Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moea o Hloekileng le Mahlaseli a Letsatsi—Na ke “Lithibela Mafu” Tsa Tlhaho?

Moea o Hloekileng le Mahlaseli a Letsatsi—Na ke “Lithibela Mafu” Tsa Tlhaho?

HA BO-RASAENSE ba ne ba sibolla meriana e thibelang mafu ka lekhetlo la pele bohareng ba lekholo la bo-20 la lilemo, lingaka li ile tsa ba le tšepo ea hore e ne e tla phekola maloetse a itseng. Qalong ho ile ha bonahala eka meriana eo e sebetsa hantle. Leha ho le joalo, tsela e pharalletseng eo esale e sebelisoa ka eona, e entse hore ho be le baktheria e fokolisang matla a eona.

E le hore ba fumane mekhoa e meng ea ho loantša maloetse, bo-rasaense ba bang ba ntse ba hlahloba mekhoa e neng e sebelisoa nakong e fetileng. E ’ngoe ea eona e akarelletsa ho sebelisa mahlaseli a letsatsi le moea o hloekileng ho tsa bongaka.

Ho Ithuta Mekhoeng ea Nako e Fetileng

Engelane ho ne ho e-na le litsebi tse ’maloa tse buellang taba ea hore letsatsi le moea o hloekileng li na le matla a ho phekola maloetse. Ngaka e bitsoang John Lettsom (1744-1815), e ne e re bana ba tšoeroeng ke lefuba (TB) ba ka phekoleha haeba ba hema moea oa leoatle le ho fumana mahlaseli a letsatsi. Ka 1840, ngaka e buoang e bitsoang George Bodington, e ile ea hlokomela hore batho ba sebetsang ka ntle—ba kang lihoai le balisa ba ne ba sa tšoaroe ke TB, empa e tšoara haholo batho ba qetang nako e ngata ba le ka tlung.

Florence Nightingale (1820-1910) o ile a tuma ka lebaka la mekhoa e mecha ea phekolo eo a neng a e sebelisa ha a phekola masole a Brithani nakong ea Ntoa ea Crimea. O ile a botsa a re: “Na u kile ua kena ka kamoreng ea motho . . . bosiu, kapa pele lifensetere li buloa hoseng, ’me ua utloa kamoo ho nkhang hampe kateng?” O ne a khothalletsa hore moea o ka kamoreng ea mokuli o bolokoe o hloekile, empa a se ke a hatsela. O ile a phaella ka ho re: “Ke ithutile hore lintho tsa bohlokoa tseo mokuli a li hlokang, ke moea o hloekileng le khanya . . . Eseng khanya feela empa mahlaseli a letsatsi.” Ka nako eo, batho ba  bangata ba ne ba nahana hore ho beha lilakane le liphahlo letsatsing ho tlatsetsa bophelong bo botle.

Bo-rasaense ba hatetse pele ho tloha nakong eo ea Florence Nightingale, leha ho le joalo liphuputso tsa morao-rao li lumellana le eena. Ka mohlala, ka 2011 phuputso e ileng ea etsoa k’holejeng ea Chaena, e bontšitse hore likamore tsa bolulo tse sa kenyeng moea o lekaneng le tse tletseng, li “baka lefu la matšoafo.”

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO [World Health Organization]) o lumellana le ntlha ea hore ho kenya moea o hloekileng ka tlung ke habohlokoa bakeng sa ho laola ho tšoaetsoa ke maloetse. Ha e le hantle, melao tsamaiso ea WHO e ileng ea phatlalatsoa ka 2009, e re ho etsa hore moea o kene ka tlung ke habohlokoa e le hore ho fokotsoe tšoaetso ea maloetse litsing tsa bophelo bo botle.  *

U ka ’na ua re ‘Ho loketse ho etsa joalo. Empa na saense e ea ho tšehetsa? Mahlaseli a letsatsi le moea li thibela maloetse joang?’

Sebolaea Likokoana-hloko sa Tlhaho

Liphuputso tse ileng tsa etsoa Lefapheng la Tšireletso la United Kingdom li fana ka likarabo tse ’maloa. Bo-rasaense ba neng ba ile moo, ba ile ba leka ho fumana hore na haeba ho ne ho ka sebelisoa sebetsa se kentsoeng baktheria e kotsi London, ho ne ho tla nka nako e kae pele moea o hloeka. E le hore litsebi li fumane hore na likokoana-hloko tse tsamaeang moeeng li phela nako e kae ha ho se na khanya, li ile tsa kenya likokoana-hloko tsa E. coli tepong ea sekho ’me tsa e beha ka ntle. Li ile tsa etsa teko eo bosiu, hobane li tseba hore khanya ea letsatsi e bolaea baktheria. Li ile tsa fumana eng?

Ka mor’a lihora tse ka bang peli, libaktheria tse ngata li ne li shoele. Empa ha libaktheria tseo li kenngoa ka lebokoseng li ntse li behiloe ka ntle tlas’a thempereichara le mongobo o tšoanang, tse ngata tsa tsona ha lia ka tsa shoa le ka mor’a lihora tseo tse peli. Hobane’ng? Ho bonahala eka ho na le ntho e etsang hore likokoana-hloko li shoe ka ntle. Ha ho e-s’o hlake hore na ke eng e teng moeeng e bolaeang likokoana-hloko. Leha ho le joalo, litsebi li re moeeng ho na le motsoako o itseng oa tlhaho “o sebetsang joaloka sebolaea likokoana-hloko sa tlhaho se bolaeang libaktheria kapa likokoana-hloko tse moeeng.”

Khanya ea letsatsi le eona e na le matla a tlhaho a ho bolaea likokoana-hloko. Makasine ea Journal of Hospital Infection e re “bongata ba likokoana-hloko tse bakang maloetse a fumanoang moeeng lia shoa ha li fumana khanya ea letsatsi.”

U ka sebelisa lintlha tse boletsoeng moo joang? U ka tsoele ka ntle hanyane e le hore u ore letsatsi ho se hokae le ho hema moea o hloekileng. Ho etsa joalo ho ka u tsoela molemo.

^ ser. 8 Ho na le lintho tse ling tse ka ’nang tsa etsa hore ho be molemo ho koala lifensetere. Li akarelletsa moea o nkhang hampe, lerata, ho laola mollo ha ho cha kapa tšireletseho.