Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Seo U Lokelang ho se Tseba ka ho Kula Kelellong

Seo U Lokelang ho se Tseba ka ho Kula Kelellong

Claudia ea neng a sa tsoa bolelloa hore o na le lefu la ho ferekana kelellong, o re: “Ke ile ka bipetsana. Ke ile ka tsieleha ha ke nahana ho sebetsana le sekhobo sa ho kula kelellong.”

Monna oa Claudia e leng Mark, o re: “Ho ile ha nka nako e telele hore re amohele boemo ba rōna. Empa ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho ameha ka ho tšehetsa mosali oa ka.”

U NE U tla ikutloa joang haeba uena kapa motho eo u mo ratang a ne a ka bolelloa hore o na le lefu la kelello? Se thabisang ke hore mafu a kelello a ka phekoleha. A re ke re hlahlobe lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho li tseba e le hore u utloisise mafu a kelello haholoanyane.

 Lintlha Tsa Bohlokoa ka Mafu a Kelello

“Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba na le mafu a kelello ’me sena se sithabetsa le batho ba haufi le bona. Motho a le mong ho ba bane o tla ba le lefu la kelello ka nako e itseng bophelong ba hae. Ho tepella maikutlo ke hona ho ka sehloohong ho bakang bothata bona. Lefu la Schizophrenia (e leng ho lahleheloa ke kelello ka ho feletseng) le la bipolar (e leng ho thaba ka ho feteletseng le ho tepella ka ho feteletseng) ke a mang a mafu a kelello a kotsi ka ho fetisisa. . . . Le hoja mafu a kelello a ama batho ba bangata, batho ha ba bue ka ’ona ’me batho ba nang le ’ona baa hlokomolohuoa ebile baa khesoa.”—Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO).

Ho latela WHO, batho ba bangata ba kulang kelellong ba tšaba ho ea ngakeng ka lebaka la hore baa khesoa.

Mokhatlo oa Sechaba oa Batho ba Nang le Mafu a Kelello, o tlaleha hore le hoja boholo ba mafu a kelello a khona ho phekoleha, selemong se fetileng, liphesente tse 60 tsa batho ba hōlileng le tse ka bang tse 50 tsa bana ba pakeng tsa lilemo tse 8 le tse 15 ba kulang ka kelellong, ba lulang United States ha baa ka ba ea ngakeng.

 Ho Utloisisa Mafu a Kelello

Ho kula kelellong ke’ng? Lingaka li hlalosa ho kula kelellong e le ha kelello ea motho e sa sebetse hantle, a sa tsitsa maikutlong ’me a itšoara ka tsela e sa tloaelehang. Ha motho a le boemong bona, ha a khone ho phelisana le batho ba bang le ho sebetsana le maemo a bophelo.

Mafu a kelello ha a bakoe ke ho fokola ho itseng ha botho

Hore na motho ea kulang kelellong o bontša matšoao afe le hore na o tla kula nako e telele hakae, ho itšetlehile ka lefu la kelello le mo tšoereng le maemo a hae. Batho bohle ba ka tšoaroa ke lefu la kelello, ho sa tsotellehe bong ba bona, lilemo tsa bona, setso, morabe, bolumeli kapa hore na ba rutehile hakae le hore na ba fumana moputso o mokae. Mafu a kelello ha a bakoe ke ho fokola ho itseng ha botho. Ha batho ba fumana phekolo e loketseng, ba ka fola ’me ba khona ho phela hantle le ka tsela e khotsofatsang.

Litsela Tsa ho Phekola Mafu a Kelello

Lingaka tsa mafu a kelello li ka khona ho a phekola. Kahoo, mohato oa pele oa bohlokoa ke hore motho a hlahlojoe ke ngaka e nang le phihlelo ea ho phekola mafu a kelello.

Leha ho le joalo, batho ba nang le mafu a kelello ba ka rua molemo haeba feela ba amohela phekolo eo ba e fuoang. Sena se ka ’na sa hloka hore ba hlōle tšabo ea ho bua le batho ba bang ka bokuli ba bona. Phekolo e ka akarelletsa ho bua le lingaka tsa mafu a kelello tse ka ba thusang ho utloisisa bokuli ba bona, ho rarolla mathata le ho ba khothatsa hore ba se ke ba tlohela ho ea ngakeng. Ha ba ntse ba ea ngakeng, ke habohlokoa hore ho be le motsoalle kapa setho sa lelapa se ka ba tsosang molota le ho ba tšehetsa.

Batho ba bangata ba ithutile ho sebetsana le mafu a kelello ka hore ba batle ho utloisisa boemo ba bona haholoanyane le ka ho latela litaelo tsa lingaka. Mark, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Pele mosali oa ka a bolelloa hore o na le lefu lena, re ne re sa tsebe hakaalo ka mafu a kelello. Empa re ithutile ho sebetsana le bothata bo le bong ka nako le ho feto-fetoha le maemo. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra thabela tšehetso eo re e ileng ra e fuoa ke lingaka, metsoalle le ba lelapa.”

Mohato oa pele oa bohlokoa ke hore motho a hlahlojoe ke ngaka e nang le phihlelo ea ho phekola mafu a kelello

 Claudia o lumellana le seo. O re: “Qalong ke ne ke utloa eka nke ke ka hlola ke e-ba le bolokolohi. Le hoja bokuli ba ka bo re sitisa ho etsa lintho tse itseng, ke ithutile ho sebetsana le mathata ao ho neng ho bonahala eka nke ke ka a hlōla. Kahoo, ke sebetsana le bokuli ba ka ka ho mamela lingaka tsa ka, ka ho ba le likamano tse ntle le batho ba bang le ka ho sebetsana le bothata bo le bong ka nako.”

Ho Ithuta Bibele ke Habohlokoa

Ha ho moo Bibele e bontšang hore ha motho ea kulang a ithuta ka Molimo o tla fola. Leha ho le joalo, malapa a mangata lefatšeng ka bophara a ile a tšelisoa le ho khothatsoa ke ho ithuta Bibele. Ka mohlala, Bibele e re tiisetsa hore ’Mōpi oa rōna ea lerato o batla ho tšelisa batho ba “lipelo li robehileng” le “ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.

Le hoja Bibele e se buka ea bongaka, e re fa likeletso tse ka re thusang ho sebetsana le maemo a re sithabetsang le a re tepelletsang. Bibele e boetse e re fa tšepo ea hore nakong e tlang re tla phela re sa kule re bile re sa utloe bohloko. Lentsoe la Molimo lea re tšepisa le re: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.”—Esaia 35:5, 6.

^ ser. 30 Tsoha! ha e buelle phekolo e itseng ka ho khetheha. Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore phekolo leha e le efe eo ba e batlang ha e hanane le melao-motheo ea Bibele.

^ ser. 38 Sheba le sehlooho sa Tsoha! ea May 2014 se reng, “Ho Imeloa Kelellong—U ka ho Hlōla Joang?”