Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste

Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste

“E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; . . . mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—BAEF. 5:33.

LIPINA: 87, 3

1. Le hoja ka tloaelo ka letsatsi la lenyalo banyalani ba thaba, ke’ng seo ba lokelang ho se lebella? (Sheba setšoantšo se qalong.)

MONYALI le monyaluoa baa thaba ha ba bonana ka letsatsi la bona la lenyalo. Lerato la bona le ile la hōla ha ba ntse ba le leferehong, hoo ba ikanang hore ba tla lula ba tšepahallana. Ke ’nete hore ba lokela ho etsa liphetoho tse itseng ha ba se ba lula ’moho, ’me ba qala lelapa. Empa Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e bohlale ho bohle ba khethang ho kena lenyalong, hobane Moqapi ea lerato oa lenyalo o batla hore ba atlehe ba be ba thabe. (Liprov. 18:22) Leha ho le joalo, Mangolo a re bolella ka ho hlaka hore ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng.” (1 Bakor. 7:28) Ba ka etsa’ng ho fokotsa matšoenyeho aa? Hona banyalani ba Bakreste ba ka etsa’ng hore ba atlehise lenyalo la bona?

2. Banyalani ba lokela ho bontša mefuta efe ea lerato?

2 Bibele e bontša hore lerato ke la bohlokoa. Banyalani ba lokela ho ba le lerato le mofuthu (e leng phi·liʹa ka Segerike). Lerato la maikutlo (e leng eʹros) lea khatholla, ’me ha bana ba ba teng ho hlokahala hore litho tsa lelapa li ratane (e leng stor·geʹ).  Empa lerato le thehiloeng melao-motheong (e leng a·gaʹpe) ke lona le atlehisang lenyalo. Ha moapostola Pauluse a bua ka lerato lena, o ile a re: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Baef. 5:33.

KAROLO E PHETHOANG KE MONNA LE MOSALI

3. Banyalani ba lokela ho ba le lerato le matla hakae?

3 Pauluse o ile a re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baef. 5:25) Balateli ba Jesu ba lokela ho mo etsisa ’me ba ratane joalokaha a ba ratile. (Bala Johanne 13:34, 35; 15:12, 13.) Kahoo, banyalani ba Bakreste ba lokela ho bontšana lerato le matla hoo ka bobeli ba ikemiselitseng ho shoela e mong haeba ho hlokahala. Ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo haeba ba e-na le qabang e khōlō. Empa lerato la a·gaʹpe “le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” Ha e le hantle, “lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakor. 13:7, 8) Banyalani ba hlomphang Molimo ba lula ba hopola hore ba ikanne ho ratana le ho tšepahallana, ’me ba leka ho latela melao-motheo e phahameng ea Jehova ha ba rarolla mathata leha e le afe ao ba ka ’nang ba e-ba le ’ona.

4, 5. (a) Boikarabelo ba monna ke bofe ka lapeng? (b) Basali ba lokela ho talima bohlooho joang? (c) Banyalani ba bang ba ile ba lokela ho etsa liphetoho life?

4 Ha Pauluse a bua ka karolo eo monna le mosali ba e phethang, o ile a re: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.” (Baef. 5:22, 23) Tokisetso ena ha e nyenyefatse basali. Ha e le hantle, e thusa mosali ho phetha seo Molimo a neng a se rerile, ha a re: “Ha ho hotle hore motho [Adama] a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” (Gen. 2:18) Feela joalokaha Kreste, “hlooho ea phutheho” a e tšoara ka lerato, monna oa Mokreste le eena o lokela ho sebelisa bohlooho ka tsela e lerato. Ha a etsa joalo, mosali o tla ikutloa a sireletsehile ’me o tla nolofalloa ho mo hlompha, ho mo tšehetsa le ho ikokobelletsa eena.

5 Ha Cathy [1] a bua ka liphetoho tseo a ileng a lokela ho li etsa ha a nyaloa, o re: “Ha ke ntse ke le lesoha, ke ne ke tloaetse ho iketsetsa liqeto le ho itlhokomela. Ha ke nyaloa ke ile ka tlameha ho ithuta ho itšetleha ka monna oa ka. Ka linako tse ling ho ne ho se bonolo hakaalo, empa ho etsa lintho ka tsela ea Jehova ho re thusitse hore re momahane.” Monna oa hae, e leng Fred, o re: “Ha ke motho ea nolofalloang ho etsa liqeto. Joale ho thata le ho feta ha ke se ke nyetse, kaha liqeto tseo ke li etsang li ama le mosali oa ka. Empa ho kōpa tataiso ea Jehova ka thapelo le ho mamela ka hloko seo mosali oa ka a se buang hoa nthusa. Ruri o oa ntšehetsa!”

6. Lerato e ba “tlamo e phethahetseng ea bonngoe” joang ha banyalani ba qabana?

6 E le hore lenyalo le tiee, banyalani ba lokela ho ikemisetsa ho jarelana mefokolo. Ba ikemisetse ‘ho mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.’ Ke ’nete hore ka bobeli ba tla etsa liphoso. Empa ha seo se etsahala, se ba fa monyetla oa hore ba ithute liphosong tseo ba li entseng, ’me ba tšoarelane le ho bontšana lerato, “etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakol. 3:13, 14) Ho feta moo, “lerato lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Ha le  boloke tlaleho ea bobe.” (1 Bakor. 13:4, 5) Liqabang li lokela ho rarolloa ka potlako. Kahoo, banyalani ba Bakreste ba lokela ho rarolla qabang pele letsatsi le likela. (Baef. 4:26, 27) Ho hlokahala boikokobetso le sebete hore motho a kōpe tšoarelo ho tsoa pelong, empa ho etsa joalo ho rarolla bothata ebile ho etsa hore banyalani ba momahane.

BA LOKELA HO TŠOARANA KA MOSA

7, 8. (a) Bibele e fa banyalani keletso efe tabeng ea ho kopanela liphate? (b) Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho tšoarana ka mosa?

7 Bibele e fana ka keletso e ka thusang banyalani hore ba be le pono e loketseng tabeng ea ho kopanela liphate. (Bala 1 Bakorinthe 7:3-5.) Molekane e mong o lokela ho nahanela maikutlo le litlhoko tsa e mong. Haeba monna a sa tšoare mosali oa hae ka mosa, mosali a ka ’na a thatafalloa ho kopanela liphate le eena. Bibele e re banna ba lokela ho lula le basali ba bona “ho ea ka tsebo.” (1 Pet. 3:7) Ha ho molekane ea tšoanetseng ho qobelloa kapa ho tlamelloa ho kopanela liphate. Le hoja banna ba atisa ho tsoheloa ke takatso ka pele ho feta basali, balekane ka bobeli ba lokela ho ikutloa ba loketse boemo boo.

8 Bibele ha e bolele ka ho toba hore na banyalani ba lokela ho etsa’ng ha ba kopanela liphate, empa e bontša hore ba lokela ho bontšana lerato le mofuthu. (Sefela 1:2; 2:6) Banyalani ba Bakreste ba lokela ho tšoarana ka mosa.

9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho bontša thahasello ho batho bao e seng balekane ba rōna?

9 Haeba re rata Molimo le balekane ba rōna e le kannete, ha re na ho lumella letho ho senya tlamo ea rōna ea lenyalo. Manyalo a mang a na le mathata kapa aa qhalana hobane molekane e mong a lemaletse ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso. Motho ea lenyalong o lokela ho loantša tšekamelo ena kapa takatso leha e le efe ea ho kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hae. O lokela ho qoba esita le ho fana ka maikutlo a hore o thahasella motho e mong, kaha seo ha se bontše hore o rata molekane oa hae. Re lokela ho hopola hore Molimo o bona menahano le liketso tsa rōna, kaha seo se tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re hloekile.—Bala Matheu 5:27, 28; Baheberu 4:13.

HA BALEKANE BA E-BA LE MATHATA LENYALONG

10, 11. (a) Tlhalo e atile hakae? (b) Bibele e re’ng ka karohano? (c) Ke’ng e ka thusang balekane hore ba se ke ba potlakela ho arohana?

10 Haeba banyalani ba e-na le mathata a tebileng a tsoelang pele, seo se ka ’na sa etsa hore molekane e mong kapa ka bobeli ba batle ho arohana kapa ho hlalana. Libakeng tse ling, tlhalo e atile. Le hoja boemo bo se bobe hakaalo ka phuthehong ea Bokreste, manyalo a mangata a Bakreste a na le mathata, ’me taba ena e ea re tšoenya.

11 Bibele e re: “Mosali ha aa lokela ho tloha ho monna oa hae; empa haeba ka sebele a ka tloha, a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae; ’me monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae.” (1 Bakor. 7:10, 11) Ha balekane ba arohana, eo ke taba e tebileng. Ho ka ’na ha bonahala eka ho molemo hore balekane ba arohane ha ba e-na le mathata a tebileng, empa karohano e atisa ho hlahisa mathata a eketsehileng. Ka mor’a hore Jesu a phete seo Molimo a se buileng ha a re monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae, ’me a khomarele mosali oa hae, o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:3-6; Gen. 2:24) Sena se bolela hore esita le banyalani ka bobona ha baa lokela ‘ho arola seo Molimo a se  kopantseng hammoho.’ Jehova o nka lenyalo e le tlamo ea bophelo bohle. (1 Bakor. 7:39) Haeba balekane ba hopola hore kaofela ha rōna re tla ikarabella ka pel’a Molimo, seo se tla ba susumelletsa ho rarolla liqabang ka potlako e le hore li se ke tsa fetoha mathata a tebileng.

12. Ke’ng e ka ’nang ea etsa hore banyalani ba batle ho arohana?

12 E ka ’na eaba ntho e ka sehloohong e bakelang banyalani ba bang mathata ke ho lebella lintho tse ke keng tsa etsahala. Molekane e mong a ka ’na a ikutloa a soetsehile, kapa a bile a phoqehile ha seo a neng a se lebeletse lenyalong se sa etsahale. Mathata a mang a ka ’na a bakoa ke ho fapana ka maikutlo, ho hōlisoa ka litsela tse sa tšoaneng, ho ba le mathata a lichelete, ho qabana le ba habo monna kapa ba habo mosali le tabeng ea ho hōlisa bana. Empa ke ho babatsehang hore ebe banyalani ba bangata ba Bakreste ba latela tataiso ea Molimo, ’me ba fumana tharollo eo ba lumellanang ka eona mathateng a kang ao.

13. Ke mabaka afe a utloahalang a ka ’nang a etsa hore banyalani ba arohane?

13 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba le mabaka a utloahalang a karohano. Molekane e mong a ka ’na a bona ho le molemo hore ba arohane, haeba e mong a sa hlokomele lelapa ka boomo, a mo hlekefetsa ’meleng, kapa a mo sitisa ka ho feletseng ho rapela Jehova. Banyalani ba Bakreste ba nang le mathata a tebileng ba lokela ho kōpa baholo hore ba ba thuse. Bara bana babo rōna ba ka thusa banyalani hore ba sebelise likeletso tse ka Lentsoeng la Molimo. Re lokela ho kōpa Jehova hore a re fe moea oa hae a be a re thuse ho latela melao-motheo ea Bibele le ho bonahatsa tholoana ea moea oa hae, ha re ntse re rarolla mathata a lelapa.—Bagal. 5:22, 23. [2]

14. Bibele e laela Bakreste bao balekane ba bona e seng barapeli ba Jehova ho etsa’ng?

14 Maemong a mang, Mokreste o nyalane le motho eo e seng morapeli oa Jehova. Bibele e fana ka mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha a lokela ho tsoela pele a lula le eena. (Bala 1 Bakorinthe 7:12-14.) Ebang molekane ea sa lumelang oa elelloa kapa ha a elelloe, “o halaletsoa” ka lebaka la ea lumetseng. Le bana ba bona ba nkoa ba “halalela,” kahoo Molimo o oa ba sireletsa. Pauluse o re: “Mosali, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa monna oa hao? Kapa, monna, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa mosali oa hao?” (1 Bakor. 7:16) Hoo e batlang e le phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova, ho na le balekane bao e mong a thusitseng e mong hore a ‘pholohe.’

15, 16. (a) Bibele e fana ka keletso efe ho basali ba Bakreste ba nyetsoeng ke banna ba sa lumelang? (b) Mokreste o lokela ho etsa’ng haeba molekane ‘ea sa lumelang a khetha ho mo tlohela’?

15 Moapostola Petrose o eletsa basali ba Bakreste hore ba ikokobeletse banna ba bona, “e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” Mosali a ka ’na a hapa monna oa hae habonolo haeba a bonahatsa “moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo,” ho e-na le ha a ka mo emella ka lithuto tsa Bokreste.—1 Pet. 3:1-4.

16 Empa o lokela ho etsa’ng haeba molekane ea sa lumelang a khetha hore ba arohane? Bibele e re: “Haeba ea sa lumelang a tloha, a ke a tlohe; mor’abo rōna kapa morali’abo rōna ha a bohlankeng tlas’a maemo a joalo, empa Molimo o le  bitselitse khotsong.” (1 Bakor. 7:15) Sena ha se bolele hore Mangolo a lokolla Mokreste hore a boele a kene lenyalong, empa ha ho letho le mo tlamang hore a qobelle molekane oa hae ho lula le eena. A ka ’na a ba le khotso ka tsela e itseng ha ba arohane. Mokreste o tla lula a e-na le tšepo ea hore molekane oa hae o tla ithaopela ho khutla ’me ba lokise litaba le hore qetellong e tla ba molumeli-’moho le eena.

LE BATLE ’MUSO PELE

Ha le etelletsa ’Muso pele, le tla thaba lenyalong (Sheba serapa sa 17)

17. Banyalani ba Bakreste ba lokela ho etelletsa eng pele?

17 Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” re tobana “le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1-5) Empa haeba re boloka kamano ea rōna le Molimo e le matla, re tla atleha ho loantša tšusumetso e mpe ea lefatše lena. Pauluse o re: “Nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele ba nang le basali ba ke ba be joalokaha eka ha ba na bona, . . . le ba sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo.” (1 Bakor. 7:29-31) Pauluse o ne a sa re banyalani ba hlokomolohe boikarabelo ba bona. Empa kaha nako e setseng e fokotsehile, ba lokela ho batla ’Muso pele.—Mat. 6:33.

18. Ke’ng e ka thusang Bakreste hore ba atlehise manyalo a bona?

18 Le hoja re phela linakong tse thata le manyalo a mangata a qhalana, re ka khona ho atlehisa manyalo a rōna. Ha e le hantle, ha banyalani ba Bakreste ba tsamaea le batho ba Jehova, ba latela keletso ea Mangolo ’me ba lumella Jehova hore a ba tataise ka moea oa hae ba tla atleha ho baballa “seo Molimo a se kopantseng hammoho.”—Mar. 10:9.

^ [1] (serapeng sa 5) Mabitso a fetotsoe.

^ [2] (serapeng sa 13) Sheba sehlomathiso se reng “Bibele e Nka Tlhalo le Karohano Joang?” bukeng ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”