Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea Arotseng Bibele ka Likhaolo le Litemana?

Ke Mang ea Arotseng Bibele ka Likhaolo le Litemana?

NKA hore u Mokreste ea phelang mehleng ea Jesu. Phutheho ea heno e sa tsoa fumana lengolo le tsoang ho moapostola Pauluse. Ha u ntse u mametse ha le baloa, oa utloa hore ka makhetlo Pauluse o qotsa “lingoliloeng tse halalelang,” e leng Mangolo a Seheberu. (2 Timothea 3:15) U re ka pelong: ‘Nka rata ho bona hore na o ntse a qotsa hokae.’ Empa ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho tseba hore na o ntse a qotsa hokae. Hobane’ng?

HO NE HO SE NA LIKHAOLO LE LITEMANA

Nahana hore na “lingoliloeng tse halalelang” tse ngotsoeng ka letsoho tsa mehleng ea Pauluse li ne li shebahala joang. E ’ngoe ea tsona e hlahisitsoe leqhepheng lena. Ke karolo ea lengolo la Esaia le nkiloeng Meqolong ea Leoatle le Shoeleng. U bona’ng? Ke mongolo feela o se nang matšoao a puo. Hape ha ho na likhaolo le litemana tseo re li tloaetseng.

Bangoli ba Bibele ba ne ba sa arole molaetsa oa bona ka likhaolo le litemana. Ba ne ba ngola molaetsa oo Molimo a ba fileng oona o le joalo e le hore batho ba tla o bala ba o bale kaofela, eseng feela likarolo tsa oona. Na ha motho a u ngoletse lengolo ha u le bale kaofela? U le bala kaofela, eseng likarolo tse itseng feela tsa lona.

Leha ho le joalo, kaha Bibele e ne e se na likhaolo le litemana, e ne e bakela babali bothata. Ha Pauluse a qotsa mangolo, o ne a sebelisa mantsoe a kang “feela joalokaha ho ngoliloe” kapa “feela joalokaha Esaia a ne a boletse.” (Baroma 3:10; 9:29) E tlameha ebe ho ne ho le thata ho fumana mantsoe ao ntle le haeba motho a tseba “lingoliloeng tse halalelang” hantle.

Hape, “lingoliloeng tse halalelang” e ne e se molaetsa o le mong feela o tsoang ho Molimo. Ho ella qetellong ea selemo sa 100 mehleng ea baapostola, lingoliloeng tse halalelang li ne li se li e-na le libuka tse 66! Ke kahoo batho ba balang Bibeleng mehleng ena ba thabelang hore ebe e se e e-na le likhaolo le litemana e le hore ba fumane lintlha tseo ba li batlang, tse kang mantsoe ao Pauluse a a qotsitseng mangolong a hae.

Joale u ka ’na oa ipotsa hore na ke mang ea arotseng Bibele ka likhaolo le litemana.

KE MANG EA E AROTSENG KA LIKHAOLO?

Moruti oa Lenyesemane ea bitsoang Stephen Langton, eo hamorao e ileng ea e-ba Moarekabishopo oa Canterbury, ke eena ea arotseng Bibele ka likhaolo. O ile a e arola lilemong tsa bo1200, ha e ne e sa le tichere Univesithing ea Paris, Fora.

Pele ho mehla ea Langton, litsebi tsa Bibele li ne li ile tsa leka ho e arola ka likarolo kapa likhaolo e le hore ho be bonolo hore batho ba fumane molaetsa oo ba o batlang. Ho etsa mohlala, buka ea Esaia e na le likhaolo tse 66. Kahoo, ho ne ho ka ba bonolo hore motho a fumane lintlha tseo a li batlang haeba a lokela ho li batla khaolong e le ’ngoe feela ho e-na le hore a li batle bukeng eohle.

Leha ho le joalo, kaha Bibele e ne e se na likhaolo, ho ne ho le thata ho fumana lintlha. Litsebi tsa Bibele li ile tsa arola libuka tsa eona ka mekhoa e fapaneng. Ho etsa mohlala, Kosepele ea Mareka e ne  e arotse ka likhaolo tse ka bang 50, eseng tse 16 tseo re li tloaetseng. Mehleng ea Langton, naheng ea Paris ho ne ho e-na le liithuti tse tsoang linaheng tse fapaneng ’me li tlile le Libibele tsa lipuo tsa habo tsona. Leha ho le joalo, matichere le liithuti ba ne ba sa khone ho bolela ka ho hlaka hore na lintlha tseo ba buang ka tsona li hlaha hokae. Hobane’ng? Hobane likhaolo tse Libibeleng tsa bona li ne li sa tšoane.

Kahoo, Langton o ile a arola Bibele ka likhaolo tse ncha. Buka e ’ngoe e buang ka pale ea Bibele e re babali le bangoli ba Bibele ba ile ba rata mokhoa oo Langton a arotseng likhaolo ka oona ’me batho ba linaheng tsa Europe le bona ba rata mokhoa ona. Langton ke eena ea qapileng mokhoa oa ho arola likhaolo tsa Bibele oo re o sebelisang mehleng ena.

KE MANG EA E AROTSENG KA LITEMANA?

Lilemo tse ka bang 300 ka mor’a moo, e leng lilemong tsa bo1500, Robert Estienne oa Mofora eo e neng e le setsebi sa Bibele e bile e le mohatisi, o ile a nolofatsa lintho le ho feta. O ne a batla hore batho ba ithute Bibele. O ile a hlokomela hore ke habohlokoa hore Bibele e be le likhaolo le litemana.

Estienne ha se eena ea ileng a qapa mokhoa oa ho kenya litemana Bibeleng. Ho ne ho se ho e-na le ba li kentseng. Ho etsa mohlala, lilemo tse makholo pele ho moo, bakopitsi ba Bibele ba Bajuda ba ne ba arotse Bibele ea Seheberu e tsejoang e le Testamente ea Khale ka litemana eseng likhaolo. Empa joaloka likhaolo, mokhoa oo litemana li arotsoeng ka oona o ne o sa tšoane.

Estienne o ile a arola Mangolo a Segerike a Bakreste a tsejoang e le Testamente e Ncha ka litemana ’me a li kopanya le tse seng li ntse li le teng Bibeleng ea Seheberu. Ka 1553, o ile a hatisa Bibele ea pele e feletseng ea Sefora e nang le likhaolo le litemana tseo re li sebelisang mehleng ena. Batho ba bang ba ne ba sa rate mokhoa oo oa ho arola Bibele ’me ba re o etsa hore e be le lipolelo tse arohaneng le tse sa utloahaleng. Leha ho le joalo, bahatisi ba bang ba ile ba sebelisa mokhoa ona.

BABALI BA NOLOFALLOA HO E BALA

Mokhoa oa ho arola Bibele ka likhaolo le litemana o bonahala o le bonolo. O etsa hore ho be bonolo ho khetholla temana ka ’ngoe. Ke ’nete hore mokhoa oa ho arola Bibele ka likhaolo le litemana ha oa bululeloa ke Molimo ebile ka linako tse ling o e arola ka tsela e makatsang. Leha ho le joalo, ho ba bonolo hore re tšoaee kapa re arolelane le batho litemana tseo re li ratang, feela joalokaha re ka tšoaea lipolelo tseo re li ratang bukeng e itseng.

Le hoja ho le molemo ho ba le Bibele e arotsoeng ka likhaolo le litemana, u lokela ho lula u hopola hore ke habohlokoa hore re utloisise molaetsa oa Molimo kaofela. Ithute ho bala Bibele kaofela eseng feela litemana tse itseng. Ha u etsa joalo u tla tseba “lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko.”—2 Timothea 3:15.