Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

 Lipotso Tse Tsoang ho Babali

’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e bile ’muso oa bosupa oa lefatše o hlahang boprofeteng ba Bibele neng?

▪ Setšoantšo se seholohali se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng seo Morena Nebukadnezare a ileng a se bona, ha se tšoantšetse mebuso eohle ea lefatše. (Dan. 2:31-45) Se tšoantšetsa feela mebuso e mehlano e busitseng ho tloha mehleng ea Daniele e ileng ea e-ba le tšusumetso e matla ho batho ba Molimo.

Tlhaloso ea Daniele ea setšoantšo se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng e fana ka maikutlo a hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ne o tla tsoa ’musong oa Roma ho e-na le hore o hape Roma. Setšoantšong seo, Daniele o bona tšepe e tlohang meomong ebile e fihla maotong le menoaneng. (Maotong le menoaneng, tšepe e tsoakane le letsopa.) * Tlhaloso eo e bontša hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ne o tla tsoa meomong ea tšepe. Histori e paka hore tlhaloso eo e nepahetse. Brithani, eo pele e neng e le karolo ea ’Muso oa Roma, e qalile ho ba ’muso o matla bofelong ba lilemo tsa bo-1700. Hamorao, United States of America e ile ea e-ba naha e matla. Leha ho le joalo, ’muso oa bosupa oa lefatše o hlahang boprofeteng ba Bibele o ne o e-s’o thehoe. Hobane’ng? Hobane Brithani le United States li ne li e-s’o sebelisane ka tsela e ikhethang. Sena se etsahetse nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.

Ka nako eo, “bara ba ’muso” ba bangata ba neng ba etsa mosebetsi ba ne ba le United States, ’me ntlo-khōlō ea bona ea lefatše e le Brooklyn, New York. (Mat. 13:36-43) Litho tsa sehlopha sa batlotsuoa li ne li bolela ka mafolofolo linaheng tse neng li busoa ke ’Muso oa Brithani. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ’muso oa Brithani le oa Amerika e ile ea theha maqhama a ikhethang ha e ne e loantša lira tsa eona. Ka lebaka la moea oa bochaba o neng o iphile matla ka lebaka la ntoa, mebuso eo e ile ea bontša bora ho bao e neng e le karolo ea peō ea “mosali” oa Molimo, ea thibela lingoliloeng tseo ba neng ba li hatisa eaba ea kenya chankaneng ba neng ba etella pele mosebetsing oa boboleli.—Tšen. 12:17.

Kahoo, ho latela boprofeta ba Bibele, ’muso oa bosupa oa lefatše ha oa ka oa hlaha bofelong ba lilemo tsa bo-1700 ha Brithani e ne e qala ho ba ’muso o matla. Ho e-na le hoo, o ile oa hlaha qalong ea letsatsi la Morena. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Letsopa le tsoakaneng le tšepe le emela batho ba tlas’a puso ea ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o kang tšepe. Ha nako e ntse e feta, letsopa lena le ’nile la etsa hore ho be thata hore ’muso oo o be matla ka tsela eo o neng o ka rata ho ba matla ka eona.

^ ser. 6 Tlhaloso ena e ntlafatsa boitsebiso bo tšohliloeng leqepheng la 57, serapeng sa 24, bukeng ea Boprofeta ba Daniele le bo lichateng tse leqepheng la 56 le la 139.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Barab’abo rōna ba robeli ba ntlo-khōlō ea Watchtower ba ileng ba isoa chankaneng ka June 1918