Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo o oa re Lokolla

Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo o oa re Lokolla

“Etsoe sebe se ke ke sa le laola, kaha . . . le tlas’a mosa o sa tšoanelang.”—BAR. 6:14.

LIPINA: 2, 61

1, 2. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li rata lengolo la Baroma 5:12?

NKA hore u batla ho etsa lethathamo la Mangolo ao Lipaki Tsa Jehova li a tsebang hantle le ao li a sebelisang kamehla. Na Baroma 5:12 e ne e tla ba le leng la mangolo a ka holimo-limo lethathamong leo? Ke hangata hakae u sebelisang mantsoe a lengolo leo a reng: “Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe?”

2 Temana eo e sebelisoa khafetsa bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Mohlomong u sebelisa lengolo lena ha u ithuta khaolo ea 35 le ea 6 le bana ba hao kapa batho ba bang, moo ho buuoang ka hore na Molimo o rera ho etsa’ng ka lefatše, hobane’ng ha re hloka thekollo le hore na bafu ba hokae. Empa na u ee u nahane hore na lengolo lee le ama joang liketso tsa hao, kamano ea hao le Jehova hammoho le tšepo ea hao ka bokamoso?

3. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ka boemo ba rōna?

3 ’Nete ke hore kaofela ha rōna re baetsalibe. Re etsa liphoso kamehla. Leha ho le joalo, re kholisehile hore Molimo oa  hopola hore re entsoe ka lerōle, ’me o ikemiselitse ho re hauhela. (Pes. 103:13, 14) Thapelong ea hae ea mohlala, Jesu o ile a akarelletsa mantsoe a reng: “U re tšoarele libe tsa rōna.” (Luka 11:2-4) Kahoo, ha ho hlokahale hore re khathatsehe ka liphoso tseo Molimo a re tšoaretseng tsona. Leha ho le joalo, re ka fumana molemo ka ho nahana hore na Jehova o re tšoarela joang.

JEHOVA A KA RE TŠOARELA JOANG?

4, 5. (a) Ke eng e re thusang ho utloisisa lengolo la Baroma 5:12? (b) ‘Mosa o sa tšoanelang’ o boletsoeng ho Baroma 3:24 ke’ng?

4 Re fumana lintlha tsa bohlokoa ha re bala likhaolo tse ling tsa lengolo la Baroma, haholo-holo khaolo ea 6. Seo se ka re thusa ho utloisisa hore ke joang Jehova a ka re tšoarelang. Khaolo ea boraro e re: ‘Etsoe bohle ba entse sebe ’me ka mpho e sa lefelloeng le ka mosa oa hae o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.’ (Bar. 3:23, 24) Pauluse o ne a bolela’ng ha a bua ka ‘mosa o sa tšoanelang’ kapa mosa oa Molimo? Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng temaneng ena, le na le moelelo oa ketso e mosa eo Molimo a re etsetsang eona a sa lebella tefo kapa eo ha e le hantle a sa tlamehang ho re etsetsa eona.

5 Setsebi se seng se re hangata ha Bibele e bua ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo le oa Jesu, e bua ka seo ba se entseng ho pholosa batho sebeng le lefung. Kahoo, ho nepahetse hore ebe Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetoletse lentsoe leo e le “mosa o sa tšoanelang.” Empa ke joang Molimo a ileng a bontša mosa oo o sa tšoanelang? Hape, mosa oo o amana joang le tšepo ea hao le kamano ea hao le Jehova? Ha re ke re utloeng.

6. Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o ka re tsoela molemo joang?

6 Sebe le lefu li ‘kene lefatšeng ka motho a le mong’ e leng Adama. Kahoo, “ka tšito ea motho a le mong lefu le ile la busa e le morena.” Pauluse o ile a phaella ka ho re, Molimo o ile a bonahatsa “bongata ba mosa o sa tšoanelang . . . , ka motho a le mong” e leng Jesu Kreste. (Bar. 5:12, 15, 17) Ka hona, mosa oo o sa tšoanelang oa Molimo o re tsoela molemo. Bibele e tsoela pele ho re: “Ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” Ha e le hantle, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo re ka fumana “bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste.”—Bar. 5:19, 21.

7. Na Jehova o ne a tlamehile ho re fa Mora oa hae?

7 Jehova o ne a sa tlameha ho fana ka Mora oa hae hore e be thekollo. Empa o ile a re bontša mosa oa hae ka hore a re pholose sebeng le lefung. Ha ho le ea mong oa rōna ea tšoaneloang ke seo Molimo le Jesu ba re etselitseng sona. E se eka re ka bontša Jehova hore re ananela seo a re etselitseng sona ka tsela eo re phelang ka eona.

HO BONTŠA KANANELO KA MOSA OA MOLIMO

8. Ke maikutlo afe a fosahetseng ao ba bang ba ka ’nang ba e ba le ’ona?

8 Kaha re bana ba Adama ba sa phethahalang, re sekametse ho etseng sebe. Empa e ka ba phoso ho nka mosa oa Molimo o sa tšoanelang e le lebaka la ho etsa libe ka boomo, re tšepile hore Jehova o tla re tšoarela. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba ne ba ikutloa joalo mehleng ea baapostola. (Bala Juda 4) Le hoja re ka ’na ra se ke ra bua seo ka molomo, re ka ’na ra ba le maikutlo ao a fosahetseng.

9, 10. Ke joang Pauluse le Bakreste ba bang ba mehleng ea hae ba ileng ba lokolloa sebeng le lefung?

 9 Pauluse o ile a re Bakreste ba lokela ho qoba boikutlo ba hore Molimo o tla ba tšoarela esita le ha ba etsa sebe ka boomo. Hobane’ng? Hobane joalokaha Pauluse a ngotse, Bakreste ‘ba ile ba shoa mabapi le sebe.’ (Bala Baroma 6:1, 2) Empa ke joang a neng a ka re ‘ba shoele mabapi le sebe’ le hoja ba ntse ba phela lefatšeng?

10 Molimo o ile a sebelisa sehlabelo sa thekollo ho Pauluse le Bakreste ba bang ba mehleng ea hae. Kahoo, a ba tšoarela libe, a ba tlotsa ka moea o halalelang, ’me a ba amohela e le bara ba hae ba moea. Ka hona, ba e-ba le tšepo ea ho phela leholimong. Haeba ba ne ba ka lula ba tšepahala ba ne ba tla busa le Kreste leholimong. Pauluse o ne a ka re ‘ba shoele mabapi le sebe’ le hoja ba ntse ba le lefatšeng. O ile a etsa mohlala ka Jesu ea ileng a shoa e le motho ’me a tsosoa e le sebōpuoa sa moea se sa shoeng. Seo se bolela hore Jesu o ne a ke ke a hlola a shoa. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba ‘shoele mabapi le sebe empa ba phela mabapi le Molimo ka Kreste Jesu.’ (Bar. 6:9, 11) Ba ne ba fetohile ka ho feletseng. Ba se ba sa laoloe ke litakatso tsa bona tsa boetsalibe. Ba shoele ka tsela ea tšoantšetso tseleng ea bona ea bophelo ea pele.

11. Ke ka tsela efe rōna ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng re “shoeleng mabapi le sebe”?

11 Na le rōna re ‘shoele mabapi le sebe’? Pele re e-ba Bakreste, ho ka etsahala hore ebe re entse lintho tse ngata tse mpe, re sa elelloe hore na Molimo o ikutloa joang ka tsona. Re ne re le joaloka “makhoba a ho se hloeke le a tlōlo ea molao.” Ho ka boleloa hore re ne re le “makhoba a sebe.” (Bar. 6:19, 20) Empa re ile ra ithuta ’nete ea Bibele, ra fetola bophelo ba rōna, ra inehela ho Molimo ’me ra kolobetsoa. Ho tloha ka nako eo, re ’nile ra ikemisetsa ho mamela lithuto tsa Molimo “ho tloha pelong.” Kahoo, re ile ra “lokolloa sebeng,” ’me ra fetoha “makhoba a ho loka.” (Bar. 6:17, 18) Ka hona, le rōna re ile ‘shoa mabapi le sebe.’

12. Ke khetho efe eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho e etsa?

12 Nahana kamoo u angoang ke mantsoe a Pauluse a reng: “Le se ke la tlohela sebe hore se tsoele pele se busa e le morena ’meleng ea lōna e shoang e le hore le ka mamela litakatso tsa eona.” (Bar. 6:12) Re ka ‘tlohela sebe hore se tsoele pele se re busa’ ka ho etsa ntho efe kapa efe eo ’mele ea rōna e sa phethahalang e re susumelletsang ho e etsa. Kaha ho ka etsahala hore re lumelle kapa re hanele sebe hore se re buse, re lokela ho ipotsa lipotso tse latelang: Ke’ng seo ke hlileng ke se labalabelang? Na ke lumella litakatso tsa ka hore li ntšusumelletse ho etsa se fosahetseng? Kapa na ke shoele mabapi le sebe? Na kea phela mabapi le Molimo ka Kreste Jesu? Sena se itšetlehile ka hore na re ananela hakae mosa oo Molimo a re bontšitseng ’ona ka ho re tšoarela libe.

U KA HLŌLA NTOENG ENA

13. Ke mehlala efe e re kholisang hore batho ba ka khona ho fetoha?

13 Batho ba Jehova ba ile ba khaotsa ho beha ‘litholoana tseo ba neng ba e-ba le tsona’ pele ba tseba Molimo, ba mo rata le ho mo sebeletsa. Bophelo ba bona ba nakong e fetileng bo ne bo akarelletsa lintho tseo hona joale ba leng “lihlong ka tsona” kaha pheletso ea lintho tseo ke lefu. (Bar. 6:21) Kahoo, ba ile ba fetoha. Ho ile ha e-ba joalo le ka Bakreste ba bangata  ba Korinthe bao Pauluse a ileng a ba ngolla. Ba bang e ne e le barapeli ba litšoantšo, lihlola, banna ba robalang le banna, masholu, matahoa, joalo-joalo. Empa ba ile ba ‘hlatsuoa’ ’me ba ‘halaletsoa.’ (1 Bakor. 6:9-11) Mohlomong ho ile ha e-ba joalo le ka ba bang ka phuthehong ea Roma. Pauluse o ile a bululeloa hore a re ho bona: “Kapa la tsoela pele le hlahisa litho tsa lōna ho sebe e le lihlomo tsa ho se loke, empa le itlhahise ho Molimo le le ba phelang ho tsoa bafung, ’me le hlahise litho tsa lōna ho Molimo e le lihlomo tsa ho loka.” (Bar. 6:13) Pauluse o ne a kholisehile hore ba ka lula ba e-na le kamano e ntle le Molimo ’me ba tsoela pele ba rua molemo moseng oa Molimo.

14, 15. Re lokela ho ipotsa lipotso life mabapi le ho mamela “ho tloha pelong”?

14 Hoa tšoana le mehleng ena. Mohlomong bara le barali babo rōna ba bang ba ne ba tšoana le Bakorinthe bao. Empa le bona ba ile ba fetoha. Ba ile ba khaotsa ho etsa libe, eaba baa ‘hlatsuoa.’ Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, hona joale kamano ea hao le Molimo e joang? Kaha joale u bontšitsoe mosa oa Molimo ’me u tšoaretsoe libe, na u ikemiselitse ho khaotsa ho etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng?

15 E le hore re etse seo, re lokela ho qoba libe tse tebileng tse kang tseo Bakorinthe ba bang ba ileng ba li etsa. Seo ke sa bohlokoa haeba re lumela hore re amohetse mosa oa Molimo ’me kahoo ‘sebe ha se sa re laola.’ Empa na re ikemiselitse ho mamela “ho tloha pelong” ka ho qoba libe tseo ba bang ba nkang hore ha li ea teba?—Bar. 6:14, 17.

16. Ke eng e bontšang hore ho ba Mokreste ha ho akarelletse feela ho qoba libe tseo Bakorinthe ba neng ba li etsa?

16 Nahana ka moapostola Pauluse. Re kholisehile hore ha aa ka a etsa libe tse tebileng tse boletsoeng ho 1 Bakorinthe 6:9-11. Ho e-na le hoo, o ile a bolela hore o na le molato oa sebe. O ile a re: “Empa ’na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe. Etsoe seo ke se hlahisang ha ke se tsebe. Kaha seo ke se lakatsang, ha kea tloaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang.” (Bar. 7:14, 15) Sena se bontša hore ho ne ho e-na le lintho tse ling tseo Pauluse a neng a nka hore ke sebe, ’me a li loantša. (Bala Baroma 7:21-23.) E se eka le rōna re ka etsa se tšoanang ha re ntse re leka ho mamela “ho tloha pelong.”

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahala?

17 Ka mohlala, nahana ka taba ea botšepehi. Bakreste ba lokela ho tšepahala. (Bala Liproverbia 14:5; Baefese 4:25.) Satane “ke ntate oa leshano.” Ananiase le mosali oa hae ba ile ba shoa ka lebaka la ho se tšepahale. Ha re batle ho tšoana le bona, kahoo re qoba ho bua leshano. (Joh. 8:44; Lik. 5:1-11) Empa na ho tšepahala ho fella moo? Ha e le hantle, ha re tšepahala re bontša hore re ananela mosa oa Molimo o sa tšoanelang.

18, 19. Ke hobane’ng ha ho tšepahala ho sa bolele feela ho qoba ho bua leshano?

18 Ho bua leshano ke ho se tšepahale. Empa Jehova ha aa lebella feela hore batho ba hae ba se ke ba bua leshano. O ile a re ho Baiseraele ba boholo-holo: “Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lōna kea halalela.” A ntan’o ba thusa ho utloisisa se boleloang ke ho halalela. Har’a tse ling, Molimo o ile a re: “Le se ke la utsoa, ’me le se ke la thetsa, ’me leha e le mang a se ke a etsetsa oa habo bolotsana.” (Lev. 19:2, 11) Ka masoabi, motho e mong a ka ’na a se ke a bua leshano le totobetseng, leha ho le joalo a khetha ho etsetsa ba bang bolotsana.

Na u ikemiselitse ho qoba ho bua leshano le ho etsa bolotsana? (Sheba serapa sa 19)

19 Ka mohlala, motho a ka ’na a bolella  mohiri kapa basebetsi-’moho le eena hore ka le hlahlamang ha a tle mosebetsing kapa hore o tla chaisa pele ho nako hobane a lokela ho ea ngakeng. Empa ho e-na le ho ea bona ngaka, a ikela feela k’hemisteng kapa a il’o lata meriana ngakeng. Ha e le hantle ntho e hlileng e etsang hore a chaise pele ho nako ke hobane a batla ho itokiselletsa leeto kapa ho ea boikhathollong le ba lelapa la hae. Mohlomong o ne a sa bue leshano ka ho feletseng ha a re o ea ngakeng, empa na le teng o ne a bua ’nete? Kapa na o ne a etsa bolotsana? E ka ’na eaba le uena u tseba maemo a mang ao ho ’ona batho ba ileng ba thetsa ba bang. Mohlomong hobane ba batla ho qoba kotlo kapa hobane ba batla ho ithuisa ka ba bang. Esita le haeba motho a sa bue leshano le totobetseng, na o latela taelo ea Molimo ea hore: “Le se ke la thetsa”? Nahana ka seo Baroma 6:19 e se buang, ha e re: “Le hlahise litho tsa lōna e le makhoba a ho loka ka tebello ea khalalelo.”

20, 21. Mosa oa Molimo o sa tšoanelang o lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

20 ’Nete ke hore haeba re ananela mosa oa Molimo o sa tšoanelang ha re na ho qoba feela bofebe, botahoa le libe tse ling tse kang tseo Bakorinthe ba neng ba li etsa. Re lokela ho qoba le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate hammoho le boithabiso bo litšila. Haeba re hlahisa litho tsa rōna e le makhoba a ho loka, re tla susumelletseha hore re se ke ra tahoa kapa hona ho noa haholo. Re ka ’na ra lokela ho loantša mekhoa eo e fosahetseng ka matla; leha ho le joalo re ka hlōla ntoeng eo.

21 Re lokela ho ikemisetsa ho qoba libe tse tebileng esita le ho etsa liphoso tse poteletseng. Re ke ke ra khona ho etsa seo ka ho feletseng. Leha ho le joalo, re lokela ho ikemisetsa ho li qoba, feela joalokaha Pauluse a entse. O ile a re ho barab’abo: “Le se ke la tlohela sebe hore se tsoele pele se busa e le morena ’meleng ea lōna e shoang e le hore le ka mamela litakatso tsa eona.” (Bar. 6:12; 7:18-20) Re bontša hore re ananela mosa oa Molimo o sa tšoanelang oo a re bontšitseng ona ka Kreste, haeba re qoba mefuta e sa tšoaneng ea sebe.

22. Ba bontšang hore ba ananela mosa oa Molimo o sa tšoanelang ba letetsoe ke moputso ofe?

22 Ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang, Molimo o re tšoarela libe ebile o tla tsoela pele ho re tšoarela. Ka hona, a re tsoeleng pele ho loantša tšekamelo leha e le efe ea ho etsa libe tseo ba bang ba ka ’nang ba nka hore ha lia teba. Pauluse o ile a totobatsa moputso o larileng ka pele, ha a re: “Kahobane le ile la lokolloa sebeng empa la fetoha makhoba ho Molimo, le fumana litholoana tsa lōna ka tsela ea khalalelo, ’me pheletso ke bophelo bo sa feleng.”—Bar. 6:22.