng feela. Ha e le hantle, Jesu o na le matla a maholo leholimong. O ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Mat. 28:18; Baef. 1:20-23) Hona joale, lintho tsa hae li akarelletsa ’Muso oa Bomesia oo e bileng oa hae ho tloha  ka 1914 le oo a tla kopanela ho oona le balateli ba hae ba tlotsitsoeng.—Tšen. 11:15.

18. Ke hobane’ng ha Jesu a tla thabela ho beha lekhoba hore le okamele lintho tsohle tsa hae?

18 Ha re hlahloba lintlha tse ka holimo, re ka fihlela qeto efe? Ha Jesu a tla ho tla liha kahlolo nakong ea matšoenyeho a maholo, o tla fumana hore lekhoba le tšepahalang le ’nile la abela bahlanka ba ntlo lijo tsa moea tse nakong ka botšepehi. Kahoo, Jesu o tla thabela ho le beha ka lekhetlo la bobeli hore le okamele lintho tsohle tsa hae. Batho bao e leng sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ba tla behoa hore ba okamele lintho tsena ha ba fumana moputso oa bona oa ho busa le Kreste leholimong.

19. Na sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se fumana moputso o moholo ho feta oa batlotsuoa ba bang leholimong? Hlalosa.

19 Na sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se fumana moputso o moholo ho feta oa batlotsuoa ba bang leholimong? Che. Moputso o tšepisoang sehlopha se itseng se senyenyane maemong a itseng, qetellong o ka fumanoa le ke ba bang. Ka mohlala, nahana ka seo Jesu a ileng a se bolella baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11, bosiung ba pele ho lefu la hae. (Bala Luka 22:28-30.) Jesu o ile a tšepisa sehlotšoana seo sa banna hore ba ne ba tla fumana moputso oa bohlokoa ka lebaka la botšepehi ba bona. Ba ne ba tla kopanela puso le eena. Empa lilemo hamorao, o ile a bontša hore bohle ba 144 000 ba tla lula literoneng ’me ba kopanele puso le eena. (Tšen. 1:1; 3:21) Ka tsela e tšoanang, joalokaha ho boletsoe ho Matheu 24:47, o ile a tšepisa hore sehlotšoana sa banna—e leng barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba bōpang sehlopha sa lekhoba le tšepahalang—se tla behoa hore se okamele lintho tsohle tsa hae. Ha e le hantle, bohle ba 144 000 le bona ba tla ba le matla a maholo leholimong.—Tšen. 20:4, 6.

Bohle ba 144 000 le bona ba tla ba le matla a maholo leholimong (Sheba serapa sa 19)

20. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a beha lekhoba le tšepahalang, ’me boikemisetso ba hao ke bofe?

20 Jesu o sebelisa lekhoba le tšepahalang le le masene hore a latele tsela eo a ileng a e sebelisa lekholong la pele la lilemo ea ho fepa ba bangata ka matsoho a ba seng bakae. Jesu o ile a beha lekhoba le tšepahalang ho tiisa hore balateli ba hae ba ’nete—ebang ke batlotsuoa kapa ba linku tse ling—ba ne ba tla lula ba fumana lijo tsa moea tse nakong, matsatsing ’ohle a ho qetela. E se eka re ka ikemisetsa ho bontša kananelo ea rōna ka hore ka botšepehi re tšehetse barab’abo rōna ba tlotsitsoeng bao e leng lekhoba le tšepahalang le le masene.—Baheb. 13:7, 17.

 

^ ser. 2 Serapeng sa 2: Ketsahalong e ’ngoe pejana, Jesu o ile a etsa papiso e tšoanang moo a ileng a bua ka “lekhoba” e le “motsamaisi” ’me a re “bahlanka ba hae ba ntlo” ke “sehlopha sa hae sa bahlanka.”—Luka 12:42-44.

^ ser. 6 Serapeng sa 6: Ho “tla” ha Kreste (e leng er′kho·mai, ka Segerike) ho fapane le “ho ba teng” ha hae (e leng pa·rou·si′a). Ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng ho qala pele a tla ho tla liha kahlolo.

^ ser. 12 Serapeng sa 12: Sheba sehlooho se reng, “Bonang! ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle,” se makasineng ena, leqepheng la 10-12, serapeng sa 5-8.

^ ser. 16 Serapeng sa 16: Sheba sehlooho se reng, “Re Bolelle, Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?” se makasineng ena, leqepheng la 7-8, serapeng sa 14-18.