Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Tla Kopana Paradeiseng!”

“Re Tla Kopana Paradeiseng!”

“U tla ba le ’na Paradeiseng.”​—LUKA 23:43.

LIPINA: 145, 139

1, 2. Batho ba na le maikutlo afe a fapakaneng ka lentsoe paradeise?

E NE E LE ketsahalo e amang maikutlo. Ha baeti ba tsoang linaheng tse ling ba tsoa moo kopano e neng e tšoaretsoe teng Seoul, Korea, Lipaki tsa moo li ile tsa ba fonanisa li foka matsoho li re, “Re tla kopana Paradeiseng!” U nahana hore ba ne ba bua ka paradeise efe?

Batho ba nahana ka lintho tse fapakaneng ha ba utloa ho buuoa ka paradeise. Bang ba re paradeise ke toro feela tjee, ha bang bona ba re ke sebaka sefe kapa sefe moo ba fumanang thabo le ho khotsofala. Ha motho ea robalang a itsosa a ile moketeng, a ka ’na a nahana hore o paradeiseng. ’Mè e mong ea ileng a bona phula e khabileng ka lipalesa tsa naha o ile a re, “Basali, ke paradeise e ntle hakaakang!” Sebaka seo se ntse se bitsoa Paradeise ho tla fihlela lena le holimo le hoja ho khetheha lehloa la bophahamo ba limithara tse 15 selemo le selemo. Uena u nka hore Paradeise ke’ng? Na u nahana hore ka le leng u tla ba ho eona?

3. Bibele e buile ka paradeise ka lekhetlo la pele Lengolong le feng?

3 Bibele e bua ka paradeise e neng e le teng nakong e fetileng le eo e leng hona e tla ba teng. Lengolo la pele la Bibele le bua ka Paradeise. Bibele ea K’hatholike e bitsoang Douay Version, e fetoletsoeng ho tsoa Selatineng, e beha Genese 2:8 tjena: “Morena Molimo o ile a lema paradeise ea boiketlo ho tloha qalong: e leng moo a ileng a beha [Adama] eo a ’mopileng.” (mokhatlo ke oona o ikenyelitseng mongolo o motenya temaneng ena.) Ka  Seheberu temaneng eo ho ne ho itsoe serapa sa Edene. Edene e bolela “Monyaka,” ’me ruri serapa seo se ne se thabisa. Ho ne ho e-na le matletsetletse a lijo, tikoloho e ntle le liphoofolo tse ngata.​—Gen. 1:​29-31.

4. Ke hobane’ng ha re ka re serapa sa Edene e ne e le paradeise?

4 Lentsoe leo ka Seheberu le fetoleloang e le “serapa” ka Segerike ke pa·raʹdei·sos. Buka e hlalosang mantsoe e bitsoang Cyclopaedia ea M’Clintock and Strong, e hlalosa lentsoe pa·raʹdei·sos ka ho re: “Ke serapa se seholo se kampetsoeng hantle, se botle ba tlholeho, se nang le lifate tse behang litholoana ’me se nosetsoa ka metsi a hloekileng a melatsoana eo mabopong a eona ho fulang mehlape ea matsa kapa linku. Sena ke setšoantšo se neng se tla kelellong ea mohahlauli oa Mogerike.”​—Bapisa le Genese 2:​15, 16.

5, 6. Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba lelekoa Paradeiseng, hona seo se etsa hore re ipotse lipotso life?

5 Molimo o ile a beha Adama le Eva paradeiseng eo, empa ha baa ka ba lula nako e telele ho eona. Hobane’ng? Ba ile ba iteleka ka ho se mamele Molimo. Ka lebaka leo, bona hammoho le bana ba bona ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela Paradeiseng. (Gen. 3:​23, 24) Serapa seo se ile sa lula se le teng ho fihlela Moroallo oa mehleng ea Noe le hoja ho ne ho se motho ea lulang ho sona.

Batho ba bang ba ka botsa ke hona, ‘Na ho na le mohla ho tla ba le monna, mosali kapa ngoana ea tla phela Paradeiseng moo lefatšeng?’ Bopaki bo bontsa’ng? Haeba u lakatsa ho ea phela teng le batho bao u ba ratang, na u na le mabaka a utloahalang a ho lumela seo? Na u ka tseba ho hlalosetsa motho e mong hore na ke hobane’ng ha re kholisehile hore ho tl’o ba le Paradeise?

BOPAKI BA HORE HO TL’O BA LE PARADEISE

7, 8. (a) Molimo o ile a tšepisa Abrahama eng? (b) E ka ’na eaba tšepiso eo ea Molimo e ile ea etsa hore Abrahama a nahane ka’ng?

7 Bibele ke eona buka e nepahetseng eo re ka batlang likarabo tsa lipotso tse mabapi le Paradeise ka ho eona, kaha e ngotsoe ke Jehova, e leng eena ea entseng Paradeise ea pele. Nahana ka seo Molimo a ileng a se bolella motsoalle oa hae Abrahama. O ile a mo tšepisa hore o tla atisa leloko la hae “joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle.” Jehova o ile a re: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peo ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.” (Gen. 22:​17, 18) Hamorao, Molimo o ile a tšepisa mora oa Abrahama le litloholo tsa hae ntho e tšoanang.​—Bala Genese 26:4; 28:14.

8 Ha ho moo Bibele e bontšang hore Abrahama o ne a nahana hore batho ba tla fumana moputso oa bona oa ho qetela paradeiseng e leholimong. Kahoo, ha Molimo a re o tla hlohonolofatsa “lichaba tsohle tsa lefatše,” e tlameha e be Abrahama o ne a utloisisa hore tseo tsohle li tla etsahala mona lefatšeng. Na boo ke bona feela bopaki bo hlahang ka Bibeleng bo bontšang hore ho tl’o ba le paradeise lefatšeng?

9, 10. Ke litšepiso life tseo Molimo a ileng a li etsa hamorao tse re kholisang hore ho tl’o ba le paradeise lefatšeng?

9 Davida, e leng e mong oa litloholo tsa Abrahama, o ile a bua ka nako e tlang eo ka eona ba “khopo” ba tla timetsoa. (Pes. 37: 1, 2, 10) Ka lehlakoreng le leng, “ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Davida o ile a boela a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:​11, 29; 2 Sam. 23:2) U nahana hore litšepiso tsee li ama batho ba batlang ho etsa thato ea Molimo ka tsela efe? Ba ka ba le tšepo ea hore haeba qetellong lefatšeng mona ho tl’o phela batho ba lokileng, ho tla boela ho be le paradeise e kang serapa sa Edene.

 10 Ha nako e ntse e-ea, Baiseraele ba bangata ba neng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba mo furalla ba ba ba furalla borapeli bo hloekileng. Ka hona, Molimo o ile a tlohella Bababylona hore ba ba hlole, ba senye naha ea bona le hore ba hape ba bangata ’me ba ba ise kholehong. (2 Likor. 36:​15-21; Jer. 4:​22-27) Leha ho le joalo, baprofeta ba Molimo ba ile ba bolela esale pele hore ka mor’a lilemo tse 70, batho ba hae ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona. Boprofeta boo bo ile ba fela ba phethahala. Le rona boa re ama. Ha re ntse re tšohla bo bong ba bona, hlokomela hore na bo re fa mabaka afe a ho lumela hore ho tl’o ba le paradeise lefatšeng.

11. Esaia 11:​6-9 e ile ea phethahala ka tsela efe, empa ke potso efe eo re ka ’nang ra ipotsa eona?

11 Bala Esaia 11:​6-9. Molimo o ile sebelisa Esaia ho profeta hore ka mor’a hore sechaba sa hae se khutlele habo sona, se ne se tla ja poqo ka hlanaka. Se ne se sa tlo hlaseloa ke batho kapa libatana. Bana hammoho le batho ba baholo ba ne ba tla bolokeha. Na see ha se u hopotse hore na Molimo o ne a entse hore bophelo bo be joang serapeng sa Edene? (Esa. 51:3) Boprofeta boo ba Esaia bo ile ba bontša hore lefatše lohle, eseng Baiseraele feela, “le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” Seo se tla etsahala neng?

12. (a) Batho ba tsoang kholehong Babylona ba ile ba imona menoana ka’ng? (b) Ke’ng e bontšang hore Esaia 35: 5-10 e tla boela e phethahale nakong e tlang?

12 Bala Esaia 35:​5-10. Esaia o ile a boela a hatisa taba ea hore batho ba tsoang botlamuoeng ba ne ba ke ke ba tšosoa ke liphoofolo kapa batho. Lefatše le ne le tla ba hlahisetsa litholoana tse ngata, kaha le ne le tla be le nosetsoa ka metsi a mangata feela joalokaha serapa sa Edene se ne se nosetsoa. (Gen. 2:​10-14; Jer. 31:​12) Na boprofeta boo bo ile ba phethahala ka nako eo feela eaba ke phetho? Bo ne bo boetse bo itse batho ba tla phekoloa, empa ha ho bopaki bo tiisang hore batho ba ile ba phekoloa ka mohlolo ka nako eo. Ka mohlala, batho ba nang le bokooa ba pono ha baa ka ba bona. Molimo o ne a bolela hore batho ba tla phekoloa nakong e tlang.

13, 14. Bajuda ba neng ba ile botlamuoeng ba ile ba bona ha Lengolo la Esaia 65:​21-23 le phethahala ka tsela efe, empa ke karolo efe ea boprofeta boo e ntseng e lokela ho phethahala? (Sheba setšoantšo se qalong.)

13 Bala Esaia 65:​21-23. Ha Bajuda ba fihla hae, ha baa ka ba fihlela matlong a matle, le ha e se e le hona hore ba ile ba be se ba lema masimo kapa lirapa tsa morara. Empa lintho li ile tsa ntlafala ha Molimo a ntse a ba hlohonolofatsa. E tlameha ebe ba ile ba thaba hona hoo ha ba haha matlo ’me ba lula ho ’ona le ha ba ja lijo tse lutlisang mathe tseo ba li lemmeng.

14 Hlokomela hore ho ea ka boprofeta bona matsatsi a rona a tla ba mangata “joaloka matsatsi a sefate.” Lifate tse ling li phela lilemo tse likete. Batho ba tla lokela ho phela hantle e le hore ba phele nako e telele joalo. Haeba ba tla phela lefatšeng le khutsitseng le tikolohong e ntle joalokaha Esaia a hlalositse, e tla be e le hore ba phela paradeiseng. Ruri boprofeta boo bo tla be bo phethahetse.

Tšepiso ea Jesu e mabapi le Paradeise e tla phethahala joang? (Sheba serapa sa 15 le sa 16)

15. Ke litšepiso life tse molemo tseo ho buuoeng ka tsona bukeng ea Esaia?

15 Nahana kamoo litšepiso tseo re li tšohlileng li re tiisetsang hore ho tl’o ba le paradeise nakong e tlang. Nakong eo, batho bohle ba tla be ba hlohonolofalitsoe ke Molimo. Ha ho na motho ea tla behoa tsietsing ke liphoofolo kapa batho ba khopo. Batho ba nang le bokooa ba pono, ba kutlo le ba ho tsamaea ba tla phekoloa. Batho ba tla ikahela matlo ba be ba hlahise lijo tse nang le phepo e ntle. Ba tla phela nako e telele ho feta lifate. Ha re bala Bibele re fumana hore bokamoso boo bo haufi. Ba bang ba ka ’na ba re boprofeta bona ha bo bolele hore ho tl’o ba le paradeise lefatšeng. U ka ba araba joang? U na le mabaka afe a utloahalang a ho lebella hore ho tla ba le  paradeise lefatšeng? Motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela o re fa mabaka a utloahalang a ho lumela hore paradeise ea tla.

U TLA BA TENG PARADEISENG!

16, 17. Ho ne ho etsahala’ng ha Jesu a tla bua ka Paradeise?

16 Le hoja Jesu a ne a se na molato, o ile a nyelisoa a ba a fanyehoa thupeng le linokoane tse peli tsa Bajuda hore li shoele moo. Pele se seng se shoa, se ile sa lumela hore Jesu ke morena ’me sa mo kopa sa re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” (Luka 23:​39-42) Bokamoso ba hao boa ameha tseleng eo Jesu a ileng a mo araba ka eona ho Luka 23:​43. Barutehi ba bang ba mehleng ena ba fetolela karabo ea Jesu lentsoe ka lentsoe. Ba re o itse: “Kannete ke re ho uena, kajeno u tla ba le ’na Paradeiseng.” Na u hlokometse lentsoe “kajeno”? Ha e le hantle Jesu o ne a bolela’ng? Litlhaloso tsa batho ha li tšoane tabeng ena.

17 Lipuong tse ngata kajeno, ho sebelisoa matšoao a puo a kang feheloane ho fetisa kapa ho hlakisa moelelo oa polelo. Meqolong ea boholo-holo ea Segerike, ho bonahala matšoao a puo a ne a sa sebelisoe kamehla. Joale potso ke hore na: Jesu o itse, “Ke re ho uena, kajeno u tla ba le ’na Paradeiseng”? Kapa o itse, “Ke re ho uena kajeno, u tla ba le ’na Paradeiseng”? Bafetoleli ba ka beha feheloane sebakeng seo ba batlang ho e beha ho sona ho itšetlehile ka hore na ba nahana hore Jesu o ne a re’ng. Libibele tse ling li behile feheloana pele ho lentsoe kajeno ha tse ling li e behile ka mor’a kajeno.

18, 19. Ke’ng se re thusang ho utloisisa mantsoe a Jesu?

18 Leha ho le joalo, hopola hore pejana ho ketsahalo e serapeng se ka holimo, Jesu o ne a ile a re ho barutuoa ba hae: “Mor’a motho o tla ba pelong ea lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.” O ile a boela a re: “Mor’a motho o reretsoe ho ekeloa matsohong a batho, ba tla mo bolaea, ’me ka letsatsi la boraro o tla tsosoa.” (Mat. 12:​40; 16:​21; 17:​22, 23; Mar. 10:​34) Moapostola Petrose o tiisa hore seo se ile sa etsahala. (Lik. 10:​39, 40) Ka hona, Jesu ha aa ka a ea Paradeiseng letsatsing leo eena le senokoane seo ba shoeleng ka lona. Jesu o ne a le lebitleng [kapa “Hades”] ka matsatsi a mararo ho fihlela Molimo a mo tsosa.​—Lik. 2:​31, 32. *

19 Ka hona, rea hlokomela hore Jesu o ile a re ho senokoane seo: “Kannete ke re ho uena kajeno.” Oo e ne e le mokhoa o tloaelehileng oa ho bua esita le mehleng ea Moshe. O ile a re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao.”​—Deut. 6:6; 7:​11; 8:​1, 19; 30:15.

20. Ke bopaki bofe bo lumellanang le tsela eo re utloisisang mantsoe a Jesu?

20 Mofetoleli e mong oa Bibele ea lulang Bochabela bo Hare o buile tjena ka karabelo ea Jesu: “Temaneng ena lentsoe la bohlokoa ke ‘kajeno’ ’me e lokela ho baleha tjena: ‘Kannete ke re ho uena kajeno, u tla ba le ’na Paradeiseng.’ Tšepiso eo e entsoe letsatsing leo, empa e ne e tla phethahala hamorao. Ona ke mokhoa oo batho ba neng ba bua ka oona sebakeng seo e le ha ba bontša hore le hoja tšepiso e etsoa ka letsatsi le itseng motho ea e etsang o tla e tšepahalla.” Ho ea ka Bibele ea Sesyria e fetoletsoeng lilemong tse 1 600 tse fetileng, Jesu o itse: “Amen, ke re ho uena kajeno u tla ba le ’na Serapeng sa Edene.” Tšepiso eo ea Jesu e lokela ho re tiisa mangole.

21. Ho ne ho lokela ho etsahala’ng ka senokoane se neng se e-na le Jesu e le hore se ka ba le tšepo ea ho ea leholimong?

21 Senokoane seo se neng se le makhetheng a lefu, se ne se sa tsebe hore Jesu o  entse selekane le baapostola ba hae ba tšepahalang hore o tla ba le bona ’Musong oa hae oa leholimo. (Luk. 22:​29) Ho phaella moo, senokoane seo se ne se e-so kolobetsoe le ho khethoa ka moea o halalelang. (Joh. 3:​3-6, 12) Ka tsela e joalo, hoa hlaka hore Jesu o ile a se tšepisa hore se tla ba paradeiseng mona lefatšeng. Lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a bua ka pono eo ho eona a boneng monna ea ileng a “nkeloa paradeiseng.” (2 Bakor. 12:​1-4) Ho fapana le senokoane se neng se le makhatheng a lefu, Pauluse le baapostola ba bang ba tšepahalang ba ne ba khethiloe hore ba il’o busa le Jesu ’Musong oa hae. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a bua ka “paradeise” eo e leng hona e tlang. * Na paradeise eo e tla ba lefatšeng? Na u tla phela ho eona?

SEO U KA SE LEBELLANG

22, 23. U ka lebella’ng?

22 Hopola hore Davida o ile a profeta hore ho tla ba le nako eo ka eona “ba lokileng ba tla rua lefatše.” (Pes. 37:​29; 2 Pet. 3:​13) Davida o ne a bua ka nako eo ka eona batho ba tla phela ho ea ka lipallo tsa Molimo tsa toka. Boprofeta bo ho Esaia 65:​22 bo re: “Matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate.” Sena se bolela hore batho ba tla phela ka lilemo tse likete. Na seo ke ’nete? E, kaha ho ea ka Tšenolo 21:​1-4, Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho batho ’me e ’ngoe ea lintho tseo a tla e felisa ke lefu.

23 Seo Bibele e se rutang mabapi le Paradeise sea hlaka joale. Adama le Eva ba ile ba iteleka serapeng sa Edene, empa ha se mara ha se ho fela. Joalokaha Molimo a re tšepisitse, o tl’o hlohonolofatsa batho mona lefatšeng. Davida o ile a bolela hore ba bonolo ba tl’o rua lefatše ’me ba tla phela ho lona ka ho sa feleng. Boprofeta ba buka ea Esaia bo lokela ho etsa hore re khalle ho phela maemong ao a thabisang ao Molimo a re tšepisang ’ona. Neng? Ha tšepiso ea Jesu ho senokoane sa Mojuda e se e phethahetse. U ka ba teng Paradeiseng. Mohlang oo, mantsoe a neng a buuoa ho baeti ba ileng kopanong Korea a reng: “Re tla kopana Paradeiseng,” a tla phethahala.

^ ser. 18 Setsibi sa lithuto tsa bolumeli le Bibele e leng Moprofesa C. Marvin Pate o ile a ngola a re: “Batho ba bangata ba utloisisa hore lentsoe ‘kajeno’ le ne le supa nako, le hona letsatsi la lihora tse 24. Bothata ka tlhaloso e joalo ke hore e hohlana le thuto ea Bibele e reng Jesu o ile a ‘theohela’ hadese ka mor’a hore a shoe. (Mat. 12:​40; Lik. 2:​31; Bar. 10:7) ’Me ka mor’a moo a nyolohela leholimong.”

^ ser. 21 Bala sehloho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” Molula-Qhooeng ona.