Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lokela ho Momahana Joalokaha Jehova le Jesu ba Momahane

Re Lokela ho Momahana Joalokaha Jehova le Jesu ba Momahane

“Ke etsa kōpo . . . hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na.”—JOH. 17:20, 21.

LIPINA: 24, 99

1, 2. (a) Jesu o ile a kopa’ng ha a ntse a rapela le baapostola ba hae? (b) Ke’ng eo mohlomong e neng e etsa hore Jesu a amehe ka hore baapostola ba hae ba momahane?

NAKONG eo Jesu a jang lijo tsa ho qetela le Baapostola ba hae, o ne a amehile ka hore ba be le bonngoe. Ha a ntse a rapela le bona o ile a re o labalabela hore ba be le bonngoe, joalokaha eena le ntate oa hae ba na le bonngoe. (Bala Johanne 17:20, 21.) Ha ba momahane e ne e tla ba bopaki bo matla ba hore Jehova o rometse Jesu lefatšeng ho tla etsa thato ea Hae. Lerato le ne le tla khetholla balateli ba ’nete ba Jesu ’me le ba thuse ho momahana.—Joh. 13:34, 35.

2 Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua haholo ka ho momahana. O ne a hlokometse hore baapostola ba hae ba na le bothata tabeng ena. Mohlala, nakong ea lijo tsa ho qetela, ba ile ba phehisana khang ka hore na “ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24-27; Mar. 9:33, 34) Ka lekhetlo le leng Jakobo le Johanne ba ile ba kopa Jesu hore a ba fe maemo a phahameng ’Musong oa hae.—Mar. 10:35-40.

3. (a) E ka ’na eaba barutuoa ba Jesu ba ile ba sitisoa ke’ng hore ba momahane? (b) Re tla araba lipotso life sehloohong see?

 3 Leha ho le joalo, ho rata ho hlahella e ne e se eona feela ntho e ka bakang likarohano pakeng tsa balateli ba Jesu. Batho ba ne ba arohantsoe ke lehloeo hammoho le khethollo. Barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho hlola bothata bona. Sehloohong sena re tla araba lipotso tse latelang: Jesu o ile a sebetsana le khethollo joang? O ile a thusa balateli ba hae joang hore ba momahane ho e-na le hore ba be le khethollo? Lithuto tsa hae li tla re thusa joang hore re lule re momahane?

JESU LE BARUTUOA BA HAE BA NE BA KHESOA

4. Fana ka mehlala e bontšang kamoo Jesu a ileng a khetholloa kateng.

4 Jesu le eena o kile a khetholloa. Ha Filipi a bolella Nathanaele hore o fumane Mesia, Nathanaele o ile a re: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?” (Joh. 1:46) Ha e le hantle Nathanaele o ne a tseba boprofeta bo hlahang ho Mikea 5:2. Empa o ne a lumela hore Nazaretha ke motse o monyenyane hoo Mesia a ke keng a hlahela ho oona. Bajuda ba hlaheletseng ba ne ba khesa Jesu hobane feela e le Mogalilea. (Joh. 7:52) Bajuda ba bangata ba ne ba khella Bagalilea fatše. Bajuda ba bang ba ne ba leka ho rohaka Jesu ka ho mo bitsa Mosamaria. (Joh. 8:48) Lintho tse kang setso le bolumeli ba Basamaria li ne li fapane le tsa Bajuda. Bajuda le Bagalilea ba ne ba sa hlomphe Basamaria, ba bile ba qoba ho kopana le bona.—Joh. 4:9.

5. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tšoaroa joang?

5 Baeta-pele ba Bajuda ba ne ba nyefola balateli ba Jesu. Bafarisi ba ne ba ba nka e le “batho ba rohakiloeng.” (Joh. 7:47-49) Ba ne ba nka hore batho ba sa kenang likolo tsa bo-rabi kapa ba sa phetheng meetlo ea bona ke batho ba fatše le ba tloaelehileng. (Lik. 4:13) Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba khesoa hobane batho ba mehleng eo ba ne ba ikotla sefuba ka bolumeli ba bona, maemo a bona le morabe oa bona. Barutuoa ba Jesu le bona ba ne ba khetholloa. Kahoo, ba ne ba lokela ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona e le hore ba lule ba momahane.

6. Fana ka mehlala ea kamoo khethollo e ka re amang kateng.

6 Le mehleng ena, batho bao re phelang har’a bona ba na le khethollo. Le rona re ka ba mahlatsipa a khethollo kapa ra khetholla batho ba bang. Morali’abo rona e mong eo e seng e le pula-maliboho ea lulang Australia o re: “Ke ile ka hloea batho ba basoeu haholo kaha ke ne ke sheba tsela e mpe eo ba tšoarang matsoalloa a Australia ka eona le eo ba neng ba a tšoara ka eona nakong e fetileng. Ke ile ka ba hloea le ho feta ka lebaka la tsela e mpe eo ba kileng ba ntšoara ka eona.” Mor’abo rona e mong oa Canada eena o ne a nka hore batho ba buang Sefora ba phahametse batho ba bang. O re: “Ke ile ka qala ho hloea batho ba buang Senyesemane.”

7. Jesu o ile a sebetsana le khethollo joang?

7 Le mehleng ena khethollo e ntse e le matla feela joaloka mehleng ea Jesu. Jesu o ile a sebetsana le bothata boo joang? O ne a nena khethollo ka ho feletseng. Kamehla o ne a etsa lintho ka ho hloka leeme. O ne a ruta batho bohle ka ’Muso oa Molimo, barui le mafutsana, Bafarisi le Basamaria, babokelli ba lekhetho le baetsalibe. Hape, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ha baa lokela ho belaella batho ba bang kapa ho ba khetholla. O ile a boela a ba bontša ka liketso.

LERATO LE BOIKOKOBETSO LI RE THUSA HO HLOLA LEEME

8. Jesu o ile a ruta Bakreste molao-motheo ofe o khothalletsang bonngoe? Hlalosa.

8 Jesu o ile a ruta balateli ba hae molao-motheo oa bohlokoa o khothalletsang bonngoe. O ile a re: “Lōna bohle le bara ba motho.”(Bala  Matheu 23:8, 9.) Re “bara ba motho” hobane kaofela re bana ba Adama. (Lik. 17:26) Re boetse re bara ba motho hobane Jesu o ile a hlakisa hore kaofela re nka Jehova e le Ntate oa rona ea leholimong. (Mat. 12:50) Ho ekelletsa moo, re karolo ea lelapa le leholo la Molimo le momahantsoeng ke lerato le tumelo. Mangolong ao Baapostola ba a ngotseng, ba ne ba bitsa Bakreste-’moho le bona ‘bara le barali babo rōna.’—Bar. 1:13; 1 Pet. 2:17; 1 Joh. 3:13. *

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba se na lebaka la ho ikotla sefuba ka morabe oa bona? (b) Jesu o ile a etsa’ng ho ruta balateli ba hae hore ho fosahetse ho khella batho ba merabe e meng fatše? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Ka mor’a hore Jesu a re re bara le barali ba motho, o ile a hatisa bohlokoa ba ho ikokobetsa. (Bala Matheu 23:11, 12.) Re ithutile hore ho ile ha qetella ho e-na le likarohano har’a baapostola ka lebaka la boikhohomoso. Mehleng ea Jesu, batho ba ne ba e-na le khethollo ea morabe. E ka ’na eaba Bajuda ba ne ba lumela hore ba phahametse batho ba bang hobane ba tsoa lelokong la Abrahama. Empa Johanne Mokolobetsi o ile a re: “Molimo o na le matla a ho hlahisetsa Abrahama bana ka majoe ana.”—Luka 3:8.

10 Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ho fosahetse ho ikotla sefuba ka morabe oa bona. O ile a bontša hore ha a na khethollo ha mongoli a re ho eena: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” A mo araba ka ho mo etsetsa papiso ea Mosamaria eo ka mosa a ileng a hlokomela Mojuda ea ileng a hlaseloa ke masholu. Bajuda ba ile ba mo feta feela ba sa mo natse. Empa Mosamaria eena o ile a mo utloela bohloko eaba oa mo thusa. Jesu o ile a phethela ka ho khothalletsa mongoli hore a etsise Mosamaria eo. (Luka 10:25-37) O ile a etsa papiso ena ho ruta Bajuda hore ba lokela ho rata batho ba mefuta eohle.

11. (a) Ke hobane’ng ha balateli ba Jesu ba ne ba sa lokela ho ba le khethollo? (b) Jesu o ile a ba thusa joang?

11 Balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho tlohella boikhohomoso le khethollo e le hore ba finyelle mosebetsi oa bona. Pele Jesu a e-ea leholimong, o ile a ba fa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso “Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Hangata Jesu o ne a ba rupella ho etsa mosebetsi ona ka ho ba bontša makhabane a batho bao e seng Bajuda e le hore ba tle ba bolelle batho ba lichaba tsohle litaba tse molemo. Mohlala, o ile a babatsa molaoli oa lebotho eo e neng e se Mojuda ka hore o na le tumelo e matla. (Mat. 8:5-10) Ha Jesu a le motseng oa habo oa Nazaretha, o ile a re Jehova o rata le batho bao e seng Bajuda joaloka mohlolohali oa Mofoenisia oa Sarepta le Naamane molepera oa Moasyria. (Luka 4:25-27) Jesu ha aa ka a ruta mosali oa Mosamaria feela empa o ile a qeta matsatsi a mabeli a le toropong ea Samaria hobane batho ba moo ba ne ba rata molaetsa oa hae.—Joh. 4:21-24, 40.

BAKRESTE BA PELE BA SEBETSA KA THATA HORE BA TLOHELLE LEEME

12, 13. (a) Baapostola ba ile ba itšoara joang ha Jesu a ruta mosali oa Mosamaria? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e bontšang hore Jakobo le Johanne ba ne ba sa utloisise thuto ea Jesu?

12 Ho ne ho se bonolo hore baapostola ba lule ba se na khethollo. Ba ile ba makatsoa ke hore Jesu o ne a ikemiselitse ho ruta mosali oa Mosamaria molaetsa oa Bibele. (Joh. 4:9, 27) Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba ke ke ba buisana le mosali pontšeng, re se re sa re letho ka ho bua le mosali oa Mosamaria ea neng a e-na le botumo bo bobe. Baapostola ba ile ba phehella Jesu hore a je. Empa  karabo eo a ileng a ba fa eona e ile ea bontša hore o ne a amehile ka ho ruta ka ’Muso oa Molimo ho feta ntho leha e le efe. E ne e le thato ea Ntate oa hae ho ruta mosali oa Mosamaria. Ho eena, ho etsa joalo ho ne ho tšoana le lijo.—Joh. 4:31-34.

13 Jakobo le Johanne ba ne ba sa utloisise thuto ena. Ha ba ntse ba tsamaea le Jesu motseng oa Samaria ba ile ba batla moo ba ka robalang teng. Basamaria ba ile ba hana ho ba amohela eaba Jakobo le Johanne ba halefa hoo ba ileng ba kopa hore motse oohle o timetsoe ka mollo. Jesu o ile a ba khalemela ka matla. (Luka 9:51-56) Hoja e ne e le batho ba motse oa bona ba ileng ba hana ho ba amohela, ba ka be ba sa ka ba halefa ka tsela eo ba ileng ba halefa ka eona. E ka ’na eaba ba ne ba e-na le khethollo ea morabe ke kahoo ba neng ba halefetse Basamaria. Ho ka etsahala hore ebe moapostola Johanne o ile a ikutloa a soabile ke tsela eo a ileng a halefa ka eona ha a bona Basamaria ba amohela molaetsa hamorao.—Lik. 8:14, 25.

14. Bothata ba ho khethollana ka lipuo bo ile ba rarolloa joang?

14 Nakoana ka mor’a Pentekonta ea selemo sa 33, Bakreste ba ile ba e-ba le bothata ba ho khethollana ka har’a phutheho. Ha ho ntse ho ajoa lijo ho bahlolohali ba hlokang, bahlolohali ba buang Segerike ba ile ba hlokomolohuoa. (Lik. 6:1) Batho ba buang Seheberu ba ne ba nka hore puo ea bona e phahametse ea Segerike. Baapostola ba ile ba potlakela ho rarolla bothata bona ka ho khetha banna ba tšoanelehang ho etsa mosebetsi oa ho aba lijo. Kaofela ha bona ba ne ba e-na le mabitso a Segerike. E tlameha ebe bahlolohali ba Bagerike ba ile ba thobeha lipelo ha ho etsoa qeto ena.

15. Petrose o ile a thusoa joang hore a se ke a ba leeme? (Sheba setšoantšo se qalong.)

15 Ka selemo sa 36, Bakreste ba ile ba etsa mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa le linaheng tse ngata. Moapostola Petrose o ne a etsa setsoalle le Bajuda feela. Ka mor’a hore Molimo a hlakise hore Bakreste ha baa lokela ho ba leeme, Petrose o ile a ruta lesole la Moroma le bitsoang Korneliase ka ’Muso oa Molimo. (Bala Liketso 10:28, 34, 35.) Ka mor’a moo, Petrose e ile ea e-ba motsoalle oa batho bao e seng Bajuda ’me a ja le bona. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ’maloa, Petrose o ile a khaotsa ho ja le bona ha a le Antioke. (Bagal. 2:11-14) Kahoo, Pauluse o ile a mo khalemela eaba Petrose oa mo mamela. Ha Petrose a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakreste ba Bajuda le bao e seng Bajuda ba lulang Asia Minor, o ile a re ho bohlokoa ho rata barab’abo rona bohle.1 Pet. 1:1; 2:17.

16. Bakreste ba pele ba ile ba tsebahala ka eng?

16 Baapostola ba ile ba ithuta ho Jesu hore ba lokela ho rata “batho ba mefuta eohle.” (Joh. 12:32; 1 Tim. 4:10) Le hoja ho nkile nako hore ba ithute ho rata batho bohle, ba ile ba lokisa tsela eo ba nahanang ka eona. Bakreste ba ile ba tsebahala e le batho ba lerato. Tertullian eo e neng e le mongoli ka selemo sa 200 o re ha batho bao e seng Bakreste ba bua ka lerato la Bakreste ba re: “Baa ratana.  . . ebile ba ikemiselitse ho shoelana.” Bakreste ba ile ba apara “botho bo bocha” ’me ba ithuta ho sheba batho ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona.—Bakol. 3:10, 11.

17. Re ka ntša khethollo ka metso joang lipelong tsa rona? Fana ka mehlala.

17 Le mehleng ena ho ka nka nako hore re ntše khethollo ka metso lipelong tsa rona. Ha morali’abo rona oa naheng ea Fora a hlalosa kamoo ho leng thata kateng o re: “Jehova o nthutile hore na lerato, ho arolelana le ho rata batho ba mefuta eohle ho bolela’ng. Leha ho le joalo, ke ntse ke ithuta ho qoba ho ba le khethollo empa ha ho bonolo. Kahoo, ke lula ke rapela Jehova hore a nthuse.” Morali’abo rona e mong oa Spain o na le bothata bo tšoanang. O re: “Ke loana le ho ba le  boikutlo bo bobe ka morabe o itseng empa hangata ke atleha ho bo hlola. Kea tseba hore ha kea lokela ho tela. Ke leboha Jehova haholo ka hore ebe ke karolo ea lelapa la hae le momahaneng.” Kaofela ha rona re lokela ho itlhahloba ka botšepehi. Na le rona re boemong bo tšoanang le ba baralib’abo rona baa ba babeli?

HA LERATO LE HOLA LEEME LEA FELA

18, 19. (a) Re na le mabaka afe a ho amohela batho ba mefuta eohle? (b) Re ka etsa’ng ho bontša hore rea ba amohela?

18 Ho bohlokoa ho lula re hopola hore kaofela ha rona re ne re le “basele,” re bile re se haufi le Molimo. (Baef. 2:12) Empa Jehova o ile a re hulela ho eena ka “lithapo tsa lerato.” (Hos. 11:4; Joh. 6:44) Eaba Kreste oa re amohela, e le hore re ka ba karolo ea lelapa la Molimo. (Bala Baroma 15:7.) Kaha Jehova le Jesu ba re amohetse le hoja re sa phethahala, ha ho na lebaka la hore rona re se ke ra amohela batho ba bang.

Re lula re momahane ebile rea ratana hobane re kopa Jehova hore a re fe bohlale (Sheba serapa 19)

19 Ha bofelo bo ntse bo atamela, likhohlano, khethollo le bokhopo li tla eketseha. (Bagal. 5:19-21; 2 Tim. 3:13) Re kopa bohlale ho Jehova hobane re bahlanka ba hae, ’me bo re thusa ho ba le khotso le hore re qobe ho ba leeme. (Jak. 3:17, 18) Rea thaba ha re tloaelana le batho ba lulang linaheng tse ling, re ithuta ho amohela litso tsa bona tse fapaneng ebile re ithuta lipuo tsa bona. Ha re etsa joalo, khotso ea rona e tla tšoana le noka ’me ho loka ha rona ho tšoane le maqhubu a leoatle.—Esa. 48:17, 18.

20. Lerato le re thusa ho etsa’ng?

20 Morali’abo rona oa Australia eo re buileng ka eena pejana o re ho ithuta Bibele ho mo thusitse hore butle-butle a khaotse ho khetholla batho ba bang le ho ba hloea. Lerato le ile la mo thusa ho fetola tsela eo a nahanang ka eona le eo a ikutloang ka eona. Mor’abo rona oa Canada o re o ile a hlokomela hore hangata batho ba nyatsa ba bang hobane feela ba sa ba tsebe. A boela a ithuta hore “batho ba na le makhabane ho sa tsotellehe hore na ba hlahetse hokae.” O ile a ba a nyala morali’abo rona ea buang Senyesemane. Mehlala ena e re ruta hore lerato le re thusa ho hlola khethollo. Le boetse le re thusa hore re lule re momahane.—Bakol. 3:14.

^ ser. 8 Lentsoe “barab’abo rōna” le ka akarelletsa le baralib’abo rona ka phuthehong. Ha Pauluse a ngolla “barab’abo rōna” ba Roma, ho hlakile hore o ne a akarelletsa le baralib’abo rona hobane o ile a bitsa ba bang ka mabitso. (Bar. 16:3, 6, 12) Ka lilemo tse ngata, ha Molula-Qhooa o bua ka Bakreste, o ’nile oa re ke ‘bara le barali babo rona.’