Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE ITHUTOANG 16

Ha e le Hantle ho Etsahala’ng ha Motho a E-shoa?

Ha e le Hantle ho Etsahala’ng ha Motho a E-shoa?

“Ona ke mokhoa oo re elelloang ka oona polelo e bululetsoeng ea ’nete le polelo e bululetsoeng ea phoso.”​—1 JOH. 4:6.

PINA EA 73 U re fe Sebete

SELELEKELA *

Ho e-na le hore u kenelle meetlong e sa thabiseng Jehova, tšelisa beng ka uena ba oeleng ka phatla (Sheba serapa sa 1 le sa 2) *

1-2. (a) Satane o ’nile a thetsa batho joang? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

KAHA Satane “ke ntate oa leshano,” haesale a thetsa batho ho tloha mehleng ea Adama le Eva. (Joh. 8:​44) O ’nile a ruta batho mashano mabapi le hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa. Meetlo e mengata e tsoa hona mashanong ana ao Satane a ileng a a bua ka bafu. Ka lebaka leo, bara le barali babo rona ba bang ba ile ba tlameha ho ‘loana ntoa e thata bakeng sa tumelo’ ha ho e-na le motho ea hlokahetseng motseng kapa malapeng a bona.​—Juda 3.

2 Haeba u thuIana le bothata bo joalo, u ka etsa’ng e le hore u lule u tšepahalla Jehova? (Baef. 6:​11) U ka etsa’ng e le hore u khothatse le ho matlafatsa Mokreste-’moho le uena ea leng tlas’a khatello ea ho kenella meetlong eo e sa khahliseng Molimo? Sehloohong sena re tl’o bona hore na Jehova a ka re thusa joang. Empa pele ho moo, a re hlahlobeng hore na Bibele e re bafu ba hokae.

HA E LE HANTLE BAFU BA HOKAE?

3. Leshano la Satane le bile le liphello life?

3 Molimo o ne a sa rera hore batho ba tle ba shoe. E le hore Adama le Eva ba tle ba phele ka ho sa feleng, ba ne ba lokela ho mamela taelo ena e reng: “Ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke oa ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Gen. 2:​16, 17) Satane eena a ba susumeletsa hore ba se ke ba mamela taelo eo. O ile a sebelisa noha eaba o re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa.” Ka bomali-mabe Eva o ile a kholoa leshano leo eaba o ja tholoana. Hamorao monna oa hae le eena o ile a ja tholoana eo. (Gen. 3:​4, 6) Sebe le lefu li bile teng ka tsela ena.​—Bar. 5:12.

4-5. A mang a mashano a Satane ke afe?

 4 Adama le Eva ba ile ba shoa joalokaha Jehova a ne a boletse. Empa Satane o ile a ’na a tsoela pele ho bua mashano ka lefu. Ha nako e ntse e e-ea, o ile a qapa mashano a macha. A mang a ’ona ke hore ’mele oa motho oa shoa ebe moea oa hae oona o tsoela pele o phela. Satane o nyantšitse batho ba bangata phooko ho tla fihlela lena le holimo.​—1 Tim. 4:1.

5 Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba khotsoe mashano aa? Taba ea hore Satane oa tseba hore na re ikutloa joang ka ho shoa, e etsa hore ho be bonolo hore a re thetse. Kaha re bopiloe re e-na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng, ha re batle ho shoa. (Moek. 3:​11) Re nka lefu e le sera ho rona.​—1 Bakor. 15:26.

6-7. (a) Na Satane o ile a atleha ho pata ’nete mabapi le lefu? Hlalosa. (b) Ho tseba ’nete ka bafu ho thusitse bahlanka ba Jehova joang?

6 ’Nete mabapi le lefu e ’nile ea hlahella ho sa tsotellehe hore na Satane o qapile mashano a mangata hakae. Ha e le hantle, ho na le batho ba bangata ba tsebang hore na Bibele e re’ng ka bafu le ka tšepo eo re nang le eona ka bona, kahoo ba thusa batho ba bang hore ba tsebe litaba tsena. (Moek. 9:​5, 10; Lik. 24:​15) Ho tseba hore na ha e le hantle ho etsahala’ng ka bafu, ho re thusa hore re se ke ra ba tšaba kapa hona ho ngongoreha ka hore na ba il’o fella hokae. Mohlala, bahlanka ba Jehova ha ba tšabe bafu kapa hona hore ho na le ntho e ka hlahelang baratuoa ba bona ba hlokahetseng. Baa tseba hore ba shoele ebile ba ke ke ba ba ntša kotsi. Ho joalokaha eka ba ile le sephume sa boroko. (Joh. 11:​11-14) Rea tseba le hore bafu ha ba tsebe hore na ho ntse ho etsahala’ng bophelong. Kahoo nakong ea tsoho ea bafu, esita le batho ba ileng ba hlokahala lilemong tse makholo tse fetileng e tla ka e ne e le maobane ha ba robala.

7 Ha ho potang hore ’nete mabapi le bafu e hlakile, e bonolo ebile ea utloahala. E fapane hole le mashano a Satane a ferekanyang batho. Ntle le hore mashano ana a ferekanya batho, a boetse a senya ’Mopi oa rona lebitso. E le hore re utloisise hore na mashano a Satane a bakile tšenyo e kae, re tl’o araba lipotso tse latelang: Mashano a Satane a sentse Jehova lebitso joang? Mashano aa, a entse’ng e le hore batho ba nyenyefatse sehlabelo sa Jesu sa thekollo? A baketse batho mahlomola le mathata ka tsela efe?

 MASHANO A SATANE A BAKILE TŠENYO E KHOLO

8. Joalokaha Jeremia 19:5 e bontša, mashano a Satane a sentse Jehova lebitso joang?

8 Mashano a Satane ka bafu a senya Jehova lebitso. A mang a ’ona ke hore bafu ba chesoa mollong oa lihele. Thuto ena e sentse Jehova lebitso. Ka tsela efe? Thuto ena e ruta hore Molimo oa rona ea lerato o khopo joaloka Satane. (1 Joh. 4:8) Taba ee e etsa hore u ikutloe joang? Ho feta moo, e etsa hore Jehova eena a ikutloe joang? Ha e le hantle, Jehova o hloile bokhopo.​—Bala Jeremia 19:5.

9. Ke joang mashano a Satane a nyenyefatsang sehlabelo sa Jesu sa thekollo se hlalositsoeng ho Johanne 3:​16 le ho khaolo ea 15:13?

9 Mashano a Satane ka bafu a nyenyefatsa sehlabelo sa Jesu sa thekollo. (Mat. 20:​28) Leshano le leng la Satane ke la hore batho ba na le moea o sa shoeng. Haeba ho ne ho fela ho le joalo, batho bohle ba ne ba tla phela ka ho sa feleng. Jesu a ka be a sa tla lefatšeng ho tla re shoela e le hore re ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, lula u hopola hore sehlabelo sa Jesu ke bopaki bo ka sehloohong ba hore Jehova oa re rata. (Bala Johanne 3:​16; 15:​13.) U nahana hore Jehova le Jesu ba ikutloa joang ka lithuto tsee tse nyenyefatsang bohlokoa ba mpho ee eo ba re fileng eona?

10. Mashano a Satane a baketse batho mahlomola le mathata joang?

10 Mashano a Satane a baketse batho mahlomola le mathata. Batsoali ba hlokahalletsoeng ke ngoana ba ka ’na ba bolelloa hore Molimo o nkile ngoana eo mohlomong hore e il’o ba lengeloi leholimong. Na leshano lee le ba thoba lipelo kapa le ba utloisa bohloko le ho feta? Thuto e fosahetseng ea hore Molimo o chesa batho liheleng e ’nile ea sebelisoa ho emela tloaelo ea kereke ea ho chesa batho ba hanyetsang lithuto tsa eona. Ha buka e ’ngoe e bua ka lekhotla la mehleng ea khale la Spain e re batho ba neng ba hanyetsana le lithuto tsa kereke ea Roma e K’hatholike ba ne ba chesoa mollong ka le reng mohlomong ba tla baka pele ba e-shoa ebe ha ba isoe mollong oa lihele oa ka ho sa feleng. Linaheng tse ngata, batho ba nka hore ba tlameha ho rapela balimo, ho ba hlompha le ho kopa mahlohonolo ho bona. Batho ba bang bona ba nka hore ba tlameha ho thabisa balimo ba bona e le hore ba se ke ba ba hlokofatsa. Ka bomali-mabe, mashano a Satane ao batho ba a lumelang ha a ba tšelise ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, a etsa hore ba lule ba tšoenyehile ba bile ba tšohile.

RE KA EMELA SEO BIBELE E SE RUTANG JOANG?

11. Beng ka rona le metsoalle ba ka re qobella hore re etse’ng?

11 Ho rata Jehova le Lentsoe la hae ho ka re tiisa le ho re matlafatsa nakong eo beng ka rona le metsoalle ba re qobellang ho kenella meetlong ea bafu e hananang le Bibele. Ba ka etsa hore re ikutloe re le molato ka ho re ba re ha re hlomphe motho eo ea hlokahetseng. Kapa ba ka ’na ba re haeba re sa kenelle meetlong eo, motho ea hlokahetseng o tla re tsamaela. Re ka emela seo Bibele e se rutang joang? A re hlahlobeng hore na re ka sebelisa melao-motheo e latelang joang.

12. Libakeng tse ngata ho tloaelehile mekhoa efe e sa lumellaneng le Mangolo?

12 Ikemisetse ho ‘ikarola’ mekhoeng e sa lumellaneng le Mangolo. (2 Bakor. 6:​17) Linaheng tsa Caribbea, batho ba bangata ba lumela hore ha motho a qeta ho hlokahala, “sepoko” sa hae se sala se ntse se hlorisa batho ba ileng ba utloisa motho eo bohloko. Buka e ’ngoe e re “sepoko” seo se ka  ba sa bakela motse oohle mathata. Linaheng tse ling tsa Afrika, ho tloaelehile hore lelapeng leo ho lona ho nang le motho ea hlokahetseng, ho koaheloe liipone ebe le lifoto tse maboteng lia kubutoa. Ebe lebaka ke lefe? Batho ba bang ba re ho etsoa joalo e le hore motho ea hlokahetseng a se ke a ipona. Kaha re bahlanka ba Jehova, ha re lumele lithuto tsohle tsa Satane ebile ha re kenelle meetlong e lumellanang le mashano a hae.​—1 Bakor. 10:​21, 22.

Ho etsa lipatlisiso le ho buisana le beng ka uena bao e seng Lipaki, ho ka u thusa hore u qobe mathata (Sheba serapa sa 13 le sa 14) *

13. Ho ea ka Jakobo 1:​5, u lokela ho etsa’ng haeba ho e-na le tloaelo eo u sa tsebeng hantle ka eona?

13 Haeba ho e-na le tloaelo eo u sa tsebeng hantle hore na e lumellana le Mangolo kapa che, kopa Jehova hore a u fe tumelo le bohlale. (Bala Jakobo 1:5.) Ka mor’a moo, etsa lipatlisiso u sebelisa lingoliloeng tsa rona. U ka ’na oa boela oa kopa thuso ho baholo. Ba ke ke ba u etsetsa qeto empa ba tla u thusa hore u fumane melao-motheo e ka u thusang e kang ena eo re ntseng re e tšohla. Ha u latela likeletso tsena, u tla ba le “matla  . . . a ho lemoha” ’me matla ao a tla u thusa “ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”​—Baheb. 5:14.

14. Re ka etsa’ng e le hore re qobe ho khopisa batho?

14 “Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo. Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.” (1 Bakor. 10:​31, 32) Pele re etsa qeto ea ho kenella tloaelong kapa moetlong o itseng, re lokela ho nahana ka matsoalo a batho ba bang haholo-holo a Bakreste-’moho le rona. Ha re batle ho khopisa motho ofe kapa ofe. (Mar. 9:​42) Hape, ha re batle ho utloisa batho bao e seng Lipaki bohloko ho sa hlokahale. Kaha rea ba rata, re tla bua le bona ka tsela e ba hlomphang e leng se tla etsa hore re halaletse lebitso la Jehova. Re ke ke ra phehisana khang le batho kapa ra hobosa meetlo ea bona. Etsoe rea hopola hore lerato ke lona la bohlokoa. Ha re rata batho ba re hanyetsang ebile re ba hlompha, re ka ’na ra hapa lipelo tsa bona.

15-16. (a) Ke hobane’ng ha e le bohlale ho bolella batho ba bang hore na re lumela’ng li sa tloha feela? Fana ka mohlala. (b) Mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho Baroma 1:​16 a ka re thusa joang?

15 Bolella baahisane ba hao hore u Paki ea Jehova. (Esa. 43:​10) Ha u ka hlalosetsa beng ka uena le baahisane esale pele hore na u lumela’ng, ba ka ’na ba utloisisa  boemo ba hao ha ho se ho hlahile mokhohlane. Mor’abo rona Francisco ea lulang Mozambique o re: “Ha ’na le mohats’aka re qala ho ithuta Bibele, re ile ra bolella beng ka rona hore ha re sa tla hlola re rapela balimo. Empa re ile ra thulana le bothata ha ausi oa mosali oa ka a hlokahetse. Ho ea ka moetlo oa rona, ho ba le mokete oa ho hlatsoa setopo. Ka mor’a moo, mong ka mofu ea haufi-ufi o ne a tlameha ho qeta matsatsi a mararo a robetse moo metsi a neng a hlatsoa setopo a qhalletsoeng teng. Tloaelo ena e ne e etsoa ka sepheo sa ho kokobetsa moea oa motho ea hlokahetseng. Lelapa la habo mosali oa ka le ne le batla hore e be eena ea robalang moo.”

16 Mor’abo rona Francisco le mohats’ae ba ile ba etsa’ng? Mor’abo rona Francisco o re: “Kaha re rata Jehova ebile re batla ho mo thabisa, re ile ra hana ho kenella moetlong oo. Ba habo mosali oa ka ba ile ba re halefela haholo. Ba ile ba re qosa ka hore ha re hlomphe mofu ba ba ba re ha ba sa tla ikamahanya le rona ho hang. Kaha re ne re ile ra ba hlalosetsa hore na re lumela’ng, ha rea ka ra ba hlalosetsa hape nakong eo ba neng ba halefile. Beng ka rona ba bang, ba ile ba leka ho re emela ba re re kile ra itlhalosa nakong e fetileng. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra lokisa litaba le lelapa la habo mosali oa ka ’me ra phelisana ka khotso hape. Ha e le hantle, ba bang ba bona ba ile ba re etela ’me ba kopa hore re ba fe lingoliloeng.” E se eka re ke ke ra hlajoa ke lihlong ho emela seo Bibele e se rutang ka bafu.​—Bala Baroma 1:16.

TŠEHETSA BATHO BA SIAMENG

Metsoalle ea ’nete ea tšelisana le ho tšehetsana ha e mong a hlokahaletsoe (Sheba serapa sa 17 ho ea ho sa 19) *

17. U ka ba “motsoalle oa ’nete” joang ho Mokreste-’moho le uena eo beng ka eena ba mo qobellang ho kenella meetlong e sa lumellaneng le Mangolo?

17 Ha Mokreste-’moho le uena a oele ka phatla, u lokela ho ikitlaetsa ho ba “motsoalle oa ’nete . . .  mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liprov. 17:​17) U ka ba “motsoalle oa ’nete” joang ho Mokreste-’moho le uena eo beng ka eena ba mo qobellang ho kenella meetlong e sa lumellaneng le Mangolo? A re hlahlobeng melao-motheo e ’meli e tla re thusa tabeng ena.

18. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lla, hona re ithuta’ng?

 18 “Llang le batho ba llang.” (Bar. 12:​15) Re ka ’na ra iphumana re sa tsebe hore na re khothatsa batho ba siameng joang. Leha re sa tsebe hore na re re’ng ho bona, ha ba re bona re lla ba tla utloisisa hore na re ikutloa joang ka boemo boo ba leng ho bona. Ha motsoalle oa Jesu e leng Lazaro a hlokahetse, likhaitseli tsa hae Maria le Maretha le batho ba bang ba ile ba mo llela. Ha Jesu a fihla ho bona ka mor’a matsatsi a mane, o ile “a ntša meokho” le hoja a ne a tseba hore o tl’o tsosa Lazaro. (Joh. 11:​17, 33-35) Taba ea hore Jesu o ile a lla pele a tsosa Lazaro e bontša ka ho hlaka hore na Jehova o ne a ikutloa joang ka lefu leo. E boetse e bontša hore Jesu o ne a rata lelapa leo ’me taba eo e ile ea tšelisa Maria le Maretha haholo. Ka tsela e tšoanang, ha bara le barali babo rona ba bona hore rea ba rata ebile rea ba tsotella ba tla elelloa hore ha ba bang empa ba na le metsoalle e ba tšehetsang.

19. Re ka sebelisa Moeklesia 3:7 joang ha re tšelisa Mokreste-’moho le rona ea siameng?

19 Ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moek. 3:7) Re ka boela ra tšelisa Mokreste-’moho ea siameng ka hore re mo mamele ka hloko ha a ntša maikutlo a hae. Mo lumelle hore a ntše bohloko bohle bo ka pelong ’me u se ke oa khopeha ha a ka bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:​2, 3) E ka ’na eaba o imetsoe le ho feta ka lebaka la khatello e tsoang ho beng ka eena bao e seng Lipaki. Kahoo, rapela le eena. Kopa ea “Ea Utloang thapelo” hore a mo fe matla le hore a mo thuse hore a nahane ka tsela e nepahetseng. (Pes. 65:2) Bala Bibele le eena haeba maemo a le lumella. Kapa u mo balle sehlooho se buang ka bothata boo a tobaneng le bona se tsoang lingoliloeng tsa rona joaloka pale ea bophelo.

20. Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

20 Ke tlotla ho tseba seo Bibele e se rutang ka bafu le ka tšepo eo re nang le eona ka bona. (Joh. 5:​28, 29) Kahoo, e se eka re ka ba sebete ho bolella batho ka lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Sehlooho se latelang re tl’o bua ka leshano le leng leo Satane a le sebelisang ho thibela batho ho tseba seo Bibele e se rutang mabapi le ho sebelisana le meea. Re tla boela re bone hore na re ka etsa’ng ho qoba boithabiso le lintho tse tsamaisanang le leraba lena la Satane.

PINA EA 24 Tloong Thabeng ea Jehova

^ ser. 5 Satane le bademona ba hae ba thetsitse batho ka ho ba bolella mashano ka bafu. Mashano ana a entse hore ho be le meetlo e mengata e sa lumellaneng le Bibele. Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re lule re tšepahalla Jehova esita le ha batho ba re qobella ho kenella meetlong e joalo.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Lipaki Tsa Jehova li tšelisa mong ka tsona ea siameng.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka mor’a hore mor’abo rona a etse lipatlisiso, o hlalosetsa beng ka eena hore na o lumela’ng.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Baholo ba tšelisa mor’abo rona ea oeleng ka phatla.