Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Moea o Batla ka Hare ho . . . Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo”

“Moea o Batla ka Hare ho . . . Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo”

 “Moea o Batla ka Hare ho . . . Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo”

“Moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 BAKOR. 2:10.

1. Ho 1 Bakorinthe 2:10 Pauluse o totobatsa karolo efe e phethoang ke moea o halalelang, hona ho hlaha lipotso life?

RURI re leboha mosebetsi o etsoang ke moea o halalelang oa Jehova! Mangolo a re moea ke mothusi, ke mpho, oa paka ebile o re kōpela ka tieo. (Joh. 14:16; Lik. 2:38; Bar. 8:16, 26, 27) Moapostola Pauluse o ile a totobatsa karolo e ’ngoe ea bohlokoa e phethoang ke moea o halalelang ha a ne a re: “Moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:10) Ka sebele, Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho senola linnete tse tebileng tsa moea. Ha e ne e se ka thuso ee, na re ka be re utloisisa merero ea Jehova? (Bala 1 Bakorinthe 2:9-12.) Leha ho le joalo, ho hlaha lipotso tse ’maloa: ‘Moea o batla ka hare ho lintho tse tebileng tsa Molimo’ joang? Lekholong la pele la lilemo C.E., Jehova o ile a senola lintho tsee ka bo-mang? Mehleng ea rōna teng moea o batla ka hare ho lintho tse tebileng joang hona o sebelisa bo-mang?

2. Moea o ne o tla sebetsa ka litsela life tse peli?

2 Jesu o ile a bontša litsela tse peli tseo moea o neng o tla sebetsa ka tsona. Nakoana pele a e-shoa, o ile a re ho baapostola ba hae: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle ’me a le  hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” (Joh. 14:26) Kahoo, moea o halalelang o ne o tla ruta Bakreste o be o ba hopotse lintho. Tabeng ea ho ba ruta, o ne o tla ba thusa hore ba utloisise lintho tse neng li sa utloisisoe pele. Tabeng ea ho ba hopotsa, o ne o tla ba thusa hore ba hopole seo ba neng ba se hlaloselitsoe ba be ba se sebelise ka nepo.

Lekholong la Pele la Lilemo

3. Ke mantsoe afe a Jesu a ileng a bontša hore “lintho tse tebileng tsa Molimo” li ne li tla senoloa hanyane ka hanyane?

3 Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae linnete tse ngata tse neng li le ncha ho bona. Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba lokela ho ithuta tsona. Jesu o ile a re ho baapostola: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale. Leha ho le joalo, ha eo a fihla, moea oa ’nete, o tla le tataisetsa ’neteng eohle.” (Joh. 16:12, 13) Kahoo, Jesu o ile a bontša hore lintho tse tebileng tsa moea li ne li tla senoloa hanyane ka hanyane ho sebelisoa moea o halalelang.

4. Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., moea o halalelang o ile oa phetha karolo ea ho ruta le ho hopotsa joang?

4 Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., “moea oa ’nete” o ile oa fihla, ’me oa tšolleloa ho Bakreste ba ka bang 120 ba neng ba bokane hammoho Jerusalema. Sena se ile sa pakoa ke seo batho ba ileng ba se bona le seo ba ileng ba se utloa. (Lik. 1:4, 5, 15; 2:1-4) Barutuoa ba ile ba bua “lintho tse hlollang tsa Molimo” ka maleme a sa tšoaneng. (Lik. 2:5-11) Joale e ne e se e le nako ea hore ho senoloe ntho e ncha. Moprofeta Joele o ne a ile a bolela esale pele ka ho tšolloa hona ha moea o halalelang. (Joele 2:28-32) Batho ba neng ba shebeletse ba ile ba bona ha seo se ne se phethahala ka tsela eo ho neng ho se le ea mong oa bona ea neng a e lebeletse, ’me moapostola Petrose o ile a etella pele ho hlalosa ketsahalo ena. (Bala Liketso 2:14-18.) Ka tsela ena, moea o halalelang o ile oa ruta Petrose ka ho mo hlakisetsa hore se neng se etsahetse ho barutuoa bao se ne se phethahatsa boprofeta boo ba boholo-holo. Moea o ile oa boela oa hopotsa Petrose, hobane ha aa ka a qotsa Joele feela empa o ile a qotsa le lipesaleme tse peli tsa Davida. (Pes. 16:8-11; 110:1; Lik. 2:25-28, 34, 35) Seo ba neng ba bokane ba ileng ba se bona le ho se utloa, ka sebele e ne e le lintho tse tebileng tsa Molimo.

5, 6. (a) Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ke lipotso life tsa bohlokoa mabapi le selekane se secha tse neng li lokela ho arajoa? (b) Litaba tsee li ne li hlahisoa ke bo-mang, hona liqeto li ne li etsoa joang?

5 Ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba hlakisetsoe lintho tse ngata. Ka mohlala, ho ne ho e-na le lipotso mabapi le selekane se secha se neng se qalile ho sebetsa hona letsatsing leo la Pentekonta. Na selekane se secha se ne se sebetsa feela ho Bajuda le batho ba neng ba sokolohetse Sejudeng? Na Balichaba le bona ba ne ba ka amoheloa ho sona ’me ba tlotsoe ka moea o halalelang? (Lik. 10:45) Na banna ba Balichaba ba ne ba tla lokela ho bolla pele ba be ba boloke Molao oa Moshe? (Lik. 15:1, 5) Tsena e ne e le lipotso tsa bohlokoa haholo. E le hore ho batloe ka hare ho lintho tsena tse tebileng, ho ne ho hlokahala moea oa Jehova. Leha ho le joalo, o ne o tla sebetsa ka bo-mang?

6 Barab’abo rōna ba ikarabellang ke bona ba neng ba hlahisa taba e ’ngoe le e ’ngoe eo ho neng ho hlokahala hore e tšohloe. Petrose, Pauluse le Barnabase ba ne ba le teng sebokeng seo sa sehlopha se busang ’me ba ile ba bolela kamoo Jehova a neng a sebetsana le Balichaba ba sa bollang kateng. (Lik. 15:7-12) Sehlopha se busang se ile sa etsa qeto ka mor’a ho tšohla bopaki bona hammoho le se neng se boletsoe ke Mangolo a Seheberu le ka thuso ea moea o halalelang. Ka mor’a moo, se ile sa ngolla liphutheho ho li tsebisa qeto e entsoeng.—Bala Liketso 15:25-30; 16:4, 5; Baef. 3:5, 6.

7. Linnete tse tebileng li ile tsa senoloa ka tsela efe?

7 Litaba tse ling tse ngata li ile tsa hlakisoa ka mangolo a bululetsoeng a ngotsoeng ke Johanne, Petrose, Jakobo le Pauluse. Empa nako e itseng ka mor’a hore ho phethoe Mangolo a Bakreste, lineo tsa ho profeta le tsebo e senotsoeng  ka mohlolo, li ile tsa khaotsa. (1 Bakor. 13:8) Na moea o ne o tla tsoela pele o phetha karolo ea ho ruta le ho hopotsa? Na o ne o tla tsoela pele ho thusa Bakreste hore ba batle ka hare ho lintho tse tebileng tsa Molimo? Boprofeta bo ile ba bontša hore o ne o tla etsa joalo.

Nakong ea Bofelo

8, 9. Ke bo-mang ba neng ba tla “khanya” ka temohisiso ea moea nakong ea bofelo?

8 Mabapi le nako ea bofelo, lengeloi le ile la bolela esale pele la re: “Ba nang le temohisiso ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka; ’me ba tlisang ba bangata ho lokeng, ba tla khanya joaloka linaleli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng . . . ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Dan. 12:3, 4) Ke bo-mang ba neng ba tla ba le temohisiso ba be ba khanye? Jesu o ile a fana ka leseli papisong ea hae ea koro le mofoka. Ha a ne a bua ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a re: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” (Mat. 13:39, 43) Tlhalosong ea hae, Jesu o ile a re “ba lokileng” ke “bara ba ’muso,” e leng Bakreste ba tlotsitsoeng.—Mat. 13:38.

9 Na Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ne ba tla “khanya”? Ho ka ’na ha boleloa hore ho joalo hobane Bakreste bohle ba ne ba tla kopanela mosebetsing oa boboleli, oa ho etsa barutuoa  le oa ho matlafatsana libokeng. Batlotsuoa ke bona ba neng ba tla beha mohlala. (Zak. 8:23) Leha ho le joalo, ho phaella ho sena, lintho tse tebileng li ne li tla senoloa nakong ea bofelo. Boprofeta boo Daniele a neng a bo ngotse, bo ne bo “tiisitsoe” ho fihlela nakong eo. (Dan. 12:9) Moea o ne o tla batla ka hare ho lintho tsee tse tebileng joang hona o sebelisa bo-mang?

10. (a) Matsatsing a ho qetela moea o senola lintho tse tebileng ka bo-mang? (b) Hlalosa kamoo linnete tse mabapi le tempele ea Jehova e khōlō ea moea li ileng tsa hlakisoa kateng.

10 Mehleng ena ea rōna, ha ho fihla nako ea hore ho hlakisoe taba e itseng ea moea, moea o halalelang o thusa baemeli ba ikarabellang ba “lekhoba le tšepahalang le le masene” ba ntlo-khōlō hore ba lemohe linnete tse tebileng tse neng li ntse li sa utloisisoe. (Mat. 24:45; 1 Bakor. 2:13) Sehlopha sohle se Busang se hlahloba litlhaloso tse ntlafatsoang. (Lik. 15:6) Ka mor’a moo, haeba ho hlokahala, se hatisa tlhaloso e ntlafalitsoeng e tla tsoela bohle molemo. (Mat. 10:27) Ha nako e ntse e feta, ho ka ’na ha hlokahala lintlafatso tse ling, ’me tsena le tsona li hlalosoa ka botšepehi.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng,  “Moea o Ile oa Senola se Boleloang ke Tempele ea Moea Joang?”

Kajeno re Rua Molemo Karolong eo Moea o Halalelang o e Phethang

11. Kajeno, Bakreste bohle ba rua molemo joang karolong eo moea o halalelang o e phethang mabapi le ho senola lintho tse tebileng tsa Molimo?

11 Bakreste bohle ba tšepahalang ba rua molemo karolong eo moea o halalelang o e phethang mabapi le ho senola lintho tse tebileng tsa Molimo. Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, kajeno re ithuta boitsebiso boo moea o halalelang o re thusang hore re bo utloisise ’me hamorao rea bo hopola ebe rea bo sebelisa. (Luka 12:11, 12) Ha ho hlokahale hore re rutehe haholo e le hore re utloisise linnete tse tebileng tsa moea tse hatisitsoeng. (Lik. 4:13) Re ka ntlafatsa kutloisiso ea rōna ea lintho tse tebileng tsa Molimo joang? Nahana ka litlhahiso tse seng kae.

12. Re lokela ho rapella moea o halalelang neng?

12 Rapella moea o halalelang. Pele re hlahloba boitsebiso bo tsoang Bibeleng, re lokela ho qala ka ho rapella hore moea o halalelang o re tataise. Sena ke ’nete le haeba re le bang kapa nako ea rōna e le khutšoanyane. Likōpo tse matla joalo tse etsoang ka boikokobetso, ka sebele li tla thabisa Ntate oa rōna ea leholimong. Joalokaha Jesu a bontšitse, Jehova o tla re fa moea oa hae o halalelang ka bolokolohi ha re kōpa ka tieo.—Luka 11:13.

13, 14. Ho lokisetsa liboka ho phetha karolo efe tabeng ea hore re utloisise lintho tse tebileng tsa Molimo?

13 Lokisetsa liboka. Sehlopha sa lekhoba se re fa ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ “Lekhoba” le phetha mosebetsi oa lona ka ho fana ka boitsebiso bo tsoang Bibeleng le ka ho hlophisa mananeo a ho ithuta le liboka. Ho na le mabaka a nahannoeng ka hloko a ho kōpa “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” hore o tšohle boitsebiso bo itseng. (1 Pet. 2:17; Bakol. 4:16; Juda 3) Re tla be re sebelisana le moea o halalelang haeba re etsa sohle seo re ka se khonang hore re latele litlhahiso tse entsoeng.—Tšen. 2:29.

14 Ha re lokisetsa liboka tsa Bokreste, e ka ba hantle hore re bale Mangolo a sa qotsoang le ho leka ho lemoha hore na le leng le le leng la ’ona le amana joang le taba e tšohloang. Mokhoa ona o tla tebisa kutloisiso ea rōna ea Bibele hanyane  ka hanyane. (Lik. 17:11, 12) Ha re a bala, a lula likelellong tsa rōna ka tsela eo moea o halalelang o tla re thusa hore re a hopole. Ho phaella moo, haeba re sheba temana eo leqepheng la Bibele, sena se tla siea setšoantšo likelellong tsa rōna, e leng se tla re thusa hore re e fumane ha re e hloka.

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa hore re se ke ra salla morao mabapi le boitsebiso bo hatisitsoeng, ’me see u se etsa joang?

15 U se ke ua salla morao. Boitsebiso bo bong bo hatisoang ha bo tšohloe libokeng, empa bo lokiselitsoe hore bo re tsoele molemo. Esita le likhatiso tsa limakasine tsa rōna tse fuoang batho bohle li ngotsoe ho nahannoe ka rōna. Lefatšeng lena le maphathaphathe, hangata ho na le linako tseo ka tsona re lokelang ho emela motho e mong kapa ntho e ’ngoe. Haeba re nkile sengoliloeng seo re e-s’o se bale kapa seo re e-s’o qete ho se bala, re ka ’na ra khona ho sebelisa linako tseo hore re bale karolo e itseng. Batho ba bang ba etsa hore ba se ke ba salla morao ka hore ba mamele lingoliloeng tsa rōna tse rekotiloeng ha ba ntse ba tsamaea kapa ha ba palame koloi. Kaha boitsebiso bona bohle bo batlisisitsoe ka hloko empa bo ngoletsoe babali ba tloaelehileng, bo etsa hore re ananele re be re utloisise linnete tsa moea ka botebo.—Hab. 2:2.

16. Ho ngola lipotso tseo re ipotsang tsona le ho li batlisisa ho na le molemo ofe?

16 Thuisa. Ha u bala Bibele kapa lingoliloeng tse thehiloeng ho eona, iphe nako ea ho nahana. Ha u ntse u latela ka hloko hore na mehopolo e latellana joang, u ka ’na ua ipotsa lipotso. U ka ’na ua ngola lipotso tseo ebe ua li batlisisa hamorao. Hangata re batlisisa taba ka botebo haeba re e thahasella. Kutloisiso eo re e fumanang e fetoha karolo ea letlotlo la rōna leo re ka fumanang litaba ho lona ha ho hlokahala.—Mat. 13:52.

17. U latela lenaneo lefe la thuto ea lelapa kapa ea botho?

17 Behella nako ka thōko bakeng sa borapeli ba lelapa. Sehlopha se Busang se re khothalelitse hore kaofela ha rōna re behelle ka thōko mantsiboea a mang kapa nako e ’ngoe beke le beke bakeng sa thuto ea botho kapa ea lelapa. Kemiso ea liboka tsa rōna e fetotsoeng e re fa monyetla oa ho sebelisa keletso ena. Le tšohla eng nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea? Ba bang ba bala Bibele, ba etsa lipatlisiso ka litemana tseo ba ipotsang tsona ebe ba ngola lintlha tse khutšoanyane Libibeleng tsa bona. Malapa a mangata a ipha nako ea ho bona hore na e le lelapa a ka sebelisa taba eo a ithutang eona joang. Lihlooho tse ling tsa malapa li khetha boitsebiso boo li nahanang hore ho hlokahala hore lelapa le bo tšohle kapa bo amanang le litaba kapa lipotso tseo lelapa le kōpileng hore li tšohloe. Ha ho pelaelo hore u tla nahana ka litaba tse ling tseo le ka li tšohlang ha nako e ntse e feta. *

18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho qoba ho ithuta linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo?

18 Jesu o ile a re moea e ne e tla ba mothusi. Kahoo ha rea lokela ho qoba ho ithuta linnete tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. Linnete tseo ke karolo ea “tsebo ea Molimo” ea bohlokoa ’me re khothalletsoa hore re li batle. (Bala Liproverbia 2:1-5.) Li senola ho hongata mabapi le “lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang.” Ha re ntse re etsa boiteko ba ho ithuta Lentsoe la Jehova haholo, moea o halalelang o tla re thusa, etsoe “moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 Bakor. 2:9, 10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Sheba le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2008, leqepheng la 8.

U ka Araba Joang?

• Moea o re thusa ka litsela life tse peli hore re batle ka hare ho “lintho tse tebileng tsa Molimo”?

• Moea o halalelang o ile oa senola linnete tse tebileng ka bo-mang lekholong la pele la lilemo?

• Moea o halalelang o sebetsa joang hore o hlakise litaba mehleng ea rōna?

• U ka etsa’ng hore u rue molemo karolong eo moea o e phethang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 22]

 Moea o Ile oa Senola se Boleloang ke Tempele ea Moea Joang?

E ’ngoe ea “lintho tse tebileng tsa Molimo” tse ileng tsa senoloa lekholong la pele la lilemo e ne e le hore tabernakele ’me hamorao le litempele, li ne li tšoantšetsa ntho e khōloanyane. Pauluse o ile a re ntho eo ke “tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova, eseng motho.” (Baheb. 8:2) Ena e ne e le tempele e khōlō ea moea, e leng tokisetso ea ho rapela Molimo e bileng teng ka sehlabelo sa Jesu Kreste le boprista ba hae.

“Tente ea ’nete” e bile teng ka 29 C.E. ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me Jehova a mo amohela e le eo e neng e tla ba sehlabelo se phethahetseng. (Baheb. 10:5-10) Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae, Jesu o ile a kena ka Sehalalelisisong sa tempele ea moea eaba o hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae “ka pel’a Molimo.”—Baheb. 9:11, 12, 24.

Libakeng tse ling, moapostola Pauluse o ile a ngola ka Bakreste ba tlotsitsoeng a re ba “hōla ho ba tempele e halalelang bakeng sa Jehova.” (Baef. 2:20-22) Na tempele ee e ne e tla tšoana le “tente ea ’nete” eo a ileng a e hlalosa hamorao lengolong la hae le neng le e-ea ho Baheberu? Ka lilemo tse mashome, bahlanka ba Jehova ba ne ba nahana hore ho joalo. Ho ne ho bonahala eka Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba betloa lefatšeng hore e tle e be “majoe” tempeleng ea Jehova ea leholimong.—1 Pet. 2:5.

Leha ho le joalo, ho ella selemong sa 1971, litho tse ikarabellang tsa sehlopha sa lekhoba li ile tsa qala ho lemoha hore tempele eo Pauluse a buang ka eona ho Baefese e ne e ke ke ea e-ba tempele ea Jehova e khōlō ea moea. Haeba “tente ea ’nete” e ne e entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsositsoeng, e ne e tla qala ho ba teng ka mor’a hore tsoho ea bona e qale nakong ea ‘ho ba teng ha Morena.’ (1 Bathes. 4:15-17) Empa ha Pauluse a ne a bua ka tabernakele o ile a ngola a re: “Tente ena ke papiso bakeng sa nako e behiloeng e seng e fihlile.”Baheb. 9:9.

Ha litemana tsena le tse ling li bapisoa ka hloko, ho ile ha hlaka hore tempele ea moea hase hona e ntseng e hahuoa le hore Bakreste ba tlotsitsoeng hase “majoe” a ntseng a betloa lefatšeng a tla e haha. Ho e-na le hoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebeletsa lebaleng hammoho le Sehalalelong sa tempele ea moea, letsatsi le letsatsi ba nyehela “sehlabelo sa thoriso” ho Molimo.—Baheb. 13:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Re ka ntlafatsa kutloisiso ea rōna ea “lintho tse tebileng tsa Molimo” joang?