Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Bolokang Motlakase, Mafura le Lintho Tse Ling

Kamoo U ka Bolokang Motlakase, Mafura le Lintho Tse Ling

RE SEBELISA motlakase, parafine le patsi bakeng sa ho pheha le ho futhumatsa ka tlung le ho etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa. Hape e le hore re sebelise likoloi re hloka mafura. Empa batho ba bangata lefatšeng ha ba na chelete e lekaneng bakeng sa ho reka lintho tsena.

Ntate e mong oa Africa Boroa ea bitsoang Gary o tšoengoa ke “theko e ntseng e phahama ea mafura.” Jennifer e leng ’mè e mong oa Philippines eena o khathatsehile haholo ke hore “motlakase o lula o khaoha sebakeng seo a lulang ho sona”. Athe Fernando oa El Salvador eena o utloisoa bohloko ke hore “batho ba senya tikoloho”. Lifeme tse ngata lefatšeng tse fehlang motlakase le tse hoebang ka lirafshoa li senya tikoloho.

Mohlomong oa ipotsa hore na u ka etsa’ng ho hlola mathata ana a boletsoeng ka holimo.

Kaofela ha rona re ka atleha ho sebelisa motlakase le mafura le lintho tse ling ka tsela e nepahetseng. Hona le melemo e ba teng ha re etsa joalo. Re khona ho boloka chelete. Re boetse re baballa tikoloho hobane re etsa hore ho se ke ha sebelisoa lirafshoa haholo ho sa hlokahale.

A ke re bue ka hore na re ka sebelisa motlakase le mafura le lintho tse ling ka tsela e nepahetseng joang malapeng a rona, ha re sebelisa lipalangoang le ha re etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi.

LAPENG

Bontša hore u baballa lintho ha u futhumatsa ntlo. Naheng e ’ngoe ea Europe ho ile ha nkoa nako e ka etsang selemo ho ithutoa hore na ho ka bolokoa motlakase o mokae ka ho fokotsoa mocheso oa ntho e futhumatsang metsi, ’me ho ile ha hlokomeloa hore ho bolokiloe motlakase o mongata haholo selemong seo. Derek ea phelang naheng ea Canada o lumellana le sena hobane o re ho molemo hore u se ke oa qala ka ho futhumatsa ntlo, empa u apare liaparo tse mofuthu hobane ha u etsa joalo u tla boloka haholo.

Re ka etsa se tšoanang le haeba re lula libakeng tse chesang. Rodolfo ea lulang Philippines o seta mochine oa hae o fehlang moea o pholileng hore o se ke oa fehla moea o mongata haholo. O re ha ba etsa joalo ba boloka chelete le motlakase.

Koala mamati le lifesetere ha u futhumatsa kapa u pholisa ka tlung. * Re ka boloka motlakase ha re koala mamati le lifesetere nakong eo re futhumatsang kapa re etsang hore ho phole ka tlung. Ka mohlala, ha u besitse joale u butse lemati ntlo e ke ke ea futhumala, empa ha u ka besa eaba oa koala e tla futhumala kapele ebe oa tima.

Ntle le ho koala mamati le lifesetere, batho ba bang ba boloka motlakase ka ho kenya lifesetere tse koalehang hantle.

 Sebelisa mabone a bolokang motlakase kapa a bolokang parafine. Jennifer ea boletsoeng pejana o re: “Ha re sa sebelisa mabone a etsang khanya e kholo haholo empa re se re sebelisa a bolokang motlakase. Le hoja mabone ana a tsipa ka pokothong, a sebelisa motlakase o monyane kahoo u tla boloka chelete.”

LIPALANGOANG

Sebelisa likoloi tsa baeti ha ho khoneha. Ntate ea bitsoang Andrew oa Great Britain o re: “Ho e-na le hore ke sebelise koloi ea ka, ke atisa ho ea mosebetsing ka terene kapa ka baesekele.” Buka e bitsoang Energy: What Everyone Needs to Know e re “motho a le mong ho ba palameng koloi ea lapeng, o etsa hore koloi eo e sebelise mafura a mangata ka makhetlo a imenneng hararo ha ho bapisoa le mafura a sebelisoang ke bese kapa terene e tsamaelang haufinyane.”

Qoba ho nka maeto ho sa hlokahale. Ha u le motho ea nkang maeto ha ho hlokahala u tla boloka nako, chelete le mafura.

Jethro oa Philippines o re kaha ba behella chelete ea mafura ka thoko khoeli le khoeli, ba etsa bonnete ba hore ba nka maeto ha ho hlile ho hlokahala.

MESEBETSI EA LETSATSI LE LETSATSI

U se ke oa sebelisa metsi a mangata a chesang. Phuputso e ’ngoe e entsoeng metseng ea litoropo Australia e bontša hore kaha baahi ba bangata ha ba sebelise metsi a futhumetseng haholo, ho baballoa motlakase o mongata.

Kaha ho futhumatsa metsi ho hloka hore u sebelise parafine kapa motlakase, u tla boloka haholo haeba u sa sebelise metsi a mangata a chesang. Ka lebaka leo Victor oa Afrika Boroa o re ba sebelisa metsi a seng makae a chesang ha ba itlhatsoa. Ramahlale ea bitsoang Steven Kenway o re: “Ho qoba ho sebelisa metsi a mangata a chesang ho tsoela bohle molemo hobane ho fokotsa leqeme la metsi, ha ho sebelisoe motlakase o mongata haholo hape ho thusa hore ho bolokoe chelete.”

Tima lintho tse sebelisang motlakase ha u sa li sebelise. Lintho tsena li akarelletsa mabone, lik’homphieutha, lithelevishene le tse ling. Litsebi tse ling li re ho tima liplaka ho boloka motlakase. Fernando eo builoeng ka eena pejana o lumellana le sena, kaha o re o tima mabone le liplaka ha se a qetile ho li sebelisa.

Motho a le mong a ke ke a khona laola theko ea motlakase, mafura le lintho tse ling kapa ho thibela tšenyo ea tikoloho ha li rafshoa, empa re ka khona ho li sebelisa ka tsela e nepahetseng. Batho ba bangata lefatšeng ba fumane mekhoa e meng ea ho etsa joalo. Le hoja ho sebelisa lintho tsena hantle ho hloka hore re etse boiteko empa ho na le melemo e mengata haholo. Valeria oa Mexico o re: “Ke khona ho boloka chelete hape ke baballa tikoloho.”

^ ser. 10 Hlahloba litaelo ka hloko tsa kamoo ntho e futhumatsang kapa e pholisang e sebelisoang ka teng. Hobane tse ling tsa lintho tsena li hloka hore ha li sebelisoa ho koaloe kapa ho buloe lifesetere le menyako ka lebaka la moea o ka bang kotsi oo li o ntšang.