Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ke ke Ua e Boloka, Kahoo, e Sebelise Hamolemo

U ke ke Ua e Boloka, Kahoo, e Sebelise Hamolemo

 U ke ke Ua e Boloka, Kahoo, e Sebelise Hamolemo

NAKO ke chelete. Ena ke polelo e tloaelehileng haholo. Bonneteng, nako e fapane haholo le chelete kapa lintho tse ling tse bonahalang. U ke ke ua boloka nako ka hore u re u tla e sebelisa nakong e tlang joalokaha u ne u ka boloka chelete, lijo, libeso, kapa lintho tse ling tse ngata. Boiteko leha e le bofe ba ho boloka nako ka ho se e sebelise ke lefeela. Ho ka etsahala’ng haeba u ka robala lihora tse robeli ebe u leka ho “boloka” lihora tse setseng tsa letsatsi ka ho se etse letho? Qetellong ea letsatsi leo, lihora tseo u sa kang ua li sebelisa li tla be li etse ruri.

Nako e ka bapisoa le nōka e khōlō, e phallang ka matla. E tsamaea e lebile nģa e le ’ngoe feela. U ke ke ua e thiba, ebile u ke ke ua sebelisa lerotholi le leng le le leng le phallang. Lilemong tse makholo tse fetileng, batho ba ile ba qala ho etsa mabili a metsi mabōpong a linōka. Ba ne ba sebelisa matla a metsi ana a phallang ho tsamaisa maloala a bona, mechine ea motlakase e sakhang likutu tsa lifate, lipompo le lihamore tsa motlakase. Ka ho tšoanang, le uena u ka sebelisa nako ka hore u phethe mesebetsi e molemo, eseng ka ho e boloka. Leha ho le joalo, e le hore u khone ho etsa seo, u lokela ho loantša lintho tse peli tse khōlō tse senyetsang batho nako—e leng ho lieha, hammoho le ntho e ’ngoe e tsamaisanang le hona e leng, bohlasoa. A re qaleng ka ho tšohla taba ea ho lieha.

Qoba ho Lieha

Maele a tloaelehileng a re, Tieho e tsoala tahleho. Leha ho le joalo, batho ba bang ba hlokomoloha keletso ena. Ha ba tlameha ho etsa mosebetsi o hlokang nako e ngata, ba balehela mokhoeng oa ho lieha. Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, “ho lieha” ke “ho likalika ka boomo le ho tloaela ho noaboloha; ho tlohela ka boomo ntho e lokelang ho etsoa.” Ho lieha ho fetoha mokhoa ho motho ea ho tloaetseng. Ha khatello ea maikutlo e ntse e eketseha, o ikimolla ka ho behella mosebetsi ka thōko ebe o thabela nako eo joale a seng a nahana hore ke ea mahala—ho fihlela a imeloa hape maikutlong.

Ka linako tse ling, boemo ba rōna ba ’mele le ba kelello bo ka ’na ba hloka hore re behelle ka thōko mosebetsi o mong oa rōna kapa re hle re o behelle ka thōko kaofela. Ho phaella moo, nako le nako motho e mong le e mong o hloka nako ea ho phomola mesebetsing ea hae ea letsatsi le letsatsi. Mor’a Molimo le eena o ne a phomola. Jesu o ne a lula a phathahane haholo tšebeletsong ea hae, empa o ne a boetse a ipha nako ea ho ba mong le ea ho ba le barutuoa ba hae. (Mareka 6:31, 32) Ho phomola ka tsela ena ho molemo. Empa, ho lieha hona ho fapane; hangata ho kotsi. Nahana ka mohlala o latelang:

Mocha ea kenang sekolo o saletsoe ke libeke tse tharo hore a lokisetse tlhahlobo ea lipalo. Ho na le lintlha le libuka tse ngata tseo a lokelang ho ikhopotsa tsona. O ikutloa a imetsoe. O lekeha hore a  tlohele ho etsa seo a lokelang ho se etsa, ’me o tšoasoa ke leraba la ho lieha. Ho e-na le ho ithuta, o shebella thelevishene. Letsatsi le letsatsi o behella ka thōko mosebetsi oo a lokelang ho o etsa e le hore a pase tlhahlobo. Joale, mantsiboea a pele ho tlhahlobo, o tlameha ho ithuta ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e le ’ngoe. Ha a lula deskeng ea hae, o qala ho sheba lintlha tsa hae le libuka tsa hae.

O qeta nako e ngata a ntse a ithuta. Ha litho tse ling tsa lelapa li robetse, eena o iqobella hore a etse mosebetsi o mongata le o boima oa ho tšoara ka hlooho mokhoa oo lipalo li sebetsoang ka oona. Ha a le sekolong letsatsing le latelang, o sitoa ho araba lipotso hobane a khathetse kelello. Sephetho sa hae sa tlhahlobo ha se khahlise, ’me o qetella a sa pasa lithuto tsa hae. O lokela ho ithuta boitsebiso boo hape ebile ho ka ’na ha etsahala hore a se ke a fetisetsoa sehlopheng se latelang.

Ho lieha ho baketse seithuti sena mathata a maholo. Empa ho na le molao-motheo oa Bibele o ka thusang batho ho qoba ho ba boemong bo tšoanang le ba seithuti sena. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.” (Baefese 5:15, 16) Pauluse o ne a phehella Bakreste hore ba sebelise nako ea bona ka bohlale ha ba etsa mesebetsi ea Bokreste, empa molao-motheo ona o ka thusa le mesebetsing e mengata ea bohlokoa bophelong. Kaha ka tloaelo re ka etsa qeto ea hore na re tla etsa mosebetsi o itseng ka nako efe, re tla ba le liphello tse ntle ebile re tla etsa mosebetsi kapelenyana haeba re khetha ho o etsa ka nako e “loketseng.” Sena se tla bontša hore re ‘batho ba bohlale,’ joalokaha lengolo le bontša.

“Nako e loketseng” ea hore mocha eane ea kenang sekolo a ithute bakeng sa tlhahlobo ea hae ea lipalo e ne e ka ba efe? Mohlomong o ne a ka qeta metsotso e 15 kapa ho feta mantsiboea a mang le a mang, a ntse a hlahloba boitsebiso boo butle-butle. Ka ho etsa joalo, o ne a ke ke a tlameha ho tšoara lintho ka hlooho bosiu ba pele a ngola tlhahlobo, e leng nako eo a neng a lokela hore ebe o robetse ka eona. Letsatsing la tlhahlobo, o tla be a phomotse a bile a itokisitse hantle, ’me a ka khona ho fumana limaraka tse ntle.

Ka hona, haeba u filoe mosebetsi, nahana ka “nako e loketseng” ea ho o etsa ’me u hle u o etse. Kahoo u tla qoba leraba la ho lieha le liphello tsa hona. Hape u tla khotsofalla hore u entse mosebetsi o tsoileng matsoho. Sena ke sa bohlokoa haholo-holo ha mosebetsi oo o ama batho ba bang, joaloka mesebetsi e etsoang ka phuthehong ea Bokreste.

Fokotsa Bohlasoa

Joalokaha ho boletsoe pejana, ntho e ’ngoe ea bohlokoa tabeng ea ho sebelisa nako ea rōna ea bohlokoa hantle ke ho qoba bohlasoa. Rea tseba hore ho hloka nako ho etsa lintho, ho li hlophisa, ho li sebelisa, ho li hloekisa, ho li boloka le ho li batla. Lintho tse ngata li hloka nako e ngata. Ho sebetsa ka phaposing kapa ka ntlong e tletseng lintho hohle ho senya nako haholo ebile ho ferekanya ho feta ho sebetsa ka liphaposing tse sa tlalang lintho tse ngata. Ho feta moo, ha motho a ntse a bokella lintho tse ngata, nako ea ho fumana ntho eo a e batlang le eona ea eketseha.

Litsebi tsa tlhokomelo ea matlo li bolela hore hoo e ka bang halofo ea nako eo batho ba e qetang ba hloekisa e senyeha ha “ba ntse ba sebetsana le bohlasoa le ho suthisa lintho tse tletseng hohle tse bakang bohlasoa.” Boemo bo batla bo tšoana  le likarolong tse ling tsa bophelo. Kahoo, haeba u batla ho sebelisa nako ea hao hamolemo, hlokomela hore na u pota-potiloe ke eng. Na sebaka sohle sa hao se nkiloe ke lintho tse ngata tse sa hlokahaleng, tse u sitisang ho tsamaea ’me ho hobe le ho feta, li u senyetsa nako? Haeba ho joalo, li fokotse.

Ho lahla lintho tse sa hlokahaleng ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo. Ho lahla lintho tseo motho a li ratang empa a sa li hloke ho ka ba thata—ho batla ho tšoana le ho lahleheloa ke motsoalle oa bohlokoa. Kahoo u ka etsa joang qeto ea hore na ebe u lokela ho boloka ntho e itseng kapa ho e lahla? Ba bang ba iketselitse molao o reng: Haeba u sa sebelisa ntho e itseng selemo kaofela, e lahle. Ho thoe’ng haeba u ntse u tsilatsila ho e lahla ka mor’a selemo? E boloke sebakeng se itseng ka likhoeli tse ling tse tšeletseng. Ha u e sheba hape ’me u hlokomela hore ho se ho fetile selemo le halofo u sa e sebelisa, mohlomong ho tla ba bonolo hore u e lahle. Leha ho le joalo, sepheo ke hore u fokotse lintho tse sa hlokahaleng—e le hore u sebelise nako ea hao hamolemo.

Ke ’nete hore bohlasoa ha bo bakoe feela ke lintho tseo motho a nang le tsona lapeng kapa mosebetsing. Jesu o buile ka “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” a ka ‘bipetsang lentsoe’ la Molimo a ba a etsa hore motho e be “ea sa beheng” mabapi le litaba tse molemo. (Matheu 13:22) Motho a ka etsa hore bophelo ba hae bo tlale lintho tse ngata tse sa hlokahaleng le mesebetsi e mengata hoo a thatafalloang ho fumana nako ea ho khothalla lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa moea le ho bontša botsitso. Seo se ka ’na sa fella ka hore a lemale moeeng ’me qetellong a se ke a kena lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng, moo motho a tla etsa lintho tse mo khotsofatsang e le kannete le tse mo thabisang ka ho sa feleng.—Esaia 65:17-24; 2 Petrose 3:13.

Na kamehla u iphumana u se na nako ea ho etsa lintho tsohle tseo u nahanang hore u lokela ho li etsa—ho sa tsotellehe hore na li amana le mosebetsi oa hao, ntlo, koloi, mesebetsi ea ho itlosa bolutu, ho nka maeto, ho ikoetlisa kamehla, ’moka, kapa mesebetsi e meng e mengata? Haeba ho joalo, mohlomong ke nako ea hore u nahane kamoo u ka fokotsang lintho tse sa hlokahaleng kateng, e le hore u be le nako e eketsehileng ea lintho tsa moea.

Ho na le polelo e ’ngoe e tloaelehileng e reng, Nako ha e emele motho. Ka sebele, nako e tsamaea e sa khaotse e lebile nģa e le ’ngoe joaloka nōka e phallang. E ke ke ea khutlisetsoa morao kapa ea bolokoa; ha e se e fetile, e etse ruri. Leha ho le joalo, ka ho latela melao-motheo e bonolo ea Bibele le ka ho nka mehato e seng mekae ea bohlokoa, re ka sebelisa hamolemo nako eo re e hlokang bakeng sa ho hlokomela “lintho tsa bohlokoa haholo” tse tla re ruisa molemo ka ho sa feleng le tse tla ba “khanyeng le thorisong ea Molimo.”—Bafilipi 1:10, 11.

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Joaloka nōka e phallang ka matla, nako e ka laoloa hore e sebelisetsoe mosebetsi o molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

“Nako e loketseng” ea hore a ithute bakeng sa tlhahlobo ea hae ke efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho sebetsa sebakeng se tletseng lintho hohle ho senya nako ebile hoa ferekanya