Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phomolo ea Molimo ke Eng?

Phomolo ea Molimo ke Eng?

 Phomolo ea Molimo ke Eng?

“Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo.”—BAHEB. 4:9.

1, 2. Re ka etsa qeto efe ha re bala phetolelo e nepahetseng ea Genese 2:3, hona ho hlaha lipotso life?

HO TLOHA khaolong ea pele ea Genese, re ithuta hore Molimo o ile a lokisa lefatše ka matsatsi a tšeletseng a tšoantšetso hore motho a tle a lule ho lona. Qetellong ea letsatsi ka leng o ile a bua mantsoe ana: “Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng.” (Gen. 1:5, 8, 13, 19, 23, 31) Leha ho le joalo, ha Bibele e bua ka letsatsi la bosupa e re: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa, hobane o phomotse ka lona mosebetsing oohle oa hae oo Molimo a o bōpileng.”—Gen. 2:3.

2 Hlokomela sebōpeho sa leetsi le reng “o phomotse.” Le fana ka maikutlo a hore letsatsi la bosupa—e leng “letsatsi” la Molimo la phomolo—le ne le ntse le tsoela pele ka 1513 B.C.E. ha Moshe a ngola buka ea Genese. Na letsatsi la Molimo la phomolo le ntse le tsoela pele? Haeba ho joalo, na re ka kena phomolong ea Molimo kajeno? Likarabo tsa lipotso tsena ke tsa bohlokoa haholo ho rōna.

Na Jehova o sa Ntse a “Phomotse”?

3. Mantsoe a Jesu a ho Johanne 5:16, 17 a bontša joang hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele lekholong la pele la lilemo?

3 Ho na le mabaka a mabeli a etsang hore re fihlele qeto ea hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele lekholong la pele la lilemo C.E. La pele, hlokomela mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ho bahanyetsi ba neng ba mo nyatsa ha a phekola ka Sabatha, kaha ba ne ba nka hore oa sebetsa ka ho etsa joalo. Morena o ile a re ho bona, “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:16, 17) O ne a bolela’ng? Jesu o ne a qosoa ka hore o sebetsa ka Sabatha. O ile a araba qoso ea bona ka ho re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa.” Ha e le hantle Jesu o ne a re ho batho bana ba mo nyatsang: ‘’Na le Ntate re etsa mosebetsi o tšoanang. Kaha Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa nakong ena eohle ea Sabatha ea hae ea lilemo tse likete, ke ho loketseng ka ho feletseng hore le ’na ke ’ne ke tsoele pele ho sebetsa, esita le ka Sabatha.’ Kahoo, Jesu o ne a bolela hore mabapi le lefatše, letsatsi la Molimo le leholo la Sabatha, e leng letsatsi la bosupa, le ne le e-s’o fele ha a sa le lefatšeng. *

4. Pauluse o fana ka lebaka lefe le leng la hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele mehleng ea hae?

4 Lebaka la bobeli le etsang hore re fihlele qeto eo ke seo moapostola Pauluse a se buang. Ha a ne a qotsa Genese 2:2 mabapi le phomolo ea Molimo, Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe a latelang: “Rōna ba bontšitseng tumelo re hlile re kena phomolong eo.” (Baheb. 4:3, 4, 6, 9) Kahoo letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele mehleng ea Pauluse. Letsatsi leo la phomolo le ne le lokela ho tsoela pele halelele hakae?

5. Morero oa letsatsi la bosupa e ne e le ofe, ’me o tla phethahala ka botlalo neng?

5 E le hore re arabe potso eo, re lokela ho hopola morero oa letsatsi la bosupa. Genese 2:3 e re hlalosetsa hore na morero oo ke ofe ha e re: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa.” Jehova o ile a “halaletsa” letsatsi leo—a le khetha—e le hore a phethe morero oa hae. Morero oo ke hore lefatše le ahoe ke banna le basali ba ikokobelitseng ba tla le hlokomela ba be ba hlokomele le lintho tsohle tse phelang ho lona. (Gen. 1:28) Jehova Molimo le Jesu Kreste, “Morena oa sabatha,” ba ’nile ba “tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale,” e le hore ba phethe morero oo. (Mat. 12:8) Letsatsi la Molimo la phomolo le tla tsoela pele ho fihlela morero oa hae mabapi  le lona o phethahetse ka botlalo qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.

U se ke Ua “Oela Mohlaleng o Tšoanang oa ho se Mamele”

6. Ke mehlala efe eo e leng temoso ho rōna, ’me re ka ithuta’ng ho eona?

6 Adama le Eva ba ile ba hlalosetsoa morero oa Molimo ka ho hlaka, empa ha baa ka ba iphaphatha le oona. Ha e le hantle, Adama le Eva ke bona batho ba pele ba sa kang ba mamela. Ka mor’a moo ba bang ba limilione ba ile ba latela. Esita le batho bao Molimo a neng a ba khethile, e leng sechaba sa Iseraele, ba ile ba tloaela ho se mamele. Kahoo, ke habohlokoa hore ebe Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore esita le ba bang ho bona ba ne ba ka oela lerabeng lona leo Baiseraele ba boholo-holo ba oetseng ho lona. O ile a re: “A re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.” (Baheb. 4:11) Hlokomela hore Pauluse o amahanya ho se mamele le ho hlōleha ho kena phomolong ea Molimo. Seo se bolela’ng ho rōna? Haeba re ne re ka ba khahlanong le morero oa Molimo ka tsela e itseng, na re ne re ka ipeha kotsing ea hore re se ke ra kena phomolong ea Molimo? Ho hlakile hore karabo ea potso eo ke ea bohlokoa haholo ho rōna, ’me re tla tsoela pele ho e tšohla. Leha ho le joalo, mothating ona a re boneng hore na ke eng hape eo re ka ithutang eona mabapi le ho kena phomolong ea Molimo ka hore re hlahlobe mohlala o mobe oa Baiseraele.

“Ba ke ke ba Kena Phomolong ea Ka”

7. Jehova o ne a nahanne ka eng ha a ne a lopolla Baiseraele bokhobeng Egepeta, ’me ho ne ho lebeletsoe hore ba etse’ng?

7 Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a senolela mohlanka oa hae Moshe morero oa hae o mabapi le Baiseraele. Molimo o ile a re: “Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta le ho se ntša naheng eo [ea Egepeta] ho se isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Ex. 3:8) Hantle feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse moholo-holo oa bona, Abrahama, morero oa Molimo oa ho lopolla Baiseraele “matsohong a Baegepeta” e ne e le hore a ba etse sechaba sa hae. (Gen. 22:17) Molimo o ile a fa Baiseraele melao e neng e tla ba etsa hore ba be le kamano ea khotso le eena. (Esa. 48:17, 18) O ile a re ho Baiseraele: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka [joalokaha se hlalositsoe Molaong], joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, hobane lefatše lohle ke la ka.” (Ex. 19:5, 6) Ka lebaka leo, e le hore Baiseraele ba be le kamano e khethehileng le Molimo ho ne ho itšetlehile ka hore ba mamele lentsoe la hae.

8. Baiseraele ba ka be ba ile ba phela bophelo ba mofuta ofe hoja ba mamela Molimo?

8 Ak’u nahane feela hore na bophelo bo ne bo tla ba joang hoja Baiseraele ba mamela lentsoe la Molimo! Jehova a ka be a ile a hlohonolofatsa masimo a bona, lirapa tsa bona tsa morara le mehlape ea bona. Hape o ile a ba tšepisa hore o tla ba sireletsa lireng tsa bona. (Bala 1 Marena 10:23-27.) Ha Mesia a hlaha, mohlomong a ka be a ile a fumana Baiseraele ba tsoela pele hantle e le sechaba se ikemetseng, ba sa hule ka thata tlas’a puso ea Roma ea lere la tšepe. ’Muso oa Baiseraele e ka be e bile mohlala ho baahelani ba bona, ’me ka oona batho ba ne ba tla bona ka ho hlaka hore ho mamela Molimo oa ’nete ho fella ka mahlohonolo a moea le a nama.

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha ho lakatsa ha Baiseraele ho khutlela Egepeta e ne e le taba e tebileng? (b) Ho khutlela Egepeta ho ka be ho ile ha ama borapeli ba Baiseraele joang?

9 Baiseraele ba ne ba fuoe tlotla e kaakang! Ba ne ba lokela ho iphaphatha le morero oa Jehova, e leng se neng se tla etsa hore ho se ke ha hlohonolofatsoa bona feela, empa qetellong ho hlohonolofatsoe le malapa ’ohle a lefatšeng. (Gen. 22:18) Leha ho le joalo, moloko oo oohle oa marabele, ha oa ka oa thahasella ho beha mohlala oa ho ba ’muso o tlas’a puso ea Molimo. Hoa makatsa hore ebe ba ile ba ba ba batla ho khutlela Egepeta! (Bala Numere 14:2-4.) Joale, ho khutlela ha bona Egepeta ho ne ho tla ntšetsa pele morero oa Molimo joang oa ho etsa Baiseraele ’muso o nkoang e le mohlala? Ho ne ho ke  ke ha ntšetsa morero oo pele. Ha e le hantle, haeba Baiseraele ba ne ba ile ba khutlela botlamuoeng ba bahetene ba neng ba ba hapile, ba ne ba ke ke ba hlola ba latela Molao oa Moshe ebe ba rua melemo ea tokisetso ea Jehova ea ho tšoarela libe. Ba ne ba rata lintho tsa nama hakaakang ba bile ba se na ponelo-pele hakaakang! Ha ho makatse hore ebe ha Jehova a bua ka marabele ao o ile a re: “Ke ile ka tenoa ke moloko ona eaba ke re, ‘Kamehla baa hlahlathela lipelong tsa bona, ’me ha ba tsebe litsela tsa ka.’ Kahoo ke ile ka hlapanya bohaleng ba ka, ‘Ba ke ke ba kena phomolong ea ka.’”—Baheb. 3:10, 11; Pes. 95:10, 11.

10 Hore ebe sechaba seo se tsoileng tseleng se ne se batla ho khutlela Egepeta, ho bontša hore se ne se nka litlhohonolofatso tsa moea tseo se li fumaneng e se letho, ho e-na le hoo se ikhethela liliki, lieiee le likonofolo tsa Egepeta. (Num. 11:5) Marabele ana a ne a etsisa Esau ea se nang teboho ea ileng a ikemisetsa ho lahleheloa ke lefa la bohlokoa la moea e le hore a fumane lijo tse monate.—Gen. 25:30-32; Baheb. 12:16.

11. Ho se tšepahale ha Baiseraele ba mehleng ea Moshe ho ile ha ama morero oa Molimo joang?

11 Le hoja Baiseraele ba ileng ba tloha Egepeta ba sa ka ba bontša tumelo ho Jehova, ha aa ka a fela pelo empa o ile a “tsoela pele ho sebetsa” e le hore a phethahatse morero oa hae, nakong ena a se a batla ho sebelisa moloko o latelang. Moloko oo o mocha o ne o mamela ho feta bo-ntat’a oona. O ile oa mamela taelo ea Jehova ’me oa kena Naheng e Tšepisitsoeng, eaba o qala ho e hapa. Joshua 24:31 e re: “Baiseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mor’a Joshua le ba neng ba tsebile mosebetsi oohle oa Jehova oo a ileng a o etsetsa Baiseraele.”

12. Re tseba joang hore batho ba ka kena phomolong ea Molimo kajeno?

12 Leha ho le joalo, moloko oo o mamelang o ile oa shoa hanyane ka hanyane ’me oa nkeloa sebaka ke moloko o “neng o sa tsebe Jehova kapa mosebetsi oo a neng a o etselitse Baiseraele.” Ka lebaka leo, “bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova ’me ba sebeletsa bo-Baale.” (Baahl. 2:10, 11) Kaha Baiseraele bao ba ne ba sa mamele, ha hoa ka ha e-ba le khotso pakeng tsa bona le Molimo. Ka hona, Naha e Tšepisitsoeng ha ea ka ea e-ba ‘sebaka sa phomolo’ ho bona. Ha Pauluse a bua ka nako e neng e tla latela ka mor’a moo, o itse: ‘Haeba Joshua a ne a isitse Baiseraele sebakeng sa phomolo, ka mor’a moo Molimo a ka be a sa bua ka letsatsi le leng. Kahoo ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo.’ (Baheb. 4:8, 9) Bakreste e ne e le bona “batho ba Molimo” bao Pauluse a neng a bua ka bona. Na seo se bolela hore Bakreste ba ne ba ka kena phomolong ea Molimo? Ehlile ho joalo; ho ne ho tla kena Bakreste ba Bajuda le bao e seng Bajuda!

Ba Bang ba Sitoa ho Kena Phomolong ea Molimo

13, 14. Ho boloka Molao oa Moshe ho ne ho amana joang le ho kena phomolong ea Molimo (a) mehleng ea Moshe? (b) lekholong la pele la lilemo?

13 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu,  o ne a amehile ka hore har’a bona ho na le ba sa iphaphatheng le morero oa Molimo o tsoelang pele. (Bala Baheberu 4:1.) O ne a bolela’ng ka seo? Hoa makatsa hore ebe morero oo o ne o amana le ho bolokoa ha Molao oa Moshe. Ka lilemo tse ka bang 1 500, Moiseraele ofe kapa ofe ea neng a batla ho iphaphatha le morero oa Molimo o ne a tlameha ho boloka Molao. Empa ka mor’a hore Jesu a shoe, ho ne ho se ho sa hlokahale hore ba boloke Molao oa Moshe. Bakreste ba bang ba ile ba sitoa ho amohela seo, ’me ba tsitlella hore likarolo tse itseng tsa Molao li ’ne li bolokoe. *

14 Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste ba bang ba neng ba ikemiselitse ho boloka Molao hore boprista bo phahameng ba Jesu, selekane se secha le tempele ea moea li phahametse tsa selekane se neng se entsoe le sechaba sa Iseraele. (Baheb. 7:26-28; 8:7-10; 9:11, 12) Kahoo, ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a nahanne ka ho bolokoa ha Sabatha ea beke le beke tlas’a Molao oa Moshe ha a ngola ka tokelo ea ho kena letsatsing la Jehova la phomolo, a re: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo. Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae.” (Baheb. 4:8-10) Bakreste bao ba Baheberu ba ne ba tlameha ho khaotsa ho nahana hore Jehova a ka ba amohela ka hore ba etse mesebetsi ea Molao oa Moshe. Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., ho amoheloa ke Molimo e bile mpho eo ka mosa a ’nileng a fana ka eona ka seatla se bulehileng ho ba bontšang tumelo ho Jesu Kreste.

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela e le hore re kene phomolong ea Molimo?

15 Ke’ng se ileng sa sitisa Baiseraele ba mehleng ea Moshe ho kena Naheng e Tšepisitsoeng? Ho se mamele. Ke’ng se ileng sa sitisa Bakreste ba bang ba mehleng ea Pauluse ho kena phomolong ea Molimo? Le bona ba ile ba sitisoa ke ho se mamele. Ha baa ka ba hlokomela hore Molao o ne o phethile morero oa oona le hore Jehova o se a batla hore batho ba hae ba mo rapele ka tsela e fapaneng.

 Ho Kena Phomolong ea Molimo Kajeno

16, 17. (a) Ho kena phomolong ea Molimo kajeno ho bolela’ng? (b) Ho tla tšohloa’ng sehloohong se latelang?

16 Kajeno ha ho le ea mong har’a rōna ea ka tsitlellang hore Bakreste ba lokela ho boloka Molao oa Moshe e le hore ba pholohe. Mantsoe a Pauluse a bululetsoeng a eang ho Baefese a hlakile ka ho feletseng. O itse: “Ka mosa ona o sa tšoanelang, le pholositsoe ka tumelo; ’me sena hase ka lebaka la lōna, ke mpho ea Molimo. Che, hase ka lebaka la mesebetsi, e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka bang le lebaka la ho ithorisa.” (Baef. 2:8, 9) Joale ho bolela’ng hore Bakreste ba kene phomolong ea Molimo? Jehova o ile a behella letsatsi la bosupa ka thōko—e leng letsatsi la hae la phomolo—e le hore a phethahatse morero oa hae o mabapi le lefatše ka tsela e ikhethang. Re ka kena phomolong ea Jehova—kapa ra kena le eena phomolong ea hae—ka hore ka boikokobetso re iphaphathe le morero oa hae o tsoelang pele joalokaha mokhatlo oa hae o ntse o re senolela oona.

17 Ka lehlakoreng le leng, haeba re nyenyefatsa keletso e thehiloeng Bibeleng eo re e fuoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene,’me re ikhethela ho mamela feela seo re nahanang hore ke sa bohlokoa, re tla be re etsa lintho tse khahlanong le morero oa Molimo o ntseng o senoloa. Sena se ka senya kamano ea rōna e ntle le Jehova. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba maemo a seng makae a tloaelehileng a ka amang batho ba Molimo re be re tšohle kamoo liqeto tseo re li etsang, ebang ke tsa hore re mamele kapa re itaole, li ka bontšang hore na re fela re kene phomolong ea Molimo kapa che.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Baprista le Balevi ba ne ba sebetsa tempeleng ka Sabatha ’me ba “tsoela pele ba se na molato.” Kaha Jesu ke moprista ea phahameng oa Molimo tempeleng e khōlō ea moea, e ne e se phoso hore a sebetse ka Sabatha ha a etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.—Mat. 12:5, 6.

^ ser. 13 Ha re tsebe hore na ho na le Mokreste oa Mojuda leha e le ofe ea ileng a nyehela mahlabelo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe esita le ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. Ka sebele ho etsa joalo ho ne ho tla bontša hore ha a hlomphe sehlabelo sa Jesu. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba khomaretse lineano tse ling tse amanang le Molao.—Bagal. 4:9-11.

Lipotso Tsa ho Thuisa

• Morero oa letsatsi la bosupa la Molimo la phomolo e ne e le ofe?

• Re tseba joang hore letsatsi la bosupa le ntse le tsoela pele kajeno?

• Baiseraele ba mehleng ea Moshe hammoho le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba sitisoa ke’ng hore ba kene phomolong ea Molimo?

• Ho kena phomolong ea Molimo ho bolela’ng kajeno?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Kajeno re ka kena phomolong ea Jehova ka hore ka boikokobetso re iphaphathe le morero oa hae o tsoelang pele joalokaha mokhatlo oa hae o ntse o re senolela oona

[Litšoantšo tse maqepheng a 26, 27]

Ke’ng e lulang e hlokahala e le hore batho ba Molimo ba kene phomolong ea hae?