Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”

“Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”

“Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”ESA. 40:8.

LIPINA: 116, 142

1, 2. (a) Bophelo bo ne bo tla ba joang hoja Bibele e ne e le sieo? (b) Re ka ithuta lintho tse ngata Bibeleng haeba re etsa’ng?

HOJA Bibele e ne e le sieo, u nahana hore bophelo ba hao bo ka be bo le joang? Ho ne ho se moo u ka fumanang likeletso teng. U ne u ke ke oa tseba letho ka Molimo, bophelo kapa bokamoso. Hape u ne u ke ke oa tseba hore na Molimo o ile a sebelisana joang le batho nakong e fetileng.

2 Ka lehlohonolo ha ho joalo. Jehova o re file Lentsoe la hae e leng Bibele. O re kholisa hore molaetsa oa eona o tla lula o le teng. Moapostola Petrose o ile a qotsa mantsoe a Esaia 40:8. Le hoja mantsoe ao a sa bue ka Bibele ka ho toba, a bua ka molaetsa oa eona. (Bala 1 Petrose 1:24, 25.) Re ka ithuta lintho tse ngata ha re bala Bibele ka puo ea rona. Batho ba ratang Lentsoe la Molimo ba tseba taba ena hantle. Ka lilemo tse ngata, batho ba ile ba sebetsa ka thata ho e fetolela le ho e abela batho ba bang, le hoja ka linako tse ling ho ne ho se bonolo. Ba ne ba batla hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng  ea ’nete,” e leng seo e leng thato ea Molimo.—1 Tim. 2:3, 4.

3. Re tla bua ka eng sehloohong see? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Sehloohong sena re tla bua ka kamoo Lentsoe la Molimo le ileng la tšoarella kateng le hoja (1) lipuo li ’nile tsa fetoha, (2) bo-ralipolotiki ba ile ba leka ho le thibela ’me (3) batho ba sa batle hore Bibele e fetoleloe. Sehlooho see se tla re thusa joang? Se tla re thusa hore re ananele Lentsoe la Molimo haholoanyane. Re tla boela re rate Jehova haholo e leng eena Mongoli oa Bibele.—Mik. 4:2; Bar. 15:4.

LIPUO LIA FETOHA

4. (a) Lipuo li fetoha joang ha nako e ntse e e-ea? (b) Ke’ng e bontšang hore Molimo ha a leeme, hona u ikutloa joang ka taba ee?

4 Ha nako e ntse e e-ea, lipuo lia fetoha ebile mantsoe le lipolelo li ka qetella li bolela lintho tse fapaneng. U ka ’na oa nahana ka mehlala ea kamoo puo ea hao e fetohileng kateng. Puo eo batho ba e buang mehleng ena e fapane le ea mehleng ea ha Bibele e ne e ngoloa. Kaha batho ba bangata ha ba tsebe Seheberu le Segerike, ba hloka ho bala Bibele e fetoletsoeng. Batho ba bang ba nahana hore ha ba ithuta Seheberu le Segerike sa mehleng ea khale, ba tla utloisisa Bibele haholoanyane. Empa ho etsa joalo ho ka se ba thuse hakaalo. * Re leboha Jehova hore ebe Bibele e fetoletsoe ka lipuo tse ka bang 3 000. Rea hlokomela hore Jehova o batla hore Bibele e thuse batho ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong.” (Bala Tšenolo 14:6.) Kahoo, re utloa re batla ho ba le kamano e ntle le Molimo kaha oa re rata ebile ha a leeme.—Lik. 10:34.

5. Ke’ng e neng e etsa hore Bibele ea King James Version e ikhethe?

5 Taba ea hore lipuo lia fetoha ha nako e ntse e e-ea, e boetse e ama tsela eo Bibele e fetoleloang ka eona. Ha nako e ntse e e-ea, Bibele eo phetolelo ea eona e neng e le bonolo e ka qetella e sa utloahale. Mohlala oa taba ena ke Bibele ea King James Version e qalileng ho hatisoa ka selemo sa 1611. Batho ba bangata ba ne ba e rata haholo. Mantsoe a neng a sebelisitsoe ho eona a ile a ama puo ea Senyesemane. * Empa Bibele ena e ne e hlahisa lebitso la Molimo ka makhetlo a seng makae feela. Mangolong a mang a Seheberu, e ne e sebelisa lentsoe “MORENA,” le ngotsoe ka litlhaku tse kholo. Hamorao, liphetolelo tse ling le tsona li ile tsa sebelisa lentsoe “MORENA,” ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Bafetoleli ba Bibele ea King James Version ba ile ba lumela hore lebitso la Molimo le lokela ho hlaha ka Testamenteng e Ncha.

6. Ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ikhetha?

6 Ha King James Version e qala ho fihla, batho ba bangata ba ne ba e utloisisa. Empa ka mor’a lilemo, mantsoe a mang a ne a utloahala e le a khale ’me ho ba thata ho a utloisisa. Ho etsahetse ntho e tšoanang le ka Libibele tse ling. Re leboha Jehova haholo hore ebe re na le Phetolelo ea Lefatše le  Lecha ea Mangolo a Halalelang hobane e sebelisa puo eo re e utloisisang. Bibele ena e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 150, kahoo batho ba ka khona ho ipalla eona ka puo ea bona. Kaha e sebelisitse mantsoe a bonolo le a utloahalang, molaetsa oa eona o ama lipelo tsa rona. (Pes. 119:97) Empa ntho e etsang hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ikhethe ke hore e hlahisa lebitso la Molimo moo le lokelang ho ba teng.

PUO E UTLOAHALANG

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata lilemong tsa bo-235 ho ea ho 284 ba ne ba sa utloisise Mangolo a ngotsoeng ka Seheberu? (b) Septuagint ea Segerike ke eng?

7 Ha batho ba ntse ba tsoela pele bophelong, puo le eona ea fetoha. Empa Jehova o ile a netefatsa hore batho ba bala Bibele ka puo eo ba e utloisisang. Mohlala, libuka tse qalang tsa Bibele tse 39 li ngotsoe ke Baiseraele kapa Bajuda. “Liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo li ile tsa behoa tlhokomelong ea bona.” (Bar. 3:1, 2) Empa lilemong tsa bo-235 ho ea ho 284 mehleng ea bo-Daniele, Bajuda ba bangata ba ne ba se ba sa utloisise Seheberu. Hobane’ng? Hobane Alexandere e Moholo o ne a se a busa karolo e kholo ea lefatše. (Dan. 8:5-7, 20, 21) Kahoo, batho ba bangata ho akarelletsa le Bajuda, ba ile ba qala ho bua Segerike ho e-na le hore ba bue puo ea habo bona. Ba ne ba se ba sa utloisise Mangolo a ngotsoeng ka Seheberu. Bothata boo bo ne bo tla rarolloa joang?

8 Lilemo tse ka bang 250 pele Jesu a tla lefatšeng, libuka tse hlano tsa Bibele li ile tsa fetoleloa ka Segerike. Hamorao, ho ile ha fetoleloa Mangolo a Seheberu. Libuka tse ileng tsa fetoleloa li ile tsa tsejoa e le Septuagint ea Segerike, e leng phetolelo ea pele e nang le Testamente ea Khale e feletseng.

9. (a) Babali ba phetolelo ea Septuagint le liphetolelo tse ling ba ile ba ikutloa joang ha ba bala Bibele ka puo ea habo bona? (b) Ke litemana life tsa Testamente ea Khale tseo u li ratang?

9 Bajuda le batho ba bang ba buang Segerike, ba ile ba nolofalloa ho bala Bibele ea Septuagint. Nahana hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ba utloa kapa ba bala Lentsoe la Molimo ka puo ea habo bona. Ka mor’a nako, Bibele e ile ea fetoleloa ka lipuo tse ling tse kang Sesyria, Segothe le Selatine. Kaha batho ba bangata ba ne ba khona ho bala Lentsoe la Molimo le ho le utloisisa, ba ile ba le rata haholo. Hape, ba bang ba ile ba e-ba le litemana tseo ba li ratang, joalokaha le rona re na le tseo re li ratang. (Bala Pesaleme ea 119:162-165.) Lentsoe la Molimo le ile la tšoarella le hoja puo e ’nile ea fetoha.

BA THIBELA HORE BIBELE E FETOLELOE

10. Ke hobane’ng ha batho ba mehleng ea John Wycliffe ba ne ba se na Bibele?

10 Baeta-pele ba ’nile ba leka ka matla ho thibela batho ho bala Bibele. Leha ho le joalo, ho na le ba ileng ba ema ba tiile khahlanong le khanyetso eo. Mohlala, nahana ka lintho tse ileng tsa etsahalla John Wycliffe e leng setsebi sa thuto ea bolumeli sa lilemong tsa bo-1300. O ne a lumela hore e mong le e mong o lokela ho rua molemo Lentsoeng la Molimo. Empa batho ba Engelane ba ka nako eo, ba ne ba se na Bibele. Lebaka le ka sehloohong ke  hore Libibele tse teng e ne e le tse ngotsoeng ka letsoho ’me li le turu haholo. Hape, batho ba bangata ba ne ba sa ruteha. Le hoja ba ne ba balloa Bibele likerekeng, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba sa utloisise lintho tseo ba li utloileng. Hobane’ng? Hobane Bibele e neng e sebelisoa likerekeng e ne e ngotsoe ka Selatine. Empa lilemong tsa bo-401 ho ea ho 1500, batho ba bangata ba ne ba sa tsebe Selatine. Jehova o ile a etsa joang hore le bona ba be le Bibele ka puo ea bona?—Liprov. 2:1-5.

John Wycliffe le ba bang ba ne ba batla hore batho bohle ba tsebe Lentsoe la Molimo. Na le uena u ikutloa joaloka bona?(Sheba serapa sa 11)

11. Batho ba ile ba ikutloa joang ka Bibele ea Wycliffe?

11 Ka 1382, ho ile ha hatisoa Bibele ea Senyesemane ea Wycliffe. Batho ba bangata ba neng ba bitsoa Malollard ba ile ba e rata haholo. Ba ne ba tsamaea ka maoto ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong ba balla batho Bibele ba bile ba ba fa Libibele tse ngotsoeng ka letsoho. Mosebetsi oa bona o ile oa khahla batho ba bangata ’me batho ba qala ho rata ho ithuta Bibele hape.

12. Baruti ba ne ba ikutloa joang ka Wycliffe le Bibele ea hae?

12 Baruti ba ne ba hloile Wycliffe, balateli ba hae hammoho le Bibele ea hae. Ba ile ba hlorisa Malollard ’me ba chesa Libibele tsa Wycliffe hohle moo ba neng ba li fumana teng. Wycliffe o ne a bitsoa mokhelohi esita leha a se a hlokahetse. Le hoja ho ke ke ha khoneha hore motho ea hlokahetseng a hlokofatsoe, ba ile ba cheka masapo a hae, ba a chesa ’me ba lahlela molora oa hae ka nokeng. Empa kaha batho ba bangata ba ne ba batla ho bala Lentsoe la Molimo le ho le utloisisa, Kereke e ne e ke ke ea khona ho ba thibela. Lilemo tse makholo ka mor’a moo, batho ba Europe le linaha tse ling ba ile ba fetolela Bibele le ho e hatisa ka lipuo tseo batho ba li utloisisang.

“EA U RUTANG HORE U ITSOELE MOLEMO”

13. Re kholisehile ka eng mabapi le Lentsoe la Molimo, hona re na le tumelo efe?

13 Ha rea lokela ho nahana hore mosebetsi oa ho fetolela Bibele ea Septuagint, ea Wycliffe, ea King James kapa  Bibele ea phetolelo efe kapa efe o ne o bululetsoe ke Molimo ka ho toba. Leha ho le joalo, ha re sheba kamoo Libibele tsena li ileng tsa fetoleloa kateng, rea hlokomela hore Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae ea hore Lentsoe la hae le tla lula le le teng. Kahoo, re na le tumelo ea hore lintho tsohle tseo Jehova a re tšepisitseng tsona li tla fela li etsahale.—Josh. 23:14.

14. Ke joang lintho tseo re ithutang tsona ka Bibele li etsang hore re rate Molimo le ho feta?

14 Ha re sheba kamoo Jehova a ileng a sireletsa Lentsoe la hae kateng, re mo rata le ho feta ’me tumelo ea rona ea matlafala. * Empa ke hobane’ng ha Jehova a ile a re fa Bibele ebe u re tšepisa hore o tla e sireletsa? Hobane oa re rata ebile o batla ho re ruta e le hore re itsoele molemo. (Bala Esaia 48:17, 18.) Kahoo, re susumelletseha ho rata Jehova le ho mo mamela.—1 Joh. 4:19; 5:3.

15. Re tla araba lipotso life sehloohong se latelang?

15 Kaha re rata Lentsoe la Molimo, re ka etsa’ng hore le re tsoele molemo ha re le bala? Ke joang re ka thusang batho bao re kopanang le bona tšimong hore le bona ba rate Bibele? Ha re ruta ka phuthehong, re ka etsa joang hore re rute lintho tse tsoang ka Bibeleng? Re tla araba lipotso tsena sehloohong se latelang.

^ ser. 4 Sheba sehlooho se reng “Na U Lokela ho Ithuta Seheberu le Segerike?” se hlahang ho Molula-Qhooa oa November 1, 2009.

^ ser. 5 Maele a mang a tsebahalang a Senyesemane a nkiloe Bibeleng ea King James Version.

^ ser. 14 Sheba lebokose le reng “ Etela musiamo oa Libibele