Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke “Molimo ea Fanang ka Khotso”

Jehova ke “Molimo ea Fanang ka Khotso”

 Jehova ke “Molimo ea Fanang ka Khotso”

“E se eka Molimo ea fanang ka khotso a ka ba le lōna bohle.”—BAR. 15:33.

1, 2. Ke boemo bofe bo hlobaetsang bo hlalosoang ho Genese khaolo ea 32 le 33, ’me qetellong ho ile ha etsahala’ng?

NAHANA ka ketsahalo ena: Bara ba motho ba babeli ba ne ba tlil’o kopana haufi le Penuele, pel’a phula ea molapo oa Jaboke o ka bochabela ho nōka ea Jordane. Esau o utloile hore lefahla le eena, e leng Jakobo, o khutlela hae. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse 20 ka mor’a hore Esau a rekisetse ngoan’abo tokelo ea hae ea ho ba letsibolo, Jakobo o ntse a tšohile hore mohlomong Esau o ntse a mo koetletse lerumo ka likobong. Esau o tsamaea le banna ba 400 ho ea khahlametsa ngoan’abo eo e leng khale ba arohane le eena. Kaha Jakobo o lebeletse hore Esau a ke ke a mo amohela hantle, o mo romella moqeqeko oa limpho e leng liphoofolo tse fetang 550. Ha bahlanka ba Jakobo ba fihla ka sehlopha se seng le se seng sa liphoofolo, ba ne ba bolella Esau hore ke mpho e tsoang ho ngoan’abo.

2 Qetellong baa kopana! Jakobo o atamela Esau ka sebete, ’me o mo inamela ka makhetlo a supileng. Jakobo o se a ntse a nkile bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa ba ho nolofatsa pelo ea ngoan’abo. O se a rapetse Jehova hore a mo lopolle letsohong la Esau. Na Jehova o ile a araba thapelo eo? E, o ile a e araba. Bibele e re: “Esau a matha ho mo khahlanyetsa, ’me a qala ho mo kopa le ho itihela molaleng oa hae le ho mo aka.”—Gen. 32:11-20; 33:1-4.

3. Re ithuta’ng tlalehong e mabapi le Jakobo le Esau?

3 Tlaleho e mabapi le Jakobo le Esau e bontša hore re lokela ho ikitlaetsa le ho nka mehato e tobileng ea ho rarolla mathata a ka ’nang a senya khotso eo re e thabelang ka phuthehong ea Bokreste. Jakobo o ne a batla ho  bōpa khotso le Esau, le hoja a ne a sa mo fosetsa ka letho ho bile ho sa hlokahale hore a kōpe tšoarelo. Ha e le hantle, Esau ke eena ea neng a nyelisitse tokelo ea hae ea tsoalo eaba o e rekisetsa Jakobo e le hore feela a mo fe sekotlolo sa sechu. (Gen. 25:31-34; Baheb. 12:16) Leha ho le joalo, tsela eo Jakobo a ileng a etsa lintho ka eona pele a kopana le Esau, e bontša hore na re lokela ho ikemisetsa ho etsa matsapa a makaakang e le hore re phelisane ka khotso le barab’abo rōna. E boetse e bontša hore Molimo oa ’nete o arabela lithapelo tsa rōna ha re mo kōpa hore a hlohonolofatse boiteko boo re bo etsang ba ho bōpa khotso. Ka Bibeleng ho na le mehlala e meng e mengata e re bontšang kamoo re ka bōpang khotso kateng.

Mohlala o Motle ka ho Fetisisa oo re ka o Latelang

4. Molimo o entse tokisetso efe e le hore a pholose moloko oa batho sebeng le lefung?

4 Mohlala o ikhethang ka ho fetisisa oa ho bōpa khotso, ke oa Jehova—e leng “Molimo ea fanang ka khotso.” (Bar. 15:33) Nahana hore na Jehova o ile a etsa matsapa a makaakang ho etsa hore re boele re be le khotso le eena. Kaha re litloholo tsa Adama le Eva, re baetsalibe, ’me re lokela ho fumana “moputso oo sebe se o lefang.” (Bar. 6:23) Ho ntse ho le joalo, ka lebaka la lerato la hae le leholo Jehova o ile a lokisetsa hore re pholohe ka ho romela Mora oa hae ea ratoang hore a tlohe leholimong ’me a tl’o tsoaloa e le motho ea phethahetseng. Jesu o ile a phethahatsa seo ka ho rata. O ile a lumela hore lira tsa Molimo li mo bolaee. (Joh. 10:17, 18) Molimo oa ’nete o ile a tsosa Mora oa hae ea ratoang ’me ka mor’a moo, Jesu o ile a nehelana ka molemo oa mali a hae a tšolotsoeng ho Ntate oa hae, ao e neng e tla ba thekollo ho lopolla baetsalibe ba bakileng lefung la ka ho sa feleng.—Bala Baheberu 9:14, 24.

5, 6. Mali a Jesu a tšolotsoeng a thusa batho ba baetsalibe joang hore ba lokise kamano ea bona le Molimo e senyehileng?

5 Tokisetso ea sehlabelo sa thekollo sa Mora oa Molimo e thusa batho ba baetsalibe joang hore ba lokise kamano ea bona le Molimo e senyehileng? Esaia 53:5 e re: “Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim’a hae, ’me re fumane pholiso ka lebaka la maqeba a hae. “ Ho e-na le hore batho ba mamelang Molimo ba nkoe e le lira tsa hae, joale ba ka thabela ho ba le khotso le eena. “Ka [Jesu] re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna.”—Baef. 1:7.

6 Bibele e re: “Molimo o ile a bona ho le molemo hore botlalo bohle bo lule ho [Kreste].” Lebaka ke hore Kreste ke eena ea ka sehloohong eo Molimo a mo sebelisang ho phethahatsa morero oa hae. Morero oa Jehova ke ofe? Ke hore “a boelanye hape lintho tse ling tsohle le eena ka ho etsa khotso ka mali [a Jesu Kreste a tšolotsoeng].” “Lintho tse ling tsohle” tseo Molimo a li bokellang hore e be metsoalle ea hae ke “lintho tse maholimong” le “lintho tse lefatšeng.” Lintho tsee ke eng?—Bala Bakolose 1:19, 20.

7. “Lintho tse maholimong” le “lintho tse lefatšeng” tse boelanngoang le Molimo e le hore li be le khotso le eena ke eng?

7 Tokisetso ea thekollo e thusa Bakreste ba tlotsitsoeng, bao ‘ho boletsoeng hore ba lokile’ e le bara ba Molimo, hore ba ‘thabele khotso le Molimo.’ (Bala Baroma 5:1.) Ho boleloa hore ke “lintho tse maholimong” kaha ba na le tšepo ea ho phela leholimong ebile “ba tla busa e le marena holim’a lefatše” ’me e tla ba baprista ba Molimo. (Tšen. 5:10) Ka lehlakoreng le leng, “lintho tse lefatšeng” ke batho ba bakileng, bao qetellong ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Pes. 37:29.

8. U ikutloa joang ha u nahanisa ka matsapa ao Jehova a a entseng ho etsa hore batho ba be le khotso le eena?

8 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese ’me a hlalosa kamoo a ananelang tokisetso ea Jehova ho tsoa botebong ba pelo kateng, o ile a re: “Molimo, ea ruileng mohau, . . . o ile a re phelisa hammoho le Kreste, esita leha re ne re shoele litšitong—le pholositsoe ka mosa o sa tšoanelang.” (Baef. 2:4, 5) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho  phela leholimong kapa lefatšeng, re leboha Molimo haholo ka mohau oa hae hammoho le mosa oa hae o sa tšoanelang. Ruri re leboha Jehova haholo ha re nahana hore na o entse matsapa a makaakang ho etsa hore batho ba khone ho ba le khotso le eena. Ha re tobana le maemo a ka senyang bonngoe le khotso ka phuthehong, re lokela ho nahana ka mohlala oa Molimo ’me re bōpe khotso le bara le barali babo rōna.

Ithute Mohlaleng oa Abrahama le oa Isaka

9, 10. Abrahama o ile a bontša joang hore o rata ho bōpa khotso ha a sebelisana le Lota nakong eo ho neng ho e-na le qabang pakeng tsa balisa ba bona?

9 Ha Bibele e bua ka mopatriareka Abrahama, e re: “‘Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a balloa hoo e le ho loka,’ ’me a bitsoa ‘motsoalle oa Jehova.’” (Jak. 2:23) Abrahama o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe e ne e le motho ea ratang khotso. Ka mohlala, ha mehlape ea hae e ntse e eketseha, ho ile ha e-ba le qabang pakeng tsa balisa ba hae le ba Lota, eo e neng e le mora oa mor’abo. (Gen. 12:5; 13:7) Ho ne ho totobetse hore Abrahama le Lota ba ne ba lokela ho arohana e le hore ba rarolle bothata boo. Hlokomela hore na Abrahama o ile a sebetsa boemo boo bo boima joang. Ha aa ka a nka hore e ne e le eena ea lokelang ho etsa qeto hobane a ne a le moholo a bile a e-na le setsoalle se khethehileng le Jehova. Ho e-na le hoo, o ile a bontša hore o ne a batla ho bōpa khotso le Lota.

10 Abrahama o ile a re ho eena: “Ka kōpo, ho se ke ha tsoela pele ho e-na le qabang leha e le efe pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa balisa ba ka le balisa ba hao, etsoe re bara ba motho. Na naha eohle ha ea u bulehela? Ke kōpa hore re arohane. Haeba u e-ea ka ho le letšehali, ke tla ea ka ho le letona; empa haeba u e-ea ka ho le letona, joale ke tla ea ka ho le letšehali.” Lota o ile a khetha karolo e nonneng haholo ea naha, empa Abrahama ha aa ka a mo koetlela sekhopi. (Gen. 13:8-11) Hamorao ha mabotho a futuhileng a ne a isa Lota kholehong, Abrahama ha aa ka a tsilatsila ho mo lopolla.—Gen. 14:14-16.

11. Abrahama o ile a phehella ho bōpa khotso joang le Bafilista bao a neng a ahile le bona?

11 Hape nahana kamoo Abrahama a ileng a phehella ho bōpa khotso kateng le Bafilista bao a neng a ahile le bona naheng ea Kanana. Bafilista ba ne ba ‘nkile ka mabifi’ seliba seo bahlanka ba Abrahama ba neng ba icheketse sona Beerseba. Ebe joale monna eo ea ileng a lopolla mora oa mor’abo ka hore a hlōle marena a mane a neng a mo isitse kholehong o ne a tla etsa joang? Ho e-na le ho tseka seliba sa hae, Abrahama o ile a khetha ho khutsa ka taba eo. Ha nako e ntse e ea, morena oa Bafilista o ile a etela Abrahama ho tla etsa selekane sa khotso le eena. Ka mor’a hore morena eo oa Bafilista a kōpe Abrahama hore a mo hlapanyetse hore o tla tšoara litloholo tsa hae ka mosa, ke hona Abrahama a ileng a mo bolella ka seliba sa hae se utsoitsoeng. Morena eo o ile a tšoha haholo ha a utloa taba eo, a ba a khutlisetsa seliba seo ho Abrahama. Abrahama o ile a tsoela pele ho iphelela ka khotso e le mojaki naheng eo.—Gen. 21:22-31, 34.

12, 13. (a) Isaka o ile a latela mohlala oa ntat’ae joang? (b) Kaha Isaka e ne e le motho ea ratang khotso, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa joang?

12 Mora oa Abrahama e leng Isaka, o ile a latela mohlala oa ntat’ae oa ho rata khotso. Sena se totobatsoa ke tsela eo a ileng a sebelisana le Bafilista ka eona. Ka lebaka la tlala e khōlō e ileng ea e-ba teng naheng eo, Isaka le ba ntlo ea hae ba ile ba tloha Beere-lahai-roi sebakeng se omeletseng sa Negebe ba fallela Gerare, e leng naha ea Bafilista e nonneng e ka leboea. Ha ba le moo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Isaka ka chai e khōlō le ka ho mo ekeletsa mehlape. Eaba Bafilista ba qala ho mo shoela mōna. Kaha Bafilista ba ne ba sa batle hore Isaka a atlehe joaloka ntat’ae, ba ile ba kata liliba tseo bahlanka ba Abrahama ba neng ba li chekile sebakeng seo. Eaba qetellong morena oa Bafilista o bolella Isaka hore a ‘tlohe tikolohong ea bona.’ Kaha Isaka e ne e le motho ea  ratang khotso, o ile a tloha.—Gen. 24:62; 26:1, 12-17.

13 Ka mor’a hore Isaka le ba ntlo ea hae ba tlohe moo, balisa ba hae ba ile ba cheka seliba se seng hape. Eaba balisa ba Bafilista ba re ke sa bona. Joaloka ntat’ae Abrahama, Isaka ha aa ka a tseka seliba seo. Ho e-na le hoo, o ile a boela a re banna ba hae ba cheke seliba se seng. Bafilista ba ile ba boela ba re le sona ke sa bona. E le hore ba boloke khotso, Isaka le ba ntlo ea hae ba ile ba boela ba fallela sebakeng se seng. Ha ba se ba le moo, bahlanka ba hae ba ile ba cheka seliba seo Isaka a ileng a se reha Rehobothe. Ha nako e ntse e ea, o ile a fallela naheng e nonneng haholo ea Beerseba, moo Jehova o ileng a mo hlohonolofatsa eaba o re ho eena: “U se ke ua tšoha, hobane ke na le uena, ’me ke tla u hlohonolofatsa ke atise peō ea hao ka lebaka la mohlanka oa ka Abrahama.”—Gen. 26:17-25.

14. Isaka o ile a bontša joang hore ke motho ea bōpang khotso ha morena oa Bafilista a ne a batla ho theha selekane sa khotso le eena?

14 ’Nete ke hore Isaka o ne a e-na le matla a ho tseka liliba tsohle tseo bahlanka ba hae ba neng ba li chekile. Etsoe morena oa Bafilista hammoho le matona a hae ba ile ba mo etela Beerseba ba batla ho etsa selekane sa khotso le eena, ba re: “Ruri re bone hore Jehova o na le uena.” Leha ho le joalo, e le hore a boloke khotso, Isaka o ile a khetha ho falla ka makhetlo a ’maloa ho fapana le ho itoanela. Le lekhetlong lena Isaka o ile a bontša hore ke motho ea bōpang khotso. Tlaleho e tšehetsoang ke histori e re: ‘A etsetsa baeti ba hae mokete eaba baa ja ’me baa noa. Hoseng ho hlahlamang ba tsoha kapele ’me ba hlapanyetsana. Ka mor’a moo Isaka a re ba tsamaee ka khotso.’—Gen. 26:26-31.

Ho Ithuta Mohlaleng oa Mor’a oa Jakobo eo e Neng e le Thatohatsi

15. Ke hobane’ng ha baholoane ba Josefa ba ne ba sitoa ho buisana le eena ka khotso?

15 Mora oa Isaka e leng Jakobo, e ne e le “monna ea sa tšoauoeng phoso.” (Gen 25:27) Joalokaha ho boletsoe qalong, Jakobo o ne a batla ho bōpa khotso le mor’abo, e leng Esau. Ha ho pelaelo hore Jakobo o ne a ruile molemo mohlaleng oa ntat’ae Isaka oa ho bōpa khotso. Ho thoe’ng ka bara ba Jakobo? Har’a bara ba hae ba 12, Josefa e ne e le eena thatohatsi ea Jakobo. Josefa e ne e le mora ea mamelang, ea hlomphang le ea neng a amehile haholo ka ntate oa hae. (Gen. 37:2, 14) Leha ho le joalo, baholoane ba Josefa ba ne ba mo shoela mōna hoo ba neng ba sitoa ho buisana le eena ka khotso. Ba ile ba rekisa Josefa ka sehlōhō hore e be lekhoba, eaba ba thetsa ntat’a bona ka ho etsa hore a nahane hore Josefa o bolailoe ke sebatana.—Gen. 37:4, 28, 31-33.

16, 17. Josefa o ile a bontša banab’abo joang hore o ne a rata khotso?

16 Jehova o ne a e-na le Josefa. Ha nako e ntse e ea, Josefa e ile ea e-ba tona-khōlō ea Egepeta—ea hlahlamang Faro ka matla. Ha baholoane ba Josefa ba ne ba e-tla Egepeta ka lebaka la tlala ea sekoboto, ba ne ba se ba sa mo tsebe ha a apere liaparo tsa Seegepeta. (Gen. 42:5-7) Ruri ho ka be ho ile ha e-ba bobebe haholo hore Josefa a iphetetse ho baholoane ba hae ka lebaka la sehlōhō seo ba ileng ba mo etsetsa sona le seo ba ileng ba se etsetsa ntat’a bona! Leha ho le joalo, ho e-na le hore Josefa a iphetetse, o ile a leka ho bōpa khotso le bona. Ha ho hlaka hore barab’abo ba ne ba bakile, o ile a itsebisa bona a re: “Le se ke la utloa bohloko ’me le se ke la ikhalefela kahobane le nthekisitse mona; hobane Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo.” Eaba o aka barab’abo kaofela ’me oa ba llela.—Gen. 45:1, 5, 15.

17 Ka mor’a lefu la Jakobo, baholoane ba Josefa ba ne ba nahana hore Josefa a ka ’na a iphetetsa. Ha ba mo bolella seo ba tšoenyehileng ka sona, Josefa o ile a “itšela ka meokho” eaba o re: “Le se ke la tšoha. Ke tla ’ne ke le fe lijo le bana ba lōna ba banyenyane.” Kaha Josefa o ne a rata khotso, o ile “a ba tšelisa ’me a bua le bona ka mokhoa o khothatsang.”—Gen. 50:15-21.

 “Li Ile Tsa Ngolloa ho re Laea”

18, 19. (a) Ho hlahloba mehlala ea batho ba bōpang khotso eo re e tšohlileng sehloohong see ho u tsoetse molemo joang? (b) Sehloohong se latelang re tla tšohla’ng?

18 Pauluse o ile a ngola a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Bar. 15:4) Ho hlahloba mohlala o ikhethang oa Jehova hammoho le litlaleho tsa Mangolo tse mabapi le Abrahama, Isaka, Jakobo le Josefa ho re tsoetse molemo joang?

19 Ha re nahana ka sohle seo Jehova a se entseng ho lokisa likamano tse senyehileng pakeng tsa hae le batho ba baetsalibe, na seo ha se re susumelletse hore re etse sohle seo re ka se khonang ho bōpa khotso le batho ba bang? Mohlala oa Abrahama, Isaka, Jakobo le Josefa, o bontša hore batsoali ba ka behela bana ba bona mohlala o motle. Ho feta moo, litlaleho tsena li bontša hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba ba lekang ho bōpa khotso. Ke kahoo Pauluse a reng Jehova ke “Molimo ea fanang ka khotso.” (Bala Baroma 15:33; 16:20.) Sehloohong se latelang re tla tšohla hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a hatisa hore ho hlokahala hore re phehelle khotso le hore na re ka bōpa khotso joang.

U Ithutile Eng?

• Jakobo o ile a etsa’ng pele a kopana le Esau, e le hore a bōpe khotso le eena?

• Seo Jehova a ileng a se etsa e le hore batho ba boele ba be le khotso le eena se u ama joang?

• U ithutile’ng mohlaleng oa Abrahama, Isaka, Jakobo le Josefa bao e neng e le batho ba bōpang khotso?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ke bohato bofe ba bohlokoa ka ho fetisisa boo Jakobo a ileng a bo nka e le hore a bōpe khotso le Esau?