Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 TSA MEHLENG EA KHALE

Alhazen

Alhazen

MOHLOMONG ha u e-s’o utloele ka Abū ‘Alī al-Ḥasan ibn al-Haytham. Lebitso la hae ka Searabo ke al-Ḥasan empa ka Selatine ke Alhazen. Mehleng ena batho ba bangata ba sebelisa lintho tse qapiloeng ke eena. O nkoa e le “motho oa bohlokoa haholo ha ho tluoa litabeng tsa saense.”

O hlahetse Basra eo hona joale e leng Iraq ka selemo sa 965 pele Jesu a e-tla lefatšeng. O ne a rata thuto ea linaleli, k’hemistri, ’metse, thuto ea bongaka, ’mino, lifoto, fisiks le lithothokiso. Ha e le hantle o entse eng ee eo le rona re ntseng re e sebelisa le hona joale?

MORERO OA ALHAZEN KA NOKA EA NILE

Litaba tsa Alhazen li ile tsa tsebahala ka nako e telele. O ne a batla ho laola tsela eo Noka ea Nile e phallang ka eona e le hore batho ba lule ba e-na le metsi a lekaneng. Moralo ona o ile oa phethoa ka 1902 motseng oa Aswân o Egepeta, ha Alhazen eena a o entse lilemo tse ka bang 1 000 pele ho moo.

Morero oa Alhazen e ne e le ho etsa hore noka e fepele motse metsi a lekaneng ho sa tsotellehe hore na ke nakong ea komello kapa ea likhohola. Ha Morena al-Hakim oa motse oa Cairo o Egepeta, a utloa ka morero ona, o ile a re Alhazen a tl’o o phetha Egepeta. Empa eitse ha Alhazen a fihla ’me a bona kamoo Noka ea Nile e leng kholo kateng, o ile a hlokomela hore a ke ke a khona ho o phetha. Kaha Morena al-Hakim o ne a le khopo, Alhazen o ile a tšoha hore o tla mo bolaea. Kahoo, Alhazen a etsa eka o fapane hlooho ka lilemo tse 11 ho fihlela ka selemo sa 1021 ha Morena al-Hakim a hlokahala. Ka lilemo tseo tse 11 o ile a ba le nako ea ho etsa lintho tse ling.

BUKA E BITSOANG BOOK OF OPTICS

Nakong eo Alhazen a neng a lokolloa, o ne a se a ngotse boholo ba likarolo tse supileng tsa buka ea hae e bitsoang Book of Optics. Buka ea Science: The Definitive Visual Guide e re buka eo ea Alhazen ke “buka ea bohlokoa haholo thutong ea fisiks.” Bukeng eo, Alhazen o ngotse ka hore na khanya ke ntho e joang, hore na ke hobane’ng ha  e hlahisa mahlaseli, hore na ke hobane’ng ha e bonahala ka seiponeng le hore na ke hobane’ng ha e nyamela. Hape, o ngotse ka tsela eo leihlo le sebetsang ka eona.

Lilemong tsa bo-1300, buka eo e ile ea fetoleloa ka Selatine ho tsoa ho Searabia, eaba lilemo tse makholo ka mor’a moo, ea e-ba buka e ka sehloohong e sebelisoang ke barutehi ba Europe. Litaba tseo Alhazen a neng a li ngotse ka tsela eo mahlo a sebetsang ka eona, li ile tsa thusa batho ba Europe ba neng ba etsa likhalase tsa mahlo hore ba qetelle ba qapile sebonela-hole le mochine o bitsoang microscope.

MOKHOA OA HO HLAHISA LITŠOANTŠO

Alhazen o ile a qapa mokhoa oa ho hlahisa litšoantšo o ileng oa etsa hore ho qetelle ho entsoe lik’hamera. O ile a sebelisa kamore e lefifi, eaba o phunya lesoba leboteng moo khanya e neng e kena le teng. Khanya eo e ne e hlahisa setšoantšo sa ntho e ka ntle ho kamore eo leboteng le shebaneng le lesoba, feela se ne se hlaha se thulame.

Alhazen o ile a qapa mokhoa oa ho hlahisa litšoantšo

Lilemong tsa bo-1800, batho ba ile ba beha likhalase lesobeng leo bakeng sa ho hlahisa litšoantšo, eaba ho qetella ho se ho qapuoe k’hamera. Leihlo le sebetsa ka oona mokhoa oo, hammoho le lik’hamera tsohle tsa mehleng ena. *

TSELA EA HAE E IKHETHANG EA HO SEBETSA

Ntho e ikhethang ka Alhazen ke tsela eo a neng a sebetsa ka eona. Mehleng ea hae, batho ba ne ba sa tloaelana le mokhoa oo oa hae oa ho sebetsa. O ne a batlisisa ka ntho e itseng e le hore a iphumanele bopaki ba hore na ke ’nete. O ne a bile a sa tšabe ho hanyetsa lintho tseo batho ba bangata ba li lumelang haeba ho se na letho le pakang hore lintho tseo ke ’nete.

Le mehleng ena, bo-ramahlale ba bangata baa lumela hore ba lokela ho fana ka bopaki ba ntho eo ba lumelang hore ke ’nete. Batho ba bang ba bile ba re Alhazen ke eena ea li hulang pele lithutong tsa mahlale. Kahoo, o fela a entse lintho tse ngata tse kholo.

^ ser. 13 Batho ba ne ba ntse ba sa utloisise hore na mokhoa ona oa ho hlahisa litšoantšo ho sebelisoa kamore e lefifi o tšoana joang le tsela eo leihlo le sebetsang ka eona. Empa lilemong tsa bo-1700 Johannes Kepler o ile a hlalosa hore na li tšoana joang.