Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bopaki ba Hore Bibele e Nepahetse

Bopaki ba Hore Bibele e Nepahetse

NAHENG EA ITALY TOROPONG E BITSOANG ROMA, HO NA LE SEEMAHALE SEO BATHO BA TSOANG LEFATŠENG KA BOPHARA BA EANG ITALY HO EA SE BONA. SEEMAHALE SEO SE ILE SA HAHOA KA SEPHEO SA HO RORISA MORENA OA ROMA EA BITSOANG TITUS.

Seemahale sa Titus se haheletsoe le mekhabiso e ’meli e meholo e bontšang ketsahalo e tsebahalang haholo e kileng ea etsahala moo Roma. Batho ba bangata ha ba tsebe hore se amana le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng. Seemahale seo ke bopaki bo hlakileng ba hore boprofeta ba Bibele bo nepahetse.

MOTSE O TJAMETSOE KE KOLUOA

Selemong sa bo-100 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, ’muso oa Roma o ne o busa linaha tse kang Brithani, Gaul (hona joale e se e bitsoa Fora) le Egepeta. Batho ba lulang linaheng tseo ba ne ba phela ka khotso ebile ho se na likhathatso. Empa ho ne ho e-na le sebaka se seng se neng se busoa ke ’muso oa Roma moo ho neng ho lula ho e-na le meferefere e sa eeng moriting. Sebaka seo e ne e le Judea.

Buka e ’ngoe e bitsoang Encyclopedia of Ancient Rome e re: “Batho ba Judea le libaka tse ling tse fokolang tse neng li busoa ke ’muso oa Roma, ba ne ba tsebahala ka ho hloeana haholo. Bajuda ba ne ba hloile benghali ba bona bao e neng e le Baroma hobane ba sa tsotelle meetlo ea bona. Baroma le bona ba ne ba nka hore bokaako bona ba Bajuda ke bona bo neng bo etsa hore batho ba khethollane.” Bajuda ba bangata ba ne ba e-na le tšepo ea hore ho tla ba le moeta-pele ea tla ba pholosa ka hore a leleke Baroma ’me a khutlisetse lintho malulong moo Iseraele. Empa ka selemo sa 33, Jesu o ile a re Jerusalema e tjametsoe ke koluoa e mpe haholo.

Jesu o ile a re: Matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, ’me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa ha hao.”Luka 19:43, 44.

Barutuoa ba Jesu ba ile ba sala ba maketse ka lebaka la mantsoe ana. Matsatsi a mabeli hamorao ha ba bona tempele e Jerusalema, e mong oa bona o ile a re: “Mosuoe, bona! hore na ke majoe a mofuta ofe le mehaho ea mofuta ofe!” Majoe a mang a neng a sebelisitsoe ho haha tempele a ne a ka ba bolelele ba limithara tse 11, bophara ba limithara tse hlano le bophahamo ba limithara tse tharo. Ho ntse ho le joalo, Jesu eena o ile a re: Ha e le lintho tsena tseo le li bonang, matsatsi a tla tla ao ka ’ona ho seng lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.Mareka 13:1; Luka 21:6.

Jesu o ile a boela a re ho bona: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona.(Luka 21:20, 21) Na mantsoe ao a ile a fela a phethahala?

MOTSE OA RIPITLOA

Ho ile ha feta lilemo tse 33 ’me Bajuda ba ne ba ntse ba hloile Baroma. Ka selemo sa 66 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, ’musisi e mong oa Moroma ea bitsoang Gessius Florus a utsoa chelete e neng e le moo ho bolokeloang matlotlo ka tempeleng.  Eaba Bajuda baa bela ke bohale. Ba ile ba re balakatha! Jerusalema, ba bolaea masole ’ohle a Baroma a neng a le moo eaba ba phatlalatsa hore ba itokolotse pusong ea Roma.

Ka mor’a nako e ka etsang likhoeli tse tharo, masole a fetang 30 000 a Baroma a neng a etelloa pele ke Cestius Gallus, a ile a ea Jerusalema ho il’o bontša Bajuda tosa le malinyane a eona. Masole ao a ile a potlaka a kena Jerusalema a ba a liha lerako le neng le pota-potile sebaka seo tempele e neng e le ho sona. Eaba aa baleha ntle ho lebaka. Bajuda ba ile ba tlola-tlola ke thabo eaba ba a lelekisa hang-hang. Kaha joale Bajuda le Baroma bao ba neng ba loantšana ba ne ba tsoile motseng, Bakreste ba neng ba le Jerusalema ba ile ba mamela mantsoe a Jesu eaba ba balehela lithabeng tse neng li le ka mose ho Noka ea Jordane.—Matheu 24:15, 16.

Selemong se hlahlamang Baroma ba ile ba boela ba hlasela Bajuda, lekhetlong lena ba etelloa pele ke Vespasian le mora oa hae Titus. Leha ho le joalo, ka selemo sa 68 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, Morena Nero o ile a hlokahala. Eaba Vespasian o khutlela Roma hore e il’o ba morena. Mora oa hae Titus o ile a sala a etelletse pele lebotho la masole a 60 000 a neng a il’o hlasela Bajuda.

Ka June selemong sa 70, Titus o ile a laela masole a hae hore a reme lifate tsohle tse teng Judea e le hore ba ka etsa lerako ka lithupa tse motsu ho pota-pota Jerusalema. Lerako leo le ne le le bolelele ba lik’hilomithara tse 7. Ka September Baroma ba ne ba se ba nkile thepa eohle e neng e le teng Jerusalema, ba chesitse motse oo le tempele, ba o ripitlile feela joalokaha Jesu a ne a boletse. (Luka 19:43, 44) Buka e ’ngoe e re batho ba ka bang 500 000 ba ile ba bolaoa Jerusalema le libakeng tse ka thoko.

BA KETEKA TLHOLO

Ka selemo sa 71 Titus o ile a khutlela naheng ea Italy, moo teng a ileng a amoheloa ka liatla tse peli ke baahi ba Roma. Baahi bohle ba motse oo ba ile ba ikopanya ho etsa mokete o moholo ka ho fetisisa hobane a hlotse ntoeng.

Batho ba bangata ba ile ba utloa eka mahlo a bona aa ba thetsa ha ba bona maruo ’ohle ao Titus a a hapileng Jerusalema. Ba ile ba thaba haholo ha ba bontšoa likepe tse hapiloeng Jerusalema, litšoantšo tsa ha ntoa e ntse e kupa le thepa eohle e nkiloeng tempeleng e Jerusalema.

Ka selemo sa 79, Titus e ile ea e-ba morena. Empa ka mor’a lilemo tse peli, a hlokahala ka tšohanyetso. Eaba ngoan’abo ea bitsoang Domitian e e-ba morena ’me a haha seemahale e le ho rorisa Titus.

SEEMAHALE SA TITUS

Seemahale sa Titus

Mehleng ena batho ba bangata ba etelang motse oa Roma selemo le selemo ba thabela ho bona Seemahale sa Titus. Batho ba bang ba bona seemahale seo e le mohaho o botle bo tsoileng matsoho, ha ba bang ba nka hore se rorisa ’muso oa Roma o matla. Athe ba bang ha ba se bona, ba hopola Jerusalema le tempele ea eona e ileng ea timetsoa.

Batho ba tloaetseng ho ithuta Bibele bona ba nka hore Seemahale sa Titus se bohlokoa haholo. Seemahale seo ke bopaki bo hlakileng ba hore boprofeta bohle bo ka Bibeleng bo nepahetse ebile bo tsoa ho Molimo.—2 Petrose 1:19-21.