Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”

Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”

 Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”

“Na kaofela hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?”—BAHEB. 1:14.

1. Re ka fumana matšeliso afe ho Matheu 18:10 le Baheberu 1:14?

JESU KRESTE o ile a lemosa batho bohle ba ka ’nang ba khopisa balateli ba hae a re: “Iponeleng hore le se ke la nyelisa e mong oa ba banyenyane bana; etsoe kea le bolella hore mangeloi a bona leholimong kamehla a bona sefahleho sa Ntate ea leholimong.” (Mat. 18:10) Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka mangeloi a lokileng, o ile a ngola a re: “Na kaofela hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?” (Baheb. 1:14) Mantsoe ao ke bopaki bo tšelisang ba hore Molimo o sebelisa libōpuoa tsena tsa leholimong ho thusa batho. Bibele e re bolella eng ka mangeloi? A re thusa joang? Mohlala oa ’ona o ka re ruta eng?

2, 3. Mesebetsi e meng e etsoang ke libōpuoa tsa moea tsa leholimong ke efe?

2 Ho na le mangeloi a tšepahalang a limilione leholimong. Kaofela ha ’ona ‘a matla ka bonatla, a phetha taelo ea hae.’ (Pes. 103:20; bala Tšenolo 5:11.) Bara bana ba Molimo ba moea ba na le lintho tseo ba ikhethang ka tsona, makhabane a tšoanang le a Molimo le bolokolohi ba ho ikhethela. A hlophisitsoe ka tsela e hlollang ’me a na le maemo a holimo tokisetsong ea Molimo, lengeloi le ka sehloohong ke Mikaele (e leng lebitso leo Jesu a bitsoang ka lona leholimong). (Dan. 10:13; Juda 9) “Letsibolo [lena] la pōpo eohle” ke “Lentsoe,” kapa ’Muelli oa Molimo ’me le ile la sebelisoa ke Jehova ho etsa lintho tse ling kaofela.—Bakol. 1:15-17; Joh. 1:1-3.

3 Tlas’a lengeloi lena le ka sehloohong ho na le lirafime, tse phatlalatsang khalalelo ea Jehova, le tse thusang ho boloka batho ba hae ba hloekile moeeng. Ho boetse ho na le likerubime, tse sebeletsang ho phahamisa borena ba hae. (Gen. 3:24; Esa. 6:1-3, 6, 7) Mangeloi a mang kapa manģosa, a phetha thato ea Molimo ka litsela tse sa tšoaneng.—Baheb. 12:22, 23.

4. Mangeloi a ile a etsa joang ha lefatše le ne le thehoa, hona ho ka be ho etsahetse’ng hoja batho ba ne ba ile ba sebelisa bolokolohi ba bona ba ho ikhethela hantle?

4 Mangeloi ’ohle a ile a thaba ha ho ne ‘ho thehoa lefatše’ ’me ka thabo a ne a ntse a tsoela pele ka mesebetsi ea ’ona ha lefatše lena le ne le etsoa hore e be lehae la batho. (Jobo 38:4, 7) Jehova o ile a bōpa motho e le ea “ka tlaasana ho mangeloi” empa o ile a mo bōpa ka  “setšoantšo” sa Hae, e le hore batho ba ka bonahatsa makhabane a Molimo. (Baheb. 2:7; Gen. 1:26) Haeba Adama le Eva ba ne ba ile ba sebelisa mpho ena ea bolokolohi ba ho ikhethela hantle, bona le litloholo tsa bona ba ka be ba ile ba tsoela pele ba phela lehaeng la paradeise e le karolo ea lelapa la Jehova la bokahohleng la libōpuoa tse bohlale.

5, 6. Ke bofetoheli bofe bo ileng ba etsahala leholimong, hona Molimo o ile a etsa joang ha see se etsahala?

5 E tlameha ebe mangeloi a halalelang a ile a tšoha ha a bona bofetoheli bo qala lelapeng la Molimo la leholimong. Le leng la ’ona le ne le se le sa khotsofalle ho rorisa Jehova empa le ne le se le batla hore le rapeloe. Le ile la iketsa Satane (e bolelang “Mohanyetsi”) ka ho hlahisa lipelaelo ka hore na Jehova o na le tokelo ea ho busa le ka hore ka makōkō, le leke ho theha puso ea bohanyetsi. Ha Satane a ne a bua leshano, ka bolotsana o ile a susumetsa batho ba babeli ba pele hore ba ikopanye le eena ho fetohela ’Mōpi oa bona ea lerato.—Gen. 3:4, 5; Joh. 8:44.

6 Ka potlako Jehova o ile a ahlola Satane ka hore boprofeteng ba Bibele ba pele a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Gen. 3:15) Bora bo ne bo tla tsoela pele pakeng tsa Satane le “mosali” oa Molimo. Ka sebele, Jehova o ne a nka mokhatlo oa leholimong oa libōpuoa tsa moea tse tšepahalang e le mosali oa hae eo a mo ratang, eo a tlamahaneng le eena joaloka Monna. Boprofeta bona bo ile ba fana ka motheo o tiileng oa hore re be le tšepo, le hoja lintlha tse ling tsa bona li ile tsa lula e le “sephiri se halalelang” se neng se tla ’ne se senoloe butle-butle. Molimo o ile a rera hore e mong karolong e leholimong ea mokhatlo oa hae, o ne a tla felisa marabele ’ohle ’me ka eena “lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng” li ne li tla bokelloa hammoho.—Baef. 1:8-10.

7. Mangeloi a mang a ile a etsa’ng mehleng ea Noe, ’me Jehova o ile a etsa joang ka ’ona?

7 Mehleng ea Noe, mangeloi a mangata a ile a tlohela “sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” eaba a iketsetsa ’mele ea nama e le hore a phehelle menate ea boithati lefatšeng. (Juda 6; Gen. 6:1-4) Jehova o ile a akhela marabele ao lefifing le letšo-letšo, ’me a ile a ikopanya le Satane hore e be “makhotla a moea a khopo” le lira tse mabifi tsa bahlanka ba Molimo.—Baef. 6:11-13; 2 Pet. 2:4.

Mangeloi a re Thusa Joang?

8, 9. Jehova o sebelisitse mangeloi hore a thuse batho joang?

8 Abrahama, Jakobo, Moshe, Joshua, Esaia, Daniele, Jesu, Petrose, Johanne le Pauluse ke ba bang ba batho ba ileng ba sebeletsoa ke mangeloi. Mangeloi a lokileng a ile a phethahatsa likahlolo tsa Molimo a ba a bolella batho boprofeta, litaelo, hammoho le Molao oa Moshe. (2 Mar. 19:35; Dan. 10:5, 11, 14; Lik. 7:53; Tšen. 1:1) Kaha hona joale re na le Lentsoe la Molimo le feletseng, ho ka ’na ha se ke ha hlokahala hore mangeloi a fane ka melaetsa e tsoang ho Molimo. (2 Tim. 3:16, 17) Leha ho le joalo, mangeloi a sebetsa ka thata re sa a bone ho phetha thato ea Molimo le ho thusa bahlanka ba hae.

9 Bibele ea re tiisetsa e re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.” (Pes. 34:7; 91:11) Ka lebaka la tseko ea botšepehi, Jehova o lumella Satane hore a re leke ka litsela tsa mefuta-futa. (Luka 21:16-19) Leha ho le joalo, Molimo oa tseba ha re se re mamelletse teko ka nako e lekaneng e le ho bontša hore re tla lula re tšepahala ho eena. (Bala 1 Bakorinthe 10:13.) Kamehla mangeloi a lula a le malala-a-laotsoe hore a thusetse ho latela hore na thato ea Molimo ke efe. A ile a pholosa Shadrake, Meshake, Abednego, Daniele le Petrose empa ha aa ka a thibela lira tsa Setefane le Jakobo hore li ba bolaee. (Dan. 3:17, 18, 28; 6:22; Lik. 7:59, 60; 12:1-3, 7, 11) Litaba tse neng li ba ama le maemo ao ba neng ba le ho ’ona li ne li sa tšoane. Ka tsela e tšoanang, bara ba bang babo rōna ba neng ba le likampong tsa mahloriso tsa Manazi ba ile ba bolaoa, empa Jehova o ile a thusa ba bangata ba bona hore ba pholohe.

10. Ho phaella thusong eo re e fuoang ke mangeloi, re ka ’na ra boela ra fuoa thuso efe?

10 Mangolo ha a rute hore motho e mong le e  mong lefatšeng o na le lengeloi le mo lebelang. Re rapela re kholisehile hore “ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, [Molimo] oa re utloa.” (1 Joh. 5:14) Ke ’nete hore Jehova o ne a ka ’na a romela lengeloi hore le re thuse, empa a ka ’na a re thusa ka litsela tse ling. Bakreste-’moho le rōna ba ka ’na ba susumelletseha hore ba re thuse ba be ba re khothatse. Molimo a ka ’na a re fa bohlale le matla a hlokahalang hore re loane le “moutloa nameng” o re hlorisang joalokaha eka re ne re ntse re jabeloa ke “lengeloi la Satane.”—2 Bakor. 12:7-10; 1 Bathes. 5:14.

Etsisa Jesu

11. Mangeloi a ile a sebelisoa hore a thuse Jesu joang, ’me o ile a finyella eng ka hore a lule a tšepahala ho Molimo?

11 Nahana kamoo Jehova a ileng a sebelisa mangeloi kateng tabeng ea Jesu. A ile a phatlalatsa tsoalo ea hae le tsoho ea hae a ba a mo sebeletsa ha a ne a le lefatšeng. Mangeloi a ka be a ile a thibela hore a tšoaroe le hore a bolaoe ka sehlōhō. Empa ho e-na le hoo, ho ile ha romeloa lengeloi hore le mo matlafatse. (Mat. 28:5, 6; Luka 2:8-11; 22:43) Tumellanong le morero oa Jehova, Jesu o ile a shoa lefu la sehlabelo eaba o fana ka bopaki ba hore motho ea phethahetseng a ka lula a tšepahala ho Molimo leha a ka lekoa joang kapa joang. Kahoo, Jehova o ile a tsosa Jesu hore a e’o phela bophelo ba ho se shoe leholimong, a mo fa “matla ’ohle” a ba a beha mangeloi tlas’a hae. (Mat. 28:18; Lik 2:32; 1 Pet. 3:22) Ka tsela eo, Jesu o ile a bontša hore ke karolo e ka sehloohong ea “peō” ea “mosali” oa Molimo.—Gen. 3:15; Bagal. 3:16.

12. Re ka etsisa mohlala oa Jesu oa ho etsa lintho ka tsela e loketseng joang?

12 Jesu o ne a tseba hore e ne e le phoso hore a leke Jehova ka ho lebella hore mangeloi a mo pholose haeba a ne a ka etsa lintho ka tsela e booatla. (Bala Matheu 4:5-7.) Kahoo, a re etsiseng mohlala oa Jesu ka hore re phele ka “ho hlaphoheloa kelellong,” re se ke ra ipeha kotsing ho sa hlokahale, empa re thulane le liteko ka sebete.—Tite 2:12.

Seo re ka Ithutang Sona ho Mangeloi a Tšepahalang

13. Re ka ithuta eng mohlaleng oa mangeloi a lokileng a boletsoeng ho 2 Petrose 2:9-11?

13 Ha a khalemela ba ‘nyefolang’ bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova, moapostola Petrose o supa mohlala o motle oa mangeloi a lokileng. Le hoja mangeloi a e-na le matla a maholo, ka boikokobetso a ithiba hore a se ke a tšoaea-tšoaea liphoso “ka lebaka la ho hlompha Jehova.” (Bala 2 Petrose 2:9-11.) Le rōna a re se keng ra ahlola ka tsela e sa lokelang, re hlomphe ba tšepetsoeng boikarabelo ka phuthehong, ebe re tlohela litaba matsohong a Jehova, Moahloli ea Phahameng ka ho Fetisisa.—Bar. 12:18, 19; Baheb. 13:17.

14. Ke mohlala ofe oa ho sebeletsa ka tsela e bontšang boikokobetso oo mangeloi a re behelang oona?

14 Mangeloi a Jehova a re behela mohlala o motle oa ho sebeletsa ka tsela e bontšang boikokobetso. Mangeloi a itseng a ile a hana ho bolella batho mabitso a ’ona. (Gen. 32:29; Baahl. 13:17, 18) Le hoja ho e-na le libōpuoa tsa moea tse  limilione leholimong, Bibele e bolela mabitso a Mikaele le Gabriele feela. Sena se ka ’na sa re thusa hore re se ke ra hlompha mangeloi ka tsela e sa lokelang. (Luka 1:26; Tšen. 12:7) Ha moapostola Johanne a ne a oela fatše hore a rapele ka pel’a lengeloi, le ile la mo lemosa la re: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno.” (Tšen. 22:8, 9) Borapeli ba rōna hammoho le lithapelo tsa rōna li lokela ho isoa ho Molimo feela.—Bala Matheu 4:8-10.

15. Mangeloi a re behela mohlala oa hore re be le mamello joang?

15 Mangeloi a boetse a re behela mohlala oa ho ba le mamello. Le hoja a e-na le thahasello e khōlō ea ho tseba liphiri tse halalelang tsa Molimo, hase hore a li tseba kaofela. Bibele e re: “Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho lintho tsona tsena.” (1 Pet. 1:12) Kahoo, a etsa joang? A leta ka mamello ho fihlela nako e loketseng ea Molimo ea hore “bohlale . . . bo fapa-fapaneng” ba hae bo ‘tsebahatsoe ka phutheho.’—Baef. 3:10, 11.

16. Boitšoaro ba rōna bo ka ama mangeloi joang?

16 Bakreste ba thulanang le liteko ke ‘sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho mangeloi.’ (1 Bakor. 4:9) Mangeloi a khotsofala haholo ha a shebeletse batho ha ba etsa liketso tse bontšang botšepehi a bile aa thaba ha moetsalibe a baka. (Luka 15:10) Mangeloi a hlokomela boitšoaro ba basali ba Bakreste bo bontšang hore ba tšaba Molimo. Bibele e bontša hore ‘mosali o tšoanela ho ba le pontšo ea ho laeloa hloohong ea hae ka lebaka la mangeloi.’ (1 Bakor. 11:3, 10) Ha ho pelaelo hore mangeloi aa thaba ha a bona basali ba Bakreste le bahlanka ba bang bohle ba Molimo ba lefatšeng, ba etsa lintho tumellanong le taolo ea puso ea Molimo le tokisetso ea bohlooho. Ho mamela ho joalo, ho hopotsa bara bana ba Molimo ba leholimong seo ba lokelang ho se etsa.

Mangeloi a Tšehetsa Mosebetsi oa Boboleli ka Mafolofolo

17, 18. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore mangeloi a tšehetsa mosebetsi oa rōna oa boboleli?

17 Mangeloi a kenya letsoho linthong tse ling tse hlollang tse etsahalang “letsatsing la Morena.” Lintho tsena li akarelletsa ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914 le ho liheloa ha Satane le bademona  ba hae lefatšeng ke “Mikaele le mangeloi a hae.” (Tšen. 1:10; 11:15; 12:5-9) Moapostola Johanne o ile a bona “lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng.” Lengeloi leo le ne le re: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.” (Tšen. 14:6, 7) Kahoo, bahlanka ba Jehova ba tiisetsoa hore mangeloi a tla ba tšehetsa ha ba ntse ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea Diabolose.—Tšen. 12:13, 17.

18 Mehleng ena, mangeloi ha a re ise ho batho ba lipelo li ntle ka hore a bue le rōna joalokaha lengeloi le ile la bua le Filipi eaba le mo isa ho leqhalaha la Moethiopia. (Lik. 8:26-29) Leha ho le joalo, liketsahalo tse ngata tsa mehleng ena li fana ka bopaki ba hore le hoja mangeloi a sa bonahale, aa re tšehetsa mosebetsing oa rōna oa ho bolela ka ’Muso, ebile a re isa ho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ * (Lik. 13:48) Ke habohlokoa hakaakang ho kopanela tšebeletsong kamehla e le hore re ka phetha karolo ea rōna ea ho fumana ba lakatsang ho “rapela Ntate ka moea le ka ’nete”!—Joh. 4:23, 24.

19, 20. Mangeloi a phetha karolo efe liketsahalong tse tšoaeang ‘qetello ea tsamaiso ea lintho’?

19 Ha a ne a bua ka mehla ea rōna, Jesu o ile a re “qetellong ea tsamaiso ea lintho” mangeloi a ne a tla ‘arola ba khopo har’a ba lokileng.’ (Mat. 13:37-43, 49) Mangeloi a na le karolo eo a e phethang pokellong le tiisong ea ho qetela ea batlotsuoa. (Bala Matheu 24:31; Tšen. 7:1-3) Ho feta moo, Jesu o na le mangeloi ha a “arola linku ho lipōli.”—Mat. 25:31-33, 46.

20 “Tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla” bohle “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu” ba tla timetsoa. (2 Bathes. 1:6-10) Ha Johanne a ne a bona ketsahalo eo ponong, o ile a hlalosa hore Jesu le mabotho a mangeloi a leholimo ba ne ba palame lipere tse tšoeu e le hore ba tsoele pele ba loana ka ho loka.—Tšen. 19:11-14.

21. Lengeloi le neng “le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona” le tla nka bohato bofe ka Satane le bademona ba hae?

21 Johanne o ile a boela a “bona lengeloi le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona.” Lena e ne e le lengeloi le ka sehloohong, e leng Mikaele, ea tla tlama Diabolose a be a mo lihele ka mohohlong, ’me ho hlakile hore o tla lihela le bademona. Ba tla lokolloa ka nakoana qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ha batho ba phethahetseng ba tla be ba lekoa ka lekhetlo la ho qetela. Ka mor’a moo, Satane le marabele a mang ’ohle ba tla timetsoa. (Tšen. 20:1-3, 7-10; 1 Joh. 3:8) Borabele bohle bo etsetsoang Molimo bo tla be bo felisitsoe.

22. Mangeloi a kentse letsoho joang ho se tla etsahala haufinyane, ’me re lokela ho ikutloa joang ka karolo eo a e phethang?

22 Haufinyane batho ba tla lopolloa tsamaisong ea lintho e khōpo ea Satane. Ka sebele mangeloi a tla kenya letsoho liketsahalong tsena tsa bohlokoa tse tla tlosa qoso bobusing ba Jehova, le tse tla phethahatsa morero oa hae ka lefatše le batho ka botlalo. Ka sebele mangeloi a lokileng ke “meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko.” Kahoo a re leboheng Jehova Molimo ka tsela eo a sebelisang mangeloi ka eona hore a re thuse ho etsa thato ea Molimo le hore re fumane bophelo bo sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Sheba buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 549-551.

U ka Araba Joang?

• Libōpuoa tsa moea tsa leholimong li hlophisitsoe joang?

• Mangeloi a mang a ile a etsa joang mehleng ea Noe?

• Molimo o sebelisa mangeloi joang ho re thusa?

• Mangeloi a lokileng a phetha karolo efe mehleng ea rōna?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mangeloi a thabela ho etsa thato ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Joaloka tabeng ea Daniele, kamehla mangeloi a lula a le malala-a-laotsoe hore a thusetse ho latela hore na thato ea Molimo ke efe

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Le be sebete kaha mangeloi a tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso!

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Globe: NASA photo