Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae

Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae

“Ka mor’a ho qhetsola mahobe, [Jesu o ile] a a abela barutuoa, barutuoa bona ba a abela bongata.”—MAT. 14:19.

1-3. Hlalosa hore na Jesu o ile a fepa bongata bo neng bo le haufi le Bethsaida joang. (Sheba setšoantšo se qalong.)

AK’U nahane ka ketsahalo ena. (Bala Matheu 14:14-21.) Ke pelenyana ho Paseka ea 32 C.E. Letšoele la banna ba ka bang 5 000, ntle ho basali le bana ba banyenyane le na le Jesu le barutuoa ba hae sebakeng se ka thōko se haufi le Bethsaida, e leng motse o lebōpong le ka leboea la Leoatle la Galilea.

2 Ha Jesu a bona bongata, o susumetsoa ke khauho, kahoo, o phekola ba kulang har’a bona ’me o ba ruta lintho tse ngata ka ’Muso oa Molimo. Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba khothalletsa Jesu hore a qhale batho bao e le hore ba ka ea metseng e haufi ba il’o ithekela lijo. Empa Jesu o re ho barutuoa ba hae: “Lōna [ba] feng se jeoang.” E tlameha ebe ba ile ba makatsoa ke seo a se buang kaha lijo tse neng li le teng li ne li le nyenyane haholo—e ne e le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli tse nyenyane.

3 Kaha Jesu o ne a susumetsoa ke kutloelo-bohloko, o ile a etsa mohlolo—e leng oona feela mohlolo o tlalehiloeng ke bangoli ba Likosepele ka bone ba bona. (Mar. 6:35-44; Luka 9:10-17; Joh. 6:1-13) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba bolelle bongata boo hore bo otle ka lehlakore holim’a joang bo botala ka lihlopha tsa ba 50 le tsa ba 100. Ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, o qala ho qhetsola mahobe le ho arola litlhapi. Joale, ho e-na le hore Jesu a fe batho lijo ka ho toba, o li abela “barutuoa, barutuoa bona ba [li] abela bongata.” Ka mohlolo ho ba le lijo tse ngata hoo batho ba ileng ba ja tsa ba tsa sala! Ak’u nahane feela: Jesu o fepile batho ba likete ka matsoho a ba seng bakae—e leng barutuoa ba hae. *

4. (a) Jesu o ne a amehile le ho feta ka ho fana ka lijo tsa mofuta ofe, hona hobane’ng? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong see le se latelang?

4 Ntho eo Jesu a neng a amehile ka eona le ho feta ke ho fa balateli ba hae lijo tsa moea. O ne a tseba hore ho iphepa ka lijo tsa moea, e leng linnete tse fumanoang Lentsoeng la Molimo, ho lebisa bophelong bo sa feleng. (Joh. 6:26, 27; 17:3) Kaha Jesu o ne a susumetsoa ke kutloelo-bohloko e  tšoanang le e ileng ea mo susumelletsa hore a fepe bongata ka mahobe le litlhapi, o ile a qeta lihora tse ngata a ruta balateli ba hae. (Mar. 6:34) Empa o ne a tseba hore o ne a e-na le nako e khutšoanyane lefatšeng le hore o ne a tla khutlela leholimong. (Mat. 16:21; Joh. 14:12) Ha Jesu a le leholimong o ne a tla etsa’ng e le hore balateli ba hae ba lefatšeng ba lule ba feptjoa hantle moeeng? O ne a tla etsa lintho ka tsela e tšoanang—o ne a tla fepa matšoele ka matsoho a ba seng bakae. Leha ho le joalo, bao ba seng bakae e ne e tla ba bo-mang? A re ke re boneng hore na Jesu o ile a sebelisa ba seng bakae joang ho fepa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo. Joale sehloohong se latelang re tla tšohla potso ena eo e leng ea bohlokoa haholo ho e mong le e mong oa rōna: Re ka tseba ba seng bakae joang bao Kreste a ba sebelisang hore ba re fepe kajeno?

Batho ba likete ba ile ba feptjoa ka matsoho a ba seng bakae (Sheba serapa sa 4)

JESU O KHETHA BA SENG BAKAE

5, 6. (a) Jesu o ile a etsa qeto efe ea bohlokoa haholo ho tiisa hore balateli ba hae ba ne ba tla sala ba feptjoa hantle moeeng ka mor’a lefu la hae? (b) Jesu o ile a lokisetsa baapostola ba hae joang hore ba tle ba phethe mosebetsi oa bohlokoa haholo ka mor’a lefu la hae?

5 Hlooho ea lelapa e nang le boikarabelo e lokisetsa hore ba lelapa la hae ba sale ba hlokomelehile hantle haeba a ka hlokahala. Ka tsela e tšoanang, Jesu—eo e neng e tla ba Hlooho ea phutheho ea Bokreste—o ile a etsa bonnete ba hore balateli ba hae ba ne ba tla hlokomeleha moeeng ka mor’a lefu la hae. (Baef. 1:22) Ka mohlala, hoo e ka bang lilemo tse peli pele ho lefu la hae, Jesu o ile a etsa qeto ea bohlokoa haholo. O ile a khetha barutuoa ba pele ba ba seng bakae bao a neng a tla ba sebelisa hamorao ho fepa ba bangata. Nahana ka se ileng sa etsahala.

6 Ka mor’a hore Jesu a rapele bosiu bohle, o ile a bokella barutuoa ba hae ’me har’a bona a khetha baapostola ba 12. (Luka 6:12-16) Lilemong tse peli tse hlahlamang, o ne a e-na le kamano e haufi haholo le ba 12, a ba ruta ka mantsoe le ka mohlala oa hae. O ne a tseba hore ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba lokela ho ithuta tsona; ha e le hantle ba ile ba tsoela pele ba bitsoa “barutuoa.” (Mat. 11:1; 20:17) O ile a ba fa keletso ea bohlokoa haholo a boela a ba koetlisetsa tšebeletso ka ho pharaletseng. (Mat. 10:1-42; 20:20-23; Luka 8:1; 9:52-55) Ho hlakile hore o ne a ba lokisetsa mosebetsi oa bohlokoa haholo oo ba neng ba tla o phetha ka mor’a lefu la hae ha a se a khutletse leholimong.

7. Jesu o ile a fana ka leseli lefe le bontšang hore na ke eng eo baapostola ba neng ba tla ameha haholo ka eona?

7 Mosebetsi oa baapostola e ne e tla ba ofe? Ha Pentekonta ea 33 C.E. e atamela, ho ne ho hlakile hore baapostola ba ne ba tla sebeletsa ‘boemong ba bolebeli.’ (Lik. 1:20) Leha ho le joalo, ke eng eo ba neng ba tla ameha ka eona haholo? Jesu o ile a fana ka leseli moqoqong oo a ileng a ba le oona le moapostola Petrose ka mor’a hore a tsosoe bafung. (Bala Johanne 21:1, 2, 15-17.) Moo baapostola ba bang ba neng ba le teng, Jesu o ile a re ho Petrose: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” Ka tsela eo, Jesu o ile a bontša hore baapostola ba hae ba ne ba tla ba har’a ba seng bakae bao a neng a tla ba sebelisa ho fepa ba bangata moeeng. Ruri ena ke taba e amang maikutlo e bontšang kamoo Jesu a ikutloang kateng ka “linku tsa [hae] tse nyenyane”! *

HO FEPA BA BANGATA HO TLOHA KA PENTEKONTA HO EA PELE

8. Ka Pentekonta balumeli ba bacha ba ile ba bontša joang hore ba ne ba hlokomela ka ho hlaka mocha oo Kreste a neng a o sebelisa?

8 Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Kreste ea tsositsoeng bafung o ile a sebelisa baapostola ba hae e le mocha oo ka oona a fepang barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng kaofela. (Bala Liketso 2:41, 42.) Bajuda hammoho le batho ba neng ba sokolohetse Bojudeng bao e ileng ea e-ba Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba lemoha mocha oo ka ho hlaka. Ba ile ba “tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola” ba sa tsilatsile. Ho latela setsebi se seng, leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le ho “tsoela pele ho inehela” le ka bolela “hore motho o tsepamisa kelello nthong e itseng ’me o tšepahala ho eona.” Balumeli bao ba bacha ba  ne ba lapetse lijo tsa moea haholo ’me ba ne ba tseba hantle hore na ba tla li fumana hokae. Ka botšepehi bo sa thekeseleng, ba ne ba lebella hore baapostola e be bona ba ba hlalosetsang mantsoe a Jesu le lintho tseo a ileng a li etsa le hore ba ba fe leseli le lecha mabapi le se boleloang ke mangolo a buang ka eena. *Lik. 2:22-36.

9. Baapostola ba ile ba bontša ka ho hlaka joang hore ha baa lebala boikarabelo ba bona ba ho fepa linku tsa Jesu?

9 Baapostola ba ile ba bontša ka ho hlaka hore ha baa lebala boikarabelo ba bona ba ho fepa linku tsa Jesu. Ka mohlala, hlokomela kamoo ba ileng ba rarolla bothata bo neng bo ka ’na ba baka karohano ka phuthehong ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa. Ntho e makatsang ke hore bothata boo bo ne bo amana le lijo—lijo tsa nama. Bahlolohali ba buang Segerike ba ne ba hlokomolohuoa ha ho ajoa lijo letsatsi le leng le le leng, empa bahlolohali ba buang Seheberu bona ba ne ba sa hlokomolohuoe. Baapostola ba ile ba rarolla taba ee e thata joang? “Ba leshome le metso e ’meli” ba ile ba khetha banna ba tšoanelehang ba supileng hore ba okamele ‘mosebetsi oo o neng o hlokahala’ oa ho aba lijo. Baapostola—bao boholo ba bona ba neng ba ile ba kenya letsoho ho abela bongata lijo ha Jesu a ne a bo fepa ka mohlolo—ba ile ba hlokomela hore ntho ea bohlokoa haholo eo ba neng ba lokela ho tsepamisa likelello ho eona e ne e le ho fepa batho moeeng. Kahoo, ba ile ba inehela “bosebeletsing ba lentsoe.”—Lik. 6:1-6.

10. Kreste o ile a sebelisa baapostola le banna ba baholo joang Jerusalema?

10 Ka 49 C.E., baapostola ba neng ba ntse ba phela ba ile ba sebetsa le baholo ba bang ba tšoanelehang. (Bala Liketso 15:1, 2.) “Baapostola le banna ba baholo Jerusalema” ba ne ba sebeletsa e le sehlopha se busang. Kreste, eo e leng Hlooho ea phutheho, o ile a sebelisa sehlopha sena se senyenyane sa banna ba tšoanelehang ho lokisa litaba tsa thuto ea bolumeli, ho lebela le ho tsamaisa mosebetsi oa boboleli le oa ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso.—Lik. 15:6-29; 21:17-19; Bakol. 1:18.

11, 12. (a) Ke’ng e bontšang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso eo Mora oa hae a ileng a e sebelisa ho fepa liphutheho lekholong la pele la lilemo? (b) Mocha oo Kreste a neng a o sebelisa ho fepa balateli ba hae moeeng o ne o hlokomeleha ka ho hlaka joang?

11 Na Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso eo Mora oa hae a neng a e sebelisa ho fepa liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo? Ka sebele ho joalo! Ke’ng e re tiisetsang seo? Buka ea Liketso e re: “Joale ha ba ntse ba tsamaea [moapostola Pauluse le batho bao a neng a tsamaea le bona] ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka eona ho ba  leng moo hore ba e boloke. Ka hona, ka sebele, liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” (Lik. 16:4, 5) Hlokomela hore liphutheho tseo li ile tsa atleha kaha li ne li tšepahala li bile li sebelisana hantle le sehlopha se busang se neng se le Jerusalema. Na boo hase bopaki ba hore Jehova o ne a hlohonolofatsa tokisetso eo Mora oa hae a neng a e sebelisa ho fepa liphutheho? A re hopoleng hore re ka atleha moeeng hafeela re hlohonolofatsoa ke Jehova.—Liprov. 10:22; 1 Bakor. 3:6, 7.

12 Ho fihlela joale re hlokometse hore ho na le tsela eo Jesu a neng a e sebelisa ha a fepa balateli ba hae: O ne a fepa ba bangata ka matsoho a ba seng bakae. Mocha oo a ileng a o sebelisa ho fepa balateli ba hae moeeng o ne o hlokomeleha ka ho hlaka. Ho feta moo, baapostola—e leng litho tsa ho qala tsa sehlopha se busang—ba ne ba ka fana ka bopaki bo bonahalang ba hore ba tšehetsoa ke Molimo. Liketso 5:12 e re: “Lipontšo le limakatso tse ngata tsa tsoela pele ho etsahala har’a sechaba ka matsoho a baapostola.” * Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore batho bao e ileng ea e-ba Bakreste ba ipotse, ‘Ha e le hantle ke bo-mang bao Kreste a ba sebelisang ho fepa linku tsa hae?’ Empa ho ella qetellong ea lekholo la pele la lilemo maemo a ile a fetoha.

Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le bopaki bo hlakileng ba hore na Jesu o ne a sebelisa bo-mang ho fepa phutheho (Sheba serapa sa 12)

HA MOFOKA O NE O LE MONGATA ’ME KORO E FOKOLA

13, 14. (a) Ke temoso efe eo Jesu a ileng a fana ka eona mabapi le tlhaselo e neng e tla ba teng, hona mantsoe a hae a ile a qala ho phethahala neng? (b) Tlhaselo eo e ne e tla hlaha likarolong life tse peli? (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.)

13 Jesu o ile a bolela esale pele hore phutheho ea Bokreste e ne e tla hlaseloa. Hopola hore papisong ea hae ea koro le mofoka eo e neng e le boprofeta, Jesu o ile a lemosa hore tšimong ea koro e neng e sa tsoa lengoa (e leng Bakreste ba tlotsitsoeng) ho ne ho tla jalelloa le mofoka (e leng Bakreste ba bohata). O ile a re lihlopha tseo li ne li tla lumelloa ho hōla hammoho—li se ke tsa etsoa letho ho fihlela ha ho kotuloa, e leng se neng se tla etsahala “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 13:24-30, 36-43) Ha hoa ka ha feta nako e telele pele mantsoe a Jesu a phethahala. *

14 Bokoenehi bo ile ba qala lekholong la pele la lilemo, empa baapostola ba Jesu ba tšepahalang ba ile ba sebetsa “e le thibelo,” ba sitisa ho ata ha tšilafalo le tšusumetso ea lithuto tsa bohata. (2 Bathes. 2:3, 6, 7) Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela, bokoenehi bo ile ba ipha matla ’me ba ata nakong e telele ea khōlo e nkileng lilemo tse makholo. Ho phaella moo, ka nako eo mofoka o ile oa e-ba mongata ’me koro eona e ne e fokola ka palo. Ho ne ho se na mocha o hlophisitsoeng o neng o lula o aba lijo tsa moea. Qetellong seo se ne se tla fetoha. Empa potso ke hore na se ne se tla fetoha neng.

KE MANG EA TLA FANA KA LIJO NAKONG EA KOTULO?

15, 16. Boiteko bo matla boo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa bo etsa ba ho ithuta Mangolo bo ile ba hlahisa litholoana life, ’me seo se hlahisa potso efe?

15 Ha nako ea khōlo e ea qetellong, batho ba ile ba chesehela ’nete ea Bibele haholo. Hopola hore ka bo-1870, sehlopha se senyenyane sa batho ba neng ba batla ho tseba ’nete e le kannete se ile sa kopana ho theha lihlopha tsa ho ithuta Bibele se ikarotse ho mofoka—e leng Bakreste ba bohata ba likerekeng le maquloaneng a Bokreste-’mōtoana. Ka boikokobetso le ka likelello tse hlaphohileng, Liithuti tseo Tsa Bibele, ho ea kamoo li neng li ipitsa kateng, li ile tsa hlahloba Mangolo ka hloko tsa ba tsa rapella seo li neng li se etsa.—Mat. 11:25.

16 Boiteko bo matla boo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa bo etsa ba ho ithuta Mangolo bo ile ba hlahisa litholoana tse molemo haholo. Banna le basali bao ba tšepahalang ba ile ba pepesa lithuto tsa bohata, ba phatlalatsa linnete tsa moea ba ba ba hatisa le ho aba lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng libakeng tse ngata. Mosebetsi oa bona o ile oa khahla oa ba oa kholisa batho ba bangata ba neng ba lapetse ba bile ba nyoretsoe ’nete ea moea. Ka lebaka leo, ho hlaha potso ena ea bohlokoa:  Na lilemong tseo tse neng li etella pele 1914 Liithuti Tsa Bibele e ne e le mocha oo Kreste a o khethileng ho fepa linku tsa hae? Che ha ho joalo. Li ne li ntse li le nakong ea khōlo, ’me tokisetso ea hore mocha oo o lokele ho fana ka lijo tsa moea e ne e le hona e ntseng e hlophisoa. Nako ea hore Bakreste ba bohata ba kang mofoka ba aroloe ho Bakreste ba ’nete ba kang koro e ne e e-s’o fihle.

17. Ke lintho life tsa bohlokoa tse ileng tsa qala ho etsahala ka 1914?

17 Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, nako ea kotulo e qalile ka 1914. Selemong seo, ho na le lintho tsa bohlokoa tse ngata tse ileng tsa qala ho etsahala. Jesu o ile a behoa teroneng e le Morena ’me matsatsi a ho qetela a ile a qala. (Tšen. 11:15) Ho tloha ka 1914 ho fihlela mathoasong a 1919, Jesu o ile a ba le Ntate oa hae ha a e-ea tempeleng ea moea ho ea etsa mosebetsi oa ho hlahloba le oa ho hloekisa o neng o hlokahala haholo. * (Mal. 3:1-4) Joale, ho tloha ka 1919, e ne e le nako ea hore ho bokelloe koro. Na joale e ne e le nako ea hore Kreste a khethe mocha o le mong o hlophisitsoeng hore o abe lijo tsa moea? Ka sebele ho joalo!

18. Jesu o ile a bolela esale pele hore o ne a tla khetha bo-mang, ’me ke potso efe ea bohlokoa e ileng ea hlaha ha matsatsi a ho qetela a ntse a tsoela pele?

18 Boprofeteng ba Jesu bo buang ka matsatsi a ho qetela, o ile a bolela esale pele hore o ne a tla khetha mocha o neng o tla fana ka “lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45-47) O ne a tla sebelisa mocha ofe? Ho ea ka tsela eo a ileng a e sebelisa lekholong la pele la lilemo, Jesu o ne a tla boela a fepe ba bangata ka matsoho a ba seng bakae. Empa ha matsatsi a ho qetela a ntse a tsoela pele, potso ea bohlokoa e ne e le ena, Bao ba seng bakae e ne e tla ba bo-mang? Potso eo hammoho le lipotso tse ling tse mabapi le boprofeta ba Jesu li tla tšohloa sehloohong se latelang.

 

^ ser. 3 Serapeng sa 3: Ketsahalong e etsahetseng hamorao ha Jesu a ne a fepa banna ba 4 000 ka mohlolo, ntle ho basali le bana, o ile a abela “barutuoa [lijo], barutuoa bona ba li abela bongata.”—Mat. 15:32-38.

^ ser. 7 Serapeng sa 7: Nakong ea ha Petrose a ntse a phela, ‘linku tse nyenyane’ tse neng li tla feptjoa, kaofela ha tsona li ne li e-na le tšepo ea ho ea phela leholimong.

^ ser. 8 Serapeng sa 8: Taba ea hore ebe balumeli ba bacha ba ne ba “tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola” e fana ka maikutlo a hore baapostola ba ne ba ruta kamehla. Tse ling tsa lithuto tseo tsa baapostola li ile tsa ngoloa libukeng tse bululetsoeng tseo hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste.

^ ser. 12 Serapeng sa 12: Le hoja batho ba bang bao e seng baapostola ba ile ba fumana limpho tsa mohlolo tsa moea, ho bonahala eka boholo ba bona ba ile ba fetisetsoa limpho tseo ke moapostola kapa ba ne ba li fumana moo moapostola a leng teng.—Lik. 8:14-18; 10:44, 45.

^ ser. 13 Serapeng sa 13: Mantsoe a moapostola Pauluse a fumanoang ho Liketso 20:29, 30 a bontša hore phutheho e ne e tla hlaseloa ho tsoa likarolong tse peli. Ea pele, Bakreste ba bohata (e leng “mofoka”) ba ne ba tla “kena har’a” Bakreste ba ’nete. Ea bobeli, “har’a” Bakreste ba ’nete, ba bang e ne e tla ba bakoenehi, ’me ba bue “lintho tse sothehileng.”

^ ser. 17 Serapeng sa 17: Sheba sehlooho se reng, “Bonang! ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle,” makasineng ena, leqepheng la 11, serapeng sa 6.