Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Bua Litaba le Pele Batho ba li Tseba

Bibele e Bua Litaba le Pele Batho ba li Tseba

SAENSE

BIBELE HA SE BUKA EA SAENSE EMPA E BUILE LINTHO TSE NGATA KA SAENSE TSEO BATHO BA NENG BA SA LI TSEBE HA E NE E NGOLOA. TSE LING TSA TSONA LI HLAHA LEBOKOSENG LENA.

Na leholimo le lefatše li bopiloe?

Qalong bo-rasaense ba ne ba lumela hore li bile teng ka mohlolo. Empa hona joale boholo ba bona ba lumela hore lintho tsohle li bopiloe. Ho tloha qalong Bibele e ile ea hla ea bolela taba ena.—Genese 1:1.

Lefatše le joang?

Khale koana batho ba ne ba nahana hore lefatše le bataletse. Ka selemo sa bo-400 pele Jesu a tla lefatšeng, e ne e le hona bo-rasaense ba hlokomelang hore ha e le hantle le bopehile joaloka bolo. Lilemo tse 300 pele ba hlokomela taba ena, mongoli oa Bibele ea bitsoang Esaia o ne a se a ntse a boletse hore lefatše ke “selika-likoe”.—Esaia 40:22.

Na leholimo le ka senyeha?

Lilemong tse 300 pele Jesu a tla lefatšeng, rasaense e mong oa Mogerike ea bitsoang Aristotle o ile a ruta hore ke lefatše le lintho tse ho lona feela tse ka senyehang, empa leholimo le linaleli tsona li ke ke tsa senyeha ho hang. Batho ba qetile lilemo tse ngata ba lumela taba ena. Empa lilemong tsa bo-1800, bo-rasaense ba ile ba qala ho ruta hore lintho tsohle li ka fela kapa tsa senyeha ho sa tsotellehe hore na ke lefatše, leholimo kapa lintho tse ho lona. Rasaense e mong ea neng a ruta thuto ena ea bitsoang William Thomson, o ile a ithuta hore Bibele e re: “Li tla timela . . . kaofela ha tsona feela joaloka seaparo.” (Pesaleme ea 102:25, 26) Empa o ne a lumela hore le hoja ho ka etsahala hore li fele, Molimo a ke ke a lumella hore ntho e joalo e etsahale.—Moeklesia 1:4.

Lefatše le lipolanete tse ling li lutse holim’a eng?

Aristotle o ile a boela a ruta hore mangeloi a lula ka har’a bolo e mpeng ea lefatše e kang khalase. Ka bo-1700 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng, e ne e le hona bo-rasaense ba hlokomelang hore lefatše, linaleli le lipolanete tse ling li lutse moeeng. Lengolo la Jobo le ile la hla la hlakisa taba ena lilemo tse 1 100 le pele Aristotle a ka ruta thuto eo ea hae. Le ile la re Molimo o “leketlisa lefatše holim’a lefeela”.—Jobo 26:7.

 BOPHELO BO BOTLE

BIBELE HA SE BUKA EA BONGAKA, EMPA E FANA KA KELETSO E MOLEMO TABENG EA BOPHELO BO BOTLE.

Mafu a tšoaetsanoang.

Molao oa Moshe o ne o re motho ea nang le lepera ha aa lokela ho lula le batho ba bang. Ka selemo sa bo-800 ka mor’a hore Jesu a tle lefatšeng, e ne e le hona lingaka li ithutang hore motho ea tšoeroeng ke lefu le tšoaetsanoang ha aa lokela ho ba har’a batho ba bang.—Levitike, khaolo ea 13 le ea 14.

Ho hlapa ka mor’a ho tšoara setopo.

Pele ho selemo sa 1800 lingaka li ne li tloaetse ho tšoara litopo ka matsoho, ebe le pele ba a hlapa ba se ba oka bakuli. Batho ba bangata ba ile ba hlokahala ka lebaka la bohlasoa bona. Ka nako ena Molao oa Moshe o ne o se o ntse o boletse hore motho ea tšoereng setopo ha aa hloeka. Ka lebaka leo, o ne o laela hore motho a hlape ka metsi ka mor’a moo. Taelo ena e ne e se ea moetlo feela, empa e ne e thusa batho ho lula ba phetse hantle.—Numere 19:11, 19.

Mokhoa o motle oa ho qhala likhoere-khoere.

Bana ba fetang 500 000 ba bolaoa ke letšollo selemo se seng le se seng hobane ba phela moo likhoere-khoere li leng pooaneng. Molao oa Moshe o ne o re batho ba lokela ho chekela mantle a bona hole le moo batho ba lulang.—Deuteronoma 23:13.

Nako ea ho bolotsa.

Molao oa Molimo o ne o laela hore ngoana a bolotsoe ka letsatsi la borobeli a hlahile. (Levitike 12:3) Mali a ngoana a hoama ha a se a e-na le beke a hlahile. Le hoja mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele batho ba ne ba sa tsebe hakaalo ka mekhoa ea phekolo, Bibele eona e ne e se ntse e boletse esale pele hore bana ba bolotsoe ha ba se ba qetile beke ba phela.

Bophelo bo botle.

Litsebi li re ha motho a lula a thabile, a e-na le tšepo, a tloaetse ho leboha a bile a ikemiselitse ho tšoarela, o fokotsa menyetla ea hore a ka kula. Bibele e tlatseletsa ka ho re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.