Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lerato la Lona le se ke la Fokotseha

Lerato la Lona le se ke la Fokotseha

“Ka lebaka la ho eketseha ha tlōlo ea molao lerato la ba bangata le tla fola.”—MAT. 24:12.

LIPINA: 60, 135

1, 2. (a) Mantsoe a Jesu a ho Matheu 24:12 a ile a phethahala joang lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng? (b) Lengolo la Liketso le re Bakreste ba khale ba ne ba etsa’ng hore lerato la bona le se ke la fokotseha? (Sheba setšoantšo se qalong.)

JESU o ile a re e ’ngoe ea lipontšo tsa “qetello ea tsamaiso ea lintho” ke hore “lerato la ba bangata le tla fola.” (Mat. 24:3, 12) Mantsoe ao a ile a phethahala lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng ha lerato leo Bajuda ba neng ba e-na le lona le fokotseha le hoja ba ne ba re ke batho ba Molimo.

2 Leha ho le joalo, Bakreste ba bangata ba mehleng eo ba ne ba phathahane ka ho “bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste” ’me ba bontša hore ba rata Molimo, Bakreste-’moho le bona hammoho le bao e seng Bakreste. (Lik 2:44-47; 5:42) Empa lerato la Bakreste ba bang le ile la fokotseha.

3. E ka ’na eaba ke’ng e ileng ea etsa hore lerato la Bakreste ba bang le fokotsehe?

3 Jesu o ile a re ho Bakreste ba neng ba lula Efese: ‘Ke na le hona khahlanong le lona, hore le tlohetse lerato leo le neng le e-na le lona pele.’ (Tšen. 2:4) Ke hobane’ng ha lerato  la bona le ile la fokotseha? E ka ’na eaba ba ile ba susumetsoa ke batho bao ba neng ba phela har’a bona. (Baef. 2:2, 3) Batho ba Efese mehleng eo ba ne ba tšoana le ba mehleng ena ka ho icheba bobona. Kaha ba ne ba ruile, ba ne ba phathahane ka ho phela bophelo bo mabothobotho ho feta ho etsa ntho leha e le efe. Mofuta ona oa bophelo o ile oa ’na oa ata. Batho ba Efese ba ne ba boetse ba se na boitšoaro ba bile ba sa mamele melao ea Jehova.

4. (a) Ke’ng e bontšang hore batho ha ba sa rata Molimo? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

4 Le mehleng ena lerato la batho le fokotsehile. Batho ha ba sa rata Molimo hakaalo. Ba batla keletso bathong ba bang e le hore ba rarolle mathata ho e-na le ho e batla Lentsoeng la Molimo. Kahoo, lerato la batho ba sa rapeleng Jehova le ntse le fokotseha. Empa joalokaha re bone ka Bakreste ba phutheho ea Efese, lerato leo Bakreste ba ratang Jehova ka lona le ka fokotseha. A re hlahlobeng hore na re ka etsa’ng hore re lule re rata: (1) Jehova, (2) Lentsoe la hae le (3) Bakreste-’moho le rona.

HO RATA JEHOVA

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata Molimo?

5 Pele Jesu a bolela hore lerato la batho ba bangata le tla fola, o ile a bua ka ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa. O ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele.” (Mat. 22:37, 38) Haeba re hlile re rata Jehova, re tla mamela melao ea hae, re mamelle eng kapa eng ’me re hloee se sebe. (Bala Pesaleme ea 97:10.) Leha ho le joalo, Satane le batho ba hae ba leka ka matla ho re sitisa ho rata Molimo.

6. Ho etsahala’ng ha batho ba sa rate Molimo?

6 Batho ba mehleng ena ke “baithati” ’me ha ba rate Jehova e leng eena ’Mopi oa bona. (2 Tim. 3:2) Satane o entse hore “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” li ate lefatšeng. (1 Joh. 2:16) Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, . . . hobane ho beha kelello nameng ho bolela bora ho Molimo.” (Bar. 8:6, 7) Ha e le hantle, batho ba qetang nako e ngata ba batla maruo kapa ba phelela boitšoaro bo bobe ba qetella ba sa thaba ba bile ba soetsehile.—1 Bakor. 6:18; 1 Tim. 6:9, 10.

7. Ke’ng e ka senyang kamano ea rona le Jehova?

7 Linaheng tse ling, batho ba sa lumeleng ho Molimo le ba lumelang hore lintho li ikentse, ba ruta lithuto tse etsang hore batho ba se ke ba lumela kapa hona ho rata Molimo. Ba re batho ba lumelang hore Molimo o teng ha baa ruteha ebile ke lithoto. Ho e-na le hore batho ba rorise Molimo, ba rorisa bo-rasaense ba rutang hore lintho li ikentse. (Bar. 1:25) Haeba re mamela lithuto tse joalo, kamano ea rona le Jehova e ka senyeha ’me lerato la rona la fokotseha.—Baheb. 3:12.

8. (a) Batho ba Jehova ba hlaheloa ke mathata afe? (b) Pesaleme ea 136 e re khothatsa joang?

8 Kaha re phela lefatšeng le busoang ke Satane, re kopana le lintho tse ngata tse re utloisang bohloko. (1 Joh. 5:19) Empa haeba re nyahama ho ea ho ile, tumelo ea rona e ka fokola ’me lerato  leo re ratang Molimo ka lona la fokotseha. Ka mohlala, re na le mathata a bakoang ke botsofali, ho kula kapa ho hloka chelete. Mohlomong re ka utloisoa bohloko ke hore lintho ha lia etsahala ka tsela eo re neng re nahanne. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nka hore Jehova o re lahlile. Ho e-na le hoo, re lokela ho lula re nahana ka mantsoe ana a Pesaleme ea 136:23 a reng Jehova o re “hopola boemong ba rōna bo tlaase, etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Jehova o lula a rata barapeli ba hae. Kahoo, re kholisehile hore o utloa ‘likōpo tsa rona tse tiileng’ ebile oa li araba.—Pes. 116:1; 136:24-26.

9. Pauluse o thusitsoe ke’ng hore a lule a e-na le kamano e ntle le Jehova?

9 Pauluse o ne a lula a nahana kamoo Jehova a mo tšehetsang kateng ’me seo se mo thusa hore kamano ea hae le Jehova e be matla. O ile a re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?” (Baheb. 13:6) Kaha Pauluse o ne a tšepile Jehova, o ile a atleha ho sebetsana le mathata a hae. Ha aa ka a itumella hore a nyahamisoe ke mathata. Ha e le hantle, ha Pauluse a le teronkong, o ile a ngola mangolo a mangata a khothatsang. (Baef. 4:1; Bafil. 1:7; Filem. 1) O ne a ntse a rata Jehova leha mathata a mo hloele setha. O thusitsoe ke’ng hore a lule a le matla joalo? O ne a tšepile “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakor. 1:3, 4) Re ka etsisa Pauluse joang?

Rata Jehova (Sheba serapa sa 10)

10. Re ka etsa’ng hore re lule re e-na le kamano e ntle le Jehova?

10 Pauluse o ile a re bolella kamoo re ka lulang re e-na le kamano e ntle le Jehova ha a re: “Rapelang le sa phetse.” A boela a re: “Phehellang thapelong.” (1 Bathes. 5:17; Bar. 12:12) Kaha ha re rapela re bua le Jehova, kamano ea rona le eena e tla ba matla. (Pes. 86:3) Ha re bolella Ntate oa rona ea leholimong mabinabine a lipelo tsa rona, re tla ba metsoalle ea hae hobane o ‘utloa thapelo’. (Pes. 65:2) Hape, haeba re kholisehile hore Jehova o araba lithapelo, re tla mo rata le ho feta. Re tla hlokomela hore “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.” (Pes. 145:18) Haeba re kholisehile hore Jehova o re tšehelitse, re tla atleha ho sebetsana le mathata leha e le afe.

HO RATA LENTSOE LA MOLIMO

11, 12. Re ka etsa’ng hore re rate Lentsoe la Molimo haholoanyane?

11 Kaha re Bakreste, re rata Lentsoe la Molimo hobane ke lona feela le re rutang ’nete. Ha Jesu a rapela Ntate oa hae, o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) Kahoo, re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo e le hore re le rate. (Bakol. 1:10) Leha ho le joalo, ho tseba Lentsoe la Molimo feela ha hoa lekana. Hlokomela kamoo Pesaleme ea 119 e re thusang kateng ho utloisisa hore na ho rata Lentsoe la Molimo ho bolela’ng. (Bala Pesaleme ea 119:97-100.) Re lokela ho ipha nako ea ho lula re nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Ha re hlokomela kamoo re ka ntlafatsang kamano ea rona le Jehova kateng, re tla rata Lentsoe la Molimo le ho feta.

12 Mopesaleme o ile a re: “Lipolelo tsa hao e bile tse thellang hakaakang mahalapeng a ka, ho feta mahe a linotši molomong oa ka!” (Pes. 119:103) Le rona  re ka thabela ho rutoa ke Jehova joalokaha re thabela ho ja lijo tse lutlisang mathe. Kaha re nka nako ha re ja lijo tseo re li ratang, ka tsela e tšoanang, re lokela ho nka nako ha re ithuta Bibele. Ha re etsa joalo, re tla rata “mantsoe a thabisang” a Lentsoe la Molimo ’me ho tla ba bonolo ho hopola seo re ithutileng sona.—Moek. 12:10.

13. Jeremia o thusitsoe ke’ng hore a rate Lentsoe la Molimo, hona o ne a ikutloa joang ka lona?

13 Moprofeta Jeremia o ne a rata Lentsoe la Molimo. Hlokomela hore na o ne a ikutloa joang ka lona. O ile a re: “Mantsoe a hao a ile a fumanoa, eaba kea a ja; ’me lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova Molimo oa mabotho.” (Jer. 15:16) Jeremia o ne a ja Lentsoe la Molimo ka hore a nahanisise ka lintho tseo a li balileng. Ka ho etsa joalo, o ne a ananela ho ba moemeli oa Jehova le ho bolella batho molaetsa oa hae. Ha re rata Lentsoe la Molimo, re tla hlokomela hore ke tlotla ho ba Lipaki Tsa Jehova le ho bolela litaba tse amanang le ’Muso oa hae matsatsing ana a ho qetela.

Rata Lentsoe la Molimo (Sheba serapa sa 14)

14. Ke’ng e ka re thusang hore re rate Lentsoe la Molimo haholoanyane?

14 Ke’ng hape e ka re thusang hore re rate Lentsoe la Molimo? Ha re ea libokeng kamehla, re tla rata Lentsoe la Molimo le ho feta. Ha re le libokeng, re ithuta Bibele beke le beke re sebelisa Molula-Qhooa. Ena ke tsela e ka sehloohong eo re ithutang Bibele ka eona. Re lokela ho lokisetsa hantle e le hore re utloisise seo re ithutang sona Molula-Qhooeng. Ha re lokisetsa re ka bala Mangolo ’ohle a hlahang serapeng. Morao tjena re se re ka daonlouda Molula-Qhooa websaeteng ea jw.org kapa ra o bala ho JW Library ka lipuo tse ngata. Lisebelisoa tse ling tsa elektronike li re lumella ho fumana Mangolo kapele. Empa ho sa tsotellehe hore na re bala  Molula-Qhooa hokae, re lokela ho bala Mangolo ao ka hloko ’me re nahanisise ka ’ona e le hore re rate Lentsoe la Molimo haholoanyane.—Bala Pesaleme ea 1:2.

HO RATA BAKRESTE-’MOHO LE RONA

15, 16. (a) Johanne 13:34, 35 e re re lokela ho etsa’ng? (b) Ho rata Bakreste-’moho le rona ho amana joang le ho rata Jehova le Lentsoe la hae?

15 Letsatsi pele Jesu a shoa, o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Joh. 13:34, 35.

16 Haeba re rata Jehova, re tla rata Bakreste-’moho le rona. Ha e le hantle, haeba re sa rate Jehova, re ke ke ra rata Bakreste-’moho le rona. Hape, haeba re sa rate Bakreste-’moho le rona, re ke ke ra rata Jehova. Moapostola Johanne o ile a re: “Ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.” (1 Joh. 4:20) Ho feta moo, haeba re rata Lentsoe la Molimo, re tla rata Jehova le Bakreste-’moho le rona. Hobane’ng? Hobane ha re rata Lentsoe la Molimo, re tla mamela melao ea Jehova ho tloha pelong re be re rate Bakreste-’moho le rona.—1 Pet. 1:22; 1 Joh. 4:21.

Rata Bakreste-’moho le uena (Sheba serapa sa 17)

17. Re ka bontša Bakreste-’moho le rona joang hore rea ba rata?

17 Bala 1 Bathesalonika 4:9, 10. Re ka bontša Bakreste-’moho le rona joang hore rea ba rata? Mora kapa morali’abo rona ea holileng a ka ’na a hloka ho isoa libokeng. Morali’abo rona ea hlokahalletsoeng ke molekane a ka ’na a hloka ho thusoa ka ho lokisa lintho tse itseng ha hae. (Jak. 1:27) Bakreste-’moho le rona bohle ba nang le mathata ba hloka hore re ba thuse ’me re ba khothatse. (Liprov. 12:25; Bakol. 4:11) Ha re etsa joalo, rea bontša hore re hlile re rata Bakreste-’moho le rona ’me re tsotella “ba amanang le rōna tumelong.”—Bagal. 6:10.

18. Ke’ng e tla re thusa hore re rarolle liqabang le Bakreste-’moho le rona?

18 Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba “matsatsing a ho qetela” e tla ba baithati. (2 Tim. 3:1, 2) Re lokela ho matlafatsa kamano ea rona le Jehova, re rate Lentsoe la hae le Bakreste-’moho le rona. Kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling re ka ’na ra ba le liqabang le Balumeli-’moho le rona. Empa kaha kaofela rea ratana, re leka ka hohle hore re lokise litaba ka lerato. (Baef. 4:32; Bakol. 3:14) Kahoo, le ka mohla lerato la rona le se ke la fokotseha. Ho e-na le hoo, re tsoele pele ho rata Jehova, Lentsoe la hae le Bakreste-’moho le rona.