Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KANTLE | HA E LE HANTLE HA MOTHO A SHOA O EA HOKAE?

Se Etsahalang ha Motho a Shoa

Se Etsahalang ha Motho a Shoa

Ha re bala ka tlaleho ea popo e hlahang lengolong la Genese, re ithuta hore Molimo o ile a re ho Adama: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Taba eo e bontša hore hoja Adama o ile a mamela Molimo, a ka be a ile a tsoela-pele a phela serapeng sa Edene.

Ka bomalimabe, ho fapana le hore a mamele taelo eo ea Molimo ’me a tsoele pele a phela, Adama o ile a khetha ho se mamele eaba o ja tholoana e thibetsoeng ha mosali oa hae Eva a mo fa eona. (Genese 3:1-6) Re ntse re kopana le mathata a tlisoang ke ho se mamele hoo ha hae ho fihlela mehleng ena. Moapostola Pauluse o hlalosa boemo ba rona ka tsela ena: “Feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) “Motho a le mong” eo ho buoang ka eena mona ke Adama. Empa sebe seo a neng a se entse ke sefe, hona ke hobane’ng ha se ile sa hlahisa lefu?

Sebe seo Adama a se e ntseng ke ho se mamele Molimo le ho tlola molao oa hae ka boomo. (1 Johanne 3:4) Joalokaha Molimo a ile a bolella Adama, moputso oa sebe ke lefu. Haeba Adama le bana bao a neng a tla ba le bona ba ne ba ka mamela  Molimo, ho ka be ho se na sebe ’me batho ba ne ba ke ke ba shoa. Molimo o ile a bopa batho e le hore ba phele ka ho sa feleng eseng hore ba shoe.

Ha ho potang hore lefu le “nametse ho batho bohle” joalokaha Bibele e boletse. Empa na ho na le karolo e itseng ho rona e tsoelang pele e phela ha re shoa? Ba bangata ba re karolo eo ea rona e tsoelang pele e phela ke moea. Empa haeba seo e ne e le ’nete, e ne e tla ba hore Molimo o buile leshano ha a re motho o tla shoa ha a etsa sebe. Bibele e re: “Ha ho khonehe hore Molimo a bue leshano.” (Baheberu 6:18) Bonneteng, ke Satane ea neng a le leshano ha a ne a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shoa.”—Genese 3:4.

Joale haeba thuto ea hore moea oa motho ha o shoe ke leshano, ha e le hantle ho etsahala’ng ka rona ha re shoa?

BIBELE E FANA KA KARABO

Tlaleho e buang ka popo bukeng ea Genese e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Poleloana “moea o phelang” e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu e leng ne’phesh, eo ha e le hantle e bolelang ‘ntho kapa motho ea phelang.’—Genese 2:7

Bibele e hlakisa hore batho ha baa boptjoa ba e-na le moea o sa shoeng. Ho fapana le hoo, e re “motho ea e-ba moea o phelang”. Kahoo ha hona moo Bibele e buang ka “moea o sa shoeng.”

Kaha haho moo Bibele e rutang hore motho o na le moea o sa shoeng, joale ke hobane’ng ha likereke tse ngata hakaale li ruta se fapaneng? Hore re fumane karabo ea potso ena, re lokela ho tseba se neng se etsahala Egepeta ea boholo-holo.

 THUTO EA BOHETENE EA ATA

Herodotus, eo e leng rahistori oa Mogerike ea phetseng lilemong tsa bo-500 pele ho mehla ea Jesu, o re Baegepeta ke bona “batho ba pele ba ileng ba buella thuto ea ho se shoe ha moea.” Bababylona le bona ba ile ba bua ka thuto ea ho se shoe ha moea. Nakong eo ka eona Alexandere e Moholo a hapang Bochabela bo Hare ka 332 pele ho mehla ea Jesu, bo rafilosofi ba Bagerike ba ne ba se ba atisitse thuto ea ho se shoe ha moea, ’me e ne e le hohle pusong oa Bagerike.

Ha ho na moo Bibele e buang ka “moea o sa shoeng”

Mehleng ea Jesu, lihlopha tse kholo tsa bolumeli ba Sejuda, e leng Baessene le Bafarisi, li ile tsa ruta thuto ea hore moea ha o shoe. Jewish Encyclopedia e re: “Bajuda ba ithutile thuto ena ho Bagerike ba neng susumetsoa ke filosofi ea Plato, ’muelli ea ka sehloohong oa thuto ena.” Ka ho tšoanang, rahistori oa Mojuda Josephus o ile a ruta ka thuto eo, e sa tsoeng ka Mangolong a halalelang, empa a e nka ho “tumelo ea bara ba Greece,” ’me a e nka e le pokello ea lipale tsa bona tsa litumela-khoela.

Ha tšusumetso ea Bagerike e ntse e ata, ba ipitsang Bakreste le bona ba ile ba amohela thuto eo ea bohetene. Ho latela rahistori Jona Lendering, “lithuto tsa Plato tsa hore moea o ea sebakeng se seng kapa o il’o phela lefatšeng le leng, li ile tsa etsa hore ho be bobebe hore lithuto tseo li kopanngoe le lithuto tsa Bokreste.” Ka hona, thuto ena ea bohetene ea moea o sa shoeng e ile ea kena ka hare ho likereke tsa “Bokreste” ’me ea e-ba thuto e ka sehloohong ea lithuto tseo ba li lumelang.

 “NETE E TLA LE LOKOLLA”

Moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso ena: “Polelo e bululetsoeng e bolela ka tieo hore linakong tsa morao ba bang ba tla oa tumelong, ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Ruri seo Pauluse a se buileng ke ’nete. Thuto ea ho se shoe ha moea ke e ’ngoe ea “lithuto tsa bademona.” Ha e hlahe ka Bibeleng, empa e hlaha lifilosofing le malumeling a khale a bohetene.

Se thabisang ke hore, Jesu o ile a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ka ho tseba ’nete, re lokolotsoe lithutong tse hlomphollang Molimo le tse khothalletsoang ke malumeli a bohata. Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re thusitse ho tlohela meetlo le litumela-khoela tse rutang seo e seng ’nete ka boemo ba bafu.—Sheba lebokose le reng “ Bafu ba Hokae?

’Mopi oa rona ha aa re bopela ho phela lefatšeng lilemo tse 70 kapa tse 80 feela ebe re fetela sebakeng se seng moo re tla phela ka ho sa feleng. Ha e le hantle morero oa hae ho tloha qalong e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng e le bana ba hae ba mamelang. Morero ona o bontša hore Molimo o rata batho haholo, ’me Bibele e re tiisetsa hore o ntse o tla phethahala. (Malakia 3:6) Mopesaleme o ile a bua a kholisehile a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.