Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | RAJESH KALARIA

Motho ea Ithutang Tsela eo Boko ba Motho bo Sebetsang ka Eona o Hlalosa Tumelo ea Hae

Motho ea Ithutang Tsela eo Boko ba Motho bo Sebetsang ka Eona o Hlalosa Tumelo ea Hae

PROFESA Rajesh Kalaria, oa Newcastle Univesity e Engelane, o se a e-na le lilemo tse fetang 40 a ithuta tsela eo boko ba motho bo sebetsang ka eona. Qalong o ne a lumela hore lintho li iphetotse. Sehloohong sena o hlalosa mosebetsi oa hae le seo a se lumelang.

Re kopa u re bolelle pale ea hao.

Batsoali ba ka ke Maindia ba le ba babeli le hoja ’Mè a hlahetse Uganda. E ne e le Mahindu ba le babeli. Lapeng re bana ba bararo, ke ’na oa bobeli. Re ne re lula Nairobi e Kenya, moo ho neng ho e-na le Mahindu a mangata.

Ke eng e entseng hore u rate saense?

Ke hotse ke rata liphoofolo haholo hoo ’na le metsoalle ea ka re neng re tloaetse ho ea libakeng tseo ho nang le liphoofolo tse hlaha. Ke ne ke batla ho ba ngaka ea liphoofolo. Ka mor’a hore ke qete lithuto tsa ka k’holejeng e ’ngoe Nairobi, ke ile ka ea Univesithing ea London ho ea ithutela bongaka. Ha nako e ntse e ea ke ne ke se ke etsa lipatlisiso ka hore na boko ba motho bo sebetsa joang.

Na lintho tseo u neng u li lumela li ile tsa fetoha ka lebaka la lithuto tseo u neng u li etsa sekolong?

Li ile tsa fetoha haholo, hobane ke ile ka qala ho belaella litumelo le meetlo ea Mahindu e akarelletsang ho rapela liphoofolo le litšoantšo.

Ke’ng e neng e etsa hore u lumele hore lintho li ikentse?

Ha ke ntse ke hola batho ba bangata ba ne ba lumela hore lintho li iphetotse, le hore tšoene ea pele e ileng ea fetoha motho e ne e le ea Afrika. Taba ena ho ne ho bile ho buuoa ka eona hangata sekolong. Hape, sekolong le univesithi re ne re rutoa hore bo-rasaense ba hlomphehang ba lumela hore lintho li ikentse.

 Ke’ng e ileng ea etsa hore u fetole maikutlo a hao ka taba ee?

Motho e mong eo ke neng ke kena sekolo le eena o ile a mpolella hore o ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka nako eo, e ne e se e le lilemo joale ke ithuta baeloji le tsela eo ’mele oa motho o etsoeng ka eona. Ke ne ke khalla ho tseba hore na ba bua ka eng, kahoo, ke ile ka ea kopanong ea Lipaki e neng e le holong ea sekolo sa ka ha ke ntse ke le Nairobi. Ka mor’a moo Lipaki tse ling tse peli li ile tsa bua le ’na ka molaetsa oa Bibele. Ke ile ka utloa ba bua litaba tse hlakileng ha ba ntlhalosetsa hore ho na le ’Mopi ea bileng a hlalosang lintho tse etsahalang bophelong.

Na seo u ithutileng sona sekolong se entse hore u lumele hore lintho li ikentse?

Le letho! Ho fapana le hoo, ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka hlokomela hore lintho li bopiloe ka bohlale. Ke ne ke utloa e le ntho e sa utloahaleng ho lumela hore lintho tse entsoeng ka bohlale tjena li bile teng ka tšohanyetso.

Na ho na le ntho eo u ka re etsetsang mohlala ka eona?

Ke qalile ho ithuta ka boko ba motho ka 1971, empa le lena le holimo ke ntse ke makatsoa ke tsela eo bo sebetsang ka eona. Bo thusa motho ho hopola lintho, bo laola tsela eo a nahanang ka eona le tsela eo ’mele o sebetsang ka eona. Bo boetse bo laola ’mele hore o utloe, o bone, o fofonele, o latsoe o be o ame.

Boko ba motho bo sebetsa ka tsela e makatsang tjena ka lebaka la lisele tse rarahaneng tseo bo nang le tsona. Bo na le methapo e libilione e menyenyane e khonang ho fetisetsa melaetsa ho e meholoanyane e bitsoang li-axon. Methapo ena e ka boela ea ikopanya ho hlahisa e meng e menyenyane hape e bitsoang li-dendrite. Tsela eo boko bo entsoeng ka eona e batla e rarahane feela joaloka eo linaleli li rarahaneng ka bona. Taba e ’ngoe ke hore le hoja bo rarahane tjena ha ho phoso e ka etsahalang e ka bo sitisang ho phetha mosebetsi oa eona. Mesebetsi ea Molimo ea makatsa!

U bolela’ng?

Boko ba motho bo qala ho sebetsa ho tloha ha ngoana a ntse a le ka popelong. Methapo e qala ho arohana ebe e ea ho e meng e hojana le eona. Ka linako tse ling ha mothapo o aroha, morero e ba hore o ee karolong e itseng ea sele, eseng seleng kaofela.

Nakong eo mothapo o arohang, ho ba le likarolo tsa boko tse laolang hore na o eme hokae, o tsamaee ha ho le joang le hore na o tjeka hokae. Sena se etsahala ho fihlela mothapo oo o fihla moo o reretsoeng hore o ee teng. Ha e ne e se ka litaelo tsena, ha methapo e arohana e ne e tla ea moo e sa lokelang ho ea teng. Lintho tsena tsohle ha li iketsahalle ka tšohanyetso empa li laoloa ke melao e hlahang ka har’a DNA.

Le hoja re buile lintho tse ngata hakana ka boko, ho sa na le tse ling tse fetang tsena tseo re ke keng ra li utloisisa, tse akaretsang, tsela eo bo laolang ho lebala le ho hopola, tsela eo motho a ikutloang ka eona le tsela eo motho a nahanang ka eona. Taba ea hore motho o na le boko ea hlolla, empa joale ha ke nahana ka tsela eo bo sebetsang ka eona le eo bo holang ka eona ke hlolloa le ho feta. Ha ke nahana ka boko kea kholiseha hore ho na le motho ea bohlale haholo ea bo bopileng!

Hobane’ng u khethile ho ba Paki ea Jehova?

Lipaki li ile tsa nkholisa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ke hlokometse hore Bibele ha se buka ea saense, empa moo e buang ka eona e lula e nepile. Boprofeta ba eona bo lula bo phethahala. E thusa batho hore ba fetole tsela eo ba phelang ka eona. Le ’na e nthusitse haholo! Ho tloha ka 1973 ha ke ne ke e-ba Paki esale ke mamela likeletso tsa Bibele. Hona joale ke khotsofetse ebile kea tseba hore na ke phelela’ng.