Fetela boitsebisong

Fetela ho secondary menu

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipaki Tsa Jehova

Sesotho (Lesotho)

Tsoha!  |  May 2014

Letšolo la ho Tsoma Baloi Europe

Letšolo la ho Tsoma Baloi Europe

L ILEMONG tse makholo a seng makae tse fetileng, ho tšaba boloi ho ile ha etsa hore batho ba tsoe letšolo la ho tsoma baloi ebe baa ba bolaea, linaheng tsa Europe. Sena se etsahetse haholo linaheng tsa Fora, Jeremane, karolong e ka leboea ea Italy, Switzerland le Linaheng Tse Moeling oa Leoatle le ka Leboea—e leng Belgium, Luxembourg le Netherlands. Buka ea Witch Hunts in the Western World  * e re, “batho ba likete tse mashome ba Europe le ba likolone tsa Europe ba ile ba shoa,” ’me “ba bang ba limilione ba ile ba hlokofatsoa, ba tšoaroa, ba hlongoa lipotso, ba hlouoa, ba ikutloa ba le molato kapa ba lula ba tšohile.” Pherekano eo e ile ea qala joang? E ne e susumelitsoe ke’ng?

Lekhotla le Otlang Bakhelohi le Buka ea The Hammer of Witches

Pale ena e bua haholo ka Lekhotla le Otlang Bakhelohi. Buka ea Der Hexenwahn (The Witch Mania) e re lekhotla lena le thehiloe ke Kereke ea Roma e K’hatholike lekholong la bo13 la lilemo “bakeng sa ho fetola bakoenehi le batho ba bang hore ba se ke ba kheloha.” Le ne le sebetsa joaloka lepolesa la kereke.

Ka la 5 December, 1484, Mopapa Innocent VIII o ile a ngola lengolo la bopapa kapa tokomane e neng e pepesa boloi. O ile a boela a laela hore litho tse peli tsa lekhotla leo—e leng Jakob Sprenger le Heinrich Kramer (ea neng a boetse a bitsoa ka lebitso la hae la Selatine, e leng Henricus Institoris)—hore ba il’o rarolla bothata bona. Banna bao ba babeli ba ile ba ngola buka e bitsoang Malleus Maleficarum, eo ka Senyesemane e leng, The Hammer of Witches. Mak’hatholike le Maprostanta ba ne ba e sebelisa hore e ba tataise ha ba sebetsana le boloi. Buka eo e ne e akarelletsa lipale tse iqapetsoeng tsa baloi ba litšōmong ’me e ne e bua ka lithuto tsa bolumeli le tsa molao tse neng li sa lumellane le boloi, hape e ne e fana ka litaelo tsa kamoo ba ka hloaeang baloi le ho ba felisa. Buka ea The Hammer of Witches e ’nile ea hlalosoa e le “buka e sehlōhō le. . .  e khelosang ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa lefatšeng lohle.”

Buka ea The Hammer of Witches e ’nile ea hlalosoa e le “buka e sehlōhō le . . .  e khelosang ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa lefatšeng lohle”

 Batho ba ne ba qosoa ka hore baa loea empa ho se na bopaki. Buka ea Hexen und Hexenprozesse (Witches and Witch Trials) e re linyeoe li ne li “tšoaroa hore feela moqosuoa a ipolele hore o molato, ka hore a hlokofatsoe, a hatelloe kapa a qobelloe.” Ho hlokofatsoa ho ne ho tloaelehile.

Ka lebaka la buka ea The Hammer of Witches le lengolo la bopapa le neng le ngotsoe ke Mopapa Innocent VIII, batho ba Europe ba ile ba tsoa letšolo la ho tsoma baloi. Ho feta moo, letšolo lena le ile la atlehisoa ke mokhoa o mocha oa ka nako eo oa theknoloji oa ho hatisa libuka, o ileng oa thusa ho jala pherekano ena ho ea fihla le linaheng tse ka mose ho leoatle la Atlantic le Amerika.

Ho ne ho Qosoa Bo-mang?

Hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea bona e ne e le basali, haholo-holo ba bahlolohali, bao hangata ba neng ba se na mang oe. Ba bang e ne le maqheku, basali ba phekolang ka litlama—haholo-holo haeba li ne li sa sebetse—le mafutsana. Ha ho na motho ea neng a sireletsehile ka ho feletseng, barui kapa mafutsana, banna kapa basali, ba sa hlahellang kapa ba tummeng.

Batho bao ho neng ho nkoa hore ke baloi ba ne ba qosoa ka mefuta eohle ea lintho tse mpe. Makasine ea Damals ea Jeremane e re, ho ne hothoe baloi ke bona ba “bakang lebabo le ba tlisang likotlo tsa likhofu le maqepe hore a tl’o senya lijalo le litholoana lefatšeng.” Haeba sefako se ne se ka otla lijalo, haeba khomo ea lebese e ne e sa ntše lebese, haeba monna a sa khone ho kopanela liphate kapa mosali e le nyopa, ho ne hothoe ba louoe!

Ba belaelloa ba ne ba behoa sekaleng hobane ho ne ho nkoa hore baloi ha ba na boima ba ’mele kapa bo bonyane haholo

Baloi ba ne ba bonoa joang? Ba belaelloa ba bang ba ne ba fasoa ebe ba kenngoa ka metsing a batang ao ho neng ho thoe aa halalela. Haeba ba ne ba ka teba ho ne ho nkoa hore ha ba na molato ebe ba ntšetsoa kantle. Haeba ba ka phaphamala ho ne ho nkoa hore baa loea ’me ba ne ba ahloleloa lefu hang-hang kapa ba tšoaroa ebe ba isoa lekhotleng hore ba il’o qosoa. Ba bang ba ne ba behoa sekaleng hobane ho ne ho nahanoa hore baloi ha ba na boima ba ’mele kapa bo bonyane haholo.

Buka ea Witch Hunts in the Western World e re mosebetsi o mong e ne e le oa ho batlana le “letšoao la Diabolose,” e leng “letšoao le sa bonahaleng leo Diabolose a le behang e le selekane sa hae le moloi.” Ba boholong ba ne ba batlana le letšoao lena “ka hore ba kute moriri ’ohle oa moqosuoa ebe ba hlahloba karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele oa motho pepenene! Ba ne ba hlaba letheba le leng le le leng ka nalete, le kang letšoao la tlhaho, metoa le mabali. Haeba a sa utloe bohloko kapa a sa tsoe mali, ho ne hothoe letheba leo ke letšoao la Satane.

Pusong ea Mak’hatholike le ea Maprostanta, matšolo ana a ne a khothaletsoa ’me libakeng tse ling babusi ba Maprostanta ba ne ba le thata ho feta ba Mak’hatholike. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ’nete e ile ea qala ho ata. Ka mohlala, ka 1631 moprista oa Mojesuite e leng Friedrich Spee, ea neng a etella pele batho ba bangata ba neng ba ahlotsoe ka hore ke baloi ha ba ea thupeng eo ba chesoang ho eona ba ntse ba phela, o ile a ngola hore ho ea ka eena batho bao ba ne ba se na molato. Hape o ile a etsa tlhokomeliso ea hore haeba ho tsoma baloi ho ne ho ke ke ha khaotsa, lefatše le ne le tla sala le se na baahi! Ho phaella moo, lingaka li ile tsa qala ho hlokomela hore lintho tse kang lefu la ho oa e ka ’na eaba li amana le ho kula eseng hore motho o hlasetsoe ke bademona. Lekholong la bo17 la lilemo, palo ea linyeoe e ile ea theoha ka sekhahla ’me qetellong ea lekholo leo li ne li se li felile ka ho feletseng.

Re ithuta’ng ka se etsahetseng lilemong tseo tse sehlōhō? Ntlha ea bohlokoa eo re ithutang eona ke hore: Ha batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba qala ho sebelisa mashano bolumeling le litumela-khoela ho e-na le lithuto tse hloekileng tsa Jesu Kreste, ba ile ba etsa hore ho ate bokhopo bo tšabehang. Ha e bolela esale pele ka nyeliso e neng e tla tlisoa holim’a Bokreste ba ’nete ke banna bana ba neng ba sa tšepahale, Bibele e ile ea lemosa hore: “Tsela ea ’nete e tla nyefoloa.”—2 Petrose 2:1, 2.

^ ser. 2 Likolone tsa Europe li akarelletsa Linaha tsa Amerika.