Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete

Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete

 Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete

“Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng.”—MIK. 2:12.

1. Pōpo e paka joang hore Molimo o bohlale?

MOPESALEME o ile a hooa a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.” (Pes. 104:24) Bohlale ba Molimo bo bonahala tseleng e rarahaneng eo mefuta e limilione e sa tšoaneng ea limela, likokoanyana, liphoofolo le libaktheria li sebelisanang ka eona ka tsela e tsotehang. Ho phaella moo, ’meleng oa hao ho na le lintho tse fapa-fapaneng tse likete, joaloka litho tse khōlō le limolek’hule tse nyenyane tse liseleng tsa hao, tseo kaofela ha tsona li sebelisanang e le hore u ka ba motho ea feletseng le ea phetseng hantle.

2. Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 13, ke hobane’ng ha e tlameha ebe bonngoe boo Bakreste ba neng ba e-na le bona bo ne bo bonahala e le mohlolo?

2 Jehova o bōpile batho ka tsela e neng e tla etsa hore ba itšetlehe ka ba bang. Batho ba na le litšobotsi tse ngata, botho bo sa tšoaneng le boiphihlelo bo fapa-fapaneng. Ho phaella moo, o ile a etsa hore batho ba pele ba be le litšobotsi tse tšoanang le tsa hae, tse neng li tla ba nolofalletsa hore ba sebelisane ba be ba tšehetsane. (Gen. 1:27; 2:18) Leha ho le joalo, hona joale batho ba arohane le Molimo ’me ka kakaretso ha ba e-s’o ka ba khona ho ba bonngoeng. (1 Joh. 5:19) Ka hona, kaha batho ba fapa-fapaneng bao e neng e le litho tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo ba ne ba akarelletsa makhoba a Baefese, basali ba hlaheletseng ba Bagerike, banna ba rutehileng ba Bajuda le batho bao e neng e le barapeli ba litšoantšo, e tlameha ebe bonngoe ba bona bo ne bo bonahala e le mohlolo.—Lik. 13:1; 17:4; 1 Bathes. 1:9; 1 Tim. 6:1.

3. Bibele e hlalosa bonngoe ba Bakreste joang, hona re tla tšohla’ng sehloohong see?

3 Borapeli ba ’nete bo nolofalletsa batho hore ba sebelisane ka kutloano joalokaha litho tsa ’mele ea rōna li sebelisana ka kutloano. (Bala 1 Bakorinthe 12:12, 13.) Lintlha tse ling tseo re tla li tšohla sehloohong sena ke tsena: Borapeli ba ’nete bo etsa hore batho ba be bonngoeng joang? Ke hobane’ng ha Jehova e le eena feela ea ka etsang hore batho ba limilione ba lichaba tsohle ba be bonngoeng? Jehova o re thusa hore re hlōle litšitiso life tse etsang hore ho se ke ha e-ba le bonngoe? Ho feta moo, Bokreste ba ’nete bo fapana joang le Bokreste-’mōtoana tabeng ea bonngoe?

Borapeli ba ’Nete bo Etsa Hore Batho ba be Bonngoeng Joang?

4. Borapeli ba ’nete bo etsa hore batho ba be bonngoeng joang?

4 Batho ba phelang ka borapeli ba ’nete baa utloisisa hore kaha Jehova ke eena ea bōpileng lintho tsohle, ka nepo ke eena ’Musi oa Bokahohle. (Tšen. 4:11) Kahoo, le hoja Bakreste ba ’nete ba lula libakeng tse sa tšoaneng le tlas’a maemo a fapa-fapaneng, kaofela ha bona ba boloka melao e tšoanang ea Molimo ’me ba phela ka melao-motheo e tšoanang ea Bibele. Ka nepo, barapeli bohle ba ’nete ba re Jehova ke ‘Ntate.’ (Esa. 64:8; Mat. 6:9) Ka hona, kaofela ha bona ke bara ba motho ba moea ’me ba ka ba le bonngoe bo tsotehang bo hlalositsoeng ke mopesaleme ha a re: “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!”—Pes. 133:1.

5. Ke tšobotsi efe e thusang barapeli ba ’nete hore ba be bonngoeng?

5 Le hoja Bakreste ba ’nete ba sa phethahala,  ba rapela hammoho ba le bonngoeng hobane ba ithutile ho ratana. Jehova o ba ruta hore ba ratane ka tsela eo ho seng motho e mong ea ka khonang ho ba ruta ka eona. (Bala 1 Johanne 4:7, 8.) Lentsoe la hae le re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakol. 3:12-14) Tlamo ena e phethahetseng ea bonngoe—e leng lerato—ke tšobotsi e ka sehloohong e khethollang Bakreste ba ’nete. Ka tsebo ea hao, na u hlokometse hore bonngoe boo ke tšobotsi e khethollang borapeli ba ’nete?—Joh. 13:35.

6. Tšepo ea ’Muso e re thusa joang hore re be bonngoeng?

6 Barapeli ba ’nete ba boetse ba bonngoeng kaha ba tšepile hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo ea batho. Baa tseba hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla ketola mebuso ea batho ’me o hlohonolofatse batho ba mamelang ka khotso ea ’nete le e sa feleng. (Esa. 11:4-9; Dan. 2:44) Kahoo, Bakreste ba sekehela tsebe seo Jesu a se buileng mabapi le balateli ba hae, ha a re: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Joh. 17:16) Bakreste ba ’nete ba lula ba sa nke lehlakore lintoeng tsa lefatše; ka lebaka leo, ba khona ho ba bonngoeng esita le ha batho ba ba potolohileng ba loantšana.

Mohloli o le Mong Feela oa Thuto ea Moea

7, 8. Thuto e thehiloeng Bibeleng e tlatsetsa joang tabeng ea hore re be bonngoeng?

7 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba le bonngoeng hobane kaofela ha bona ba ne ba fumana khothatso e tsoang mohloling o le mong. Ba ne ba utloisisa hore Jesu ke eena ea neng a ruta le ho tataisa phutheho a sebelisa sehlopha se busang, se neng se entsoe ka baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema. Banna bana ba neng ba itetse ba ne ba theha liqeto tsa bona Lentsoeng la Molimo ’me ba ne ba romela balebeli ba tsamaeang hore ba bolelle liphutheho tse neng li le linaheng tse ngata litaelo tsa bona. Mabapi le ba bang ba balebeli bana, Bibele e re: “Ha ba ntse ba tsamaea ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka eona ho ba leng moo hore ba e boloke.”—Lik. 15:6, 19-22; 16:4.

8 Ka tsela e tšoanang, le kajeno Sehlopha se Busang, se entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, se thusa hore ho be le bonngoe phuthehong ea lefatše lohle. Sehlopha se Busang se hatisa lingoliloeng ka lipuo tse ngata e le ho re khothatsa moeeng. Lijo tsena tsa moea li thehiloe Lentsoeng la Molimo. Kahoo, se rutoang ha se tsoe ho batho empa se tsoa ho Jehova.—Esa. 54:13.

9. Mosebetsi oo re o filoeng ke Molimo o re thusa joang hore re be bonngoeng?

9 Balebeli ba Bakreste le bona ba thusa hore ho be le bonngoe ka hore ba re etelle pele mosebetsing oa boboleli. Kamano e haufi eo batho ba sebetsang hammoho tšebeletsong ea Molimo  ba nang le eona, e matla ho feta ea batho ba bang bao e mpang e le metsoalle feela. Phutheho ea Bokreste ha ea thehoa ka morero oa ho etsa setsoalle feela, empa e thehetsoe hore e tlotlise Jehova ’me e phethe mosebetsi—e leng mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, ho etsa barutuoa le ho haha phutheho. (Bar. 1:11, 12; 1 Bathes. 5:11; Baheb. 10:24, 25) Ke kahoo moapostola Pauluse a neng a ka bua tjena ka Bakreste: “Le eme le tiile boikutlong bo le bong, ka moea o le mong le loana le bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo.”—Bafil. 1:27.

10. Ke litsela life tse ling tseo re leng bonngoeng ka tsona re le batho ba Molimo?

10 Ka lebaka leo, kaha re batho ba Jehova, re bonngoeng hobane re amohela bobusi ba Jehova, re rata barab’abo rōna, re tšepile ’Muso oa Molimo ’me re hlompha batho bao Molimo a ba sebelisang hore ba re etelle pele. Jehova o re thusa hore re hlōle litšobotsi tse itseng tse bakoang ke ho se phethahale, tse neng li ka beha bonngoe ba rōna kotsing.—Bar. 12:2.

Ho Hlōla Boikhohomoso le Mōna

11. Ke hobane’ng ha boikhohomoso bo baka likarohano, ’me Jehova o re thusa joang hore re bo hlōle?

11 Boikhohomoso bo arohanya batho. Motho ea ikhohomosang o rata ho inka a phahame ’me hangata o hlatsoeha pelo ha a ithorisa. Empa hangata sena se senya bonngoe; batho ba utloang ha a ithorisa ba ka ’na ba e-ba mōna. Morutuoa Jakobo o re bolella sefahla-mahlo, o re: “Ho ikhohomosa hohle ho joalo ho khopo.” (Jak. 4:16, NW) Ho khella batho ba bang fatše ke ho hloka lerato. Taba e hlollang ke hore Jehova ke mohlala oa boikokobetso kaha o sebelisana le rōna batho ba sa phethahalang. Davida o ile a ngola, a re: “Ke boikokobetso ba hao [Molimo] bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Sam. 22:36) Lentsoe la Molimo le re thusa hore re hlōle boikhohomoso ka ho re ruta hore re nahane ka tsela e nepahetseng. Pauluse o ile a bululeloa hore a botse: “Ke mang ea etsang hore u se ke ua tšoana le e mong? Ka sebele, u na le eng eo u sa kang ua e amohela? Joale, haeba ka sebele u ile ua e amohela, ke hobane’ng ha u ithorisa joalokaha eka ha ua ka ua e amohela?”—1 Bakor. 4:7.

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha ho le bonolo hore re be mōna? (b) Ho talima batho ba bang kamoo Jehova a ba talimang kateng ho fella ka eng?

12 Mōna ke ntho e ’ngoe e atisang ho senya bonngoe. Kaha re futsitse ho se phethahale, kaofela ha rōna re na le “tšekamelo ea ho ba mohono,” ’me ka linako tse ling le bao e seng e le khale e le Bakreste ba ka ’na ba shoela batho ba bang mōna ka lebaka la maemo, matlotlo, boikarabelo kapa bokhoni ba bona. (Jak. 4:5) Ka mohlala, mor’abo rōna ea nang le lelapa a ka ’na a shoela mosebeletsi oa nako e tletseng mōna ka lebaka la boikarabelo ba hae, a sa hlokomele hore e ka ’na eaba mosebeletsi eo oa nako e tletseng o mo shoela mōna hobane a e-na le bana. Re ka etsa joang hore mōna o joalo o se ke oa senya bonngoe ba rōna?

13 E le ho re thusa ho qoba mōna, hopola hore Bibele e tšoantša batlotsuoa bao e leng litho tsa phutheho ea Bokreste le litho tsa ’mele. (Bala 1 Bakorinthe 12:14-18.) Ka mohlala, le hoja e ka ’na eaba leihlo la hao le hlaheletse ho feta pelo ea hao, na hase tsa bohlokoa ka bobeli? Ka tsela e tšoanang, Jehova o nka litho tsohle tsa phutheho e le tsa bohlokoa le hoja ka nakoana tse ling li ka ’na tsa hlahella ho feta tse ling. Kahoo a re talimeng barab’abo rōna kamoo Jehova a ba talimang kateng. Ho e-na le hore re shoele batho ba bang mōna, re ka bontša hore rea ba tsotella ebile rea ba thahasella. Haeba re etsa joalo, re kenya letsoho tabeng ea hore phapang e pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba leng likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana e bonahale.

 Bokreste-’mōtoana—Bo Bonahala ka Likarohano

14, 15. Ho tlile joang hore Bokreste ba bokoenehi bo arohane?

14 Bonngoe ba Bakreste ba ’nete bo fapane le lintoa tse teng likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Lekholong la bone la lilemo, Bokreste ba bokoenehi bo ne bo atile hoo moemphera oa Roma oa mohetene a ileng a bo laola, e leng se ileng sa etsa hore ho hlahe Bokreste-’mōtoana. Ka mor’a moo, ka lebaka la likarohano tse ngata tse latellanang, mebuso e mengata e ile ea ikarola Roma ’me ea theha likereke tsa eona tsa Naha.

15 Bongata ba mebuso eo e ’nile ea loantšana ka lilemo tse makholo. Lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo, batho ba Brithani, Fora le United States ba ile ba khothalletsa baahi hore ba inehele Linaheng tsa habo bona, hoo bochaba bo ileng ba e-ba joaloka bolumeli. Lekholong la bo19 le la bo20 la lilemo, likelello tsa batho ba bangata li ile tsa qala laoloa ke bochaba. Qetellong, likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa e-ba le maquloana a mangata, ao bongata ba ’ona a chaelang bochaba monoana. Batho ba kenang likereke ba ’nile ba loantša balumeli-’moho le bona sechabeng se seng. Kajeno Bokreste-’mōtoana bo arotsoe ke lithuto tsa bokhelohi le bochaba.

16. Ke litaba tsa mofuta ofe tseo batho ba Bokreste-’mōtoana ba sa ntseng ba arohane ho tsona?

16 Lekholong la bo20 la lilemo, a mang a maquloana a makholo a Bokreste-’mōtoana a ile a kena letšolong la ho etsa hore Likereke tse ngata tsa Bokreste li be bonngoeng. Empa ka mor’a ho leka ka lilemo tse mashome, ke likereke tse seng kae feela tse ileng tsa kopana, ’me batho ba kenang likereke ba sa ntse ba arohane litabeng tse kang khopolo ea ho iphetola ha lintho, ho ntša mpa, bosodoma le ho etsa basali baruti. Likarolong tse ling tsa Bokreste-’mōtoana, baeta-pele ba kereke ba leka ho kopanya batho ba maquloana a fapaneng ka ho nyenyefatsa bohlokoa ba lithuto tse neng li baka karohano pele. Leha ho le joalo, ho nyenyefatsa bohlokoa ba lithuto ho etsa hore batho ba be le tumelo e fokolang ’me ho hang ha ho etse hore malumeli a arohaneng a Bokreste-’mōtoana a be bonngoeng.

Borapeli ba ’Nete bo Hlōla Moea oa Bochaba

17. Ho ile ha profetoa joang hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla etsa hore batho ba be bonngoeng “karolong e qetellang ea matsatsi”?

17 Le hoja hona joale batho ba arohane ho feta leha e le neng pele, bonngoe bo sa ntsane bo khetholla barapeli ba ’nete. Moprofeta oa Molimo, e leng Mikea, o ile a profeta se latelang: “Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng.” (Mik. 2:12) Mikea o ile a profeta hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla phahamela mefuta e meng eohle ea borapeli, ebang ke ba melimo ea bohata kapa ba Naha e fetotsoeng molimo. O ile a ngola tjena: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; ’me lichaba li tla phallela ho eona. Etsoe lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna.”—Mik. 4:1, 5.

18. Borapeli ba ’nete bo re thusitse hore re etse liphetoho life?

 18 Mikea o ile a boela a hlalosa kamoo borapeli ba ’nete bo neng bo tla etsa hore batho bao pele e neng e le lira ba be bonngoeng kateng. O ile a re: “Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.’ . . . Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Mik. 4:2, 3) Batho ba tlohelang ho rapela melimo e entsoeng ke batho kapa ho rapela linaha tsa habo bona ’me ba amohela borapeli ba Jehova, ba ba bonngoeng lefatšeng ka bophara. Molimo o ba ruta litsela tsa ho bontša lerato.

19. Ho ba bonngoeng ha batho ba limilione borapeling ba ’nete ke bopaki bo hlakileng ba eng?

19 Bonngoe boo Bakreste ba ’nete ba leng ho bona lefatšeng ka bophara kajeno boa ikhetha ’me ke bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o ntse a tsoela pele ho tataisa batho ba hae a sebelisa moea oa hae. Ha ho mohla batho ba lichaba tsohle ba kileng ba ba bonngoeng ka tsela ena. Sena ke phethahatso e hlollang e boleloang ka tsela e sa tobang ho Tšenolo 7:9, 14, ’me se bontša hore haufinyane mangeloi a Molimo a tla lokolla “meea” e tla timetsa tsamaiso ena e khopo ea lintho. (Bala Tšenolo 7:1-4, 9, 10, 14.) Ke tlotla e kaakang hore ebe re bonngoeng mokhatlong oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara! E mong le e mong oa rōna a ka kenya letsoho joang tabeng ea hore bonngoe bo joalo bo be teng? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

U ka Araba Joang?

• Borapeli ba ’nete bo etsa hore batho ba be bonngoeng joang?

• Re ka etsa joang hore mōna o se ke ua senya bonngoe ba rōna?

• Ke hobane’ng ha barapeli ba ’nete ba sa arohanngoe ke moea oa bochaba?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e le batho ba limelo tse fapaneng

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ha u thusa mesebetsing e etsoang Holong ea ’Muso u kenya letsoho joang tabeng ea hore ho be le bonngoe?