Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Pale Ea Bophelo

Esale Jehova a Ntšehelitse

Esale Jehova a Ntšehelitse

Ke e mong oa banana ba bane ba ileng ba khethoa ho fa Adolf Hitler lipalesa ka mor’a hore a fane ka puo ea hae. Ke ile ka khethoa hobane ntate oa ka o ne a ikakhetse ka setotsoana mokheng oa Manazi, a bile a khannela moeta-pele e mong oa mokha oo. ’Mè o ne a rata kereke ea Roma haholo, a bile a batla hore ke be lesistere. Ho sa tsotellehe tšusumetso eo ke ileng ka e fumana ho bona, ha kea ka ka ba setho sa mokha oa Nazi kapa hona ho ba lesistere. E re ke u hlalosetse hore na ho ile ha etsahala’ng.

KE HOLETSE toropong ea Graz, Austria. Ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka isoa thupelong ea ho ba lesistere. Leha le ho le joalo, ke ile ka makala haholo ha ke hlokomela hore baruti ba ne ba kopanela liphate le masistere. Kahoo, ’Mè o ile a lumela hore ke tlohele thupelo eo ka lehare.

Lelapa leso. Ntate o apere liaparo tsa sesole

Hamorao ke ile ka kena sekolo se nang le bolulo. Bosiung bo bong Ntate o ile a nkisa sebakeng se sireletsehileng hobane toropo ea Graz e ne e hlasetsoe ka libomo. Re ile ra balehela toropong ea Schladming. Ka mor’a hore re fihle ’me re tšele borokho, le eona e ile ea otloa ka libomo. Ka lekhetlo le leng lifofane tse fofelang tlaase li ile tsa thunya ka jareteng ke e-na le Nkhono. Ha ntoa e emisa, ho ile ha hlaka hore ’muso le kereke li ne li re phoqile.

TŠEHETSO EA JEHOVA

Ka 1950, Paki e ’ngoe e ile ea buisana le ’Mè ka molaetsa o tsoang ka Bibeleng. Ke ne ke mamela puisano ea bona ’me ka linako tse ling ke ea libokeng le ’Mè. O ile a kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete ’me a kolobetsoa ka 1952.

Ka nako eo, phutheho e neng e le motseng oa rona e ne e e-na le bo-nkhono ba bangata. Empa ka lekhetlo le leng re ile ra chakela phutheho e ’ngoe, e neng e e-na le bacha ba bangata. Ha re khutlela Graz, ke ile ka qala ho ba teng libokeng tsohle ’me ka kholiseha hore lintho tseo ke neng ke ithuta tsona e ne e le ’nete. Ke ile ka elelloa hore Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae ka linako tsohle. Le mathateng ao re sitoang ho a rarolla, oa re tšehetsa.—Pes. 3:5, 6.

Ke ile ka labalabela ho buisana le batho ba bang ka Bibele ’me ka qala ka bana beso. Bo-ausi ba ka ba bane ba ne ba se ba sa lule lapeng ’me e ne e se e le matichere. Ke ne ke atisa ho ba chakela libakeng tse fapa-fapaneng tseo ba neng ba lula ho tsona, ke ba khothalletsa ho ithuta Bibele. Qetellong bana beso kaofela ba  ile ba ithuta Bibele ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova.

Beke ea bobeli ke sa tsoa qala tšebeletso ea ntlo le ntlo, ke ile ka kopana le ’mè e mong ea ka bang lilemo li 30 ’me ka ithuta Bibele le eena. O ile a kolobetsoa ’me hamorao ha latela molekane oa hae le bara ba bona ba babeli. Ho ithuta Bibele le eena ho ile ha matlafatsa tumelo ea ka haholo. Kaha ke ne ke qala ho ithuta Bibele le motho, ke ne ke lokisetsa thuto e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re tl’o e bala. Ke ne ke lokisetsa e le hore ke ithute le hore ke tsebe ho ruta motho eo ke balang le eena. Ho etsa joalo ho ile ha eketsa kutloisiso ea ka. Ke ile ka kolobetsoa ka April 1954.“REA HLORISOA, EMPA HA REA TLOHELOA KHEREHLOA”

Ka 1955 ke ile ka ea likopanong tsa machaba tse neng li le Jeremane, Fora le Engelane. Ha ke le London ke ile ka kopana le mor’abo rona Albert Schroeder. E ne e le morupeli sekolong sa Gileade ’me hamorao ea e-ba e mong oa Sehlopha se Busang. Ha re ntse re etetse musiamo oa Brithani, mor’abo rona Schroeder o ile a re bontša tse ling tsa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Li ne li e-na le lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tsa Seheberu ’me o ile a re hlalosetsa bohlokoa ba litlhaku tseo. Leeto lena le ile la etsa hore ke rate Jehova le Lentsoe la hae haholoanyane ’me la etsa hore ke ikemisetse ho etsa sohle se matleng a ka ho ruta batho bang Lentsoe la Molimo.

’Na le oa mphato (ka ho le letona) re bo-pula-maliboho ba khethehileng Mistelbach, Austria

Ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea nako e tletseng ka la 1 January, 1956. Likhoeli tse ’nè hamorao ke ile ka fuoa memo ea ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng Austria. Ka nako eo, ho ne ho se na Lipaki toropong eo ke neng ke sebeletsa ho eona ea Mistelbach. Empa ho na le bothata bo bong boo ke ileng ka tobana le bona. ’Na le pula-maliboho eo ke neng ke sebetsa le eona re ne re fapane haholo. Ke ne ke le lilemo li 18 ’me ke holetse toropong, eena a le lilemo li 25 ’me a holetse mahaeng. O ne a rata ho li raha ka malungoa-lungoana empa ’na ke ne ke sa rate ho tsoha hoseng. Ke ne ke rata ho robala bosiu haholo ’me eena a robala kapele. Likeletso tsa Bibele li ile tsa re thusa ho sebetsana le ho se tšoane hoo ’me re ile ra sebetsa re le bo-pula-maliboho ba thabileng.

Ha e le hantle re ile ra tobana le mathata a mang a maholo. Ho ne ho bile ho e-na le mahloriso empa ha ‘rea ka ra tloheloa kherehloa.’ (2 Bakor. 4:7-9) Ka letsatsi le leng ha re ntse re ruta litaba tse molemo motseng o mong, batho ba moo ba ile ba fasolla lintja tsa bona. Li ile tsa re pota-pota li ntse li re bohola. Re ile ra tšoarana ka matsoho eaba kea rapela ke re: “Jehova, ka kopa ha li re tšoara, li mpe li re bolaee kapele.” Ha li fihla haufinyane le rona li ile tsa emisa ho re bohola, tsa tsoka mehatla eaba li ea tsamaea. Jehova o ile a re sireletsa. Ka mor’a moo, re ile ra tsoela pele ho ruta litaba tse molemo motseng oo ’me ntho e makatsang ke hore batho ba ile ba re amohela. Mohlomong ba ile ba makatsoa ke hore lintja ha li ea ka tsa re loma kapa hore e be re ile ra tsoela pele ka mosebetsi le ka mor’a moo. Ba bang ba bona qetellong e ile ea e-ba Lipaki.

Ho na le bothata bo bong hape bo ileng ba re tšosa. Ka letsatsi le leng, mong’a moo re neng re lula teng o ile a fihla a tahiloe a re tšosa ka hore o tla re bolaea hobane re khathatsa baahisani ba hae. Mofumahali oa hae o ile a  leka ho mo khoba matšoafo empa o ile a hloleha. Re ile ra utloa sohle seo ba neng ba se bua re le mokatong o ka holimo oo re neng re lula ho oona. Kapele-pele re ile ra koala monyako ka litulo eaba joale re qala ho paka thoto ea rona. Ha re bula monyako re ile ra mo fumana a eme litepising a tšoere thipa e kholo. Re ile ra tsoa ka monyako o ka morao ka thepa eohle ea rona, re sa ikemisetsa ho khutlela moo hape.

Re ile ra ea hoteleng. Ra lula moo nako e ka etsang selemo ’me seo se ile sa ntlafatsa mosebetsi oa rona oa boboleli haholo. Kaha hotele eo re neng re lula ho eona e ne e le toropong, boholo ba lithuto tsa rona li ne li thabela ho balla moo re lulang teng. Ka mor’a nako e seng kae re ne re tšoarela thuto ea buka le Thuto ea Molula-Qhooa ka kamoreng eo re neng re lula ho eona hoteleng moo ’me ba neng ba e-ba teng e ne e ka ba batho ba 15.

Re ile ra lula toropong ea Mistelbach nako e fetang selemo. Hamorao ke ile ka isoa toropong ea Feldbach e ka boroa bochabela ho toropo ea Graz. Ho ne ho se phutheho moo ’me ke ne ke se ke sebetsa le pula-maliboho e ’ngoe. Re ne re lula kamoreng e nyenyane e mokatong oa bobeli oa ntlo e entsoeng ka mapolanka. Moea o ne o kena le masobeng a mapolanka ’me re ne re leka ho o thiba ka ho koala ka lipampiri. Re boetse re tlameha ho kha metsi selibeng. Ho sa tsotellehe mathata ao re ileng ra kopana le ’ona, re ile ra bona litholoana tsa mosebetsi oa rona kaha likhoeli hamorao ho ile ha e-ba le sehlopha se kopanelang kamehla. Qetellong litho tse ka bang 30 tsa lelapa le leng leo ke neng ke ithuta le lona e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova.

Lintho tseo ke ileng ka kopana le tsona li ile tsa matlafatsa tumelo ea ka ho Jehova ’me tsa boela tsa nthusa ho bona hore Jehova o tšehetsa ba batlang ’Muso pele. Esita le ha batho ba ka sitoa ho re thusa, Jehova o tla re thusa.—Pes. 121:1-3.

MOLIMO O RE TŠEHETSA KA ‘LETSOHO LA HAE LE LETONA LA HO LOKA’

Ka 1958 kopano ea machaba e ne e tl’o tšoareloa New York City lebaleng la lipapali la Yankee le Polo Grounds. Ke ile ka etsa kopo ea ho ea kopanong eo empa lekala la Austria le ile la mpotsa hore na nka se thabele ho ba sehlopheng sa bo-32 sa Sekolo sa Gileade. Ke ile ka etsa qeto ea hore monyetla ona ha ke o tlohele eaba ke re E! hang-hang.

 Ka sehlopheng ke ne ke lula pel’a mor’abo rona Martin Poetzinger. O ile a mamella ho hlorisoa ha a le likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Hamorao le eena o ile a sebetsa e le e mong oa Sehlopha se Busang. Ha re ntse re rutoa o ne a ee a ntšebele ebe o re: “Erika ho thoe’ng ka Sejeremane?”

Le pele re qeta sekolong, mor’abo rona Nathan Knorr o ile a re bolella hore na re tl’o sebeletsa hokae. Ke ne ke ea Paraguay. Kaha ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke hloka tumello ea Ntate. Ka mor’a ho fumana tumello ea hae, ke ile ka fihla Paraguay ka March 1959. Ke ile ka abeloa ho sebetsa le motho e mong eaba re ba baromuoa sebakeng sa Asunción.

Ka mor’a nako, ke ile ka kopana le Walter Bright e leng e mong oa baromuoa ba neng ba le sehlopheng sa bo30. Re ile ra nyalana ka mor’a moo, eaba rea tšehetsana. Ha re kopana le mathata, re ne re bala Esaia 41:10 e reng: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa.” Lengolo lena le ne le re tiisetsa hore ha feela re ntse re tšepahala ho Jehova re bile re beha ’Muso oa hae pele, o tla re tšehetsa.

Ha nako e ntse e ea re ile ra isoa sebakeng se seng se haufi le leliboho la Brazil. Baruti ba ile ba susumetsa bacha ho betsa lehae la rona la baromuoa ka majoe, le neng le se ntse le le maemong a mabe. Walter o ile a qala ho ithuta Bibele le mookameli oa sepolesa. O ile a etsa bonnete ba hore mapolesa a qeta beke a lebetse moo re lulang eaba litlokotsebe ha li sa re khathatsa. Ka mor’a moo, re ile ra isoa matlong a mang a boemong bo botle ka mose ho maliboho a Brazil. Ho lula Brazil ho ile ha e-ba molemo hobane re ile ra khona ho tšoara liboka libakeng tse peli, Paraguay le Brazil. Pele re tloha sebakeng seo, ho ne ho se ho e-na le liphutheho tse peli tse nyenyane.

Ke na le monna oa ka Walter, re sa le baromuoa Asunción, Paraguay

JEHOVA O TSOELA PELE HO NTŠEHETSA

Lingaka li ile tsa mpolella hore nke ke ka khona ho ba le bana empa re ile ra makala ka 1962 ha re elelloa hore re tl’o ba le ngoana. Eaba re ea Hollywood, Florida pel’a lelapa la bo Walter. Ka lilemo tse ’maloa, re ne re se boemong ba ho ba bo-pula-maliboho. Re ile ra tlameha ho hlokomela lelapa. Leha ho le joalo, re ile ra tsoela pele ho beha ’Muso pele bophelong ba rona.—Mat. 6:33.

Ha re fihla Florida ka November 1962, re ne maketse ho fumana hore khethollo ea morabe sebakeng seo e ne e entse hore barab’abo rona ba bosoeu le ba batšo ba kopanele liphuthehong tse fapaneng ’me ba ruta Bibele libakeng tse sa tšoaneng. Empa Jehova ha a na khethollo ea morabe, ka mor’a nako e seng kae barab’abo rona ba bosoeu le ba batšo ba ne ba se ba le phuthehong e le ’ngoe ba sebetsa hammoho. Re bona letsoho la Jehova sebakeng sena kaha ho se ho e-na le liphutheho tse ’maloa.

Ka bomalimabe, ka 2015 Walter o ile a hlokahala ka lebaka la kankere ea boko. E bile monna ea molemo ho ’na ka lilemo tse 55, o ne a rata Jehova ’me o thusitse barab’abo rona ba bangata. Ke lebeletse ka tjantjello ho ’mona a phela hantle ka mor’a tsoho ea bafu.—Lik. 24:15.

Ke thabile hore ebe ke qetile lilemo tse 40 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke bone tlhohonolofatso ea Jehova ’me ke lula ke thabile. Mohlala, ’na le Walter re thusitse batho ba 136 hore ba ithute ka Jehova, ra ba ra ba bona ha ba kolobetsoa. Ke ’nete hore ho ne ho e-na le mathata. Empa ha rea ka ra lumella mathata ao ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hoo, re ile ra atamela haufi le eena, ra tšepa hore o tla a rarolla ka nako e loketseng. O ile a fela a etsa joalo.—2 Tim. 4:16, 17.

Ke hloloheloa Walter haholo feela, empa ho ba pula-maliboho ho nthusa hore ke mamelle. Ho ruta batho ba bang ka Bibele hoa nthusa, haholo ha ke buisana le bona ka tsoho ea bafu. Jehova o ntšehelitse ka makhetlo a mangata. O phethahalitse tšepiso ea hae ka hore a ’matlafatse, a nthuse le hore a ntšoare ‘ka letsoho la hae le letona la ho loka.’—Esa. 41:10.