Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ho E-na le Liphetolelo Tse Ngata Hakaale Tsa Bibele?

Ke Hobane’ng ha ho E-na le Liphetolelo Tse Ngata Hakaale Tsa Bibele?

Na u bona eka liphetolelo tsee li ka u thusa kapa tsa u sitisa ho utloisisa Bibele? Li ka u tsoela molemo haeba u ka ithuta hore na ke hobane’ng ha li ile tsa tlameha ho ba teng.

Empa ke mang ea ngotseng Bibele, hona o e ngotse neng?

LIBUKA TSA BIBELE

Bibele e na le likarolo tse peli. Karolo ea pele e na le mangolo a 39 ao ho ’ona ho nang le “liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo.” (Baroma 3:2) Molimo o ile a tataisa bahlanka ba hae ka moea o halalelang hore ba ngole mangolo ana ka lilemo tse ka bang 1 100, ho tloha selemong sa 1513 ho fihlela ka mor’a selemo sa 443 pele Jesu a tla lefatšeng. Kaha boholo ba ’ona a ngotsoe ka puo ea Seheberu, a bitsoa Mangolo a Seheberu, kapa Testamente ea Khale.

Karolo ea bobeli e na le mangolo a 27 ao le ’ona a bitsoang “lentsoe la Molimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Molimo o ile a tataisa balateli ba Jesu ka moea o halalelang hore ba ngole mangolo ana. Ba nkile lilemo tse ka bang 60, ba qala ho tloha selemong sa 41 ho fihlela ho sa 98 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng. Kaha boholo ba ’ona a ngotsoe ka Segerike, a bitsoa Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa Testamente e Ncha.

Mangolo ana kaofela a 66 ’me a na le molaetsa oo Molimo a batlang hore batho ba o tsebe. Empa ho ile ha etsoa liphetolelo tsa Bibele ka mabaka a mararo a bohlokoa:

  • E le hore batho ba bale Bibele ka puo eo ba e antseng letsoeleng.

  • Ho tlosa liphoso tseo bafetoleli ba bang ba li entseng le ho ngola molaetsa oa Bibele ka tsela eo o neng o ngotsoe ka eona ha e qala ho ngoloa.

  • E le hore e ngoloe ka puo e tloaelehileng.

Lintho tsena tse tharo li ile tsa etsoa ha ho ne ho etsoa phetolelo ea Septuagint ea Segerike le ea Latin Vulgate.

 SEPTUAGINT EA SEGERIKE

Lilemo tse ka bang 300 pele Jesu a tla lefatšeng, bafetoleli ba Bajuda ba ile ba fetolela Mangolo a Seheberu ka puo ea Segerike. Mangolo ao a fetoletsoeng ka Segerike a ile a bitsoa Septuagint ea Segerike. Ka nako eo, Bajuda ba bangata ba ne ba se ba bua Segerike. Kahoo, mangolo ana a Seheberu a ile a fetoleloa ka Segerike e le hore Bajuda bao ba khone ho bala le ho utloisisa “lingoliloeng tse halalelang.”—2 Timothea 3:15.

Phetolelo ena e ile ea boela ea thusa batho ba bangata ba neng ba antse Segerike letsoeleng hore ba tsebe Bibele. Moprofesa W. F. Howard o re: “Phetolelo ena e ne e sebelisoa haholo ke Bakreste mehleng ea khale ’me ba ne ba ea lisynagogeng tse ngata ba bontša batho bopaki ba hore Jesu ke eena Mesia.” (Liketso 17:3, 4; 20:20) F. F. Bruce o re taba ena ke eona e entseng hore Bajuda ba bangata “ba se ke ba hlola ba rata Septuagint.”

Ha Mangolo a Segerike a Bakreste a ntse a eketseha, barutuoa ba Jesu ba ile ba a kopanya le mangolo a hlahang phetolelong ea Septuagint hore ba etse Bibele e feletseng.

LATIN VULGATE

Lilemo tse 300 ka mor’a hore Bibele e qetoe, Jerome o ile a fetolela mangolo a Bibele ka puo ea Selatine ’me phetolelo eo e ile ea bitsoa Latin Vulgate. Ke hobane’ng ha a ile a etsa phetolelo ee empa ho ne ho se ho ntse ho e-na le liphetolelo tse ngata tsa puo ea Selatine? The International Standard Bible Encyclopedia e re: “O ne a batla ho ntša mantsoe ao bafetoleli ba neng ba ikenyelitse ’ona, ho khutlisa ao ba neng ba a ntšitse le ho lokisa liphoso tse ngata tse neng li le teng liphetolelong tse ling tsa Selatine.”

Jerome o ile a lokisa liphoso tseo tse ngata. Empa baruti ba ile ba etsa ntho e ileng ea baka mathata a maholo hamorao. Ba ile ba thibela batho ho sebelisa liphetolelo tse ling tsa Bibele ntle le ea Latin Vulgate ’me ho ile ha feta lilemo tse makholo ho sebelisoa eona feela. Kaha batho ba bangata ba ile ba qetella ba se ba sa tsebe puo ea Selatine, ba ne ba thatafalloa ho utloisisa molaetsa oa Bibele hobane ho ne ho sebelisoa phetolelo ea Latin Vulgate feela.

 HO ETSOA LIPHETOLELO KA LIPUO TSE EKETSEHILENG

Batho ba ile ba ’na ba etsa liphetolelo tse ling tsa Bibele. Ka mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 500 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, ho ile ha etsoa phetolelo ea Syriac Peshitta. Empa ka selemo sa 1300 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, Bibele e ile ea boela ea fetoleloa ka lipuo tse ling e le hore batho ba bangata ba be le Bibele ka puo eo ba e buang.

Hona selemong seo sa 1300, John Wycliffe o ile a fetolela Bibele ka puo ea Senyesemane kaha batho ba habo ba ne ba se utloisisa. Nakoana ka mor’a moo, Johannes Gutenberg o ile a qapa mekhoa e mecha ea ho hatisa libuka e ileng ea etsa hore ho hatisoe liphetolelo tsa Bibele ka lipuo tse ngata tse fapaneng tseo batho ba li buang linaheng tsa Europe.

Ha liphetolelo tsa Senyesemane li ntse li eketseha, ho na le batho ba ileng ba bona ho sa hlokahale hore ho be le liphetolelo tse fapaneng ka puo e le ’ngoe. Lilemong tsa bo-1700, moruti John Lewis o ile a re: “Mokhoa oo batho ba buang puo e itseng ka oona oa fetoha ha nako e ntse e e-ea. Kahoo, ho bohlokoa hore liphetolelo tsa khale li lokisoe e le hore molaetsa o ka ngoloa ka mokhoa oo batho ba buang ka oona le ka tsela eo ba tla o utloisisa.”

Mehleng ena, ho bonolo haholo hore liphetolelo tsa khale li lokisoe. Bafetoleli ba utloisisa hantle lipuo tse neng li sebelisoa mehleng ea khale, ebile ba na le libuka tse fumanoeng morao tjena tseo ho tsona molaetsa oa Bibele o ngotsoeng ka lipuo tseo. Libuka tsena li ba thusa ho utloisisa molaetsa oa Bibele hantle ka tsela eo o neng o ngotsoe ka eona qalong.

Kahoo, liphetolelo tsa morao-rao tsa Bibele li bohlokoa haholo. Ke ’nete hore re lokela ho ba seli ha re sebelisa tse ling tsa tsona. * Empa liphetolelo tsa Bibele li ka re tsoela molemo haholo haeba bafetoleli ba tsona ba li entse hobane ba rata Jehova ’me ba batla ho thusa batho ho mo tseba.

 

^ ser. 24 Sehlooho se reng: “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?” se hlahang ho Molula-Qhooa oa May 1, 2008, se hlalosa taba ena haholoanyane.