Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Haeba le Tseba Lintho Tsena, Lea Thaba Haeba le li Etsa”

“Haeba le Tseba Lintho Tsena, Lea Thaba Haeba le li Etsa”

“Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”—JOH. 4:34.

LIPINA: 80, 35

1. Barapeli ba Jehova ba ka susumetsoa ke batho bao e seng barapeli ba hae?

HO KA ba thata hore re phele tumellanong le lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng. Hobane’ng? Ho hlokeha hore re ikokobetse e le hore re etse liqeto tse nepahetseng. Leha ho le joalo, e le hore re lule re ikokobelitse, re lokela ho sebetsa ka thata. Kaha re phela ‘matsatsing a ho qetela batho ba bangata ke baithati, ba rata chelete, ba ikhopola ho tlōla, baa ikhohomosa ebile ba hloka boitšoaro.’ (2 Tim. 3:1-3) Le hoja bahlanka ba Jehova ba hloile lintho tse mpe tseo batho ba sa rapeleng Jehova ba li etsang, ho ka etsahala hore ba ba khalle ha ba bona ba atleha. (Pes. 37:1; 73:3) Mohlomong baa ipotsa hore na ho sa ntse ho e-na le thuso ea hore ba etelletse lithahasello tsa batho ba bang pele ho tsa bona. Kapa hore na haeba ba itšoara joaloka “e monyenyane,” batho ba sa ntse ba tla ba hlompha. (Luka 9:48) Haeba re lumella batho ba sa rapeleng Jehova hore ba re susumetse hampe, likamano tsa rona le batho ba bang ka phuthehong li ka senyeha ebile re tla itheola seriti. Empa Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re etsisa mehlala e metle ea batho ba hlahang ka Bibeleng.

2. Mehlala ea bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale e ka re thusa joang?

 2 Haeba re batla ho etsisa bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale, re lokela ho batla hore na ba thusitsoe ke eng hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Hape, re ka batla hore na ho tlile joang hore e be metsoalle ea Molimo le hore na ba thusitsoe ke eng hore ba lule ba etsa thato ea hae. Ho etsa joalo ho tla re thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova.

KE’NG E KA MATLAFATSANG TUMELO EA RONA?

3, 4. (a) Jehova o sebelisa’ng ho re rupela? (b) Re ka etsa’ng e le hore tumelo ea rona e lule e le matla?

3 Jehova o re rupela le ho re khothatsa a sebelisa Bibele, lingoliloeng tsa rona, websaete ea jw.org, Khaso ea JW, liboka le likopano. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 4:34 a bontša hore ha rea lokela ho khotsofalla ho tseba Bibele feela. Kahoo re lokela ho etsa’ng? Jesu o ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.”

4 Jesu o ne a lumela hore ho tataisoa ke Jehova ke karolo ea lijo tsa hae. Joang? Ha re ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng, re tla phela hantle. Ka tsela e tšoanang tumelo ea rona e ba matla ha re etsa thato ea Jehova ’me re ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Mohlala, hangata u ka ea tšimong u se monate empa eare ha u khutla, oa utloa u thabile u bile u hlabolohile.

5. Re tla fumana molemo ofe ha re sebetsa ka thata ho ba bohlale?

5 Ha re phela tumellanong le lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng, re bontša hore re bohlale. (Jak. 3:13) Ha re sebetsa ka thata ho ba bohlale, re tla fumana melemo e mengata. Bibele e re: “Lintho tse ling tsohle tseo u li thabelang li ke ke tsa lekanngoa le bona. . . . Ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.” (Liprov. 3:13-18) Jesu o ile a re: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.” (Joh. 13:17) Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla thaba kamehla hafeela ba ne ba ka lula ba mamela litaelo tsa hae. Ba ne ba lokela ho etsisa Jesu le ho mo mamela bophelo bohle ba bona.

6. Re tla fumana molemo ofe ha re tsoela pele ho mamela litaelo tsa Jehova letsatsi le letsatsi?

6 Le mehleng ena re tla fumana melemo e mengata haeba re lula re phela tumellanong le lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng. Mohlala, motho ea lokisang likoloi a ka ba le lisebelisoa le tsebo ea ho li lokisa. Empa haeba a sa sebelise lintho tseo, li ke ke tsa mo tsoela molemo. Le haeba a ne a ile a qeta nako e telele a lokisa likoloi eaba o ba le boiphihlelo, o ntse a lokela ho tsoela pele ho sebelisa tsebo eo a nang le eona e le hore a lule a ipabola mosebetsing oa hae. Ka ho tšoanang, le rona ha re ne re qala ho ithuta Bibele, re ile ra thaba hobane re ne re phela tumellanong le lintho tseo re ithutileng tsona. Empa re tla lula re thabile haeba re tsoela pele ho mamela litaelo tsa Jehova letsatsi le letsatsi.

7. Re lokela ho etsa’ng ha re bala ka mehlala ea bahlanka ba Molimo e le hore tumelo ea rona e be matla?

7 Re tl’o tšohla maemo ao ho ’ona ho ka bang thata hore re lule re ikokobelitse. Re tla boela re tšohle hore na bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale ba ile ba etsa’ng maemong ana. Tumelo ea rona e ke ke ea matlafala ka hore feela re bale ka mehlala ea bona. Kahoo, nahana hore na u ka ba etsisa joang bophelong ba hao ’me u etse joalo hang-hang.

U SE KE OA BA LEEME

8, 9. Ketsahalo e hlahang ho Liketso 14:8-15 e bontša joang hore Pauluse o ne a ikokobelitse? (Sheba setšoantšo se qalong.)

8 Molimo o batla hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng  ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Uena u ikutloa joang ka batho ba bangata ba e-s’o ka ba ithuta Bibele? Moapostola Pauluse o ne a tsamaea lisynagogeng a bua ka Bibele le Bajuda ba neng ba se ba ntse ba tseba Molimo. Empa o ile a boela a bua ka Bibele le batho ba bang ba neng ba ithapella melimo ea bona ea bohata. Tsela eo batho bao ba ileng ba mo tšoara ka eona e ile ea etsa hore ho bonahale hore na o ikokobelitse hakae.

9 Mohlala, Pauluse o ile a ea Lystra le Barnabase ka lekhetlo la pele. Ka phoso batho ba moo ba buang puo ea Selykaonia ba ile ba nahana hore eena le Barnabase ke melimo ea bona, e leng Zeuse le Hermese, eaba baa ba rorisa. Na Pauluse le Barnabase ba ile ba bona ketsahalo ee e le monyetla o motle oa hore ba tume? Kapa na ba ile ba bona e le monyetla o motle oa ho pholisa lihlooho, haholo hobane ba ne ba ile ba hlorisoa metseng e ’meli eo ba neng ba tsoa ho eona? Na ba ile ba nahana hore ba ne ba ka fihlisa molaetsa oa Molimo hohle ka hore ba tume? Le hanyenyane! Ba ile ba tuka ke bohale eaba ba re ho batho bao: “Ke hobane’ng ha le etsa lintho tsee? Le rōna re batho ba nang le mefokolo e tšoanang le eo le nang le eona.”—Lik. 14:8-15.

10. Pauluse le Barnabase ba ne ba bolela’ng ha ba re ba na le mefokolo e tšoanang le ea batho ba Lystra?

10 Ha Pauluse le Barnabase ba ne ba re le bona ba na le mefokolo, ba ne ba sa bolele hore ba rapela melimo ea bohata e tšoanang le eo batho bao ba neng ba e rapela. Pauluse le Barnabase ba ne ba ronngoe ke Molimo hore ba bolele litaba tse molemo. (Lik. 13:2) Hape ba ne ba tlotsitsoe ka moea o halalelang ’me ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong. Empa ha baa ka ba inka ba le betere ho feta batho bao. Ba ne ba utloisisa hore batho ba Lystra le bona ba tla fumana melemo eo haeba ba ne ba ka mamela molaetsa oa Molimo.

11. Re ka etsa’ng hore re ikokobetse joaloka Pauluse ha re bolella batho molaetsa oa Molimo?

11 Re ka etsa’ng hore re ikokobetse joaloka Pauluse? Ha rea lokela ho lebella kapa ho lumela ho rorisoa ka tsela e fetelletseng ka lintho tseo Jehova a re fileng matla a ho li etsa. Hape, e mong le e mong o lokela ho ipotsa: ‘Ke na le maikutlo afe ka batho bao ke ba bolellang litaba tse molemo? Na ho na le batho ba morabe o itseng bao ke eeng ke utloe ke sa ba rate?’ Lefatšeng lohle Lipaki Tsa Jehova li tsamaea hohle li ntse li batla batho ba ka thabelang ho ithuta Bibele. Ho na le merabe e meng eo batho ba e khellang fatše. Ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova li ka lokela ho ithuta lipuo tsa batho ba merabe eo e le hore li ba bolelle litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ha ho mohla li lokelang ho inka li le betere ho feta batho bao. Li lokela ho utloisisa e mong le e mong oa bona e le hore li khone ho ba ruta molaetsa oa Molimo ka tsela e tla ama lipelo tsa bona.

RAPELLA BAKRESTE-’MOHO LE UENA

12. Epafrase o ile a bontša joang hore o rata Bakreste-’moho le eena?

12 Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ho bontša hore re ikokobelletsa Molimo ke ho rapella Bakreste-’moho le rona, “ba fumaneng tumelo . . . e lekanang le ea rōna.” (2 Pet. 1:1) Ke eona ntho eo Epafrase a ileng a e etsa. O hlaha ka makhetlo a mararo feela ka Bibeleng ’me o hlaha mangolong a ngotsoeng ke Pauluse. Nakong eo a neng a tšoeroe Roma, Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba phutheho ea Kolose, a ba bolella hore Epafrase o ne a lula “a ikitlaetsa molemong oa [bona] lithapelong tsa hae.” (Bakol. 4:12) Epafrase o ne a tseba Bakreste-’moho le eena hantle a bile a ba rata haholo. Le hoja a ne a tšoeroe le Pauluse, ha aa ka a inahana boeena feela eaba o lebala Bakreste-’moho le eena. (Filem. 23) O ile a ba rapella a ba a ba bitsa ka  mabitso lithapelong tsa hae. Le rona ha re ka etsisa Epafrase, lithapelo tseo re li etsang molemong oa Bakreste-’moho le rona li ka ba thusa haholo.—2 Bakor. 1:11; Jak. 5:16.

13. U ka etsisa Epafrase joang ha u rapela?

13 Le uena u ka nahana ka Bakreste-’moho le uena bao u ka ba rapellang u bile u ba bitsa ka mabitso. U ka rapella Bakreste-’moho le uena phuthehong ea heno ba imetsoeng ke mathata le bao ho nang le liqeto tsa bohlokoa tseo ba lokelang ho li etsa. U ka ba oa rapella le ba bang ba lekang ka matla ho qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. U ka boela oa rapella Bakreste-’moho le uena ba bangata bao mabitso a bona a hlahang ho jw.org karolong ea Jehovah’s Witnesses Imprisoned for Their Faith.” (Sheba tlas’a LITABA > LITSEBI TSA MOLAO > LITABA TSA MOLAO LE LITOKELO TSA BOTHO. E fumaneha ka Senyesemane.) Hape u ka rapella Bakreste-’moho le uena ba hlokahalletsoeng, bao linaheng tsa habo bona ho ileng ha e-ba le likoluoa tsa tlhaho kapa lintoa, le ba nang le mathata a lichelete. Hoa bonahala hore ho na le bara le barali babo rona ba bangata ba hlokang hore re ba rapelle. Ha re ba rapella, rea bontša hore ha re inahane borona feela empa rea ba nahanela. (Bafil. 2:4) Jehova o mamela lithapelo tse joalo.

‘POTLAKELA HO UTLOA’

14. Jehova o re behetse mohlala ofe tabeng ea ho mamela?

14 Ntho e ’ngoe e bontšang hore na re ikokobelitse hakae ke hore na re mamela batho ba bang. Jakobo 1:19 e re re “potlakele ho utloa.” Jehova o re behetse mohlala o motle tabeng ena. (Gen. 18:32; Josh. 10:14) Hlokomela hore na re ka ithuta’ng puisanong e hlahang ho Exoda 32:11-14. (E bale.) Jehova o ne a sa hloke maikutlo a Moshe, empa o ile a mo fa monyetla oa ho bua hore na o bona litaba joang. Ka linako tse ling Moshe o ne a etsa liphoso. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a mo thehela tsebe ha a ntša maikutlo a hae. Taba ena ea re ruta hore Jehova o mamela batho ba mo rapelang ba bile ba e-na le tumelo ho eena.

15. Re ka etsa’ng ho bontša hore re hlompha Bakreste-’moho le rona joaloka Jehova?

15 E mong le e mong oa rona o lokela ho nahana ka hore Jehova o ikokobetsa ho ea boholeng ba hore a mamele batho joalokaha a ile a mamela Abrahama, Ragele, Moshe, Joshua, Manooa, Elia le Ezekiase. Kahoo, re lokela ho ipotsa lipotso tse kang: ‘Na le ’na ha kea lokela ho hlompha Bakreste-’moho le ’na ka hore ke mamele maikutlo le likeletso tsa bona? Na ho na le motho lapeng kapa phuthehong ea heso ea nang le mathata ’me a hloka ho mphetlela sefuba? Haeba ho joalo, ke tl’o etsa’ng?’—Gen. 30:6; Baahl. 13:9; 1 Mar. 17:22; 2 Likron. 30:20.

“MOHLOMONG JEHOVA O TLA BONA KA LEIHLO LA HAE”

Davida o ile a re: “Mo tloheleng.” Uena u ka be u entse’ng? (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Davida o ile a etsa’ng ha Shimei a mo hlasela?

16 Ha re ikokobelitse, re tla khona ho itšoara ha batho ba etsa lintho tse re halefisang. (Baef. 4:2) Mohlala o motle oa taba ena o hlaha ho 2 Samuele 16:5-13. (E bale.) Shimei, e leng e mong oa batho ba amanang le Morena Saule, o ile a rohaka Davida le bahlanka ba hae a ba a ba betsa ka majoe. Le hoja Davida a ne a e-na le matla a ho bolaea Shimei, o ile a mo tlohela. Ke’ng e ileng ea thusa Davida ho ithiba? Pesaleme ea 3 e arabela potso ena.

17. Davida o ne a tšepile mang, hona re ka mo etsisa joang?

17 Ho ea ka sehloohoana sa Pesaleme ea 3, Davida o ngotse Pesaleme ena “ha a ne a baleha . . . mora oa hae Absalome.” Temaneng ea 1 le ea 2 ho buuoa ka liketsahalo tse hlahang khaolong ea 16 ea Samuele oa Bobeli. Temaneng ea 4 ea Pesaleme ena o bua ka phatla e phahameng o re: “Ke tla hoeletsa  ho Jehova ka lentsoe la ka, o tla nkaraba a le thabeng ea hae e halalelang.” Le rona re ka rapela Jehova ha re hlaheloa ke mathata. Jehova o tla re araba ka hore a re fe moea o halalelang e le hore o re thuse ho mamella. Nahana ka maemo ao ho ’ona ho ka hlokahalang hore u ithibe kapa u tšoarele motho ea u tšoereng hampe. Hape, kholiseha hore Jehova o bona bothata bo u hlahetseng le hore a ka u hlohonolofatsa.

“BOHLALE KE NTHO EA BOHLOKOA KA HO FETISISA”

18. Re tla fumana molemo ofe haeba re lula re ikokobelitse?

18 Haeba re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng, re tla ba bohlale ebile Jehova o tla re hlohonolofatsa. Liproverbia 4:7 e re: “Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” Ke ’nete hore tsebo eo re nang le eona e ka re thusa ho ba bohlale. Empa ntho e kholo e bontšang hore na re bohlale hakae ke hore na re etsa liqeto life, eseng hore na re na le tsebo e kae. Mohlala, bohloa ha bo tsebe lintho tse ngata empa bo bontša bohlale ka hore bo itokisetse mariha. (Liprov. 30:24, 25) Kreste, eo Bibele e reng ke “bohlale ba Molimo,” o lula a etsa lintho tse khahlisang Ntate oa hae. (1 Bakor. 1:24; Joh. 8:29) Molimo oa tseba hore ho etsa qeto e nepahetseng ho fapana le ho phela tumellanong le eona. Hape o tla re hlohonolofatsa haeba re lula re ikokobelitse ebile re phela tumellanong le lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. (Bala Matheu 7:21-23.) Kahoo, a re sebeletseng ho lula re ikokobelitse. Ho etsa joalo ho tla thusa Bakreste-’moho le rona hore le bona ba ikokobetse. Ho nka nako ebile ho hlokahala hore re be le mamello e le hore re phele tumellanong le lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Empa haeba re etsa joalo, re bontša hore re ikokobelitse ebile re tla lula re thabile.