Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFATŠE LEE LE HABILE HOKAE?

Batho ba re ho Tla Etsahala’ng ka Lefatše?

Batho ba re ho Tla Etsahala’ng ka Lefatše?

BATHO ba bangata ba tšoenyehile ebile ba tšohile ka lebaka la lintho tse mpe tse etsahalang. Ka 2014 mopresidente oa mehleng oa Amerika, Barack Obama, o ile a re lintho tse mpe li etsahala ka sekhahla ’me ho bonahala li sa ee moriting ho hang. O ile a bua tjena ka lebaka la lintho tse ngata tse mpe tse etsahalang tse hlahang likoranteng.

Empa ka mor’a ho cho joalo, a bua ka lintho tse neng li ntse li etsoa e le ho lokisa mathata a mangata a teng lefatšeng. O itse o na le tšepo ea hore lintho li tla loka, a ba a re tse ling tsa lintho tseo ’muso o neng o li etsa ho rarolla mathata a lefatše li molemo. O ne a bolela hore batho ba ka etsa hore mathata a lefatše a ee moriting le hore lefatše le se ke la fela.

Batho ba bangata ba lumellana le eena. Ka mohlala, ba bang ba tšepile bo-ramahlale hobane ba lumela hore ba tla etsa mechine e tsoetseng pele e ka felisang mathata a teng lefatšeng. Motho e mong ea tsebang mechine o ile a bua ka phatla e phahameng a re: “Mechine e tla beng e le teng ka 2030 e tla be e tsoetse pele haholo, athe ka 2045 teng e tla be e le mebe le ho feta.” O ile a boela a re: “Re ntse re etsa mosebetsi o tsoileng matsoho e le hore taba ena e etsahale. Ke ’nete hore re hlaheloa ke mathata a mangata a boima, empa re khona ho a rarolla kaofela ebile re a rarolla ka potlako.”

Na ho se ho hlile ho le hobe hakaalo? Na ehlile lefatše le haufi haholo le ho fela? Le hoja bo-ramahlale le batho ba boholong mebusong ba re ba na le tšepo ea hore lintho li tla loka, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ntse ba ipotsa hore na lefatše lee le habile hokae?

 Mohlomong le uena ho na le lintho tse ngata tseo u bonang eka li ka ntša batho kotsi. Ho lula re nahana ka lintho tsena ho ke ke ha re thusa kapa ha etsa hore re tsebe hore na ho tla hle ho etsahale’ng ka lefatše. Batho ba bang ba lumela hore bo-ralipolotiki le bo-rasaense ba ke ke ba rarolla mathata ana. Sehloohong se tlileng pele ho sena, re hlokometse hore batho ba bang ba ithutile hore na ho tla qetella ho etsahetse’ng ka lefatše lena. Ebe ke eng e ka re thusang ho tseba hore na ho tla ba joang nakong e tlang?

LIBETSA. Le hoja mekhatlo e fapaneng ea lefatše e lekile ho etsa hore linaha li khaotse ho sebelisa libetsa tse sebelisoang ho bolaea batho ba bangata, e hlolehile. Babusi ha ba batle ho mamela melao eo ba e fuoeng ea hore na libetsa li sebelisoe joang. Linaha tse tummeng ka ho ba le libetsa li ntse li ntlafatsa libomo tseo li nang le tsona le ho etsa libomo tse ling tse kotsi le ho feta. Hona joale le linaha tse neng li ntse li se na libetsa tse kotsi, li se li ka khona ho rinya batho larita ka tsona.

Ka lebaka lena, batho ha ba sa sireletsehile ho hang, esita le nakong eo ho se nang likhathatso lefatšeng. Bulletin of the Atomic Scientists e re: “Ntho e tšosang haholo ke libetsa tse etselitsoeng ho bolaea batho le hoja ho se na motho ea li laolang.”

HO KULA E SE E LE KOBO-ANELA. Ho na le lintho tse ngata tseo bo-ramahlale ba sitoang ho li laola. Batho ba kulang ka lebaka la lintho tse kang phallo ea mali, ho nona ho tlola, tšilafalo ea moea le ho sebelisa lithethefatsi, ba ntse ba eketseha. Ba bangata ba bolaoa ke mafu a kang kankere, lefu la pelo le tsoekere. Athe ba tšoaroang ke mafu a mang, a kang mafu a kelello, le bona ba ntse ba eketseha. Lilemo tse seng kae tse fetileng, ho ile ha e-ba le mafu a kotsi a kang Ebola le Malaria. Batho ba ntse ba kula ho ea pele, ebile ho bonahala eka ha ho mohla ho kula ho tla ea moriting.

BATHO BA SENYA LEFATŠE. Batho ba etsa lifeme ’me li ntse li silafatsa lefatše ho ea pele. Selemo le selemo batho baa shoa ka lebaka la ho hema moea o silafetseng.

Batho, mekhatlo le lipetlele ba silafatsa tikoloho ka hore ba lahlele lithole moo ba sa lokelang ho li lahlela teng. Mohlala, ba li lahlela leoatleng. Encyclopedia of Marine Science e re: “Lithole tsena li silafatsa leoatle le lintho tse phelang ho lona, li bile li kulisa le batho ba jang lintho tse tsoang ka ho lona.”

Matsatsing ana ho se ho le thata ho fumana metsi a hloekileng. Sengoli se bitsoang Robin McKie se re: “Metsi a ntse a qepha hoo haufinyane lefatše lohle le tla a hloka.” Le bo-ralipolotiki ba lumellana le eena, ebile ba re bothata bona bo bakoa ke batho le hore bo kotsi haholo.

LIKOLUOA TSA TLHAHO. Likoluoa tse kang lifefo, maholiotsoana le ho reketla ha lefatše li senya libaka tseo batho ba phelang ho tsona. Ha likoluoa tsena li etsahala, li bolaea batho ba bangata kapa li ba siea mahlomoleng. U.S. National Aeronautics and Space Administration e bontša hore ke hona ho tl’o ba le likoluoa tsa tlhaho tse kotsi haholo. Na likoluoa tsee li tla felisa lefatše?

Mohlomong le uena ho na le lintho tse ngata tseo u bonang eka li ka ntša batho kotsi. Ho lula re nahana ka lintho tsena ho ke ke ha re thusa kapa ha etsa hore re tsebe hore na ho tla hle ho etsahale’ng ka lefatše. Batho ba bang ba lumela hore bo-ralipolotiki le bo-rasaense ba ke ke ba rarolla mathata ana. Sehloohong se tlileng pele ho sena, re hlokometse hore batho ba bang ba ithutile hore na ho tla qetella ho etsahetse’ng ka lefatše lena. Ebe ke eng e ka re thusang ho tseba hore na ho tla ba joang nakong e tlang?