Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, Itšireletseng Khahlanong le Diabolose

Bacha, Itšireletseng Khahlanong le Diabolose

Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.BAEF. 6:11.

LIPINA: 79, 140

1, 2. (a) Bacha ba ka thusoa ke’ng hore ba hlole Satane le bademona ba hae? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a re bophelo ba Bakreste bo tšoana le ba masole. Leha ho le joalo, ha re loane le batho. Re loana le Satane le bademona ba hae. Le hoja re sa ba bone, ba teng ebile baa phela. Ke masole a khale a nang le boiphihlelo ba ho loana. Ka linako tse ling, ho ka bonahala eka re ke ke ra khona ho ba hlola. Bacha ke bona bao ka ho khetheha ba ka bonahalang eka ba ke ke ba hlola. Ba ka etsa’ng hore ba hlole lira tsee tse matla ho feta batho? Ba lokela ho ‘tsoela pele ho fumana matla Moreneng.’ Ba bangata ba entse joalo ’me baa atleha. Kaha ke masole, ba boetse ba ‘apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.’—Bala Baefese 6:10-12.

2 E tlameha ebe Pauluse o ne a nahanne ka lihlomo tsa masole a Roma ha a etsa papiso eo. (Lik. 28:16) A re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha papiso eo e loketse. Hlokomela hore na bacha ba bang ba itse’ng ha ba bua ka mathata le melemo ea ho apara  lihlomo tsohle tseo Jehova a re fang tsona.

Na u Apere Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa?

“MATHEKA A LŌNA A TLAMILOE KA HOHLE KA ’NETE”

3, 4. Ke joang ’nete ea Lentsoe la Molimo e tšoanang le lebanta la lesole la Roma?

3 Bala Baefese 6:14. Lebanta la lesole la Roma le ne le e-na le litšepe tse neng li sireletsa letheka. Le ne le thusa lesole ho jara boima ba seaparo se sireletsang sefuba. Le ne le boetse le e-na le maqhoele ao ho ’ona lesole le ka hakang sabole le thipa. Haeba lebanta le tiile, lesole le ba sebete ha le e-ea ntoeng.

4 Ka tsela e tšoanang, ’nete eo re ithutang eona Lentsoeng la Molimo e re sireletsa hore re se ke ra kholoa lithuto tsa bohata tse ka re etsang lira tsa Molimo. (Joh. 8:31, 32; 1 Joh. 4:1) Ha re ntse re rata Lentsoe la Molimo haholoanyane, ho tla ba bonolo hore re jare “tšireletso ea sefuba,” e leng ho phela ka melao ea Molimo. (Pes. 111:7, 8; 1 Joh. 5:3) Hape, ha re utloisisa Lentsoe la Molimo hantle, re tla ba sebete ha re bua ka lona ’me re tla hlola bahanyetsi ba rona.—1 Pet. 3:15.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho bua ’nete?

5 Haeba matheka a rona a tlamiloe ka hohle ka ’nete, re tla phela tumellanong le Bibele ’me re bue ’nete ka linako tsohle. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho bua leshano? Hobane Satane o sebelisa leshano ho hlasela batho. Leshano le kotsi ho motho ea le buang le ea le kholoang. (Joh. 8:44) Re leka ka hohle hore re qobe ho bua leshano. (Baef. 4:25) Empa ha ho bonolo. Morali’abo rona Abigail ea lilemo li 18 o re: “Ha se kamehla ho bua ’nete ho bonahalang ho le molemo, haholo nakong eo ho bua leshano ho ka u ntšang mathateng.” Joale ke hobane’ng ha a leka ho bua ’nete ka linako tsohle? O re: “Ha ke bua ’nete, ke ba le letsoalo le khutsitseng. Batsoali ba ka le metsoalle ea ka baa tseba hore ba ka ntšepa.” Morali’abo rona Victoria ea lilemo li 23 o re: “Ha u bua ’nete u bile u bua ka Bibele le bana bao u kenang sekolo le bona, ba ka u hlorisa. Empa ho na le melemo e mengata. U tla itšepa, u be le kamano e ntle le Jehova ’me batho ba u ratang ba tla u hlompha.” Ho bohlokoa hore ‘matheka a rona a lule a tlamiloe ka hohle ka ’nete’ ka linako tsohle.

Matheka a tlangoe ka ’nete (Sheba lirapa 3-5)

“LE APERE TŠIRELETSO EA SEFUBA, E LENG HO LOKA”

6, 7. Ke hobane’ng ha ho loka ho bapisoa le tšireletso ea sefuba?

6 E ’ngoe ea litšireletso tsa sefuba tseo masole a Roma a neng a li apara e ne e e-na le litšepe tse palamaneng. Litšepe tsena li ne li kojoa hore li lekane sefuba sa lesole ’me li fasoa ka letlalo le nang le lihakisi le lichasepere. Karolo e ka holimo ea tšireletso ea sefuba e ne e entsoe ka litšepe tse ngata le ho feta ’me e fasitsoe ka marapo a letlalo. Tšireletso ena ea sefuba e ne e khina lesole ho etsa lintho tse itseng. Lesole le ne le boetse le lokela ho netefatsa hore litšepe tsa tšireletso ena li ntse li lutse hantle. Leha ho le joalo, tšireletso ea sefuba e ne e thibela sabole kapa metsu hore e se ke ea hlaba lesole pelong kapa likarolong tsa bohlokoa tsa ’mele.

7 Melao ea Jehova e tšoana le tšireletso eo ea sefuba hobane e sireletsa lipelo tsa rona, e leng hore e tla re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse sa khahliseng Jehova. (Liprov. 4:23) Lesole le ne le ke ke la sebelisa tšireletso ea sefuba e entsoeng ka tšepe ea boleng bo tlaase. Ka tsela e tšoanang, re ke ke ra etsa lintho kamoo re batlang ebe ha re mamele tataiso ea Jehova. Lebaka ke hore ha re bohlale ho lekana hore re sireletse lipelo tsa rona. (Liprov. 3:5, 6) Kahoo, kamehla re lokela ho netefatsa hore ‘litšepe tsa tšireletso ea rona ea sefuba’ li ntse li lutse hantle ’me li sirelelitse lipelo tsa rona.

8. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore kamehla re mamele melao ea Jehova?

 8 Na ka linako tse ling u ee u utloe eka melao ea Jehova e u thibela ho ba le bolokolohi? Mor’abo rona Daniel ea lilemo li 21 o re: “Matichere le bana bao ke kenang sekolo le bona ba ne ba ntšeha hobane ke phela ho latela melao ea Jehova. Ke ne ke ikutloa ke le mosesaane ke bile ke nyahame.” O ile a khothatsoa ke’ng? O re: “Qetellong ke ile ka bona bohlokoa ba ho phela ka melao ea Jehova. Ba bang ba bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng ba ile ba qala ho sebelisa lithethefatsi, ba bang ba tlohela sekolo. Ho ne ho le bohloko ho bona kamoo bophelo ba bona bo senyehileng kateng. Jehova o re sireletsa e le kannete.” Morali’abo rona Madison ea lilemo li 15 o re: “Ho thata ho mamela melao ea Jehova ho e-na le ho etsa lintho tseo lithaka tsa ka li nkang hore li monate.” O thusoa ke’ng? O re: “Kamehla kea ikhopotsa hore ke jere lebitso la Jehova le hore ho khalla lintho tseo bana ba bang ba li etsang, ke tsela eo Satane a ntlhaselang ka eona. Ha ke hlola liteko tse joalo, ke ikutloa ke le motlotlo.”

Tšireletso ea sefuba e leng ho loka (Sheba lirapa 6-8)

“MAOTO A LŌNA A ROETSE LIHLOMO TSA LITABA TSE MOLEMO TSA KHOTSO”

9-11. (a) Maoto a rona a lokela ho roala lihlomo life? (b) Ke’ng e ka re thusang ho nolofalloa ho bua le batho ka Bibele?

9 Bala Baefese 6:15. Lesole la Roma le ne le ke ke la ea ntoeng le sa roala lieta tsa ntoa. Lieta tsa masole e ne e le lieta tse butsoeng, tse etselitsoeng lisoli tse tharo tsa letlalo, kahoo li ne li le thata. Empa li ne li boetse li tsamaisa hamonate li bile li thusa lesole hore le se ke la thella.

10 Joalokaha lieta tsa lesole la Roma li ne li le thusa hore le atlehe ntoeng, maoto a rona a roala lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso. (Esa. 52:7; Bar. 10:15) Ho ntse ho le joalo, re lokela ho ba sebete e le hore re bue le batho ka Bibele ha monyetla o hlaha. Mor’abo rona Bo ea lilemo li 20 o re: “Ke ne ke tšaba ho bua ka Bibele le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng. Ke ne ke soabela ho bua le bona ka eona. Empa ha ke hetla morao, kea ipotsa hore na ke ne ke soabisoa ke’ng. Hona joale ke thabela ho bua le lithaka tsa ka ka Bibele.”

11 Bacha ba bangata ba Bakreste ba re ba nolofalloa ho bua le batho ka Bibele haeba ba itokisitse hantle. U ka etsa’ng hore le uena u lule u le malala-a-laotsoe? Morali’abo rona Julia ea lilemo li 16 o re: “Ke lula ke e-na le lingoliloeng ka mokotleng oa ka. Ke boetse ke mamela maikutlo a bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng le hore na ba lumela eng. Kahoo, ke tseba hantle hore na nka ba thusa joang. Ha ke lokiselitse, ke khona ho bua le bona ka lintho tse tla ba tsoela molemo.” Morali’abo rona Makenzie ea lilemo li 23 o re: “Haeba u le mosa u bile u mamela ka hloko ha lithaka tsa hao li bua, u tla utloisisa hore na ba sebetsana le mathata a boima hakae. Ke etsa bonnete ba hore ke bala lingoliloeng tsohle tse ngoletsoeng bacha. Ha ke etsa joalo, ho ba bonolo hore ke ba thuse ka temana ea Bibele kapa ke ba khothalletse ho kena ho jw.org.” Kahoo, ha re itokisitse hantle, ho tšoana le ha “lieta” tsa rona tsa ntoa li re lekana hantle.

Maoto a roale lihlomo tsa litaba tse molemo (Sheba lirapa 9-11)

“THEBE E KHŌLŌ EA TUMELO”

12, 13. E meng ea ‘metsu e tukang’ ea Diabolose ke efe?

12 Bala Baefese 6:16. Lesole la Roma le ne le nka “thebe e khōlō” e le koahelang ho tloha mahetleng ho fihlela mangoleng. E ne e sireletsa lesole khahlanong le libetsa tsa ba lireng tse akarelletsang lisabole, marumo le metsu.

13 E meng ea ‘metsu e tukang’ eo Diabolose a re betsang ka eona ke ho bua mashano  ka Jehova. O batla hore re lumele hore Jehova ha a re tsotelle le hore ha ho motho ea re ratang. Morali’abo rona Ida ea lilemo li 19 o ne a e-na le bothata ba ho ikutloa a se na thuso. O re: “Hangata ke ne ke utloa eka Jehova o hole le ’na le hore e ke ke ea e-ba motsoalle oa ka.” O thusoa ke’ng hore a se ke a ikutloa joalo? O re: “Ha ke e-ba teng libokeng, tumelo ea ka ea matlafala. Leha ho le joalo, pele ke ne ke sa arabele ka libokeng, ke nka hore ha ho motho ea batlang ho utloa karabo ea ka. Empa hona joale kea lokisetsa ’me ke leka ho araba habeli kapa hararo. Le hoja ho se bonolo ho arabela, ke ikutloa ke thabile ka mor’a hore ke arabele. Hape, bara le barali babo rona baa nkhothatsa. Kamehla ha ke khutla libokeng, ke khutla ke kholisehile hore Jehova oa nthata.”

14. Boemo ba Ida bo re ruta ntho efe ea bohlokoa?

14 Boemo ba Ida bo re ruta ntho ea bohlokoa. Lithebe tse fuoang masole li ne li lekana kaofela. Empa thebe ea rona ea tumelo e ka hola kapa ea fokotseha. Ho tsoa ho rona. (Mat. 14:31; 2 Bathes. 1:3) Ho bohlokoa haholo hore re matlafatse tumelo ea rona.

Thebe e kholo ea tumelo (Sheba lirapa 12-14)

“HELMETE EA POLOKO”

15, 16. Ke joang tšepo e tšoanang le helmete?

15 Bala Baefese 6:17. Helmete e neng e roaloa ke lesole la Roma e ne e le sireletsa hlooho, molala le sefahleho. Lihelmete tse ling li ne li e-na le mohele e le hore lesole le e tšoare.

16 Joalokaha helmete e sireletsa boko ba lesole, “tšepo ea poloko” eo re nang le eona e sireletsa menahano ea rona. (1 Bathes.  5:8; Liprov. 3:21) Tšepo e re thusa hore re lule re nahana ka litšepiso tsa Molimo, re be re talime mathata ka tsela e nepahetseng. (Pes. 27:1, 14; Lik. 24:15) Empa haeba re batla hore “helmete” ea rona e re sireletse, re lokela ho e roala hloohong ho e-na le hore re e tšoare ka letsoho.

17, 18. (a) Ke joang Satane a ka etsang hore re role lihelmete tsa rona? (b) Re ka etsa’ng ho bontša hore ha rea qhekelloa ke mashano a Satane?

17 Ke joang Satane a ka etsang hore re role lihelmete tsa rona? Hopola tsela eo a ileng a sebetsana le Jesu ka eona. Satane o ne a tseba hore Jesu o na le tšepo ea ho busa batho. Empa Jesu o ne a lokela ho ema ho fihlela nako eo Jehova a e behileng. Pele nako eo e fihla, o ne a lokela ho utloisoa bohloko le ho shoa. Kahoo, Satane o ne a mo fa monyetla oa hore a buse le pele nako eo e fihla. Satane o ne a tšepisa Jesu hore ha a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli, hang-hang Jesu e ne e tla ba ’musi oa lefatše. (Luka 4:5-7) Ka tsela e tšoanang, Satane oa tseba hore lefatšeng le lecha Jehova o tla re fa lintho tsohle tseo re li hlokang. Empa re lokela ho letela hore tšepiso eo e phethahale. Pele nako eo e fihla, re ka thulana le mathata a mangata. Kahoo, Satane o batla ho re fa monyetla oa ho thabela bophelo hona joale. O batla hore re etelletse lithahasello tsa rona pele ho e-na le ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele.—Mat. 6:31-33.

18 Joaloka bacha ba Bakreste ba bangata, morali’abo rona Kiana ea lilemo li 20 ha aa ka a qhekelloa ke mashano a Satane. O re: “Kea tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla felisa mathata a rona.” Tšepo ea hae e ama tsela eo a nahanang ka eona joang? E mo thusa ho hopola hore mathata a lefatše lena ke a nakoana. Ho e-na le hore a sebetse ka thata ho ba le mosebetsi o itseng, Kiana o sebelisa nako ea hae le matla hore a sebeletse Jehova.

Helmete ea poloko (Sheba lirapa 15-18)

“SABOLE EA MOEA, KE HORE, LENTSOE LA MOLIMO”

19, 20. Re ka etsa’ng ho ntlafatsa tsela eo re sebelisang Lentsoe la Molimo ka eona?

19 Sabole eo lesole la Roma le neng le e sebelisa e ne e le bolelele ba lisenthimithara tse 50. E ne e sebelisoa ha motho a loana a le haufi le sera sa hae. Masole a Roma a ne a tseba ho sebelisa sabole hobane letsatsi le letsatsi a ne a ikoetlisetsa ho e sebelisa.

20 Moapostola Pauluse o ile a re Lentsoe la Molimo le tšoana le sabole. Re lokela ho ithuta ho le sebelisa ka tsela e nepahetseng ha re buella tumelo ea rona kapa re lokisa tsela eo re nahanang ka eona. (2 Bakor. 10:4, 5; 2 Tim. 2:15) U ka etsa’ng ho ntlafatsa bokhoni ba hao? Mor’abo rona Sebastian ea lilemo li 21 o re: “Ha ke ntse ke bala Bibele, ke ngola temana e le ’ngoe khaolong ka ’ngoe. Ke ngola litemana tseo ke li ratang haholo. Ha ke etsa joalo, ke hlokomela lintho tseo Jehova a li ratang. Mor’abo rona Daniel eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ha ke ntse ke bala Bibele, ke tšoaea litemana tseo ke nahanang hore li tla thusa batho bao ke kopanang le bona tšimong. Ke hlokometse hore ba thabela ho mamela ha ba bona hore u rata Bibele ebile u kholisehile hore ke ’nete le hore u sebetsa ka thata hore u ba thuse.”

Sabole ea moea (Sheba lirapa 19-20)

21. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re tšabe Satane le bademona?

21 Re ithutile mehlaleng ea bacha bao re buileng ka bona sehloohong sena hore ha ho hlokahale hore re tšabe Satane le bademona. Le hoja ba e-na le matla, ha ba matla ho feta Jehova. Ba ke ke ba phela ka ho sa feleng. Haufinyane ba tla kenngoa chankaneng ’me ba se hlole ba utloisa batho bohloko nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ka mor’a moo, ba tla felisoa. (Tšen. 20:1-3, 7-10) Re tseba sera sa rona, merero ea sona le maqiti a sona. Jehova a ka re thusa hore re eme re tiile khahlanong le sona.