Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Ehlile Jesu o Kile a Phela Lefatšeng?

Na Ehlile Jesu o Kile a Phela Lefatšeng?

E NE E se morui, a se maemong a phahameng a bile a se na ntlo. Leha ho le joalo, lithuto tsa hae li thusitse batho ba limilione. Empa na Jesu Kreste o kile a phela lefatšeng? Litsebi tsa mehleng ea khale le tsa mehleng ee li re’ng ka eena?

  • Michael Grant, eo e leng rahistori le setsebi sa tsoelo pele ea mehleng ea khale o ile a re: “Haeba rea lumela hore lintho tse tlalehiloeng libukeng tsa histori tse buang ka batho bao eseng Bakreste ke ’nete, ha re na lebaka la ho hana hore Testamente e Ncha e buang ka ho ba teng ha Jesu ke ’nete.”

  • Rudolf Bultmann, eo e leng moprofesa oa Testamente e Ncha o ile a re: “Lipelaelo tsa hore Jesu o kile a phela lefatšeng ha li na motheo ebile ha ho hlokahale hore re senye nako ka tsona. Ha ho motho ea nkang hantle ea ka hanang hore Jesu ke eena mothehi oa Bokreste.”

  • Will Durant, eo e leng rahistori, mongoli le rafilosofi o ile a re: “E ka ba mohlolo ho re banna ba seng bakae ba tloaelehileng [bangoli ba Likosepele] ba tlalehe ka motho ea matla le ea nang le botho bo ratehang, ea nang le tumelo e matla ’me a file batho tšepo empa ba iqapetse eena.”

  • Albert Einstein, e leng setsebi sa Mojeremane sa fisiks o re: “Le hoja ke le Mojuda, ke khahloa ke botho ba Monazaretha enoa.” Ha a botsoa hore na o oa lumela hore Jesu o kile a phela lefatšeng o ile a re: “Hantle haholo! Ha ho motho ea ka balang Likosepele ebe o sitoa ho lumela hore Jesu o kile a ba teng. Motho a ka ithuta botho ba hae ha a li bala. Taba ea hore o kile a ba teng hase ntho e iqapetsoeng.”

    “Ha ho motho ea ka balang Likosepele ebe o sitoa ho lumela hore Jesu o kile a ba teng.”—Albert Einstein

 LITSEBI TSA MEHLENG EA KHALE LI RE’NG?

Litlaleho tse buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae li fumaneha libukeng tsa Bibele tse tsebahalang ka hore ke Likosepele, tse reheletsoeng ka bangoli ba tsona e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Libuka tse ling tseo eseng tsa Bokreste li boetse li ngotse ka eena.

  • TACITUS

    (O phetse hoo e ka bang ka selemo sa 56 ho ea ho 120) O tsebahala e le e mong oa bo-rahistori ba hlaheletseng ba Roma ea mehleng ea khale. Libuka tsa hae li tlalehile ka ’Muso oa Roma ho tloha ka selemo sa 14 ho ea ho 68. (Jesu o shoele ka selemo sa 33) Tacitus o re ho ne ho e-na le menyenyetsi ea hore Moemphera Nero o ne a ikarabella mabapi le mollo o ileng oa chesa motse oa Roma ka selemo sa 64. Empa Tacitus o re Nero o ile a qosa Bakreste e le hore “a pate menyenyetsi eo.” Tacitus o ile a boela a re: “Kreste mothehi oa [Bokreste], o ile a bolaoa tlas’a puso ea Tiberiuse ka taelo ea ’musisi Ponse Pilato.”—Annals, XV, 44.

  • SUETONIUS

    (O phetse hoo e ka bang ka selemo sa 69 ho ea ho 122) Rahistori enoa oa Moroma o ile a tlaleha liketsahalo tsa pusong ea Baemphera ba pele ba 11 ba Roma. Karolo e tlalehileng ka Claudiase e bua ka morusu o bileng teng lipakeng tsa Bajuda ba neng ba le Roma oo e ka ’nang eaba o bakiloe ke ha batho ba ngangisana ka Jesu. (Liketso 18:2) Suetonius o ile a re: “Kaha Bajuda ba ne ba atisa ho baka merusu ha ho buuoa ka Kreste, Claudiase o ile a ba leleka Roma.” (The Deified Claudius, XXV, 4) Le hoja Jesu a ile a qosoa ka bohata ka hore o baka merusu, Suetonius ha aa ka a latola hore o kile a ba teng.

  • PLINY E MONYENYANE

    (O phetse hoo e ka bang ka selemo sa 61 ho ea ho 113) Ke mongoli le molaoli oa Roma e Bithynia. (hona joale e bitsoa Turkey) O ile a ngolla Moemphera oa Moroma Trajan ka tsela ea ho sebetsana le Bakreste profinseng eo. Pliny o ile a re o qobella Bakreste hore ba lahle tumelo ea bona ebe o bolaea ba hanang ho etsa joalo. O ile a re: “Ke ne ke lokolla ba rapelang Melimo [ea bohetene] ea litšoantšo ebe baa e inamela le ho e fa veine le libano tse tšoeu ’me ba rohaka Kreste.”Pliny—Letters, Book X, XCVI.

  •  FLAVIUS JOSEPHUS

    (O phetse hoo e ka bang ka selemo sa 37 ho ea ho 100) Ke moruti oa Mojuda ebile ke rahistori. O re Anase, e leng moprista ea phahameng oa Mojuda o ne a e-na le tšusumetso lipolotiking kahoo a “susumetsa baahloli ba Sanhedrine [ba lekhotleng le phahameng la Bajuda] ’me a ba tlisetsa monna ea bitsoang Jakobo, e leng moen’a Jesu ea neng a bitsoa Kreste.”Jewish Antiquities, XX, 200.

  • LINEANO TSA BAJUDA

    Baruti bana ba ngotseng libuka tsa bo-rabi tsa ho tloha lilemong tsa bo-501 ho ea ho 600, ba bontša hore esita le lira tsa Jesu li ne li lumela hore o kile a ba teng. A mang a mantsoe ao ba a ngotseng a re: “Yeshu [Jesu] Monazaretha o ile a fanyehoa ka Paseka,” ’me sena ke ’nete ho latela histori. (Babylonian Talmud, Sanhedrin 43a, Munich Codex; bala Johanne 19:14-16) A mang a re: “E se eka re ke ke ra ba le mora kapa moithuti ea tla itlotlolla phatlalatsa joaloka Monazaretha,” e leng tsela eo hangata Jesu a bitsoang ka eona.—Babylonian Talmud, Berakoth 17b, mongolo o botlaaseng ba leqephe, Munich Codex; bala Luka 18:37.

BOPAKI BO TSOANG BIBELENG

Likosepele li fana ka tlhaloso e utloahalang ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae ho akarelletsa lintlha tse tobileng ka batho ba itseng, libaka le linako ’me lintho tsena ke tsona tse etsang hore histori e nepahale. Mohlala o mong o fumaneha ho Luka 3:1, 2, e re thusang hore re fumane selemo se tobileng seo monna ea bitsoang Johanne Mokolobetsi a qalileng mosebetsi oa hae ka sona.

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.”2 Timothea 3:16

Luka o ile a boela a re: “Ka selemo sa bo15 sa puso ea Tiberiuse Cesare, ha Ponse Pilato e le ’musisi Judea, Heroda e ne e le ’musi oa setereke Galilea, Filipi mor’abo e ne e le ’musi oa setereke naheng ea Iturea le Trakonitise ’me Lysaniase e le ’musi oa setereke sa Abilene, matsatsing a moprista ea ka sehloohong Anase le Kaifase, polelo ea Molimo e ile ea tla ho Johanne mora oa Zakaria lefeelleng.” Litaba tsena tse hlakileng li re thusa hore re hlokomele hore “polelo ea Molimo e ile ea tla ho Johanne” ka selemo sa 29.

 Batho ba supileng bao Luka a buang ka bona ba tsejoa ke bo-rahistori. Leha ho le joalo, batho ba bang ba ne ba sa lumele hore Ponse Pilato le Lysaniase ke batho ba sebele. Empa ka mor’a nakoana ho ile ha hlaka hore ba fositse. Ho ile ha fumanoa mantsoe a nang le mabitso a banna bao ba babeli e leng bopaki ba hore seo Luka a se ngotseng se nepahetse. *

KE HOBANE’NG HA TABA EE E LE EA BOHLOKOA?

Jesu o ne a ruta batho ka ’Muso oa Molimo o tlang ho busa lefatšeng lohle

Taba ea hore na Jesu o kile a phela lefatšeng ke ea bohlokoa hobane lintho tseo a neng a li ruta ke tsa bohlokoa. Ho etsa mohlala, Jesu o rutile batho tsela ea ho thaba bophelong. * Hape o tšepisitse batho hore ho na le nako eo ka eona ba tla phela khotsong ’me ba sireletsehile ba le tlas’a “’Muso oa Molimo.”Luka 4:43.

Mantsoe “’Muso oa Molimo” a loketse hobane ’muso ona o tla phahamisa bobusi ba Molimo lefatšeng. (Tšenolo 11:15) Jesu o ile a hlakisa taba eo ha a ne a rapela a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, . . . ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.” (Matheu 6:9, 10) ’Muso oa Molimo o tla etsetsa batho eng? Nahana ka mehlala e latelang:

Batho ba bang ba ka ’na ba re lintho tseo ke takatso feela e ke keng ea phethahala. Empa na litšepiso tsa batho tsona lia phethahala? Nahana ka taba ena: Le hoja batho ba tsoela pele ka thuto, saense le theknoloji, batho ba limilione mehleng ena ba ikutloa ba sa sireletseha ba bile ba tšoenyehile ka bokamoso. Letsatsi le letsatsi re bona moruo o tetemang, khohlano lipolotiking le bolumeling, meharo le bobolu. Ha e le hantle, puso ea batho e hlōlehile!Moeklesia 8:9.

Taba ea hore na Jesu o kile a phela lefatšeng ke ea bohlokoa haholo. * Lengolo la 2 Bakorinthe 1:19, 20 le re: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka [Kreste].”

^ ser. 23 Ho fumanoe mantsoe a nang le lebitso la ’musi oa setereke ea bitsoang Lysaniase. (Luka 3:1) O busitse setereke sa Abilene ka nako eo Luka a e boletseng.

^ ser. 25 E ’ngoe ea lithuto tsa Jesu e fumaneha ho Matheu khaolo ea  5 ho ea ho 7 ’me e tsebahala ka hore ke Thuto ea Thabeng.

^ ser. 32 E le hore u fumane litaba tse eketsehileng ka Jesu le lintho tseo a neng a li ruta, kena ho www.jw.org/st ebe u sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.