Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Lisele tsa hao le DNA—Li Jere Boitsebiso bo Hlollang!

Lisele tsa hao le DNA—Li Jere Boitsebiso bo Hlollang!

KA 1953, James Watson le Francis Crick, e leng litsebi tsa baeloji ea limolek’hule ba ile ba phatlalatsa tšibollo e re thusang ho utloisisa saense ea lintho tse phelang. Ba ile ba sibolla sebōpeho sa DNA se harelaneng habeli. * Ntho ena e kang khoele e fumanehang haholo-holo karolong e ka har’a lisele e na le boitsebiso bo “ngotsoeng,” ’me e etsa hore lisele li jare boitsebiso bo bongata. Tšibollo ena e hlollang e ile ea tlisa liphetoho thutong ea baeloji! Empa boitsebiso bo “ngotsoeng” liseleng bo phetha morero ofe? Ho thahasellisang le ho feta, ho tlile joang hore bo be teng?

 LEBAKA LEO LISELE LI HLOKANG HO BA LE BOITSEBISO

Na u kile ua ipotsa hore na ho tla joang hore peō e fetohe sefate kapa lehe le emolisitsoeng le fetohe motho? Na u kile ua ipotsa hore na ho tlile joang hore u futse litšobotsi tse itseng? Likarabo li itšetlehile ka boitsebiso bo fumanehang ho DNA.

Lisele tsohle li na le DNA, e leng molek’hule e rarahaneng e tšoanang le leri e telele e sothehileng. Ho DNA e feletseng hantle ea motho, lilere tseo li na le “litepisi” tsa lik’hemik’hale tse ka bang libilione tse tharo, tseo bo-rasaense ba li bitsang litepisi tse peli tsa motheo hobane setepisi ka seng se na le lik’hemik’hale tse peli, tseo ka kakaretso li leng ’nè. Ha ho sebelisoa tlhaku ka ’ngoe e qalang ea lik’hemik’hale tseo, li khutsufatsoa ka A, C, G le T—e leng lialfabete tse bonolo tsa litlhaku tse ’nè. * Ka 1957, Crick o ile a re litepisi tsena ke tsa lik’hemik’hale tse entseng mela e latellanang e nang le matšoao a litaelo tsa lefutso. Litsebi li ile tsa qala ho utloisisa matšoao ao lilemong tsa bo-1960.

Ebang boitsebiso bo hlaha ka sebōpeho sa litšoantšo, molumo kapa mantsoe, bo ka bolokoa ’me ba sebelisoa ka litsela tse ngata. Ka mohlala, lik’homphieutha li sebelisa lipalo-palo hore li phethe mosebetsi oo kaofela. Athe lisele tse phelang tsona li boloka boitsebiso le ho bo sebelisa ka tšebetso ea lik’hemik’hale, ’me DNA ke motsoako o ka sehloohong. Ha lisele li ikarola le ha lintho tse phelang li ntse li ikatisa DNA e ba teng ho tsona—e leng bokhoni boo ho nkoang hore bo bonahatsoa feela ke lintho tse phelang.

Lisele li sebelisa boitsebiso joang? Nka hore DNA ke lirisepe tseo ho tsona motho a etsang lintho mohato ka mohato, ’me mohato ka mong o hlalositsoe ka hloko le ka ho nepahala. Empa ho e-na le hore qetellong ho hlahe kuku, ho ka ’na ha hlaha k’habeche kapa khomo. Ho hlakile hore liseleng tse phelang, lintho tsena li iketsahalla  feela, e leng se etsang hore ketsahalo ena e be e rarahaneng le ho feta.

Boitsebiso bo seleng ea baktheria bo ka tlatsa buka e maqephe a sekete

Boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso bo bolokoa ho fihlela bo ka sebelisoa, mohlomong e le ho nkela lisele tse tsofetseng sebaka kapa tse kulang kapa ho fetisetsa lefutso ho bana. Ha e le hantle DNA e na le boitsebiso bo bokae? Ak’u nahane ka e ’ngoe ea lintho tse nyenyane ka ho fetisisa tse phelang, e leng baktheria. Rasaense oa Mojeremane, e leng Bernd-Olaf Küppers o ile a re: “Haeba ho ne ho ka hlalosoa sebōpeho sa sele ea baktheria ka puo eo motho a e utloisisang, ho ne ho tla hlokahala buka e maqephe a sekete.” Ke ka lebaka le utloahalang moprofesa oa thuto ea k’hemistri, David Deamer a ileng a re: “Motho o hlolloa ke kamoo lintho tse phelang li rarahaneng kateng, esita le tse nyenyane ka ho fetisisa.” Joale DNA ea motho e jere boitsebiso bo bokae? Küppers o re: “Bo ka tlala libukeng tse likete tse ’maloa.”

“BO NGOTSOE KA TSELA EO RE KA E UTLOISISANG”

Küppers o ile a re ho hlalosa DNA ka “puo ea liphatsa tsa lefutso” hase “mokhabo-puo feela tjee.” O re: “Joaloka puo ea batho, puo ea limolek’hule tsa liphatsa tsa lefutso e na le mokhoa oo lipolelo li behoang ka oona.” Ka mantsoe a mang, DNA e na le “sebōpeho-puo,” kapa melao e laolang tsela eo litaelo tsa eona li phethoang ka eona.

“Mantsoe” le “lipolelo” tse ho DNA li etsa “liresepe” tse sa tšoaneng tse laolang tlhahiso ea liprotheine le lintho tse ling tse etsang mefuta e sa tšoaneng ea lisele tsa ’mele oa motho. Ka mohlala, “risepe” e ’ngoe e ka ’na ea shebana le tlhahiso ea lisele tsa masapo, tsa mesifa, tsa methapo-kutlo kapa tsa letlalo. Richard Dawkins, e leng setsebi sa baeloji se buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho o ile a re: “Sehlopha sa lisele tsa DNA se fupere boitsebiso, e leng molaetsa o ngotsoeng ka matšoao a lik’hemik’hale ’me k’hemik’hale ka ’ngoe e emeloa ke tlhaku e itseng. E batla e le ntho e sa kholeheng, empa hoa bonahala hore matšoao ao a ngotsoe ka tsela eo re ka e utloisisang.”

Mongoli oa Bibele, e leng Davida o ile a rapela Molimo a re: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:16) Ke ’nete hore Davida o ne a bua ka tsela ea thothokiso. Leha ho le joalo, o ne a nepile ka ho feletseng, hobane bangoli ba Bibele ba nepa litaba. Ha ho le ea mong oa bona ea neng  a susumelitsoe le hanyenyane feela ke lipale tse iqapetsoeng kapa litšōmo tsa batho ba mehleng ea boholo-holo.—2 Samuele 23:1, 2; 2 Timothea 3:16.

Ho tla joang hore ngoana a futse litšobotsi tsa batsoali ba hae?

DNA E NKA BOITSEBISO HOKAE?

Ha bo-rasaense ba hlalosa sephiri se itseng, hangata seo se etsa hore ba sibolle se seng. Ho ile ha etsahala sona seo ha ba sibolla DNA. Ha litsebi li utloisisa hore DNA e na le boitsebiso, batho ba ile ba botsa, ‘Ho tlile joang hore DNA e be le boitsebiso?’ Ke ’nete hore ha ho motho ea ileng a hlahloba boitsebiso bo molek’huleng ea pele ea DNA. Kahoo re lokela ho iketsetsa liqeto ntlheng ena. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore liqeto tseo e be taba e inahaneloang feela. Ak’u nahane ka mehlala e latelang.

  • Ka 1999, Pakistan ho ile ha fumanoa likaroloana tsa lintho tsa boholo-holo tse entsoeng ka letsopa, tse nang le matšoao a sa tloaelehang. Ho ntse ho sa tsejoe hore na matšoao ao a bolela’ng. Leha ho le joalo, litsebi li lumela hore a entsoe ke batho.

  • Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore Watson le Crick ba sibolle sebōpeho sa DNA, litsebi tse peli tsa fisiks li ile tsa etsa tlhahiso ea hore ho etsoe lipatlisiso ka boitsebiso bo maqhubung a seea-le-moea sepaka-pakeng. Kahoo ho ile ha qaleha phuputso ea kajeno ea ho ithuta ka sepaka-paka.

Re ithuta’ng ntlheng ee? Batho ba nka hore boitsebiso bo tsoa ho motho ea itseng, ebang boitsebiso boo bo ka sebōpeho sa matšoao a letsopeng kapa bo maqhubung a sepaka-pakeng. Ha ba emele hore ba fuoe boitsebiso pele ba etsa qeto. Leha ho le joalo, ha letšoao le rarahaneng ka ho fetisisa leo batho ba le tsebang, e leng letšoao la lik’hemik’hale tsa bophelo ba motho, le ne le sibolloa, batho ba bangata ba ile ba khetha ho iphapanyetsa ’nete eo e utloahalang, ba re DNA e bile teng feela ka tšohanyetso. Na ntho eo ea utloahala? Na e lumellana le liphuputso tse ling? Hona na e lumellana le saense? Litsebi tse ngata tsa saense tse hlomphehang ha li lumele seo. Tsona li akarelletsa Dr. Gene Hwang le Moprofesa Yan-Der Hsuuw. * Hlokomela seo ba se buang.

Dr. Gene Hwang o ithuta ka kamano e teng pakeng tsa lipalo le liphatsa tsa lefutso. O kile a lumela thutong ea ho iphetola ha lintho, empa lipatlisiso tsa hae tsa etsa hore a fetole maikutlo. O ile a re ho Tsoha!: “Thuto ea liphatsa tsa lefutso e re thusa ho utloisisa kamoo likarolo tsa bophelo li sebetsang kateng, e leng kutloisiso e etsang hore ke hlolloe haholo ke bohlale ba ’Mōpi.”

Moprofesa Yan-Der Hsuuw, ke motsamaisi setsing sa lipatlisiso se Univesithing ea Sechaba ea Saense le Theknoloji ea Pingtung e Taiwan, e shebaneng le bophelo ba lesea le sa tsoa emoloa. Le eena o kile a lumela thutong ea ho iphetola ha lintho—ho fihlela lipatlisiso tsa hae li mo thusa hore a fihlele qeto e fapaneng. Ha a bua ka ho ikatisa ha lisele le tšebetso ea tsona e khethehileng o ile a re: “Lisele li lokela ho hlaha ka tatellano le libakeng tse loketseng. Li qala e le lihlopha tsa lisele tseo ka mor’a moo li fetohang litho tsa ’mele. Ke moenjiniere ofe ea ka lorang  le hanyenyane feela hore a ngole litaelo tse sebetsang joalo? Leha ho le joalo, litaelo tsa khōlo ea lesea le e-s’o hlahe li ngotsoe ka tsela e hlollang ho DNA. Ha ke nahana kamoo ketsahalo ena e babatsehang kateng, ke kholisehile hore lintho tsohle tse phelang li entsoe ke Molimo.”

Gene Hwang (ka ho le letšehali) le Yan-Der Hsuuw

NA HOA TSOTELLEHA?

Haeba re e-na le toka, re tla lumela hore ehlile hoa tsotelleha! Haeba Molimo ke eena ea bōpileng lintho tsohle tse phelang, thoriso e lokela ho lebisoa ho eena ho e-na le thutong ea ho iphetola ha lintho. (Tšenolo 4:11) Hape, haeba re entsoe ke ’Mōpi ea nang le bohlale bohle, joale e tlameha ebe ho na le lebaka leo re phelang ka lona. Ho ne ho ke ke ha e-ba joalo haeba bophelo bo ne bo bile teng ka tšohanyetso feela. *

Ha e le hantle, batho ba labalabela ho fumana likarabo tse khotsofatsang. Viktor Frankl, eo e neng e le moprofesa oa thuto ea methapo ea boko le mafu a kelello, o ile a re: “Ntho e ka sehloohong e susumetsang motho, ke ho batla morero oa bophelo.” Ka mantsoe a mang, re lokela ho khotsofatsa takatso ea rōna ea ho batla ho ba haufi le Molimo—e leng ntho e utloahalang haeba re bōpiloe ke eena. Empa haeba re bōpiloe ke Molimo, na o re file lintho tse tla re thusa ho mo tseba?

Jesu Kreste o ile a araba potso eo ka ho re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova [kapa Molimo].” (Matheu 4:4) Lipolelo tsa Jehova tse tlalehiloeng ka Bibeleng, li thusitse batho ba limilione hore ba mo tsebe, e leng se ba fileng morero bophelong le tšepo e babatsehang ea bokamoso. (1 Bathesalonika 2:13) E se eka Bibele e ka u thusa le uena. Ke habohlokoa hore u hlahlobe buka ena e ikhethang.

^ ser. 3 Watson le Crick ba ile ba ntšetsa pele lipatlisiso ka DNA (deoxyribonucleic acid) tse neng li entsoe ke bafuputsi ba tlileng pele ho bona.—Sheba lebokose le reng “ Lilemo Tsa ho Sibolloa ha DNA.”

^ ser. 6 Litlhaku tsena li emela adenine, cytosine, guanine le thymine.

^ ser. 18 Lipuisano tse ling tse ngata tse entsoeng le bo-rasaense ba hlomphehang li fumaneha Websaeteng ea rōna ea jw.org/st. Penya konopo ea Search ’me u ngole “interview scientist.”

^ ser. 22 Potso ea hore na lintho tse phelang li bōpiloe kapa li bile teng ka ho iphetola ha lintho, e arabeloa ka botlalo bukaneng ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking le ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? tse fumanehang ho www.jw.org.