Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mathang e le Hore le ka Fumana Moputso

Mathang e le Hore le ka Fumana Moputso

 Mathang e le Hore le ka Fumana Moputso

“Mathang ka tsela eo le ka o fumanang.”—1 BAKOR. 9:24.

1, 2. (a) Pauluse o ile a sebelisa’ng ho khothatsa Bakreste ba Baheberu? (b) Bahlanka ba Molimo ba eletsoa hore ba etse’ng?

LENGOLONG la hae leo a ileng a le ngolla Baheberu, moapostola Pauluse o ile a sebelisa papiso e matla ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. O ile a ba hopotsa hore ba ne ba sa mathe ba le bang peisong ea bophelo. Ba ne ba pota-potiloe ke ‘leru le leholo la lipaki,’ le neng le qetile peiso ka katleho. Haeba Bakreste ba Baheberu ba ne ba hopola ka ho hlaka liketso tsa tumelo le boiteko bo matla ba limathi tsena tsa nakong e fetileng, seo se ne se tla ba fa matla a hore ba peseletse le hore ba se ke ba khathala peisong.

2 Sehloohong se fetileng, re buile ka tsela eo batho ba ’maloa ba hlahang har’a ‘leru la lipaki’ ba phetseng ka eona. Kaofela ha bona ba ile ba bontša hore tumelo e sa thekeseleng e ba thusitse hore ba lule ba tšepahala ho Molimo joalokaha eka ba ne ba peselelitse e le hore ba fihle qetellong ea peiso. Ho na le seo re ka ithutang sona ka hore ebe ba ile ba atleha. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong seo, ha Pauluse a eletsa bahlanka-’moho le eena ho akarelletsa le rōna o ile a re: “Le rōna a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.”—Baheb. 12:1.

3. Keletso ea Pauluse eo ho eona a ileng a bua ka limathi tse neng li matha lipapaling tsa Bagerike e ne e bolela’ng?

3 Buka ea Backgrounds of Early Christianity,  ha e bua ka e ’ngoe ea liketsahalo tsa liatleletiki e neng e ratoa haholo ea tlhōlisano ea mabelo, e re: “Bagerike ba ne ba ikoetlisa ba bile ba kenela tlhōlisano ba sa apara letho.” * Maemong ao, limathi li ne li hlobola lintho tsohle tse neng li ka li imela kapa moroalo o neng o ka etsa hore li mathe butle. Le hoja re ka ba khahlanong le ho se itlhomphe le ho tsoa tseleng ha tsona, li ne li matha ka tsela eo ka sepheo se le seng, e leng ho hapa moputso. Seo Pauluse a neng a se bolela ke hore, e le hore limathi li ka fumana moputso peisong ea bophelo, ke habohlokoa hore li tlose lintho tsohle tse ka li sitisang. Eo e ne e le keletso e molemo ho Bakreste ba nakong eo, ’me e molemo le ho rōna kajeno. Ke boima kapa meroalo efe e ka ’nang ea re sitisa ho fumana moputso peisong ea bophelo?

‘Hlobolang Boima bo Bong le bo Bong’

4. Batho ba mehleng ea Noe ba ne ba phathahane ka eng?

4 Keletso ea Pauluse e ne e le hore re ‘hlobole boima bo bong le bo bong.’ Sena se akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ’nang ea re thibela hore re tsepamise mehopolo re be re etse sohle seo re ka se khonang peisong ena eo re e mathang. Boima boo e ka ’na ea e-ba eng? Ha re nahana ka Noe—e leng e mong oa mehlala eo Pauluse a ileng a bua ka eona—re hopola seo Jesu a ileng a se bua ha a ne a re: “Feela joalokaha ho ile ha etsahala matsatsing a Noe, ho tla ba joalo le matsatsing a Mor’a motho.” (Luka 17:26) Jesu o ne a sa bue ka ho khetheha ka timetso e khōlō ka ho fetisisa e tlang; o ne a bua ka tsela eo batho ba neng ba phela ka eona. (Bala Matheu 24:37-39.) Bongata ba batho ba mehleng ea Noe bo ne bo sa rate Molimo, re se re sa re letho ka ho mo khahlisa. Ba ne ba sitisoa ke eng? E ne e se letho le mohlolo. E ne e le ho ja, ho noa le ho kena lenyalong—e leng lintho tse tloaelehileng bophelong. Joalokaha Jesu a boletse, bothata ke hore ‘ha baa ka ba elelloa.’

5. Ke’ng e ka re thusang hore re atlehe ho qeta peiso?

5 Joaloka Noe le ba lelapa la hae, re na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa letsatsi le letsatsi. Re lokela ho ba le mokhoa oa ho iphelisa le hore re itlhokomele re be re hlokomele le ba malapa a rōna. Seo se ka re hloka nako, matla le chelete e ngata. Haholo-holo nakong eo maemo a moruo a hlobaetsang, ho bonolo hore re tšoenyehe ka lintho tseo re li hlokang bophelong. Kaha re Bakreste ba inehetseng, re boetse re na le mesebetsi ea bohlokoa e amanang le borapeli. Re etsa mosebetsi oa boboleli, re lokisetsa liboka tsa Bokreste ebile re ba teng ho tsona, hape re imatlafatsa moeeng ka ho ba le thuto ea botho le borapeli ba lelapa. Ho sa tsotelle sohle seo Noe a neng a lokela ho se etsa e le hore a sebeletse Molimo, o ile “a fela a etsa joalo.” (Gen. 6:22) Ka sebele, ho fokotsa boima boo re lokelang ho bo jara hammoho le ho qoba ho nka moroalo o sa hlokahaleng, ke habohlokoa haeba re batla ho matha peisong ea Bokreste ho fihlela qetellong.

6, 7. Ke keletso efe ea Jesu eo re lokelang ho e hopola?

6 Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re re hlobole “boima bo bong le bo bong”? Ho hlakile hore re ke ke ra itokolla ka ho feletseng boikarabelong  bo bong le bo bong boo re nang le bona. Mabapi le sena, hopola mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” (Mat. 6:31, 32) Mantsoe a Jesu a bontša hore esita le lintho tseo ho ka thoeng ke lintho tse tloaelehileng tse kang lijo le liaparo e ka ba moroalo kapa tšita haeba re li nka e le tsona lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna.

7 Ela hloko mantsoe ana a Jesu: “Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” Sena se bontša hore Ntat’a rōna oa leholimo Jehova, o tla re hlokomela. Ho hlakile hore “lintho tsena tsohle” li ka ’na tsa fapana le lintho tseo re li batlang kapa tseo re li ratang. Ho ntse ho le joalo, re bolelloa hore re se ke ra tšoenyeha ka “lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo.” Hobane’ng? Hobane hamorao Jesu o ile a eletsa bamameli ba hae a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.”—Luka 21:34, 35.

8. Ke hobane’ng ha ka ho khetheha hona joale e le nako ea ho ‘hlobola boima bo bong le bo bong’?

8 Re haufi le khole ea tlhōlo. E ka ba bomalimabe bo bokaakang haeba re ka itumella hore re imeloe ke lintho tse sa hlokahaleng tse ka re sitisang ha re se re le haufi le ho qeta peiso! Kahoo, ka sebele keletso ena ea moapostola Pauluse e bohlale: “Ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala.” (1 Tim. 6:6) Haeba re nka mantsoe a Pauluse ka botebo seo se tla matlafatsa tšepo ea rōna ea ho fumana moputso.

“Sebe se re Tšoasang Habonolo”

9, 10. (a) Poleloana e reng “sebe se re tšoasang habonolo” e bolela’ng? (b) Re ka ’na ra tšoasoa joang?

9 Ho ekelletsa tabeng ea ho hlobola “boima bo bong le bo bong,” Pauluse o ile a bua ka ho hlobola “sebe se re tšoasang habonolo.” Seo e ka ’na ea ba eng? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “se tšoasang habonolo” le hlaha hanngoe feela ka Bibeleng, e leng temaneng ena. Setsebi Albert Barnes o ile a re: “Feela joalokaha semathi se ka ba hlokolosi hore se se ke sa apara liaparo tse ka se tšoasang maotong ha li utloa moea ’me tsa se sitisa ho matha hantle, Mokreste le eena ha aa lokela ho lumella eng kapa eng e ka tšoanang le liaparo tsena hore e mo sitise ho matha peisong.” Mokreste a ka ’na a tšoasoa joang ka tsela e ka fokolisang tumelo ea hae?

10 Mokreste ha a felloe ke tumelo ka ho panya ha leihlo. Seo se ka ’na sa etsahala butle-butle kapa ka tsela e poteletseng. Qalong ea lengolo la hae, Pauluse o ile a lemosa ka kotsi ea ‘ho hoholeha’ le ea ‘ho ba le pelo e khopo e hlokang tumelo.’ (Baheb. 2:1; 3:12) Ha maoto a semathi a tšoasoa ke liaparo tsa sona, hangata sea oa. Semathi se lokela ho hlokomela hore haeba se matha se apere liaparo tse fosahetseng se ka ’na sa oa. Ke eng e ka ’nang ea etsa hore se hlokomolohe kotsi eo? Mohlomong ekaba ho se tsotelle kapa ho itšepa ho tlōla kapa litšitiso tse itseng. Re ka ithuta’ng keletsong ee ea Pauluse?

11. Ke eng e ka ’nang ea etsa hore re felloe ke tumelo?

11 Re lokela ho hopola hore ho felloa ke tumelo ho bakoa ke lintho tseo re ka ’nang ra li etsa ha nako e ntse e e-ea. Mabapi le “sebe se re tšoasang habonolo,” setsebi se seng se ile sa hlalosa hore maemo ao re leng ho ’ona, metsoalle ea rōna le litakatso tsa rōna tse fosahetseng, kaofela li ka re ama haholo. Lintho tsena li ka etsa hore re felloe ke tumelo kapa e fokole.—Mat. 13:3-9.

12. Ke lintho life tseo re lokelang ho nahanisisa ka tsona e le hore re se ke ra felloa ke tumelo?

12 Ka lilemo-lemo, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se ’nile sa re hopotsa hore re be hlokolosi ka seo re se shebellang le seo re se mamelang, ka mantsoe a mang, re be hlokolosi hore na re tsepamisa lipelo le likelello tsa rōna ho eng. Re ’nile ra lemosoa ka kotsi  ea ho tšoasoa ke ho lelekisa chelete le matlotlo. Re ka ’na ra khelosoa ke mabaibai le botle ba boithabiso ba lefatše lena kapa letoto le sa feleng la lisebelisoa tsa morao-rao tse bontšoang. Ekaba phoso e khōlō ho nahana hore keletso eo ea re hatella kapa e sebetsa ho ba bang feela, ebe re nka hore rōna likotsi tsa lintho tseo li ke ke tsa re ama. Lefatše la Satane le beha lintho tse re tšoasang tse poteletseng le tse thetsang tseleng ea rōna. Ho se tsotelle, ho itšepa ho tlōla le ho lumella litšitiso, e bile bofokoli ba batho ba bang ’me lintho tseo li ka ama tšepo ea rōna ea ho fumana moputso oa bophelo.—1 Joh. 2:15-17.

13. Re ka itšireletsa joang linthong tse kotsi tse ka re susumetsang?

13 Letsatsi le letsatsi, re kopana le batho ba khothalletsang lipakane, maikutlo le monahano oa lefatše leo re phelang har’a lona. (Bala Baefese 2:1, 2.) Leha ho le joalo, hore na lintho tsena li tla re ama hakae ho itšetlehile ka rōna, ka hore na re etsa’ng ha li re susumetsa. “Moea” oo Pauluse a neng a bua ka oona oa bolaea. Re lokela ho lula re itebetse e le hore re se ke ra khangoa kapa ra bipetsoa, eaba re hlōleha ho qeta peiso. Re ka thusoa ke’ng hore re lule re le peisong? Ke mohlala oa Jesu. Jesu ke mohlala o babatsehang oo re ka o etsisang oa motho ea ileng a matha peisong ho fihlela qetellong. (Baheb. 12:2) Pauluse e boetse ke mohlala o mong kaha o ile a ikakarelletsa har’a limathi tse peisong ea Bokreste ’me o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba mo etsise.—1 Bakor. 11:1; Bafil. 3:14.

‘Le ka o Fumana’ Joang?

14. Pauluse o ne a nka ho kopanela ha hae peisong joang?

14 Pauluse o ne a nka ho kopanela ha hae peisong joang? Mantsoeng a hae a ho qetela ho baholo ba Efese, o ile a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu.” (Lik. 20:24) Pauluse o ne a ikemiselitse ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le bophelo ba hae, e le hore a ka qeta peiso. Boiteko bohle ba Pauluse le mosebetsi oa hae o boima oo a neng a o entse mabapi le litaba tse molemo e ne e tla  ba lefeela haeba ka tsela e itseng a ne a ke ke a qeta peiso. Leha ho le joalo, o ne a sa itšepe ho tlōla, a nahana hore joang kapa joang o ne a tla hlōla peisong. (Bala Bafilipi 3:12, 13.) Ke ho ella qetellong ea bophelo ba hae feela moo a ileng a bua ka sebete a re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 Tim. 4:7.

15. Ke khothatso efe eo Pauluse a ileng a efa limathi-’moho le eena peisong?

15 Ho phaella moo, Pauluse o ne a labalabela haholo ho bona Bakreste-’moho le eena ba qeta peiso ba sa khaotse ka lehare. Ka mohlala, o ile a khothalletsa Bakreste ba Filipi hore ba sebetse ka thata e le hore ba tle ba pholohe. Ba ne ba lokela hore ba lule ba “tšoere ka thata lentsoe la bophelo.” O ile a tsoela pele a re: “E le hore nka ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang letsatsing la Kreste, hore ha kea ka ka mathela lefeela kapa ka sebetsa ka thata bakeng sa lefeela.” (Bafil. 2:16) Ka ho tšoanang, o ile a khothatsa Bakreste ba Korinthe a re: ‘Mathang ka tsela eo le ka fumanang moputso.’—1 Bakor. 9:24.

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahana ka moputso oo re tla o fumana?

16 Lebelong le lelelele le kang la marathone, qalong khole ea tlhōlo ha e bonahale. Ho ntse ho le joalo, nakong eohle ea peiso semathi se lula se tsepamisitse kelello kholeng. Se tsepamisa kelello le ho feta ha se tseba hore se se se le haufi le ho fihla kholeng. Ho lokela ho ba joalo le peisong ea rōna ea Bokreste. Re lokela ho nka moputso oo re tla o fumana e le oa sebele. Seo se tla re thusa hore re o fumane.

17. Tumelo e re thusa joang hore re lule re tsepamisitse likelello moputsong?

17 Pauluse o ile a ngola a re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheb. 11:1) Abrahama le Sara ba ne ba ikemiselitse ho tlohela bophelo bo mabothobotho boo ba neng ba bo phela ’me ba ne ba ikemiselitse hore ba lule e le “basele le baahi ba nakoana naheng eo.” Ke eng e ileng ea ba thusa? ‘Ba ile ba bonela phethahatso ea litšepiso tsa Molimo hōle.’ Moshe o ile a hana ho ‘thabela sebe ka nakoana’ le “matlotlo a Egepeta.” O ile a thusoa ke’ng hore a be le tumelo le sebete sa ho etsa joalo? O ile a “talima ka hloko tefong ea moputso.” (Baheb. 11:8-13, 24-26) Ke ho utloahalang hore ebe ha Pauluse a ne a bua ka bona, o ne a qala ka mantsoe a reng, “ka tumelo.” Tumelo e ile ea ba thusa hore ba se ke ba sheba liteko le mathata a nako eo feela empa ba bone seo Molimo a neng a ba etsetsa sona le seo a neng a tla ba etsetsa sona nakong e tlang.

18. Ke mehato efe eo re lokelang ho e nka e le hore re hlobole “sebe se re tšoasang habonolo”?

18 Haeba re nahanisisa ka banna le basali ba tumelo bao ho builoeng ka bona ho Baheberu khaolo ea 11 re bile re etsisa mohlala oa bona, re ka ba le tumelo ’me ra hlobola “sebe se re tšoasang habonolo.” (Baheb. 12:1) Hape re ka ‘nahanelana hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle’ ka hore re bokane hammoho le batho bao le bona ba loanelang ho ba le tumelo joaloka rōna.—Baheb. 10:24.

19. Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore re tsepamise kelello moputsong?

19 Re haufi le ho qeta peiso ea rōna. Ho se ho ntse ho tšoana leha eka re bona khole ea tlhōlo. Ka tumelo le ka thuso ea Jehova, le rōna re ka “[hlobola] boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo.” Ka sebele, re ka matha ka tsela eo re tla fumana moputso—e leng litlhohonolofatso tseo Ntate oa rōna le Molimo oa rōna Jehova a re tšepisitseng tsona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bajuda ba boholo-holo ba ne ba nka sena e le ntho e nyarosang haholo. Buka ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele ea 2 Maccabees, e re Bajuda ba bangata ba ne ba halefile ha Moprista ea Phahameng oa mokoenehi e leng Jason, a ne a batla ho haha sebaka sa lipapali tsa ka tlung Jerusalema, e leng ntho e neng e etsoa ke Bagerike.—2 Macc. 4:7-17.

Na U sa Hopola?

• Ho hlobola “boima bo bong le bo bong” ho akarelletsa’ng?

• Ke eng e ka ’nang ea etsa hore Mokreste a felloe ke tumelo?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho tsepamisa kelello moputsong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Sebe se re tšoasang habonolo” ke eng, ’me se ka re tšoasa joang?