Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE ITHUTOANG 19

“Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo

“Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo

“Nakong ea bofelo morena oa boroa o tla kopanela le [morena oa leboea] ho sututsaneng.”​—DAN. 11:40.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

SELELEKELA *

1. Boprofeta ba Bibele bo re thusa hore re utloisise eng?

HO TLA etsahala’ng ka bahlanka ba Jehova haufinyane? Ha re hloke ho ingoaea hlooho ka taba eo. Bibele e re beha leseling ka liketsahalo tsa bohlokoa tse tla re etsahalla. Ka ho khetheha, ho na le boprofeta bo bong bo re bolellang hore na mebuso e matla ea lefatše e tla etsa’ng. Boprofeta boo bo tlalehiloe bukeng ea Daniele khaolo ea 11 ’me bo re hlaba malotsana ka marena a mabeli a loantšanang, e leng morena oa leboea le morena oa boroa. Boholo ba boprofeta boo bo se bo phethahetse, kahoo, re ka kholiseha hore karolo e setseng ea bona e tla phethahala.

2. Ho ea ka Genese 3:​15 le Tšenolo 11:7 le 12:​17, ke lintho life tseo re lokelang ho li hopola ha re ntse re hlahloba boprofeta ba Daniele?

2 E le hore re utloisise boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 11 hantle, re lokela ho lula re hopola hore bo ipuela feela ka marena le mebuso e loantšang bahlanka ba Molimo. Hape, le hoja bahlanka ba Molimo ba le banyane haholo ha ba bapisoa le batho ba bang, ke bona ba hlorisoang ke marena le mebuso. Hobane’ng? Ke hobane ntho e ka sehloohong eo Satane le lefatše lena ba e batlang ke ho felisa batho ba sebeletsang Jehova le Jesu. (Bala Genese 3:​15; Tšenolo 11:7; 12:​17.) Ho phaella moo, boprofeta bo hlahang ho Daniele bo lokela ho lumellana le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng. Hape, e le hore re utloisise boprofeta ba Daniele hantle, re lokela ho bo bapisa le likarolo tse ling tsa Mangolo.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see le se latelang?

3 Kahoo, re tl’o seka-seka Daniele 11:​25-39. Re tla bona hore na morena oa leboea le morena oa boroa e ne e le  bo-mang ho tloha ka 1870 ho ea ho 1991, hape re tla bona hore na ke hobane’ng ha ho loketse hore re fetole tsela eo re neng re utloisisa boprofeta bona ka eona. Sehloohong se latelang teng, re tl’o tšetšetha Daniele 11:​40–12:1 ’me re tla hlakisa hore na boprofeta boo bo re bolella’ng ka nako ea ho tloha ka 1991 ho fihlela ka ntoa ea Armagedone. Ha u ntse u hlahloba lihlooho tsena tse peli, e ka ba hantle hore u chakele chate e nang le sehlooho se reng, “Marena a Mabeli a Loantšanang Mehleng ea Bofelo.” Empa pele ho moo, re hloka ho tseba hore na marena a mabeli a hlahang boprofeteng boo ke bo-mang.

RE KA TSEBA MORENA OA LEBOEA LE MORENA OA BOROA JOANG?

4. Ke lintho life tse tharo tseo re lokelang ho li ela hloko ha re batla ho tseba hore na morena leboea le morena oa boroa ke bo-mang?

4 Qalong, litlotla tsena e leng “morena oa leboea” le “morena oa boroa” li ne li fuoe marena a neng a busa ka leboea le ka boroa naheng ea Iseraele. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ela hloko hore na lengeloi le ileng la bua le Daniele le ile la re’ng ho eena: “Ke tlil’o etsa hore u lemohe se tla hlahela sechaba sa heno karolong e qetellang ea matsatsi.” (Dan. 10:​14) Ho fihlela ka Pentekonta ea selemo sa 33, sechaba sa Iseraele e ne e le batho ba Molimo. Empa ho tloha ka nako eo, Jehova o ile a hlakisa hore barutuoa ba Kreste ke batho ba hae. Kahoo, boholo ba boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 11 bo bua ka balateli ba Kreste e seng ka Baiseraele. (Lik. 2:​1-4; Bar. 9:​6-8; Bagal. 6:​15, 16) Ho feta moo, mebuso kapa marena a sa tšoaneng e ile ea e-ba morena oa leboea le morena oa boroa ka linako tse sa tšoaneng. Empa ho na le ntho eo kaofela ha ’ona a tšoanang ka eona. Ntho ea pele, marena ana a busitse libakeng tseo batho ba Molimo ba neng ba phela ho tsona le ho ba hlorisa. Ea bobeli, tsela eo ba ileng ba tšoara batho ba Molimo ka eona e ile ea bontša hore ba hloile Molimo oa ’nete Jehova. Ea ho qetela, marena ana a mabeli a ne a tseka bompoli.

5. Na ho ne ho e-na le morena oa leboea le morena oa boroa ho tloha ka selemo sa 100 ho ea ho sa 1870? Hlalosa.

5 Neng-neng ka mor’a selemo sa 100, Bakreste bangata ba bohata ba ile ba tla ka phuthehong eaba ba ruta batho lithuto tse fosahetseng le ho ba patela ’nete e ka Lentsoeng la Molimo. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka 1870, ho ne ho se na batho ba hlophisitsoeng ba sebeletsang Molimo lefatšeng mona. Bakreste ba bohata ba ile ba hola joaloka lehola masimong eaba ho ba thata ho tseba hore na Bakreste ba ’nete ke bafe. (Mat. 13:​36-43) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba taba ee? Ke hobane ea bontša hore ho ne ho ke ke ha etsahala hore mebuso le marena a bileng teng ka selemo sa 100 ho ea ho sa 1870 e ne e ka ba morena oa leboea kapa morena oa boroa. Ho ne ho se na batho ba Molimo ba hlophisitsoeng bao ba neng ba ka ba hlasela. * Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a selemo sa 1870, ho ne ho utloahala hore ebe morena oa leboea le morena oa boroa ba ka hlaha hape. Re tseba joang?

6. Batho ba Molimo ba ile ba qala ho hlahella neng hape? Hlalosa.

 6 Ho tloha ka 1870 ho ea pele, batho ba Molimo ba ile ba hlophisoa e le sehlopha. Ke hona selemong seo moo Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba ileng ba theha sehlopha sa ho ithuta Bibele. Mor’abo rona Russell le metsoalle eo ea hae, ba ile ba sebetsa e le lenģosa le ileng la “hleka tsela” pele ’Muso oa Molimo o thehoa. (Mal. 3:1) Ka tsela ena, ho ile ha boela ha e-ba le batho ba sebeletsang Molimo ka tsela e nepahetseng. Na ho ne ho e-na le mebuso e matla ea lefatše ka nako eo e neng e ka hlorisa batho ba Molimo? Ha re ke re boneng.

MORENA OA BOROA KE MANG?

7. Morena oa boroa e bile mang ho fihlela ntoeng ea pele ea lefatše?

7 Ka 1870, Brithani e ile ea e-ba ’muso o matla ka ho fetisisa lefatšeng o bile o e-na le sesole se matla haholo hape o busa linaha tse ngata. Boprofeta ba Daniele bo bua ka lenaka le lenyenyane le ileng la hlola manaka a mararo. Lenaka leo le emela Brithani ha a mang a mararo a emela Fora, Spain le Netherlands. (Dan. 7:​7, 8) Kahoo, Brithani e ile ea e-ba morena oa boroa ho fihlela ka Ntoa ea Pele ea Lefatše. Ka nako ena, Amerika e ile ea e-ba naha e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ’me e ile ea sebelisana haufi-ufi le Brithani.

8. Haesale morena oa boroa e le mang matsatsing aa a ho qetela?

8 Ntoeng ea pele ea lefatše, Amerika le Brithani li ile tsa tšoarisana ntoa eaba li ba matla haholo. Ka nako eo, Brithani le Amerika e ile ea e-ba metsoalle eaba li theha ’muso o matla ka ho fetisisa lefatšeng oa Manyesemane le Maamerika.  Joalokaha Daniele a ile a profeta, ’muso kapa morena enoa o ile a ba le “lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla.” (Dan. 11:​25) Nakong ena ea matsatsi a ho qetela, haesale ’muso oa Manyesemane le Maamerika e le morena oa boroa. * Joale, ke mang eo e leng morena oa leboea?

MORENA OA LEBOEA KE MANG?

9. Morena oa leboea o ile a hlahella neng hape, hona boprofeta ba Daniele 11:​25 bo ile ba phethahala joang?

9 Ka 1871, e leng selemo ka mor’a hore Mor’abo rona Russell le metsoalle ea hae ba thehe sehlopha sa ho ithuta Bibele, morena oa leboea o ile a hlahella. Selemong seo, Otto von Bismarck o ile a theha ’muso o matla ka ho kopanya libaka tse ngata eaba o bitsoa ’muso oa Jeremane. Morena Wilhelm I e ile ea e-ba eena morena oa pele oa ’muso oo eaba o khetha Bismarck hore ebe tona-kholo. * Mashome a seng makae a lilemo hamorao, Jeremane e ile ea busa linaha tse ling tsa Afrika le tse leoatleng la Pacific ea ba ea leka ho ba matla ho feta Brithani. (Bala Daniele 11:​25.) Jeremane e ile ea batla e e-ba le sesole se matla haholo joaloka sa Brithani. Ntoeng ea pele ea lefatše, Jeremane e ile ea sebelisa sesole seo ho loantša lira tsa eona.

10. Daniele 11:​25b, 26 e ile ea phethahala joang?

10 Daniele o ile a boela a profeta hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka ’muso oa Jeremane le sesole sa teng. Boprofeta boo bo bontša hore morena oa leboea “a ke ke a ema” kapa a hlola. Hobane’ng? “Hobane ba tla rera merero khahlanong le eena [’me] ba jang limenyemenye tsa hae ba tla mo liha.” (Dan. 11:​25b, 26a) Mehleng ea Daniele, batho ba neng ba ja “limenyemenye tsa morena” ba ne ba akareletsa balaoli ba phahameng ba neng ba sebeletsa morena. (Dan. 1:5) Boprofeta boo bo bua ka mang moo? Bo bua ka balaoli ba phahameng ba ’muso oa Jeremane ba akareletsang bakhenerale le balaoli ba sesole ba ileng liha ’muso oa Jeremane. * Boprofeta boo bo ile ba boela ba bua ka hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka morena eo ha a loantšana le morena oa boroa. Ha bo bua ka morena oa leboea, boprofeta boo bo re: “Ha e le lebotho la hae la sesole, le tla hoholoa, ’me ka sebele ba bangata ba tla oela fatše ba bolailoe.” (Dan. 11:​26b) Joalokaha ho ne ho profetiloe, ka Ntoa ea Pele ea Lefatše, sesole sa Jeremane se ile sa hloloa eaba batho ba bangata baa bolaoa. Ntoeng eo, ho ile ha bolaoa batho ba bangata ka ho fetisisa ho feta ntoeng leha e le efe e ileng ea tla pele ho eo.

11. Morena oa leboea le morena oa boroa ba ile ba etsa’ng?

11 Ha Daniele 11:​27, 28, e bua ka lintho tse neng li tla etsahala pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, e re morena oa leboea le morena oa boroa ba ne ba tla lula tafoleng ebe ba bolellana mashano. Daniele o boetse o bontša hore morena oa leboea o ne a tla hapa “thepa e ngata haholo.” Taba ena e ile ea fela ea etsahala joalo. Jeremane le Brithani li ile tsa bolellana hore li batla ho bopa khotso empa taba eo e ile ea ipaka  hore e ne e le leshano ha ntoa e qhoma ka 1914. Hape ka 1914, Jeremane e ne e le naha ea bobeli e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng. Joale, e le ho phethahatsa Daniele 11:​29 le karolo e qalang ea temana ea 30, Jeremane e ile ea loantša morena oa boroa empa ha e-ea ka ea o besa oa tuka.

MARENA A HLASELA BATHO BA MOLIMO

12. Ntoeng ea pele ea lefatše, morena oa leboea le morena oa boroa ba ile ba etsa’ng?

12 Haesale ho tloha ka 1914 marena ana a mabeli a loantšana le ho hlasela batho ba Molimo. Ka mohlala, ntoeng ea pele ea lefatše, ’muso oa Jeremane le ’muso oa Brithani e ile ea hlorisa bahlanka ba Molimo ba ileng ba hana ho kenela sesole. Athe koana Amerika teng, ’muso o ile oa isa barab’abo rona ba neng ba etella pele mosebetsing oa boboleli chankaneng. Lintho tsena kaofela li ile tsa phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Tšenolo 11:​7-10.

13. Lilemong tsa bo-1930 le nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a etsa’ng?

13 Hamorao lilemong tsa bo-1930, haholo-holo nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a hlasela batho ba Molimo a se na le mohau. Nakong eo Manazi a neng a busa Jeremane, Hitler le balateli ba hae ba ile ba thibela mosebetsi oa bahlanka ba Molimo. Morena oa leboea e leng Jeremane o ile a bolaea bahlanka ba Jehova ba ka bang 1 500 eaba o isa ba likete-kete likampong tsa mahloriso. Daniele o ile a profeta ka liketsahalo tseo kaofela. Morena oa leboea o ile ‘a nyatsa selekane se halalelang’ eaba o ‘tlosa tšobotsi ea kamehla’ ke hore ka bokhopo bohle a thibela bolokolohi ba bahlanka ba Molimo ba ho rorisa lebitso la Jehova phatlalatsa. (Dan. 11:​30b, 31a) ’Musi oa bona e leng Hitler, o ile a ba a ikana hore o tl’o bolaea Paki e ’ngoe le ’ngoe e lulang Jeremane.

MORENA OA LEBOEA E MOCHA

14. Morena oa leboea e ile ea e-ba mang ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše? Hlalosa.

14 Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, puso ea Makomonisi ea Soviet Union e ile ea e-ba morena oa leboea ’me e ile ea hapa libaka tse ngata tse neng li busoa ke Jeremane. Joaloka ’muso o khopo le o hatellang oa Manazi, Soviet Union le eona e ile ea hlorisa batho ba neng ba nka ho rapela Jehova e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona.

15. Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e lale, morena oa leboea o ile a etsa’ng?

15 Nakoana ka mor’a hore Ntoa ea II e lale, morena oa leboea e mocha e leng Soviet Union le batšehetsi ba eona ba ile ba hlasela batho ba Molimo. Tumellanong le boprofeta bo ho Tšenolo 12:​15-17, morena enoa o ile a thibela mosebetsi oa boboleli a ba a leleka bahlanka ba Jehova ba likete-kete linaheng tsa habo bona. Ha e le hantle, matsatsing ana a ho qetela, morena oa leboea o ’nile a hlasela bahlanka ba Molimo ka “noka” ea mahloriso empa a ’na a hloleha ka makhetlo ho ba thibela hore ba sebeletse Molimo. *

16. Soviet Union e ile ea phethahatsa boprofeta bo ho Daniele 11:​37-39 joang?

 16 Bala Daniele 11:​37-39. E le ho phethahatsa boprofeta bona, morena oa leboea ha a ka a bontša hore o “nahana ka Molimo oa bo-ntat’ae.” Ka tsela efe? Soviet Union e ile ea leka ho felisa bolumeli ka ho feletseng ea ba ea leka ho nka matla a bolumeli. E le ho fihlela sepheo seo, pelenyana ka 1918, ’muso oa Soviet Union o ile oa qala ho fana ka litaelo tse ileng tsa etsa hore likolong ho rutoe thuto ea hore Molimo ha a eo. Morena eo oa leboea o ile a “tlotlisa molimo oa liqhobosheane” joang? Soviet Union e ile ea sebelisa chelete e ngata haholo e le ho matlafatsa sesole sa eona ka ho etsa libetsa tse ngata haholo. Kahoo, ka bobeli morena oa leboea le morena oa boroa ba ne ba se ba e-na le libetsa tse ngata tse matla haholo le tse kotsi tse neng li ka rinya batho ba libilione!

LIRA TSE PELI LI SEBETSA ’MOHO

17. “Ntho e nyonyehang e etsang lesupi” ke’ng?

17 Morena oa leboea o ile a tšehetsa morena oa boroa ka tsela e ikhethang e leng ea ho “beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi.” (Dan. 11:​31) “Ntho e nyonyehang” ke Machaba a Kopaneng.

18. Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng e le “ntho e nyonyehang”?

18 Machaba a Kopaneng a bitsoa “ntho e nyonyehang” hobane a ipolela hore a ka fana ka ntho e ka tlisoang ke ’Muso oa Molimo feela, e leng ho tlisa khotso lefatšeng lohle. Hape boprofeta bo bontša hore ntho ena e nyonyehang e ‘etsa lesupi’ hobane Machaba a Kopaneng a tla hlasela likereke le ho li felisa.​—Sheba chate e reng, “Marena a Loantšanang Mehleng ea Bofelo.”

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TSEBA LINTHO TSEE?

19-20. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba histori ee? (b) Re tl’o araba potso efe sehloohong se latelang?

19 Re lokela ho tseba histori ena hobane ea bontša hore ho tloha ka 1870 ho fihlela ka 1991, boprofeta ba Daniele bo buang ka morena oa leboea le morena oa boroa bo phethahetse. Kahoo, re ka kholiseha hore karolo e setseng ea boprofeta boo le eona e tla phethahala.

20 Ka 1991, Soviet Union e ile ea felloa ke matla. Joale, ke mang eo e leng morena oa leboea mehleng ee? Re tla khoaolla karabo ea potso ena sehloohong se latelang.

PINA EA 128 Mamellang ho Fihlela Qetellong

^ ser. 5 Re na le bopaki bo bontšang hore boprofeta ba Daniele bo buang ka “morena oa leboea” le “morena oa boroa” bo ntse bo tsoela pele ho phethahala. Re kholisoa ke’ng hore ho joalo? Hape, ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa hore na boprofeta boo bo bua ka’ng?

^ ser. 5 Ka mor’a ho fana ka lebaka lena, hoa utloahala hore ebe ha re sa tla re ’musi oa Roma e leng Aurelian (ea busitseng ka 270 ho ea ho 275) e ne e le “morena oa leboea” kapa ho re Mofumahali Zenobia (ea busitseng ka 267 ho ea ho 272) e ne e le “morena oa boroa.” Taba ena e re fa kutloisiso e ncha ea lintho tse ileng tsa tlalehoa bukeng ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolo ea 13 le 14.

^ ser. 9 Ka 1890, Morena Wilhelm II o ile a leleka Bismarck litulong.

^ ser. 10 Ba ile ba etsa lintho tse ngata tse ileng tsa thefula matla a ’muso kapele. Mohlala, ba ile ba khaotsa ho eletsa morena eaba ba ntša makunutu a amanang le litaba tsa ntoa ba ba ba qobella morena hore a itokolle pusong.

^ ser. 15 Joalokaha Daniele 11:​34 e bontša, ka nakoana morena oa leboea o ile a khaotsa ho hlorisa bahlanka ba Molimo. Mohlala, ntho ena e ile ea etsahala nakong eo Soviet Union e neng e felloa ke matla ka 1991.