Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re E-ba le Mathata, Na Ebe ke Hobane Molimo a re Otla?

Ke Hobane’ng ha re E-ba le Mathata, Na Ebe ke Hobane Molimo a re Otla?

AUSI E MONG EA BITSOANG LUZIA O NA LE LEOTO LE KULANG. Le ile la ba le mathata ka lebaka la lefu le leng le tšoaetsanoang le ileng la mo tšoara a sa le monyane (poliomyelitis). Lefu lena le hlasela methapo ea ’mele. Ha a le lilemo li 16 ’mè ea neng a mo hirile o ile a re ho eena: “Molimo oa u otla hobane u ne u tella ’mè oa hao.” Le hoja ho se ho fetile lilemo tse ngata, Luzia o ntse a hopola kamoo mantsoe ao a ileng a mo hlaba habohloko kateng.

HA AUSI E MONG EA BITSOANG DAMARIS A BOLELLOA HORE O NA LE KANKERE EA BOKO, ntate oa hae o ile a re: “U entse’ng e le hore u hlaheloe ke ntho e tjee? Ke belaela hore ho na le ntho e mpe haholo eo u e entseng joale Molimo oa u otla.” Mantsoe ao a ile a mo hlaba habohloko.

Ka lilemo tse likete batho ba ’nile ba lumela hore ba kula hobane Molimo a ba otla. Buka e bitsoang Manners and Customs of Bible Lands e re mehleng ea Jesu ‘batho ba bangata ba ne ba lumela hore ha motho a kula, e ne e le hobane eena kapa motho eo a amanang le eena a entse sebe, joale o ne a otleloa sebe seo.’ Hape buka e ’ngoe e bitsoang Medieval Medicine and the Plague e re lilemo tse makholo ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, “batho ba bang ba ne ba lumela hore Molimo o ne a kulisa batho hobane a ba otlela libe tseo ba li entseng.” Lilemong tsa bo-1300 batho ba ile ba shoa ka bongata bo thibang letsatsi linaheng tsa Europe ka lebaka la lefu le leng le neng le atile haholo. Na ebe batho bao ba ne ba shoa hobane ba otliloe ke Molimo? Kapa na ba ne ba shoa ka lebaka la kokoana-hloko e neng e haketse linaheng tseo joalokaha litsebi li cho? Na kannete Molimo o otlela batho libe tsa bona ka ho ba kulisa? *

NAHANA: Ke hobane’ng ha Jesu a ile a folisa batho ba kulang haeba thato ea Molimo ke hore motho a kule ha a entse sebe? Na o ne a tla be a sa etse ntho e khahlanong le thato ea Molimo ha a ba folisa? (Matheu 4:23, 24) Jesu o ne a lula a etsa lintho tseo Molimo a li ratang. O ile a re: ‘Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang. . . . Joalokaha Ntate a mphile taelo, ke etsa joalo.’—Johanne 8:29; 14:31.

Bibele e bolela ka ho hlaka hore Jehova ke Molimo “eo ho eena ho se nang ho hloka toka.” (Deuteronoma 32:4) Ka mohlala, Molimo a ke ke a etsa hore sefofane se oele eaba o bolaea batho bohle ba se palameng hobane feela a shebile ho otla motho a le mong har’a bona. E mong oa bahlanka ba Molimo ea bitsoang Abrahama o ne a tseba hore Molimo o lokile. Ke kahoo a ileng a re: “Na ka sebele u tla felisa ea lokileng le ea khopo? Ha ho utloahale hore u etse ka mokhoa ona.” (Genese 18:23, 25) Bibele e boetse e re “Molimo ha a sebetse bokhopo” ebile ha a “sebetse ka mokhoa o hlokang toka.”—Jobo 34:10-12.

NA BIBELE E RE MOLIMO O RE BAKELA MATHATA?

Ha re hlaheloe ke mathata hobane Molimo a re otlela sebe se itseng seo re se entseng. Jesu o ile a tiisa taba ena nakong eo eena le barutuoa ba hae ba neng ba bona ntate e mong ea hlahileng a foufetse. Barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa ba re: “Rabi, ke mang ea entseng sebe, na ke monna enoa kapa batsoali ba hae, hoo a tsoetsoeng a foufetse? Jesu a araba: ‘Hase monna enoa ea entseng sebe kapa batsoali ba hae, empa e ne e le hore mesebetsi ea Molimo e ka bonahatsoa ho eena.’”—Johanne 9:1-3.

Mehleng eo, batho ba bangata ba ne ba lumela hore motho o kula hobane a otleloa libe tsa hae. Kahoo, e tlameha ebe barutuoa ba Jesu ba ile ba makala ha ba utloa a re ntate eo ha aa hlaha a foufetse hobane eena  kapa batsoali ba hae ba entse sebe. Jesu o ile a etsa hore ntate eo a bone eaba ka mor’a moo bohle baa hlakeloa hore motho ha a kule hobane Molimo a mo otla. (Johanne 9:6, 7) Ka hona, batho ba kulang ba ka tšelisoa ke ho tseba hore ha se Molimo ea entseng hore ba kule.

Na Jesu o ne a ka folisa batho haeba e ne e le thato ea Molimo hore ba kule?

Bibele e re:

  • “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (JAKOBO 1:13) Haufinyane Molimo o tla felisa lintho tsohle tseo esale li sotla batho ka lilemo-lemo, tse kang ho kula, ho utloa bohloko le lefu.

  • Jesu Kreste o ile “a phekola bohle ba neng ba ea hampe.” (MATHEU 8:16) Ka ho etsa joalo o ile a bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla etsetsa batho eng lefatšeng lohle.

  • “[Molimo] O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—TŠENOLO 21:3-5.

KE MOLATO OA MANG?

Haesale batho ba ipotsa ka lilemo tse telele hore na ke hobane’ng re hlaheloa ke mathata a sa eeng moriting tjena. Hape haeba ha se Molimo ea a bakang, joale ke molato oa mang? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.

^ ser. 4 Mehleng ea khale ho na le linako tseo Molimo a neng a otla batho ka lebaka la libe tseo ba neng ba li entse. Empa ha ho na moo Bibele e bontšang hore mehleng ena ha motho a kula kapa a hlaheloa ke mathata, ke hobane Molimo a mo otlela libe tsa hae.