Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Rate ka Ketso le ’Nete”

“Re Rate ka Ketso le ’Nete”

A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.1 JOH. 3:18.

LIPINA: 72, 124

1. Lerato la ’nete ke le joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

JEHOVA ke mohloli oa lerato. (1 Joh. 4:7) Lerato la ’nete le lokela ho lumellana le melao-motheo. Ka Bibeleng lerato la mofuta ona le hlalosoa ke lentsoe la Segerike e leng agape. Ha le akarelletse feela ho ba lerato le ho utloela batho ba bang bohloko empa le akarelletsa haholo-holo liketso tse se nang boithati tseo re li etsetsang batho ba bang. Le re susumeletsa ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo. Joale, ha re e-na le lerato la mofuta oo re tla thaba bophelong.

2, 3. Jehova o bontšitse joang hore o rata batho?

2 Jehova o ile a bontša hore o rata batho le pele a bopa Adama le Eva. O ile a bopa lefatše hore e be lehae leo re ka phelang ho lona ka ho sa feleng, ebile le e-na le sohle seo re se hlokang hore re thabele bophelo. Jehova o bopile lefatše bakeng sa rona, eseng bakeng sa hae. O ile a boela a re bontša lerato ka ho re fa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.

3 Le hoja Adama le Eva ba ile ba khetha ho se mamele, hamorao Jehova o ile a bontša hore o rata batho haholo. O ile a fana ka thekollo e le hore bana ba Adama ba mo ratang ba  ka pholoha. (Gen. 3:15; 1 Joh. 4:10) Ha e le hantle nakong eo Jehova a neng a fana ka tšepiso eo, ho eena ho ne ho tšoana leha eka morero oo oa hae o se o phethahetse. Lilemo tse 4 000 hamorao Jehova o ile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. (Joh. 3:16) Ruri re ananela lerato leo Jehova a re bontšitseng lona.

4. Ke mehlala efe e bontšang hore batho ba ka khona ho rata Jehova le batho ba bang?

4 Kaha Jehova o re bopile ka setšoantšo sa hae, re khona ho rata batho ba bang. Leha ho le joalo, ha ho bonolo hore re lule re rata batho ka linako tsohle kaha ha rea phethahala empa seo ha se bolele hore ha ho khonehe hore re etse joalo. Abele o ile a bontša hore o rata Jehova ka hore a mo fe se molemo ka ho fetisisa seo a nang le sona. (Gen. 4:3, 4) Noe o ile a bontša hore o rata batho ka hore a ’ne a ba lemose le hoja ba ne ba sa mo mamele. (2 Pet. 2:5) Abrahama eena o ile a bontša hore o rata Molimo ho feta ntho leha e le efe ka hore ebe o ne a ikemiselitse ho etsa sehlabelo ka mor’a hae Isaka. (Jak. 2:21) Re lokela ho etsisa banna bao ba tšepahalang ka hore re rate Jehova ’me re rate batho leha ho se bonolo ho etsa joalo.

LERATO LA ’NETE KE LE JOANG?

5. Re ka bontša joang hore re rata batho e le kannete?

5 Bibele e re re lokela ho rata eseng “ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.” (1 Joh. 3:18) Lengolo lena ha le bolele hore re ke ke ra rata batho ka ho bua le bona kapa ho ba khothatsa. (1 Bathes. 4:18) Empa le bolela hore re lokela ho bontša ka liketso hore rea ba rata. Mohlala, ha Mokreste-’moho le uena a hloka liaparo le lijo ha hoa lekana ho bua mantsoe a bontšang ho mo hauhela. (Jak. 2:15, 16) Ka ho tšoanang lerato leo re ratang Jehova le batho ka lona le re susumelletsa hore re se ke ra rapella feela hore Jehova a fane ka baboleli ba eketsehileng empa re kenye letsoho mosebetsing oa boboleli.—Mat. 9:38.

6, 7. (a) “Lerato le se nang boikaketsi”? (b) Fana ka mehlala ea lerato le nang le boikaketsi.

6 Moapostola Johanne o itse re lokela ho rata “ka ketso le ’nete.Kahoo, lerato la rona e lokela ho ba “le se nang boikaketsi.” (Bar. 12:9; 2 Bakor. 6:6) Ka linako tse ling re ka etsa eka re rata barab’abo rona empa ho se joalo. Na ho etsa joalo e tla be e le ho bontša lerato la ’nete? Sepheo sa rona e tla be e le sefe? Ha rea lokela ho etsa eka re rata batho empa re ikaketsa. Ha re etsa joalo, re tla be re sa rate batho e le kannete.

7 Nahana ke mehlala e latelang ea lerato la boikaketsi. Satane o ile a etsa eka o rata Eva ha a ne a bua le eena serapeng sa Edene. Empa hamorao liketso tsa hae tsa bontša hore ke moikaketsi. (Gen. 3:4, 5) Morena Davida o ne a e-na le motsoalle ea bitsoang Akitofele. Empa Akitofele o ile a eka Davida e le hore a ka ithuisa molemo. Liketso tsa hae li ne li bontša hore ha se motsoalle oa sebele. (2 Sam. 15:31) Bakoenehi le batho ba bakang karohano ka phuthehong, ba sebelisa “puo e qhekellang le puo e rorisang” ba etsa eka ba tsotella batho empa ho se joalo.—Bar. 16:17, 18.

8. Re lokela ho ipotsa potso efe?

8 Lerato le nang le boikaketsi le fosahetse hobane le ka sebelisoa ho qhekella batho ba bang. Re ka thetsa batho empa re ke ke ra thetsa Jehova. Jesu o ile a re ba etsang lintho joaloka baikaketsi ba tla  fuoa “kotlo e matla ka ho fetisisa.” (Mat. 24:51) Bahlanka ba Jehova ha baa lokela ho ba le lerato le nang le boikaketsi. Kahoo re lokela ho ipotsa: ‘Na ke lula ke bontša lerato la ’nete le se nang boikaketsi?’ A re hlahlobeng litsela tse robong tse tla re thusa hore re be le “lerato le se nang boikaketsi.”

“RE RATE KA KETSO LE ’NETE”

9. Lerato la ’nete le ka re susumelletsa ho etsa’ng?

9 Thabela ho thusa batho sephiring. Re lokela ho bontša hore re rata batho ka hore ha ho khoneha re ba etsetse lintho “sephiring” eseng pontšeng. (Bala Matheu 6:1-4.) Ananiase le Safira ba ile ba etsa se fapaneng. Ha baa ka ba fana ka chelete sephiring, ho e-na le hoo ba ile ba bua leshano ka hore na ba fane ka chelete e kae. Ba ile ba fuoa kotlo ka lebaka la ho ikaketsa. (Lik. 5:1-10) Haeba re rata barab’abo rona e le kannete, re tla thabela ho ba thusa re sa lebella hore batho ba bang ba tsebe seo re se entseng. Mohlala, barab’abo rona ba thusang Sehlopha se Busang ha ba ipatlele thoriso ka ho bolella batho hore na ba thusa Sehlopha se Busang joang le hore na ba entse mesebetsi efe.

10. Re ka bontša joang hore re hlompha batho ebile re ikokobelitse?

10 Le hlomphane. (Bala Baroma 12:10.) Jesu o ile a re ruta bohlokoa ba ho hlompha batho ha a ne a hlatsoa baapostola ba hae maoto. (Joh. 13:3-5, 12-15) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re etse lintho joaloka Jesu ka ho ikokobetsa le ho sebeletsa ba bang. Esita le baapostola ba Jesu ha baa ka ba utloisisa tsela eo Jesu a neng a etsa lintho ka eona ho fihlela ba fuoa moea o halalelang. (Joh. 13:7) Re bontša hore re hlompha batho ebile re ikokobelitse ka ho se iphahamise ka lebaka la thuto, maruo kapa mesebetsi eo re e etsang ka phuthehong. (Bar. 12:3) Ha rea lokela ho ba mona ha ba bang ba rorisoa, empa re lokela ho thaba le bona le hoja mohlomong re ka ikutloa eka thoriso eo e ka be e tlile ho rona.

11. Re ka babatsa batho ka tsela e se nang boikaketsi joang?

11 Babatsa Bakreste-’moho. Re lokela ho batla menyetla ea ho babatsa bara le barali babo rona kaha ho etsa joalo ho ‘molemo bakeng sa ho ba haha.’ (Baef. 4:29) Empa re etse joalo ka ’nete re sa ikaketse, re qobe ho thetsa batho ’me re ba babatse feela ha ba hloka pabatso. (Liprov. 29:5) Re tla be re le baikaketsi ha re babatsa batho ebe hamorao re ba bua hampe ho ba bang. Moapostola Pauluse o re bontšitse mohlala o motle oa lerato le se nang boikaketsi ha a ne a babatsa Bakreste ba Korinthe. O ile a ba babatsa ka lintho tseo ba neng ba li etsa hantle. (1 Bakor. 11:2) A boela a ba hlokomelisa lintho ka tsela e bonolo le e mosa ha ba itšoara ka tsela e sa hlompheng Molimo.—1 Bakor. 11:20-22.

Ha re thusa Bakreste-’moho le rona, re bontša hore re ba rata e le kannete (Sheba serapa sa 12)

12. Re lokela ho etsa’ng ha re amohela baeti?

12 Amohela baeti. Jehova o re laela hore re tšoare bara le barali babo rona ka mosa ’me re amohele le baeti. (Bala 1 Johanne 3:17.) Leha ho le joalo, re lokela ho ba amohela ka sepheo se setle re sa ikaketse. Re ka ipotsa: ‘Na ke mema batho bao ke ba tloaetseng feela le bao ke nkang e le ba bohlokoa ka phuthehong? Kapa na ke itloaetsa ho mema bara le barali babo rona ba se nang letho le bao ke sa ba tloaelang?’ (Luka 14:12-14) Mohlomong Mokreste-’moho le uena o hloka thuso ea hao ka lebaka la  qeto e booatla eo a entseng kapa ha aa ka a bontša teboho ha u ne u mo memme lijong. Maemong a joalo re lokela ho latela keletso ena: “Bontšanang kamohelo ea baeti le sa honothe.” (1 Pet. 4:9) Re tla thaba haeba re latela keletso eo.—Lik. 20:35.

13. (a) Mamello e ka re thusa joang ha re thusa ba fokolang? (b) Re ka thusa ba fokolang joang?

13 Thusa bao tumelo ea bona e fokolang. Bibele e re re lokela ho ‘tšehetsa ba fokolang, re be le tiisetso ho bohle.’ Ka ho etsa joalo re tla be re bontša lerato la ’nete. (1 Bathes. 5:14) Hangata Bakreste ba bang ba ka khona ho lokisa kamano ea bona le Jehova ’me ba e-ba le tumelo hape. Leha ho le joalo, ba bang ba hloka hore re be le mamello ’me re ba thuse ka mosa. Re ka ba thusa joang? Re ka sebelisa Bibele ho ba khothatsa, ra ba mema ha re ea tšimong kapa ra ipha nako ea ho ba mamela ha ba hloka ho bua. Ha rea lokela ho nahana feela hore tumelo ea mora kapa morali’abo rona e “matla” kapa ea “fokola” empa re lokela ho hopola hore kaofela ha rona re ka fokola kapa re ka ba matla tumelong. Moapostola Pauluse le eena o ne a lumela hore o na le mefokolo. (2 Bakor. 12:9, 10) Kaofela ha rona re hloka thuso ea bara le barali babo rona le ho khothatsoa.

14. Re ka etsa’ng ho bopa khotso le barab’abo rona?

14 Bopa khotso. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho bopa khotso le bara le barali babo rona, leha ka linako tse ling ba ka re sebetsa ka ho hloka toka. (Bala Baroma 12:17, 18.) Haeba re hatile mora ka morali’abo rona torong, ho kopa tšoarelo e le kannete ho ka lokisa litaba. Mohlala, ho e-na le hore u re, ‘Ke masoabi hore ebe u ikutloa ka tsela eo’ u ka amohela phoso ea hao ka ho re, ‘Ke kopa tšoarelo ka ho u hlaba ka mantsoe.’ Ho bopa khotso ke hoa bohlokoa lenyalong. Batho ba lenyalong ha baa lokela ho etsa eka ba ratana ha ba le bathong empa ha ba le babeli ba sa buisane, ba sebelisa mantsoe a hlabang kapa ba loana.

15. Re ka bontša joang hore re tšoarela ka bolokolohi?

15 Tšoarela ka bolokolohi. Re tšoarela ka bolokolohi haeba re sa tšoare batho ka pelo ha ba re utloisitse bohloko. Re ka tšoarela le ba sa hlokomelang hore ba re utloisitse bohloko ka hore re ‘mamellane ka lerato, re leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.’ (Baef. 4:2, 3) E le hore re tšoarele batho e le kannete, ha rea lokela ho ‘boloka tlaleho ea bobe.’ (1 Bakor. 13:4, 5) Ha e le hantle ha re jara bara le barali babo rona ka pelo, ha re senye feela kamano ea rona le bona empa re  senya le eo re nang le eona le Jehova. (Mat. 6:14, 15) Re ka boela ra bontša hore re tšoarela ka bolokolohi ka hore re rapelle le ba re foselitseng.—Luka 6:27, 28.

16. Re lokela ho ikutloa joang ka litokelo tseo re nang le tsona ka phuthehong?

16 Itelle Bakreste-’moho. Ha re fuoe boikarabelo ka phuthehong, re ka bontša lerato la ’nete ka hore re ‘batle eseng se molemo ho rona, empa se molemo ho ba bang.’ (1 Bakor. 10:24) Mohlala, bahlokomeli likopanong ba na le monyetla oa ho kena pele ho batho bohle sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Ha ba nke monyetla ka ho ipehela kapa ho behela metsoalle ea bona litulo tse hantle empa hangata ba li tlohellela Bakreste-’moho le bona. Ha ba etsa joalo ba bontša hore ba na le lerato le se nang boikaketsi. U ka ba etsisa joang?

17. Mokreste ea nang le lerato le se nang boikaketsi o etsa’ng ha a entse sebe se tebileng?

17 Bolela libe tse tebileng, u se ke oa li pata. Bakreste ba bang ba ka leka ho pata sebe se tebileng seo ba se entseng hobane se ba soabisa kapa ba tšaba ho soabisa ba haufi le bona. (Liprov. 28:13) Empa ho pata sebe se tebileng ho kotsi, eseng feela ho motho ea se entseng empa le ho ba bang. Hobane’ng? Hobane Jehova a ke ke a hlohonolofatsa phutheho ka moea oa hae o halalelang ’me phutheho e ke ke ea ba le khotso. (Baef. 4:30) Lerato le se nang boikaketsi le ka susumetsa Mokreste ho bolella baholo sebe se tebileng seo a se entseng ’me a fumane thuso.—Jak. 5:14, 15.

18. Lerato la ’nete ke la bohlokoa hakae?

18 Lerato le bohlokoa ho feta makhabane a mang kaofela. (1 Bakor. 13:13) Le re khetholla re le balateli ba ’nete ba Jesu le baetsisi ba Jehova e leng eena mohloli oa lerato. (Baef. 5:1, 2) Pauluse o ile a re: “Haeba ke . . . se na lerato, ha ke letho.” (1 Bakor. 13:2) A re tsoeleng pele ho rata batho bohle eseng feela “ka lentsoe” empa “ka ketso le ’nete.”