Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Noe, Daniele le Jobo

Etsisa Noe, Daniele le Jobo

“Noe, Daniele le Jobo, ka lebaka la ho loka ha bona ba ne ba tla lopolla meea ea bona.”EZEK. 14:14.

LIPINA: 120, 54

1, 2. (a) Ho ithuta ka Noe, Daniele le Jobo ho ka re matlafatsa joang? (b) Ezekiele o ile a ngola mantsoe a hlahang ho Ezekiele 14:14 nakong efe?

HAEBA u e-na le mathata a ho kula, ho hloka chelete kapa ho hlorisoa, ka linako tse ling ho ka ba thata hore u lule u thabile ha u ntse u sebeletsa Jehova. Kahoo, ho ithuta ka Noe, Daniele le Jobo ho ka u matlafatsa. Banna bana ba ne ba sa phethahala ba bile ba hlaheloa ke mathata a tšoanang le a rona, ao ka linako tse ling a neng a beha bophelo ba bona kotsing. Leha ho le joalo, ba ile ba lula ba tšepahala ’me ke mehlala e metle ea batho bao Jehova a ba nkang ba e-na le tumelo ba bile ba mo mamela.—Bala Ezekiele 14:12-14.

2 Ezekiele o ile a ngola mantsoe a temana ea rona ea sehlooho ka selemo sa 612 pele ho mehla ea Kreste. * (Ezek. 1:1; 8:1) Nako  ea hore baahi ba Jerusalema ba felisoe e ne e se e le haufi. Ba ile ba felisoa lilemo tse hlano hamorao. Ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba pholoha hobane ba ne ba e-na le makhabane a tšoanang le a Noe, Daniele le Jobo. (Ezek. 9:1-5) Har’a bona e ne e le Jeremia, Baruke, Ebede-meleke le sechaba sa Barekabe.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Le mehleng ena, ke batho bao Jehova a ba nkang ba lokile feela ba tla pholoha ha lefatše lena le felisoa. (Tšen. 7:9, 14) Kahoo, a re ithuteng hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a bua ka bona e le mehlala ea batho ba lokileng. Re tla bua ka e mong le e mong oa bona ebe re hlahloba hore na (1) o ile a hlaheloa ke mathata afe le hore na (2) re ka mo etsisa joang ka hore re be le tumelo ’me re mamele Jehova.

NOE O NE A E-NA LE TUMELO A BILE A MAMELA MOLIMO

4, 5. (a) Noe o ile a ba le mathata afe? (b) Ke hobane’ng ha tsela eo a ileng a mamella ka eona e ikhetha?

4 Mathata a Noe. Batho ba mehleng ea Enoke e leng ntate-moholo oa Noe, ba ne ba sa tšabe Molimo. Ba ne ba bile ba bua “lintho . . . tse tšosang” ka Eena. (Juda 14, 15) Batho ba bangata ba ne ba le mabifi. Ha e le hantle, mehleng ea Noe ‘lefatše le ne le tletse pefo.’ Mangeloi a khopo a ile a iketsa batho eaba a nyala basali ’me a e-ba le bana ba lifonthoane. (Gen. 6:2-4, 11, 12) Empa ha Bibele e bua ka Noe e re: “Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova . . . O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.”—Gen. 6:8, 9.

5 A re hlahlobeng seo mantsoe ana a se buang ka Noe. Taba ea pele ke hore Noe ha aa ka a tsamaea le Molimo ka lilemo tse 70 kapa 80 feela, e leng lilemo tseo batho ba mehleng ena ba li phelang. O ile a phela le batho bao ba khopo ka lilemo tse ka bang 600. (Gen. 7:11) Hape, ho ne ho se na phutheho eo a ka eang ho eona e le ho khothatsana le balumeli-’moho le eena, a bile a se na bana babo ba ka mo khothatsang. *

6. Ke joang Noe a ileng a ba sebete?

6 Noe o ne a sa khotsofalla feela ho phela bophelo bo monate. O ile a tsoela pele ho ba “’moleli oa ho loka,” a bolella batho bohle molaetsa oa Jehova ka sebete. (2 Pet. 2:5) Moapostola Pauluse o ile a re: “Ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše.” (Baheb. 11:7) Kahoo Noe o ile a hanyetsoa, a sonngoa a ba a kopana le batho ba mabifi ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae. Empa ha aa ka a “thothometsoa ke batho.” (Liprov. 29:25) Kaha Jehova o thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba be sebete, Noe o ile a ba sebete.

7. Noe o ile a tobana le mathata afe ha a haha areka?

7 Kaha Noe o ile a tšepahalla Jehova ka lilemo tse fetang 500, Jehova o ile a re a hahe areka e tla pholosa batho le liphoofolo. (Gen. 5:32; 6:14) Mosebetsi ona oa ho haha areka o ne o bonahala o le boima, eseng feela tabeng ea ho e haha. Empa Noe o ne a boetse a tl’o tobana le batho ba mo somang le ba sa lumellaneng le ho hahoa ha areka. Leha ho le joalo, ka tumelo o ile a mamela Jehova eaba o tsoela pele ho haha areka. “A fela a etsa joalo.”—Gen. 6:22.

8. Ke joang Noe a ileng a tšepa Jehova?

8 Bothata bo bong boo Noe a neng a tobane le bona ke ba ho hlokomela lelapa la hae. Pele ho Moroallo batho ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba be le lijo, ’me Noe le eena e ne e se mokhelo. (Gen. 5:28, 29) Leha ho joalo, bophelo ba hae ha boa ka ba likoloha  tabeng ea ho hlokomela lelapa la hae feela, empa o ile a etsa thato ea Molimo. Lilemong tse 40 kapa 50 tseo Noe a li qetileng a haha areka, o ile a tsoela pele ho tšepahalla Molimo. A mo tšepahalla lilemo tse ka bang 350 ka mor’a moroallo. (Gen. 9:28) Noe e bile mohlala o motle hakaakang ho rona oa ho mamela Molimo le ho ba le tumelo.

9, 10. (a) Ke joang re ka mamelang Molimo le ho ba le tumelo joaloka Noe? (b) Ke tšepiso efe eo Jehova a e etsetsang bahlanka ba hae ba tšepahalang?

9 Re ka etsisa Noe joang? Ka ho tsoela pele re etsa lintho tse nepahetseng mahlong a Molimo, ka ho se be karolo ea lefatše lena la Satane le ka ho phathahana ka ho sebeletsa Jehova. (Mat. 6:33; Joh. 15:19) Tsela eo re phelang ka eona ha ea lokela ho tšoana le ea batho ba lefatše lena. Le mehleng ena, batho ba khesa bahlanka ba Jehova ka lebaka la ho tšepahalla melao ea Molimo ea boitšoaro. (Bala Malakia 3:17, 18.) Leha ho le joalo, joaloka Noe re tšaba Jehova eseng batho. Rea tseba hore ke eena feela ea fanang ka bophelo bo sa feleng.—Luka 12:4, 5.

10 Empa ho thoe’ng ka uena? Na u tla lula u tšepa Jehova le haeba batho ba u soma, ba u tšoaea liphoso kapa u e-na le mathata a lichelete? Haeba u na le tumelo ’me u mamela Molimo joaloka Noe, kholiseha hore Jehova u tla u hlokomela.—Bafil. 4:6, 7.

DANIELE O NE A E-NA LE TUMELO A BILE A MAMELA MOLIMO

11. Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba tobana le mathata afe Babylona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 Mathata a Daniele. Daniele o ne a le botlamuoeng motseng oa Babylona o neng o tumme ka borapeli ba litšoantšo le tšebelisano le bademona. Ho feta moo Bababylona ba ile ba soma Bajuda hammoho le Molimo oa bona Jehova. (Pes. 137:1, 3) E tlameha ebe Daniele le Bajuda ba bang ba tšepahalang ba ile ba utloisoa bohloko ke taba ena. Hape eena hammoho le Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba hlaheletse hobane ba ne ba lokela ho rupelloa mosebetsi oa ntlo ea borena. Ba ne ba lokisetsoa le lijo tseo ba tla li ja. Ba lokela ho ja lijo tsa morena tse neng li akarelletsa tseo Jehova a sa batleng hore bahlanka ba hae ba li je. Empa Daniele ha aa ka a “itšilafatsa ka limenyemenye tsa morena.”—Dan. 1:5-8, 14-17.

12. (a) Daniele o ne a e-na le makhabane afe? (b) Jehova o ne a ikutloa joang ka Daniele?

12 Bohlale ba Daniele bo ile ba qetella e le phephetso ho eena kaha morena o ile a mo etsa motho oa bohlokoa pusong eo. (Dan. 1:19, 20) Empa ho e-na le hore ebe oa ikhohomosa le ho tsitlella maikutlong a hae, o ile a ikokobetsa, ’me a tsoela pele a lebisa thoriso ho Jehova. (Dan. 2:30) Jehova o ile a balella Daniele har’a batho ba lokileng bao e leng mohlala o motle ba kang Noe le Jobo, a sa le lilemong tsa bocha. Na Jehova o ne a fositse ka ho tšepa Daniele? Che! Daniele o ile a tšepahalla Jehova bophelo bohle ba hae. E tlameha ebe o ne a le lilemo li fetang 90 ha lengeloi la Jehova le re ho eena: “Uena Daniele, monna ea khahlehang haholo.”—Dan. 10:11.

13. E ka ’na eaba Daniele o ile a thusa Bajuda ba habo joang?

13 Jehova o ne a rata Daniele hoo a ileng a etsa hore e be molaoli ea phahameng tlas’a puso ea Babylona le Medo-Persia. (Dan. 1:21; 6:1, 2) E ka ’na eaba Jehova o ile a etsa hore ho be joalo e le hore Daniele a thuse batho ba habo joaloka Josefa naheng ea Egepeta le joaloka Esthere le Mordekai naheng ea Persia. * (Dan. 2:48) E tlameha ebe Bajuda ba neng ba le botlamuoeng, ba akarelletsang  Ezekiele ba ile ba khothala ha ba bona hore Jehova oa ba thusa.

Jehova o nka re le batho ba bohlokoa haeba re mo tšepahalla(Sheba lirapa 14 le 15)

14, 15. (a) Maemo a rona a tšoana le a Daniele joang? (b) Batsoali ba ka ithuta eng ho batsoali ba Daniele?

14 Re ka etsisa Daniele joang? Mehleng ena re phela joaloka bajaki. Batho bao re phelang har’a bona ba mekhoa e mebe ebile ba rutoa lithuto tse fosahetseng ke Babylona e Moholo e leng setsi se seholo sa bolumeli ba bohata, “sebaka sa bolulo sa bademona.” (Tšen. 18:2) Kaha re fapane hole le bona, baa re hlorisa. (Mar. 13:13) Kahoo, re lokela ho etsisa Daniele ka hore re be le kamano e ntle le Jehova Molimo oa rona. Haeba re ikokobelitse, re mamela Jehova re bile re mo tšepa, o tla re rata haholo.—Hag. 2:7.

15 Batsoali ba ka ithuta lintho tsa bohlokoa ho batsoali ba Daniele. Joang? Le hoja a hotse le Bajuda ba neng ba sa rate Jehova, Daniele eena o ne a mo rata. Empa ha hoa iketsahalla ka mohlolo hore Daniele a rate Jehova. Batsoali ba hae ba ile ba mo ruta ka Jehova. (Liprov. 22:6) Lebitso la Daniele le bolelang “Moahloli oa ka ke Molimo,” le bontša hore batsoali ba hae ba ne ba rata Jehova. (Dan. 1:6) Kahoo, batsoali, le se ke la fella bana ba lona pelo ha le ba ruta ka Jehova. (Baef. 6:4) Hape, le lokela ho ba rapella le be le rapele le bona. Ha u leka ka hohle ho ruta bana ba hao Bibele, Jehova o tla u hlohonolofatsa.—Pes. 37:5.

JOBO O NE A E-NA LE TUMELO A BILE A MAMELA MOLIMO

16, 17. Jobo o ile a hlaheloa ke mathata afe?

16 Mathata a Jobo. Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha haholo. Qalong, e ne e le monna e “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.” (Jobo 1:3) O ne a ruile, a tsebahala a bile a hlompheha. (Jobo 29:7-16) Leha ho le joalo, Jobo o ne a sa nke hore o phahametse batho ba bang kapa hore ha a hloke Molimo. Ha e le hantle, ha Jehova a bua ka eena o ile a re: “Mohlanka oa ka.” A boela a re ke “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.”—Jobo 1:8.

17 Empa bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo. O ile a lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba o tetebela maikutlo hoo a neng a batla ho shoa. Rea tseba hore ke Satane ea neng a mo bakela mathata ao kaha o ne a re Jobo o sebeletsa Jehova hobane feela a batla hore a mo etsetse lintho tse itseng. (Bala Jobo 1:9, 10.) Jehova ha aa ka a tlohela taba ena feela. O ile a fa Jobo monyetla oa hore a bontše hore oa mo  tšepahalla ebile o mo sebeletsa hobane a mo rata.

18. (a) Ke’ng e u khahlang ka Jobo? (b) Re ithuta’ng ka tsela eo Jehova a ileng a tšoara Jobo ka eona?

18 Satane o ile a hlasela Jobo ka makhetlo a mangata. A loha mano e le hore a tle a utloise Jobo bohloko ’me a etse hore a nahane hore Jehova ke eena ea mo bakelang mathata. (Jobo 1:13-21) Eaba banna ba bararo ba neng ba ikentse metsoalle ea Jobo ba mo buela mantsoe a bohloko ba re Molimo oa mo otla hobane a le khopo. (Jobo 2:11; 22:1, 5-10) Leha ho le joalo, Jobo o ile a lula a tšepahalla Jehova. Ke ’nete hore ka linako tse ling o ne a bua a sa nahana. Empa Jehova o ne a utloisisa hore Jobo o bua joalo hobane a utloile bohloko a bile a tetebetse maikutlo. (Jobo 6:1-3) O ile a hlokomela hore haesale Jobo a mo sebeletsa ka botšepehi le hoja Satane a ne a mo hlorisa a bile a mo neta ka mashano. Ha mathata a Jobo a se a itse khoe! Jehova o ile a mo fa ka makhetlo a imenneng habeli lintho tsohle tseo a lahlehetsoeng ke tsona. A boela a eketsa litšiu tsa bophelo ba hae ka lilemo tse 140. (Jak. 5:11) Ka nako eo, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Re tseba joang? Lengolo la Ezekiele 14:14, e leng temana ea rona ea sehlooho, le ngotsoe lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Jobo.

19, 20. (a) Re ka etsisa Jobo joang? (b) Re ka etsisa Jehova joang ha re ntse re sebelisana le Bakreste-’moho le rona?

19 Re ka etsisa Jobo joang? Ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe, Jehova o lokela ho tla pele bophelong ba rona. Re lokela ho mo tšepa le ho mo mamela ho tloha pelong. Ha e le hantle, mabaka a rona a ho etsa joalo a mangata ho feta ao Jobo a neng a e-na le ’ona. Nahana ka taba ena: Re tseba lintho tse ngata ka Satane le maqheka a hae. (2 Bakor. 2:11) Lengolong la Jobo, rea ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola. Boprofeta ba Daniele bo re ruta hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele ’me Morena oa oona ke Jesu Kreste. (Dan. 7:13, 14) Hape rea tseba hore ’Muso oo o tla busa lefatšeng lohle o be o felise lintho tsohle tse bohloko.

20 Lintho tse ileng tsa hlahela Jobo li re ruta hore re lokela ho nahanela Bakreste-’moho le rona. Ka linako tse ling, ba ka tšoana le Jobo eaba ba bua ba sa nahana. (Moek. 7:7) Leha ho le joalo, re lokela ho ba nahanela le ho leka ho utloisisa maemo a bona, ho e-na le ho ba ahlola. Ha re etsa joalo, re tla be re etsisa Jehova, Ntate oa rona ea lerato ea bileng a leng mohau.—Pes. 103:8.

JEHOVA “O TLA LE MATLAFATSA”

21. Mantsoe a hlahang ho 1 Petrose 5:10 a re hopotsa joang lintho tse ileng tsa hlahela Noe, Daniele le Jobo?

21 Noe, Daniele le Jobo, ba phetse linakong tse sa tšoaneng ’me mathata a bona a ne a fapane. Leha ho le joalo, kaofela ba ile ba mamella. Lintho tse ileng tsa ba hlahela li re hopotsa mantsoe a moapostola Petrose a reng: “Ka mor’a hore le utloe bohloko ka nakoana, Molimo oa mosa oohle o sa tšoanelang . . . o tla qetela koetliso ea lōna, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.”—1 Pet. 5:10.

22. Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

22 Mantsoe a 1 Petrose 5:10 a re kholisa hore Jehova o tla matlafatsa bahlanka ba hae e le hore ba tiisetse mathata. Kaofela re batla ho matlafatsoa ke Jehova ’me re lule re mo tšepahalla. Kahoo, re lokela ho ba le tumelo e tšoanang le ea Noe, Daniele le Jobo ’me re mamele Jehova joaloka bona. Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore banna bana ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova hobane ba ne ba mo tseba hantle. Ha e le hantle ba ne ba “utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe” eo a batlang hore ba e etse. (Liprov. 28:5) Le rona re lokela ho ba etsisa.

^ ser. 2 Ezekiele e ile a ea e-ba mophaphathehi ka selemo sa 617 pele ho mehla ea Kreste. Ezekiele 8:1–19:14 e ngotsoe “selemong sa botšelela” a le palehong kapa ka selemo sa 612.

^ ser. 5 Lameke e leng ntate oa Noe ea neng a rata Jehova, o ile a shoa lilemo tse ka bang hlano pele ho Moroallo. Haeba ’mè oa Noe le bana babo Noe ba ne ba ntse ba phela ha Moroallo o fihla, ha baa ka ba pholoha.

^ ser. 13 Ho ka etsahala hore ebe metsoalle ea Daniele e meraro le eona e ile ea kenya letsoho ho thusa Bajuda kaha le eona e ile ea e-ba balaoli ba phahameng.—Dan. 2:49.