Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“’Muso oa ka Hase Karolo ea Lefatše Lena”

“’Muso oa ka Hase Karolo ea Lefatše Lena”

“Ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.”—JOH. 18:37.

LIPINA: 15, 74

1, 2. (a) Ke lintho life tseo batho ba li etsang tse bakang likarohano? (b) Re tla araba lipotso life sehloohong see?

MORALI’ABO RONA e mong oa Europe o re: “Ho tloha ha ke sa le monyenyane, ke ne ke bona hohle batho ba hloka toka. Kahoo, ke ile ka khaotsa ho kenella lipolotiking eaba ke ba karolo ea maquloana a itseng. Ka ba ka qeta lilemo tse ngata ke ratana le sekhukhuni se seng.” Ha mor’abo rona e mong ea lulang ka boroa ho Afrika a hlalosa lebaka leo ka lona a neng a rata ntoa, o re: “Ke ne ke lumela hore morabe oa ka o phahametse merabe e meng kaofela, eaba ke ba setho sa mokha o mong oa lipolotiki. Re ne re rutoa ho sebelisa marumo ho bolaea batho bohle ba re hanyetsang. Re ne re bolaea esita le ba morabe oa rona hobane feela e se ba mokha oa rona.” Morali’abo rona ea lulang Europe o re: “Kaha nkile ka khetholloa ka lebaka la morabe oa ka, ke ne ke hloile mang kapa mang eo e seng oa morabe oa ka kapa oa bolumeli ba ka.”

2 Mehleng ena batho ba bangata ba na le maikutlo a tšoanang le a batho ba bararo bao re sa tsoa bua ka bona. Ba bangata ba etsa mekoloko ea boipelaetso ea ho batla ho ipusa.  Bo-ralipolotiki baa loantšana. Linaheng tse ngata, batho ba hloile melata. Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba mehleng ena e tla ba “ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.” (2 Tim. 3:1, 3) Bakreste ba ka etsa’ng hore ba lule ba momahane le hoja ba phela har’a batho ba hlokang kutloano? Re ka ithuta lintho tse ngata tseleng eo Jesu a neng a etsa lintho ka eona nakong eo ho neng ho e-na le merusu ea lipolotiki. Sehloohong sena re tla fumana likarabo tsa lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a kenella mokheng ofe kapa ofe oa lipolotiki? O ile a bontša batho ba Jehova joang hore ha baa lokela ho kenella litabeng tsa lipolotiki? Ke joang Jesu a ileng a re ruta hore ha ho mohla ho loketseng hore re loane?

JESU O NE A IKUTLOA JOANG KA HO TŠEHETSA MEKHA EA LIPOLOTIKI?

3, 4. (a) Mehleng ea Jesu, Bajuda ba ne ba lebeletse’ng? (b) Taba ee e ile ea ama barutuoa ba Jesu joang?

3 Bajuda ba bangata bao Jesu a neng a bua le bona ka ’Muso oa Molimo ba ne ba labalabela ho lokoloha pusong ea Roma. Ba bang ba neng ba chesehela lipolotiki, ba ile susumetsa ba batho hore ba batle ho ipusa. Marabele ana a ile a latela liketso tsa Judase oa Mogalilea. E ne e boetse e le mesia oa bohata ea ileng a khelosa Bajuda ba bangata. Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus o re: “Judase o ile a susumelletsa batho hore e be marabele ’me a ba soma ka hore ke makoala ha ba mamela molao oa Roma oa ho lefa lekhetho.” Baroma ba ile ba bolaea Judase. (Lik. 5:37) A mang a marabele ao a ile a khothalletsa ntoa e le hore ba ntšetse pele merero ea ’ona.

4 Ho fapana le marabele ao, Bajuda ba bang ba ne ba lebeletse ho tla ha Mesia, ea neng a tl’o ba lokolla pusong e hatellang ea Roma le ho ba etsa sechaba se matla. (Luka 2:38; 3:15) Batho ba bangata ba ne ba lumela hore Mesia o ne a tla hloma ’muso naheng ea Iseraele. Ka lebaka leo, Bajuda ba neng ba lula libakeng tse ling, ba ne ba e-na le tšepo ea hore ba tla khutlela naheng ea habo bona. Johanne mokolobetsi o ile a botsa Jesu a re: “Na u Ea Tlang, kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?” (Mat. 11:2, 3) E ka ’na eaba Johanne o ne a batla ho tseba hore na ebe ho na le motho e mong ea neng a tla lokolla Bajuda bao. Barutuoa ba babeli ba neng ba le tseleng e eang Emmause ba ile ba kopana le Jesu ea tsositsoeng bafung. Ba ne ba e-na le tšepo ea hore Mesia o ne a tla lokolla Bajuda. (Bala Luka 24:21.) Ka mor’a nakoana baapostola ba ile ba botsa Jesu: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?”—Lik. 1:6.

5. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Galilea ba ne ba batla hore Jesu e be morena oa bona? (b) Jesu o ile a etsa’ng ho ba thusa hore ba lokise tsela eo ba nahanang ka eona?

5 Lintho tseo ba neng ba li lebeletse li ile tsa etsa hore ba batle ho etsa Jesu morena oa bona. Mohlomong ba ne ba lumela hore Jesu e ne e tla ba moeta-pele ea ikhethang kaha o ne a tseba ho ruta, a khona ho phekola ba kulang le ho fepa batho ba lapileng. Ka mor’a hore Jesu a fepe banna ba ka bang 5 000, o ile a hlokomela hore na ba ne ba ikutloa joang. “Ka hona Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tšoara hore ba mo etse morena, a boela a tloha a ea thabeng a le mong feela.” (Joh. 6:10-15) Ho ka etsahala hore letsatsing le hlahlamang ha ba ntse ba le Leoatleng la Galilea batho ba ile ba nyahama. Kahoo Jesu o ile a ba hlalosetsa hore na ha e le hantle mosebetsi oa hae ke ofe. O ne a tletse ho tla ba ruta ka ’Muso oa Molimo eseng ho ba ruisa. O ile a re: “Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang, empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng.”—Joh. 6:25-27.

6. Jesu o ile a hlakisa joang hore ha a batle ho ba moeta-pele oa lipolotiki? (Sheba setšoantšo se qalong.)

 6 Pele Jesu a e-shoa o ile a hlokomela hore ba bang ba balateli ba hae ba ne ba lumela hore o tla theha ’muso Jerusalema. Jesu o ile a ba etsetsa papiso ea limina ho ba thusa hore ba nahane ka tsela e nepahetseng. O ile a re eena joaloka “monna ea itseng oa tsoalo ea borena,” o ne a tla ea hole ka nako e telele. (Luka 19:11-13, 15) Jesu o ile a bolella Babusi ba Roma hore ha a kena-kenane le lipolotiki. Ponse Pilato o ile a mo botsa a re: “Na u morena oa Bajuda?” (Joh. 18:33) Pilato o ne a tšohile hore Jesu o ne a tla etsa hore batho e be marabele ’me ba fetohele puso ea Roma. Jesu o ile a mo araba a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Joh. 18:36) O ne a ke ke a kenella lipolotiking kaha ’Muso oa hae o ne o tla ba leholimong. O ile a bolella Pilato hore mosebetsi oa hae e ne e le hore a “pakele ’nete.”—Bala Johanne 18:37.

Na u lula u nahana ka ’Muso oa Molimo kapa ka mathata a lefatše lee?(Sheba serapa sa 7)

7. Ke hobane’ng ha ho se bonolo hore re se ke ra tšehetsa lipolotiki esita le ka lipelong tsa rona?

7 Ha re utloisisa mosebetsi oa rona hantle joaloka Jesu, re tla qoba ho tšehetsa mekha ea lipolotiki ka tsela leha e le efe, esita le ka lipelong tsa rona feela. Empa ha ho bonolo. Mopotolohi e mong o re: “Batho ba tikolohong ea rona ba rata lipolotiki ho tlola. Ba rata bochaba haholo ’me ba lumela hore bophelo ba bona bo tla ntlafala haeba ba busoa ke batho ba sechaba sa habo bona. Rea thaba hore ebe bara le barali babo rona ba sirelelitse bonngoe ba bona ka hore ba phathahane ka mosebetsi oa ho ruta ka ’Muso. Ba na le tšepo ea hore Jehova o tla felisa ho hloka toka le mathata ao re tobanang le ’ona.”

JESU O ILE A SEBETSANA JOANG LE LITABA TSA LIPOLOTIKI?

8. Bajuda ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba tobane le bothata bofe?

8 Ho hloka toka ke hona ho hlohlelletsang moea oa lipolotiki. Mehleng ea Jesu, ho lefa lekhetho e ne e le eona taba e ka sehloohong lipolotiking. Ha e le hantle, ha Bajuda ba ngolisoa e le hore ba tle ba lefe lekhetho, Judase oa Mogalilea eo re buileng ka eena pejana, o ile a rabela khahlanong le puso ea Roma. Bafo ba ’muso oa Roma hammoho le batho ba neng ba mamela Jesu, ba ne ba lokela ho lefa lekhetho la lintho tse ngata tse kang matlo le litša. Hape, kaha babokelli ba lekhetho ba ne ba tletse bobolu, ba ne ba ekelletsa batho moroalo le ho feta. Ha ho etsoa lifantisi, babokelli ba lekhetho ba ne ba ntša tjotjo e le hore ba fumane maemo a phahameng sechabeng ’me ba etse phaello e ngata. ’Mokelli ea ka sehloohong oa lekhetho e leng Zakiase, e ne e le morui hobane o  ne a lefisa batho chelete e ngata haholo. (Luka 19:2, 8) E ka ’na eaba ba bang le bona ba ne ba etsa joalo.

9, 10. (a) Lira tsa Jesu li ile tsa etsa’ng e le ho leka ho mo kenya litabeng tsa lipolotiki? (b) Karabo ea Jesu e re ruta’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Lira tsa Jesu li ile tsa batla maikutlo a hae tabeng ea ho lefa lekhetho e le hore li ka mo tšoasa. Li ile tsa mo botsa ka “lekhetho la hlooho,” e leng lekhetho la denari leo Bajuda bohle ba neng ba lokela ho le lefa. (Bala Matheu 22:16-18.) Bajuda ba ne ba sa batle ho lefa lekhetho leo hobane le ne le ba hopotsa hore ba ntse ba le tlas’a puso ea Roma. “Balateli ba sehlopha sa Heroda” ba ne ba tšepile hore ha Jesu a ka re ba se ke ba lefa lekhetho, ba ne ba ka mo qosa ka bofetoheli. Haeba Jesu a ne a ka re ho lefa lekhetho ke ntho e nepahetseng, o ne a ka lahleheloa ke balateli.

10 Jesu o ne a le hlokolosi hore a se ke a jela paate tabeng ena. Kahoo, o ile a re: “Le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mat. 22:21) Jesu o ne a tseba hore babokelli ba lekhetho ba bangata ba ne ba tletse bobolu. Empa ha aa ka a ameha ka taba eo. O ile a ameha ka taba ea bohlokoa, e leng ’Muso oa Molimo kaha ke oona o tla tlisetsa batho tharollo ea mathata a bona. Kahoo, o re behetse mohlala. Re lokela ho qoba ho kenella lipolotiking esita le hoja ho ka bonahala eka mokha o itseng o bua lintho tse utloahalang. Kaha re Bakreste, re lokela ho tsepamisa likelello tsa rona ’Musong oa Molimo le linthong tseo Jehova a li nkang li lokile. Re qoba ho belaela ka mekha ea lipolotiki e hlokang toka.—Mat. 6:33.

11. Re ka bontša joang hore re rata toka ka tsela e nepahetseng?

11 Lipaki Tsa Jehova tse ngata li atlehile ho fetola tsela eo li neng li ikutloa ka eona ka lipolotiki. Morali’abo rona e mong oa Brithani o re: “Ha ke le univesithi, ke ne ke etsa thuto ea social studies. Kahoo, ke ne ke e-na le maikutlo a matla ka lipolotiki. Ke ne ke batla ho loanela litokelo tsa batho ba batšo kaha haesale re tšoaroa ka ho hloka toka. Le hoja ke ne ke le motle ka ho hlola likhang, ke ne ke ntse ke ikutloa ke sa thaba. Ke ne ke sa tsebe hore lehloeo la morabe ke ntho e lokelang ho ntšoa ka metso lipelong tsa batho. Leha ho le joalo, ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho qala ho le ntša ka metso pelong ea ka. Morali’abo rona e mosoeu o ile a ’mamella eaba o nthusa hore ke hlole bothata bona. Hona joale ke pula-maliboho ea kamehla ’me ke kopanela phuthehong ea puo ea matsoho. Ke boetse ke ithutile ho amohela batho ba mefuta eohle.”

“KHUTLISETSA SABOLE EA HAO SEBAKENG SA EONA”

12. Ke “tomoso” ea mofuta ofe eo Jesu a ileng a lemosa barutuoa ba hae hore ba e ele hloko?

12 Mehleng ea Jesu, bolumeli bo ne bo tsoakane le lipolotiki. Buka ea Daily Life in Palestine at the Time of Christ e re: “Bolumeling ba Bajuda ho ne e-na le maquloana ao mehleng ena re ka a tšoantšang le mekha ea lipolotiki.” Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Lulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda.” (Mar. 8:15) Ho ka etsahala hore ebe moo ho buuoang ka Heroda ho buuoa ka balateli ba mokha oa hae. Mokha oa Bafarisi o ne o batla hore Bajuda ba tsoe tlas’a puso ea Roma. Tlaleho e ho Matheu e bontša hore Jesu Kreste o ile a ba lemosa le ka Basaduse. Basaduse ba ne ba batla hore Roma e tsoele pele ho busa hobane litho tsa mokha oa bona li ne li na le matla pusong ea Roma. Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka matla hore ba ele hloko lithuto tse neng li rutoa ke mekha eo e meraro. (Mat. 16:6, 12) Puisano  ena e bile nakoana ka mor’a hore batho ba batle ho etsa Jesu morena.

13, 14. (a) Lipolotiki le litaba tsa bolumeli li ile tsa baka ntoa le ho hloka toka joang? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho loana le haeba re tšoaroa ka ho hloka toka?

13 Ha bolumeli bo tsoakane le lipolotiki, ho bonolo hore ntoa e be teng. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba se ke ba kenella lipolotiking. Taba ena ke eona e entseng hore baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba batle ho bolaea Jesu. Ba ne ba tšaba hore Jesu o tla ba le balateli ba bangata ’me ba lahleheloe ke maemo a bona bolumeling le lipolotiking. Ba ile ba re: “Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.” (Joh. 11:48) Ka lebaka leo Moprista ea ka Sehloohong Kaifase o ile a susumelletsa batho hore ba bolaee Jesu.—Joh. 11:49-53; 18:14.

14 Kaifase o ile a romela masole hore a tšoare Jesu bosiu. Jesu o ile a ela hloko leqheka lena la hae eaba o laela baapostola hore ba nke lisabole nakong ea lijo tsa ho qetela ba e-na le eena. Lisabole tse peli li ne li lekane hore a tle a ba rute thuto ea bohlokoa. (Luka 22:36-38) Hamorao bosiung boo, Petrose o ile a hlatha e mong ka sabole hobane o ne a amehile ka ho hloka toka hoo Jesu a neng a tobane le hona ka nako eo. (Joh. 18:10) Empa Jesu o ile a re ho Petrose: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Mat. 26:52, 53) Thuto eo ea bohlokoa e ne e lumellana le thapelo eo Jesu a ileng a e etsa bosiung boo ea hore ha baa lokela hore e be karolo ea lefatše. (Bala Johanne 17:16.) Ho loanela toka e ne e le mosebetsi oa Molimo eseng oa bona.

15, 16. (a) Lentsoe la Molimo le thusitse Bakreste joang hore ba qobe lintoa? (b) Jehova o bona phapang efe ha a sheba batho ba mehleng ee?

15 Morali’abo rona oa Europe, eo re buileng ka eena pejana o ithutile thuto e tšoanang. O re: “Ke bone hore ntoa e ke ke ea etsa hore toka e be teng. Batho ba loanelang toka hangata ba qetella ba shoele. ’Me ba bang ba lula ba halefile. Ke ile ka thaba ha ke utloa hore Bibele e re ke Molimo feela ea ka tlisang toka lefatšeng. Lilemo tse 25 tse fetileng, esale ke ruta batho molaetsa ona.” Mor’abo rona ea lulang Afrika e ka boroa, o entse hore lerumo la hae le nkeloe sebaka ke “sabole ea moea,” e leng Lentsoe la Molimo. O tsoela pele ho bolela molaetsa oa khotso ho baahisane ba hae ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe. (Baef. 6:17) Ka mor’a hore ’mè e mong oa Europe e bohareng e be Paki ea Jehova, o ile a nyalana le mor’abo rona oa morabe oo a neng a o hloile. Batho bana ba bararo bao re buileng ka bona ba entse liphetoho tsena hobane ba batla ho etsisa Kreste.

16 Liphetoho tsena li bohlokoa haholo. Bibele e tšoantša batho le leoatle le se nang khotso, le ntseng le loebehlana. (Esa. 17:12; 57:20, 21; Tšen. 13:1) Ha litaba tsa lipolotiki li ntse li halefisa batho, li ba arohanya li bile li etsa hore ba loane, rona re lula re e-na le khotso le bonngoe. Ha Jehova a ntse a shebile lefatše lena le arohaneng, e tlameha ebe oa thaba ha a bona bonngoe bo teng har’a batho ba hae.—Bala Sofonia 3:17.

17. (a) Ke litsela life tse tharo tseo re ka ntlafatsang bonngoe ba rona ka tsona? (b) Re tla hlahloba’ng sehloohong se latelang?)

17 Re bone hore re ka ntlafatsa bonngoe ba rona ba Bokreste ka litsela tse tharo: (1) Re na le tšepo ea hore ’Muso oa Molimo o tla felisa ho hloka toka ho teng, (2) re qoba ho kenella litabeng tsa lipolotiki hape (3) re qoba ntoa. Leha ho le joalo, bonngoe ba rona bo ka angoa ke khethollo. Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore na ke joang re ka atlehang ho hlola bothata bona joaloka Bakreste ba mehleng ea pele.