Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PALE EA BOPHELO

‘Jehova o re Entse ka Mokhoa o Loketseng’

‘Jehova o re Entse ka Mokhoa o Loketseng’

’NA LE mosali oa ka Danièle re ne re sa tsoa fihla hoteleng ha motho ea sebetsang moo a re ho ’na, “Ntate, ke kopa o letsetse mapolesa a lelibohong.” Re ne re se re e-na le lihora tse seng kae re le Gabon, e leng naha e ka Bophirimela ho Afrika, moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe lilemong tsa bo-1970.

Kaha mohats’aka e ne e le motho ea chatsi, hang-hang o ile a ntšebela ’me a re, “U se ke oa itšoenya ho letsetsa mapolesa a se a le teng.” Ha ke re mahlo tloha! Ke ha koloi ea mapolesa e ema ka pel’a hotele. Ho e-s’o ee kae, re ile ra tšoaroa. Empa ke leboha ho ba chatsi ha Danièle, hoba ke ile ka ba le monyetla oa ho nea mor’abo rona e mong eo re neng re e-na le eena lipampiri tse ling.

Ha re ntse re le tseleng e eang mapoleseng, ke ile ka itebohela hore ke na le mosaIi ea sebete le ea ratang Jehova le mokhatlo oa hae. Lena empa e le le leng la makhetlo ao ’na le mohats’aka re ileng ra sebetsa ’moho. E re nke ke re qa! qa! ka se entseng hore re etele linaha tseo mosebetsi oa rona o thibetsoeng ho tsona.

KA MOSA JEHOVA O MPUTSE MAHLO

Ke hlahile ka 1930, torotsoaneng ea Croix, e ka Leboea ho Fora, ’me lapeng re ne re le Maroma ana a koalang ka Rosari monyako. Re ne re ea ’Miseng beke e ’ngoe le e ’ngoe ebile ntate oa ka e ne e se motho feela Makhetha ka kerekeng. Leha ho le joalo, ha ke le lilemo li ka bang 14, ho ile ha etsahala ntho e ileng ea mpula mahlo hore ke bone boikaketsi bo ka kerekeng.

Fora e ne e likalikelitsoe ke masole a Jeremane ntoeng ea bobeli ea lefatše. Moruti o ne a atisa ho re khothalletsa ho tšehetsa ’muso oa kopanelo oa Mafora le Manazi kapa Majeremane. Sena se ne se re tšosa haholo. Feela joaloka batho ba bangata ba Fora, ka sekhukhu re ne re mamela seea-le-moea sa BBC, se neng se hasa litaba tsa mabotho a ikopantseng. Re sa re re utloile, moruti ke ha a fetola maoa, a se a tšehetsa lehlakore le leng a bile a hlophisa ’Misa oa liteboho ho keteka ho hapa ha mabotho a ikopantseng ka September 1944. Boikaketsi ba hae bo ile ba ntšiea ke ahlame. Ke ile ka thatafalloa ke ho mo tšepa.

Nakoana ka mor’a ntoa eo, Ntate o ile a hlokahala. Ausi oa ka o ne a se a nyetsoe ’me a lula Belgium, kahoo ke ile ka fumana hore ke tlameha ho hlokomela ’Mè oa ka. Ke ile ka fumana mosebetsi lifemeng tsa liphahlo. Mong’a ka le bara ba hae e ne e le Maroma a popota. Le hoja ho ne ho bonahala eka ke tla ba le bokamoso bo khanyang femeng ea bona empa lithota li ne li chehuoe maraba.

 Ausi oa ka eo ke buileng ka eena pejana e leng Simone, e ne e se e le Paki ’me o ile a re chakela ka 1953. O ile a sebelisa Bibele ka boqhetseke bo hlollang ho re bontša hore kereke ea Roma e ne e re roka mahloan’a naketsa ka lithuto tse kang batho ba khopo ba tla cha liheleng, Boraro bo Teroneng le hore moea ha o shoe. Qalong ke ile ka hana ka le reng ha a sebelise Bibele ea Roma, empa ke ile ka bona hore o bua ’nete. Hamorao o ile a mpha Melula-Qhooa, ea khale, ’me ka e bala ka tjantjello e tšabehang ka kamoreng ea ka. Le pele ke e-ea kae, ke ile ka elelloa hore e bua ’nete empa ke ne ke tšaba hore ha nka ba Paki ea Jehova, mosebetsi ke tla o toroea ka teeeng.

Ke ile ka qeta likhoeli tse ’maloa ke ipalla Bibele le Melula-Qhooa. Kahoo, ka etsa qeto ea ho ea Holong ea ’Muso. Ka khahloa haholo ke kamoo batho ba ratanang kateng. Ka mor’a ho ithuta Bibele ka likhoeli tse tšeletseng le mor’abo rona eo e leng khale a li bona, ke ile ka kolobetsoa ka September 1954. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ’Mè le khaitseli ea ka e ’ngoe e ile e-ba Lipaki Tsa Jehova.

HO TŠEPA JEHOVA HA RE LE TŠEBELETSONG

Ka masoabi, ’Mè o ile a hlokahala libeke tse seng kae pele ho kopano ea machaba ea 1958 e ileng e tšoareloa New York. Empa ke ile ka atleha ho ea kopanong. Ha ke khutla, ho ne ho se motho eo ke lokelang ho mo hlokomela, ka hona, ke ile ka lihela mosebetsing ’me ka ba pula-maliboho. Ka eona nako eo, ke ile ka beheletsa pula-maliboho e ’ngoe e chesehang e Ieng Danièle Delie, ’me ea ba mochesi oa ka ka May 1959.

Danièle o ne a bula maliboho mahaeng a Brittany, hole haholo le habo. O ne a lokela ho ba sebete e le hore a pake sebakeng seo se tletseng Maroma le hore a hloahloaele ka baesekele mahaeng a joalo. Bobeli ba rona re ne re pentse mosebetsing oa Morena hobane re ne re lumela hore bofelo bo haufi. (Mat. 25:​13) Boitelo ba hae bo re thusitse haholo ho mamella tšebeletsong ea nako e tletseng.

Re ile ra koptjoa ho ba bapotolohi ka mor’a matsatsi a seng makae feela re nyalane. Ra tlameha ho phela bophelo bo itekanetseng. Phutheho ea pele eo re ileng ra e etela e ne e-na le bahoeletsi ba 14, ’me bara le barali babo rona ba moo ba ne ba ikapa ba itlohela. Ka hona, re ile ra robala leteraseng Holong ea ’Muso. Le hoja le ne le kukunela, ho ne ho sa tšoane.

Re ne re etela liphutheho ka koloi ea rona e nyane

Le hoja re ne re lula re phathahane, Danièle o ile a tloaela mosebetsi oa potoloho. Hangata o ne a nkemela ka koloing ea rona e nyane ha re na le liboka tse mona tsa tšohanyetso tsa baholo, empa ho ne ho se mohla a bala-balang. Re nkile lilemo tse peli feela re etsa mosebetsi oa potoloho, ’me re ithutile hore ho bohlokoa hore banyalani ba phetlelane lifuba ba be ba sebetse ’moho.​—Moek. 4: 9.

HO FUOA MESEBETSI E MENG KA MOKHATLONG

Ka 1962 re ile ra memeloa ho ea ba liithuti sehlopheng sa bo-37 sa Sekolo sa Gileade. Se ileng sa nka likhoeli tse leshome ’me se ne se tšoaretsoe Brooklyn, New York. Re ne re le baithuti ba 100, bao har’a bona ho neng ho e-na le banyalani ba 13, ’me ’na le mosali oa ka re ile ra thaba hore re menngoe ’moho. Ke sa hopola hantle meqoqo eo re bileng le eona le likoankoetla tsa tumelo tse kang Frederick Franz, Ulysses Glass le Alexander H. Macmillan.

Re ne re thabile ha re ea Sekolong sa Gileade ’moho

 Re ile ra koetlisoa hore re chorise bokhoni ba ho ba batho ba hlokolosi. Ka Meqebelo e meng ha sekolo se tsoile, re ne re nkoa ho ea boha New York City. Re ne re tseba hore ka Mantaha ho tl’o thoe re ngole seo re se boneng. Hangata re ne re khutla re khathetse hona hoo! empa motho ea neng a re bontša sebaka e leng e mong oa basebetsi ba Bethele, o ne a re botsa ka lintho tsa bohlokoa tseo re li boneng e le hore re tle re pase ka Mantaha. Ka Moqebelo o mong re ile ra tsamaea teropong ho fihlela mantsiboea. Re ile ra etela moo ho shejoang lintho tse sepakapakeng, ’me ra ithuta ka majoe kapa linaleli tse oang sepakapakeng. Ha re etetse sebakeng seo ho bokelloang lintho tsa tlholeho tsa khale se bitsoang American Museum of Natural History, re ile ra hlalosetsoa ka mefuta e fapaneng ea likoena. Ha re se re Bethele, motho ea neng a re tsamaisa o ile a re botsa a re: “Hana ba itse phapano ke efe lipakeng tsa linaleli tse chachametsang sepakapakeng le tse oeleng fatše?” Danièle o ne a khathetse hoo eaba o re: “Mechochonono e na le meno a matelele!”

Re ile ra thabela ho etela bara le barali babo rona ba Afrika

Re ile ra hlolloa haholo ha re abeloa ho ea lekaleng la Fora, moo re sebelitseng ka lilemo tse 53. Ka 1976, ke ile ka khethoa ho ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ka ba ka fuoa mosebetsi oa ho etela linaha tse Afrika le tse Bochabela bo Hare moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe kapa o sitisoa. Ke ka ’ona maeto ana re ileng ra qetella re le Gabon, ’me ra hlaheloa ke seo re buileng ka sona qalong. Ho bua ’nete feela, ka linako tse ling ke ne ke ee ke ikutloe ke sa tšoanelehe ho fuoa boikarabello, haholo ke sa lebella. Empa mosali oa ka, o ne a lula a ntšehetsa ha re fuoa mosebetsi ofe kapa ofe.

Ke toloka puo ea Mor’eso Theodore Jaracz kopanong ea “Toka ea Molimo” Paris ka 1988

HO LOANTŠANA LE TEKO E BOIMA MAHETLA A BAPILE

Haesale re rata ho sebetsa Bethele. Danièle, o ne a ithutile Senyesemane ka likhoeli tse hlano pele re ea Gileade, ’me e ne e le mofetoleli ea hloahloa. Re ne re rata mosebetsi oo re neng re o etsa Bethele, empa re ne re boetse re thabisoa ke ho sebetsa le phutheho eo re abetsoeng ho eona. Ke sa hopola hantle mantsiboea a mang re palama terene le Danièle, re khathetse empa ka lehlakoreng le leng re thabile ke ho khanna lithuto tse hatelang pele. Ka masoabi, ka tšohanyetso bophelo ba mosali oa ka bo ile ba mo sitisa ho ba mahlahahlaha joalokaha a batla.

Ka 1993, lingaka li ile tsa fumana hore o na le mofetše kapa kankere ea letsoele. Mekhoa ea ho mo thusa e ne e se monate, e ne e akarelletsa ho etsoa lioporeishene le mokhoa oa ho oka mofetše, o bitsoang chemotherapy. Lilemo tse 15 hamorao, o ile a fumanoa a na le mofetše o kotsi le ho feta. Leha ho le joalo, o ne a rata ho fetolela hoo ha a ne a ikutloa a le betere a neng a ea mosebetsing.

Le hoja mosali oa ka a ne a kula ka sehloho joalo, ha ho mohla re kileng ra nahana ho tsamaea Bethele. Ho kulela Bethele ha ho monate le hona, haholo ha ba bang ba sa elelloe hore ehlile oa kula. (Liprov. 14:​13) Le ha Danièle a se a le lilemo li latang 80, e ne e ntse e le seponono ebile e le leqhoele la motho hoo u neng u ka hana hore oa kula. O ne a sa itheke moroalo. Ho e-na le hoo, o ne a rata ho thusa ba bang. O ne a ba thusa ka ho ba fa tsebe. (Liprov. 17:​17) Ha ho mohla Danièle a kileng a ipitsa mohlabolli, empa o ne a thusa baralib’abo rona ba bangata hore ba se tšabe lefu la kankere.

 Re ile ra boela ra tobana le mathata a mang. Ha Danièle a se a sa khone ho ea mosebetsing kamehla, o ne a sebelisa nako ea hae ho nthusa. O ne a etsa hore bophelo ba ka bo be bonolo e leng se nthusitseng ho ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ka lilemo tse 37. Ka mohlala, o ne a hlophisa lintho e le hore re ka ja lijo tsa mantsiboea re le ’moho kamoreng ea rona ’me re robe monakeli.​—Liprov. 18: 22.

HO SEBETSANA LE HO TŠOENYEHA LETSATSI KA LENG

Danièle o ne a sa nyahamele bophelo. O ile a ba le mofetše ka lekhetlo la boraro. Re ile ra seleballoa. Mekhoa ea ho oka kankere e bitsoang chemotherapy le radiotherapy e ne e mo khathatsa hoo ka linako tse ling a neng a sa khone ho tsamaea. Ke ile ka utloa bohloko bo sa tsoeng mali ha mosali oa ka eo ke mo ratang, eo e neng e le mofetoleli ea hloahloa, a se a sitoa ho bua.

Le hoja ka linako tse ling re ne re sa tsebe hore na re nke’ng re e kopanye le eng, re ne re lula re rapela, re na le tumelo ea hore Jehova a ke ke a re tlohela hore re hlaheloe ke teko eo re ke keng ra e mamella. (1 Bakor. 10:​13) Re ne re leka ho ananela thuso eo Jehova a neng a re fa eona ka Lentsoe la Hae, lefapha la bongaka la Bethele le ka tšehetso e tsoang ho bara le barali babo rona ba fapakaneng.

Re ne re lula re botsa Jehova hore na re amohele mekhoa efe ea phekolo. Ka lekhetlo le leng ho ne ho se mokhoa oo re o sebelisang. Ngaka e neng e okile Danièle ka lilemo tse 23 e ne e sa tsebe hore na ke hobane’ng a tepella ka mor’a ho etsa chemotherapy. O ne a felletsoe ke maoa. Re ne re eme hlooho re ipotsa hore na re tla bona re entse joang. Ka eona nako eo, ngaka e ’ngoe ea kankere e ile ea re e tla oka Danièle. Ho ne ho le joalokaha e ka Jehova o re phuntšitse ntlo lesoba e le hore re se ke ra bolaoa ke ho tšoenyeha.

Re ile ra ithuta hore re ka hlola ho tšoenyeha ka ho qoba ho nahana ka tsa hosasa. Jesu o ne a opile khomo lenaka ha a re, “Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.” (Mat. 6: 34) Ho se fele matla le ho ba sesoasi ho thusitse le hona. Ka mohlala, ha Danièle a sa khone ho etsa chemotherapy ka likhoeli tse peli, o ile a bososela ka ho phoqa ’me a re, “Ke folile joaloka lesheleshele!” (Liprov. 17:​22) Le ha a ne a kula, o ne a rata ho bina lipina tsa ’Muso ka lentsoe le phahameng.

Ho se nyahame ha hae ho nthusitse ho loantšana le mefokolo ea ka. Ha ke se ke bua ’nete, o ntlhokometse ka litsela tse fapakaneng ka lilemo tsena tse 57 tseo re li qetileng re le ’moho. O ne a sa batle le ha ke halika mahe feela! Ka hona, ha a se a kula haholo ke ile ka tlameha ho ithuta ho hlatsoa lijana, liphahlo le ho pheha lijonyana tse bonolo. Ke choatlile mabekere a ’maloa boithutong boo ba ka, empa ke thabisoa ke hore ke ne ke mo thusa. *

KE LEBOHA JEHOVA KA LERATO LA HAE

Ha ke hetla morao, ke lemoha hore mathata, ho tsofala le ho kula ho nthutile lintho tse ngata tsa bohlokoa. Ntho ea pele, ke ithutile hore ha ho mohla re lokelang ho phathahana hoo re se nang nako ea balekane ba rona. Re lokela ho hlokomela baratuoa ba rona ha re sa na le matla a ho etsa joalo. (Moek. 9:9) Ntho ea bobeli, ha rea lokela ho nkela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tenang hloohong, e se re ra hloleha ho bona lintho tse molemo tseo re hlohonolofalitsoeng ka tsona.​—Liprov. 15:15.

Ha ke nahana ka nako eo re e qetileng re le tšebeletsong ea nako e tletseng, kea bona hore Jehova o re hlohonolofalitse ka tsela eo re sitoang ho e lekanya. Ke ikutloa hantle joaloka ’mina-thoko ea ileng a re: “Etsoe Jehova o [nkentse] ka mokhoa o loketseng.”​—Pes. 116:7.

^ ser. 32 Morali’abo rona Danièle Bockaert o hlokahetse ha sehlooho sena se ntse se hlophisoa. O hlokahetse a le lilemo li 78.